Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 2/15 maq. 3-5
  • Mehlolo—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlolo—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thoe’ng ka Malumeli ao Eseng a Bokreste?
  • Ho Thoe’ng ka Mehlolo Bokresteng?
  • Pono ea Bibele
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tseba ka Mehlolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Mehlolo le Lipono Tsa Mohlolo—Lebaka Leo li sa Hlokahaleng ka Lona
    Tsoha!—1989
  • U ka Ithuta Eng Mehlolong ea Jesu?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Na U ka Tšepa Mehlolo e Tlalehiloeng ka Bibeleng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 2/15 maq. 3-5

Mehlolo—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?

MONNA e mong o ile a haptjoa ke stikara se bampareng ea koloi e fetang, mantsoe a sona a ne a re, “Mehlolo ea Etsahala—Botsa Mangeloi.” Le hoja eena ka boeena e ne e le molumeli, o ne a sa tsebe hore na mantsoe ao a bolela’ng. Na stikara seo se ne se bolela hore mokhanni oa koloi eo o ne a lumela hore mehlolo ea etsahala? Kapa na e ne e le mosoaso o bontšang ho se lumele hore mehlolo ea etsahala le hore mangeloi a teng?

U ka ’na ua thahasella seo Manfred Barthel, e leng mongoli oa Lejeremane a se boletseng: “Lentsoe mohlolo le etsa hore hang-hang ho be le lihlopha tse peli tsa babali tse nang le maikutlo a loantšanang.” Ba lumelang mehlolo ba kholisehile hore ea etsahala le hore mohlomong e etsahala khafetsa.a Ka mohlala, ho tlalehoa hore lilemong tse ’maloa tse fetileng Greece, balumeli ba ’nile ba bolela hore mehlolo e etsahala hoo e ka bang hanngoe ka khoeli. Sena se ile sa etsa hore mobishopo oa Kereke ea Greek Orthodox a fane ka tlhokomeliso ena: “Balumeli ba tloaetse ho talima Molimo, Maria le bahalaleli e le batho. Balumeli ha baa lokela ho feteletsa lintho.”

Ho lumela mehlolo ha hoa ata haholo linaheng tse ling. Ho latela phuputso e entsoeng Allensbach e ileng ea phatlalatsoa Jeremane ka 2002, karolo ea 71 lekholong ea baahi ba moo e nka mehlolo e le tšōmo, eseng ’nete. Leha ho le joalo, har’a batho ba etsang karolo e ka tlaase ho e le ’ngoe ho tse tharo ea ba lumelang hore mehlolo ea etsahala, ho na le basali ba bararo ba bolelang hore ba ile ba amohela molaetsa o tsoang ho Moroetsana Maria. Likhoeli tse seng kae ka mor’a ho bolela hore Maria o ile a bonahala ho bona—a e-na le mangeloi le leeba—koranta ea Jeremane e bitsoang Westfalenpost e ile ea tlaleha se latelang: “Ho fihlela mothating ona bahahlauli ba ka bang 50 000, batho ba batlang ho phekoloa, hammoho le ba bohelehele ba bontšitse thahasello e khōlō linthong tse bonoeng ke basali bana.” Ho ne ho lebeletsoe hore batho ba bang ba 10 000 ba tla phallela motsaneng ona ho tla bona hore na ebe Maria ha aa hlaha hape. Ho thoe Moroetsana Maria o ile a bonahala ka tsela e tšoanang Lourdes, France, ka 1858 le Fátima, Portugal, ka 1917.

Ho Thoe’ng ka Malumeli ao Eseng a Bokreste?

E batla e le malumeli ’ohle a lumelang mehlolo. The Encyclopedia of Religion e hlalosa hore bathehi ba Bobuddha, ba Bokreste le ba Boislamo ba ne ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng ka mehlolo, empa e re: “Histori e ileng ea latela ea malumeli ana e bontša ntle ho pelaelo hore mehlolo le litlaleho tsa mehlolo e ’nile ea e-ba karolo ea bohlokoa haholo ea litumelo tsa bolumeli tsa batho.” Buka ena ea boitsebiso e re “ka linako tse ling Buddha ka boeena o ne a etsa mehlolo.” Hamorao, ha “Bobuddha bo ne bo kenngoa China, hangata baromuoa ba bona ba ne ba bonahatsa matla a bona a mohlolo.”

