Pefo—Lebaka la Kameho e Hōlang
Ka mongolli oa Tsoha! Brithani
NA U lula sebakeng “se sa tsamauoeng?” Ena ke karolo ea motse eo basebetsi ba sechaba—lingaka, baoki, esita le mapolesa—ba tšabang ho tsamaea ho eona ba le bang. Ho ea ka molao, ha ho na libaka tse bitsoang joalo Brithani, empa ‘sebaka se thata’ ke lentsoe le bonolo bakeng sa sebaka se tšoanang. Mebuso e meng e bolela hore ho na le libaka tse joalo tse fetang 70 London feela, esita le libakeng tse ngata metseng e meng ea naha.
Mongoli oa Litaba tsa Lehae oa Brithani o buile ka kameho ea hae, o itse: “Khotso ea sechaba sa rōna joale ha e sokeloe feela ke litšoso tsa linaha tse ling, empa ke lenyora la pefo la baahi ba rōna ba bangata.”
Ha ho boleloe hore Brithani (ka keketseho ea eona ea karolo ea 17 lekholong ea bonokoane bo mabifi ea likhoeli tse 12) ke eona e ka sehloohong. Ha ho joalo. Libaka tse ling tse ngata li na le manane a phahameng a bonokoane. Likhoeling tsa pele tse robong selemong se fetileng, bonokoane—lipolao, ho betoa, bosholu, le litlhaselo tse 10 607—li etsahetse litseleng tsa Motse oa New York feela! Leha ho le joalo, mofuputsi Ngaka Michael Pratt o bolela hore ho na le bopaki bo tšehetsang ’nete ea hore “literata tsa London joale li ea moo li tšoanang le New York teng.”
Leha ho le joalo, New York hase ’ona motse o mobe ka ho fetisisa o tletseng bonokoane. Atlanta, Miami, Detroit, le Chicago e har’a metse e robeli e meholo ea U.S. e tlalehileng bonokoane bo eketsehileng toropong ka ’ngoe ka 1987 ho feta New York. Ho bonahala hohle pefo e le lebaka la kameho e hōlang. Ngaka ea mafu a kelello Thomas Radecki o hlokometse hore linaha tse ngata tsa Bophirima li bone keketseho ea pefo ho tloha ho 200 lekholong ho ea ho 500 lekholong lilemong tse 20 tse fetileng.’
Bonokoane bo mabifi bo boetse bo eketsehile hohle. Ka mohlala, Kenya, Afrika Bochabela, masholu a likhomo a 400 haufinyane a sa tsoa fenetha banna, basali le bana ba 190 ka sehlōhō ’me a siea litopo tsa bona hore li jeoe ke matla ka le mafiritšoane.
Ho tlalehiloe Soviet Union hore pefo papaling ea bolo ‘e aparetse sechaba.’ Ka ho tšoanang Komiti e Bohareng ea Chaena ea Ntšetso-pele ea Boitšoaro ba Sechaba e buile ka ho hlakileng khahlanong le liqabang, lintoa, esita le likotsi le mafu nakong ea papali.’ Komiti e tletlebile: ‘Batho ba chesehelang papali, haholo-holo bacha, ba lokela ho rutoa mekhoa ea ho phela le batho.’
Ka ho hlakileng, pefo ke lebaka la kameho e hōlang. Empa ke eng se etsoang ho khahlanyetsa phephetso eo pefo e fanang ka eona?