Hoba e bue ka lintho tse joalo tse ngata tseo ho thoeng ke mehlolo, encyclopedia ena e phetha ka ho re: “Ho ka ’na ha etsahala hore motho a se ke a rata ho lumela litlaleho tsena kaofela tsa mehlolo tse phetoang ke bangoli ba bolumeli ba lipale tsa bophelo, empa ha ho pelaelo hore li ile tsa qaptjoa ka sepheo se setle sa ho tlotlisa Buddha, ea neng a khona ho fa balateli ba hae ba chesehang matla a joalo a mohlolo.” Buka eona eo e re ka Boislamo: “Maislamo a mangata a ’nile a tsoela pele ho lebella mehlolo. Lineanong (hadīths), ho bontšoa hore Muhammad o entse mehlolo phatlalatsa ka makhetlo a mangata. . . . Esita leha ba se ba shoele, ho lumeloa hore bahalaleli ba etsa mehlolo mabitleng a bona molemong oa ba tšepahalang, ’me batho ba ipiletsa ho bona hore ba ba rapelle.”

Ho Thoe’ng ka Mehlolo Bokresteng?

Batho ba bangata ba amohetseng Bokreste ba fapana ka maikutlo. Ba bang ba lumela litlaleho tsa Bibele tse buang ka mehlolo e entsoeng ke Jesu Kreste kapa e entsoeng ke bahlanka ba Molimo ba pele ho mehla ea Bokreste. Empa ba bang ba lumellana le Raliphetoho oa Moprostanta Martin Luther. The Encyclopedia of Religion e re ka eena: “Luther le Calvin ba ile ba ngola hore mehla ea mehlolo e ne e fetile le hore batho ba ne ba sa lokela ho lebella hore e etsahale.” Buka eona ena ea boitsebiso e re Kereke e K’hatholike e ’nile ea tsoela pele ho lumela mehlolo “empa e sa hlalose hore na e etsahetse joang.” Leha ho le joalo, “Maprostanta a rutehileng a ile a qala ho lumela hore ho ba Mokreste e ne e le feela taba ea ho ikhethela ha motho hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe le hore Molimo ha a e-s’o ame kapa ho susumetsa bophelo ba sebele ba batho ka tekanyo leha e le efe e khōlō ebile le tsona libōpuoa tsa moea ha li e-s’o etse joalo.”

Ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste, ho akarelletsa le baruti ba bang, ba belaella bonnete ba mehlolo e boletsoeng ka Bibeleng. Ka mohlala, nka ketsahalo ea sehlahla se tukang e tlalehiloeng ka Bibeleng ho Exoda 3:1-5. Buka e bitsoang What the Bible Really Says e hlalosa hore litsebi tse ngata tsa thuto ea bolumeli tsa Majeremane ha li nke hore sena ke tlaleho ea mohlolo oa sebele. Ho e-na le hoo, li e hlalosa e le “tšoantšetso ea hore Moshe o ne a loantšana le ho ikoahlaea le maikutlo a matla a ho khathatsoa ke letsoalo.” Buka eo e phaella ka ho re: “Malakabe ao a ka boetse a nkoa e le lipalesa tse thunyang ka potlako khanyeng ea letsatsi ka lebaka la boteng ba Molimo.”

Mohlomong tlhaloso ena e ke ke ea u khotsofatsa. Joale, u lokela ho lumela eng? Na hoa utloahala ho lumela hore mehlolo e kile ea etsahala? Hona ho thoe’ng ka mehlolo e etsahalang mehleng ea kajeno? Kaha re ke ke ra botsa mangeloi, re tla botsa mang?

Pono ea Bibele

Ha ho ea ka latolang hore Bibele e tlaleha hore mehleng e fetileng ka linako tse ling Molimo o ile a kenella maemong a itseng ka ho etsa liketso tseo batho ba neng ba ke ke ba li etsa. Malebana le eena, rea bala: “[U ile] ua ntša sechaba sa hao sa Iseraele naheng ea Egepeta, ka lipontšo le ka mehlolo le ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng le ka ho tšabeha ho hoholo.” (Jeremia 32:21) Nahana feela, sechaba se matla ka ho fetisisa mehleng eo se ile sa kokobetsoa ka likotlo tse leshome tse rometsoeng ke Molimo, tse akarelletsang ho bolaoa ha letsibolo la pele la sona. Ka sebele likotlo tseo e ne e le mehlolo!—Exoda, khaolo ea 7 ho ea ho 14.

Lilemo tse makholo hamorao, bangoli ba bane ba Kosepele ba ile ba hlalosa mehlolo e 35 e ileng ea etsoa ke Jesu. Ha e le hantle, seo ba se boletseng se fana ka maikutlo a hore o ile a etsa mehlolo e mengata ho feta eo ba e tlalehileng. Na litlaleho tsee ke ’nete kapa ke tšōmo?b—Matheu 9:35; Luka 9:11.

Haeba Bibele ke Lentsoe la Molimo la ’nete, joalokaha eona ka boeona e bolela, joale u na le lebaka le utloahalang la ho lumela mehlolo eo e buang ka eona. Bibele ha e hlathe koana le koana ha e tlaleha hore mehlolo e etsahetse nakong e fetileng—ho phekoloa ka mohlolo, ho tsosoa ha bafu le tse ling tse joalo—leha ho le joalo e boetse ha e hlathe koana le koana ha e hlalosa hore mehlolo e joalo ha e sa etsahala. (Bona lebokose le reng “Lebaka Leo ka Lona Mehlolo e Itseng e Seng e sa Etsahale,” leqepheng la 4.) Kahoo na see se bolela hore esita le batho ba lumelang Bibele ha ba lumele mehlolo e etsahalang mehleng ea kajeno? E-re sehlooho se latelang se arabe potso ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Dikishinari e ’ngoe ea Bibele e hlalosa lentsoe “mehlolo” joalokaha le sebelisitsoe sehloohong sena ka ho re: “Ke lintho tse etsahalang lefatšeng tse ka nģ’ane ho matla ’ohle a motho kapa a tlhaho ’me ka hona ho thoe li bakoa ke motho ea nang le matla a phahametseng tlhaho.”

b U ka itlhahlobela bopaki bo bontšang hore Bibele ea tšepahala. Bo fumanoa bukeng e bitsoang Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose le leqepheng la 4]

LEBAKA LEO KA LONA MEHLOLO E ITSENG E SENG E SA ETSAHALE

Bibele e bua ka mehlolo ea mefuta-futa. (Exoda 7:19-21; 1 Marena 17:1-7; 18:22-38; 2 Marena 5:1-14; Matheu 8:24-27; Luka 17:11-19; Johanne 2:1-11; 9:1-7) E mengata ea mehlolo ena e ne e etselitsoe ho tsebahatsa Jesu e le Mesia, ’me e ile ea paka hore o ne a tšehelitsoe ke Molimo. Balateli ba pele ba Jesu ba ile ba bontša hore ba na le limpho tsa mohlolo, tse kang ho bua maleme le ho utloisisa lipolelo tse bululetsoeng. (Liketso 2:5-12; 1 Bakorinthe 12:28-31) Limpho tse joalo tsa mohlolo e ne e le tsa bohlokoa bakeng sa phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa thehoa. Hobane’ng?

Lebaka le leng ke hore, ho ne ho e-na le likopi tse seng kae feela tsa Mangolo. Hangata, barui ke bona feela ba neng ba e-na le meqolo kapa libuka tsa mofuta leha e le ofe. Linaheng tsa bohetene, batho ba ne ba sa tsebe Bibele kapa Mongoli oa eona, Jehova. Thuto ea Bokreste e ne e tlameha ho fetisoa ka molomo. Limpho tsa mohlolo e ne e le tsa bohlokoa ho bontša hore Molimo o ne a sebelisa phutheho ea Bokreste.

Empa Pauluse o ile a hlalosa hore limpho tsena li ne li tla fela hang feela ha li se li sa hlokahale. “Ebang ho na le limpho tsa ho profeta, li tla felisoa; ebang ho na le maleme, a tla khaotsa; ebang ho na le tsebo, e tla felisoa. Etsoe re na le tsebo e sa fellang ’me re profeta ka mokhoa o sa fellang; empa ha se feletseng se fihla, se sa fellang se tla felisoa.”—1 Bakorinthe 13:8-10.

Kajeno, batho ba khona ho sebelisa Libibele, hammoho le lik’honk’hodense le li-encyclopedia. Bakreste ba koetlisitsoeng ba fetang limilione tse tšeletseng ba thusa ba bang hore ba be le tsebo ea bomolimo e thehiloeng Bibeleng. Kahoo, ha ho sa hlokahala mehlolo ho paka hore Jesu Kreste ke Molopolli ea khethiloeng ke Molimo kapa ho hlahisa bopaki bo bontšang hore Jehova o tšehetsa bahlanka ba hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela