Ke Hobane’ng ha ho E-na le Litlōlo Tse Ngata Hakaale Tsa Molao?
LITLŌLO tsohle tsa molao li mpe. Empa ho thata ho utloisisa litlōlo tsa molao tse etsoang ho se na morero. Taba ea hore hangata li etsoa ntle ho sepheo se totobetseng ke ntho e qakang bafuputsi. Ka lebaka la mekhoa e mengata ea phatlalatso ea litaba e ntseng e eketseha lilemong tsa morao tjena, litlōlo tse joalo tsa molao tse tšosang li tsejoa ke batho ba limilione kapa ba libilione ka nako ea lihora tse seng kae feela. Tlaleho e phatlalalitsoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e bolela hore “pefo e ama lik’honthinente tsohle le linaha tsohle le boholo ba metse.”
Esita le libaka tseo ho neng ho nahanoa hore li batla li sireletsehile lilemong tse fetileng morao tjena li bile le liketsahalo tsa pefo tse se nang kelello. Ka mohlala, ke nako e telele Japane e na le tlōlo ea molao e mabifi e tlaase. Leha ho le joalo, Ikeda, ka June 2001, monna e mong ea nkileng thipa e khōlō ea nama o ile a ea sekolong ’me a qala ho hlaba le ho seha bana ka eona. Ka metsotso e 15 o ne a bolaile bana ba 8 ’me a ntšitse ba bang ba 15 likotsi. Ha tlaleho ena e kopanngoa le tse ling tse tsoang Japane, tse kang tsa bacha ba bolaeang batho bao ba sa ba tsebeng ho hang bakeng sa monyaka feela, motho oa hlakeloa hore lintho li fetohile.
Esita le linaheng tseo ho tsona tlōlo ea molao e neng e ntse e phahame, liketso tse ling tse se nang kelello li entse hore batho ba nyekeloe. Hoo e bile ’nete ka mor’a tlhaselo ea la 11 September, 2001 World Trade Center, New York. Setsebi sa kelello Gerard Bailes o ile a hlalosa tjena: “E entse hore lefatše e be le sa tloaelehang ka ho feletseng, sebaka se kotsi seo re ke keng ra bolela esale pele hore na ho tla etsahala’ng.”
Ke Hobane’ng ha ba e Etsa?
Ha ho na lebaka le ikhethang le ka hlalosang liketso tsohle tse sa tšoaneng tsa pefo ena e hlokang kelello. Se etsang hore ho be thata ho utloisisa litlōlo tse ling tsa molao ke sebōpeho sa tsona se se nang mabaka. Ka mohlala, ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha motho e mong a ka ea ho batho bao a sa ba tsebeng ’me a ba hlabe ka thipa a ba bolaee kapa hore na ke hobane’ng ha motho a ka feta ka koloi pel’a ntlo ebe o thunya a sa khethe.
Ba bang ba bolela hore pefo ke ntho ea tlhaho ho batho. Ba bang ba pheha khang ka hore litlōlo tsa molao tse se nang kelello li ke ke tsa hlalosoa e le karolo ea batho ea tlhaho e ke keng ea qojoa.—Bona lebokose la “Na ba Ahloletsoe Hore ba be Mabifi?”
Litsebi tse ngata li lumela hore ho na le mabaka a mangata le maemo a etsang hore batho ba sekamele ho etseng lintho tse se nang kelello le ho ba mabifi. Tlaleho e phatlalalitsoeng ke Sekolo sa Thupelo ea FBI (Federal Bureau of Investigation), United States e tsoetse pele ho re: “Ho bolaea batho hase ketso ea motho ea hlaphohetsoeng hantle kelellong.” Ba bang ba boholong ba hanana le mantsoe a polelo eo. Leha ho le joalo, ba bangata ba lumellana le seo a se bolelang. Ka mabaka a mang a itseng monahano oa batho ba etsang litlōlo tsa molao tse se nang kelello ha oa tloaeleha. Ho na le se ammeng monahano oa bona hoo ba ka etsang ntho eo motho a ke keng a e nahana. Batho ba susumetsoa ke eng ho etsa lintho tse joalo? A re hlahlobeng a mang a mabaka ao litsebi li a boletseng.
Ho Qhalana ha Bophelo ba Lelapa
Marianito Panganiban, ’muelli oa Lefapha la Sechaba la Lipatlisiso Philippines, o ile a botsoa ke mongoli oa Tsoha! ka pale ea ba etsang litlōlo tsa molao tse feteletseng. O ile a hlalosa: “Ba tsoa malapeng a qhalaneng. Ba hloka tlhokomelo le lerato. Matla a ho itšoara ha batho a senyehile ka kutloisiso ea hore ha ba na tataiso ’me ka lebaka leo ba tsoa tseleng.” Bafuputsi ba bangata ba bolela hore kamano e fokolang ea lelapa le lelapa le nang le pefo li tloaelehile har’a linokoane tse mabifi.
U.S. National Center for the Analysis of Violent Crime e ile ea ntša tlaleho e thathamisang mabaka a ka khethollang bacha ba ka ’nang ba e-ba mabifi a bolaeang sekolong. Ho ile ha akarelletsoa mabaka a latelang a lelapa: kamano e mabifi ea batsoali le bana, batsoali ba sa khoneng ho lemoha mathata baneng ba bona, ho hloka katamelano, batsoali ba behang meeli e fokolang kapa ho hang e le sieo boitšoarong ba bana ba bona le bana ba itšehlileng thajana ka ho feteletseng, ba phelang bophelo ba boikaketsi ’me kahoo ba patela batsoali ba bona karolo ea bophelo ba bona.
Kajeno bana ba bangata ke liphofu tsa ho qhalana ha malapa. Ba bang ba na le batsoali ba ba hlokelang nako. Bacha ba likete ba hōtse ba se na tataiso e lekaneng ea lelapa le ea boitšoaro. Litsebi tse ling li na le maikutlo a hore tikoloho e joalo e ka ’na ea etsa hore bana ba hōle ba se na maqhama a matle le ba bang, e leng ho ba nolofalletsang hore ba etse tlōlo ea molao ho batho ba bang, hangata ba sa ikoahlaee.
Lihlopha Tse Tletseng Lehloeo le Sehlotšoana sa Borapeli sa Bokhelohi
Bopaki bo bontša hore lihlopha tse ling tse tletseng lehloeo kapa lihlotšoana tsa borapeli tsa bokhelohi e ’nile ea e-ba tšusumetso e matla ea litlōlo tse ling tsa molao. Indiana, U.S.A., monna e mong e motšo ea lilemo li 19 o ne a ea hae a tsoa setsing se seng sa mabenkele. Metsotso e seng mekae hamorao, o ne a rapaletse ka thōko ho tsela kulo e le bokong ba hae. O ne a thuntsoe ke mohlankana e mong ea ileng a mo khetha feela a se na morero. Hobane’ng? Ho thoe ’molai eo o ne a batla ho ba setho sa mokhatlo oa makhooa a inkang a phahametse merabe e meng ’me a batla ho ba le mongolo oa tepo ea sekho o cheselelitsoeng letlalong kahobane a bolaile motho e motšo.
Tlhaselo ea khase ka 1995 seporong se tsamaeang ka tlas’a lefatše Tokyo; polao ea batho ba bangata Jonestown, Guyana; le ho bolaoa ha litho tse 69 tsa Mokhatlo oa Tempele ea Letsatsi Switzerland, Canada le Fora, kaofela li ne li susumelitsoe ke sehlotšoana sa borapeli sa bokhelohi. Mehlala ena e bontša tšusumetso e matla eo lihlopha tsena li ’nileng tsa e-ba le eona menahanong ea batho ba bang. Baeta-pele ba phekolang ka mehlolo ba ile ba etsa hore batho ba etse “lintho tse ke keng tsa nahanoa” ka ho ba hoka ka seo ho thoeng ke melemo.
Mecha ea Litaba le Pefo
Ba bang ba supa bopaki ba hore mefuta e sa tšoaneng ea phatlalatso ea kajeno e ka ’na ea khothalletsa boitšoaro bo mabifi. Ho thoe pefo e bontšoang kamehla thelevisheneng, libaesekopong, lipapaling tsa video le ho Internet li bolaea matsoalo le ho susumetsa litlōlo tsa molao tse mabifi. Dr. Daniel Borenstein, mookameli oa American Psychiatric Association, o itse: “Hona joale ho na le liphuputso se fetang 1 000 tse thehiloeng lipatlisisong tsa lilemo tse fetang 30 tse bontšang kamano pakeng tsa pefo e hlohlelletsoang ke mecha ea phatlalatso le boitšoaro bo mabifi baneng.” Dr. Borenstein o ile a paka tjena ka pel’a komiti sa Senate ea United States: “Re kholisehile hore ho phatlalatsoa khafetsa ha boithabiso bo mabifi ka mefuta eohle ea bona ho kotsi haholo sechabeng.”—Bona lebokose “Pefo ea Lipapali Tsa K’homphieutha—Pono ea Ngaka.”
Hangata ho qotsoa liketsahalo tse khethehileng ho bontša hore sena ke ’nete. Tabeng ea rasethunya ea ileng a bolaea ka sehlōhō banyalani ba shebeletseng ha letsatsi le chaba lebōpong la leoatle, ea boletsoeng sehloohong se tlang pele ho sena, bachochisi ba ile ba fana ka bopaki ba hore monyaka oo oa ho bolaea o ne o susumelitsoe ke ho shebella baesekopo e mabifi khafetsa. Sekolong se seng moo ho ileng ha bolaoa batho ba 15 ka ho thunngoa, barutoana ba babeli bao e leng baetsi ba ketso ena ho thoe ba ne ba qeta lihora letsatsi le leng le le leng ba bapala lipapali tsa video tse mabifi. Ho phaella moo, khafetsa ba ile ba shebella libaesekopo tse tlotlisang pefo le ho bolaea.
Lithethefatsi
United States, lipolao tse etsoang ke bacha li imenne hararo ka nako ea lilemo tse robeli. Ba boholong ba re sesosa ke eng? Likenke, haholo-holo likenke tse amanang le ho tsuba k’hok’heine. Lipolaong tsa batho ba fetang 500 haufinyane tjena Los Angeles, California, “mapolesa a re karolo ea 75 lekholong e ne e amana le likenke.”
Tlaleho e phatlalalitsoeng ke Sekolo sa Thupelo ea FBI e bua tjena: “Bongata ba batho ba tšoaretsoeng lipolao ba ne ba sebelisa lithethefatsi ka tsela e feteletseng.” Batho ba bang bao monahano oa bona o sothiloeng ke ho sebelisa lithethefatsi ba bolaea nakong eo ba ntseng ba le tlas’a tšusumetso ea tsona. Ba bang ba sireletsa ho hoeba ha bona ka lithethefatsi ka ho ba mabifi. Ho hlakile hore lithethefatsi ke lebaka le matla le susumetsang batho hore ba etse liketso tse tšabehang hakana.
Libetsa Tse Kotsi Tse Fumanehang Habonolo
Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, rasethunya a le mong Tasmania, Australia, o ile a bolaea batho ba 35. A ntša ba bang ba 19 likotsi. Monna eo o ne a hlometse ka libetsa tsa mofuta oa sesole tsa merathatha. Ke ka lebaka leo ba bangata ba ileng ba fihlela qeto ea hore ho fumaneha ha libetsa tsena habonolo ke lebaka le leng le tlatsetsang ho phahameng ha litlōlo tsa molao tse mabifi.
Tlaleho e ’ngoe e bontša hore ho ne ho e-na le lipolao tse 32 feela tsa ho thunngoa Japane ka 1995, boholo e le tse amanang le ho bolaeana ha likenke. Ha ho bapisoa, United States teng ho ile ha bolaoa batho ba 15 000 ka sethunya. Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang? Ho ’nile ha boleloa hore le leng la mabaka ke melao e thata ea ho ba le sethunya Japane.
Ho Hlōleha ha Batho ho Sebetsana ka Katleho le Mathata
Ha ba utloa ka liketso tse ling tse nyarosang, ba bang ba ka ’na ba re, ‘E tlameha ebe motho eo oa hlanya!’ Leha ho le joalo, hase batho bohle ba etsang litlōlo tseo tsa molao ba hlanyang. Leha ho le joalo, ba bangata ba na le mathata a ho sebetsana ka katleho le mathata bophelong. Litsebi li supa bofokoli ba motho bo ka lebisang liketsong tse feteletseng. Tse ling ke tsena: Ho se rutehe le mathata a ho kopana le batho ba bang; liphello tse mpe tsa tšoaro e mpe le ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate, litšobotsi tsa ho ba kotsi sechabeng; ho hloea sehlopha se itseng, se kang sa basali; ho se soabele liphoso; le takatso ea ho laola ba bang ka mano.
Ho sa tsotellehe hore na bothata ba bona ke bofe, ba bang ba ameha ka mathata a bona hoo menahano ea bona e fetoloang, ’me sena se ka ba khannela hore ba etse liketso tse makatsang. Mohlala ke mooki ea neng a lakatsa ho eloa hloko ka tsela e sa tloaelehang. O ile a enta bana ba banyenyane ka sethethefatsi se etsang hore mesifa e phutholohe, ’me ba khaotse ho hema. Ebe joale o thabela tlhokomelo eo a e fuoang ha a “pholosa” ngoana e mong le e mong. Ka bomalimabe, ha aa ka a khona ho ba thusa kaofela hore ba boele ba heme. O ile a fumanoa a le molato oa polao.
Ho hlakile ka se boletsoeng ka holimo hore ho na le mabaka a mangata a etsang hore batho ba etse litlōlo tsa molao tse mabifi. Leha ho le joalo, lethathamo la rōna le ne le tla be le sa fella haeba re ne re ke ke ra hlahloba lebaka le leng la bohlokoahali.
Karabo ea Bibele
Bibele e re thusa ho utloisisa hore na ho etsahala’ng hona joale le hore na ke hobane’ng ha batho ba itšoara ka litsela tse feteletseng joalo. Ka mokhoa o nepahetseng e hlalosa boitšoaro boo re tloaetseng ho bo bona. Ka mohlala, lethathamo le fumanoang ho 2 Timothea 3:3, 4 le bolela hore batho e tla ba “ba se nang lerato la tlhaho” le hore e tla ba “ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo,” le “ba hlooho li thata.” Bukeng e ’ngoe ea Bibele, Jesu o ile a qotsoa a re: “Lerato la ba bangata le tla fola.”—Matheu 24:12.
Bibele e re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) E, seo re se bonang ke bopaki ba hore re phela bofelong ba tsamaiso ea hona joale ea lintho. Maemo hammoho le boitšoaro ba batho lia hlepha. Na re ka lebella tharollo kapele? Bibele ea arabela: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.”—2 Timothea 3:13.
Na hoo ho bolela hore moloko oa batho o ahloletsoe lebiling le sa feleng la pefo e sehlōhō le tlōlo e ntseng e eketseha ea molao? A re hlahlobeng potso eo sehloohong sa rōna se latelang.
[Lebokose le leqepheng la 6]
NA BA AHLOLETSOE HORE BA BE MABIFI?
Ba bang ba pheha khang ka hore batho ba tsoetsoe ba e-na le tšekamelo ea ho ba mabifi kapa ho bolaea. Batšehetsi ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ba na le maikutlo a hore re tsoa liphoofolong tse hlaha ’me re mpa re futsitse litšobotsi tsa tsona tse mabifi. Likhopolo tse joalo li bontša hore re ahloletsoe lebiling le sa feleng la pefo le leo ho se nang tšepo ea ho pholoha ho lona.
Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo bongata bo hananang le seo. Likhopolo tse boletsoeng ka holimo ha li hlalose hore na ke hobane’ng ha litso tse sa tšoaneng li fapane hakana ka tsela eo pefo e etsahalang ka eona le mefuta ea eona. Ha li bontše hore na ke hobane’ng ha litsong tse ling ho arabela ka pefo ho bonahala e le ntho e tloaelehileng, ha lichabeng tse ling ho tlalehoa pefo e fokolang hakana, ebile ho batla ho se lipolao tse tlalehoang. Setsebi sa mafu a kelello Erich Fromm se ile sa pepesa liphoso khopolong ea hore re futsitse mabifi liphoofolong ka ho bolela hore le hoja tse ling li le mabifi ka lebaka la seo li se hlokang kapa ka lebaka la ho itšireletsa, ke batho feela ba tsebahalang ka hore ba bolaela monyaka.
Bukeng ea bona ea The Will to Kill—Making Sense of Senseless Murder, Moprofesa James Alan Fox le Jack Levin ba re: “Batho ba bang ba sekametse ho beng mabifi ho feta ba bang, leha ho le joalo ba sa ntse ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela. Ho lakatsa ho bolaea, le hoja ho laoloa ke tšusumetso e ka hare le e ka ntle, ho ntse ho akarelletsa ho khetha le ho etsa qeto ha motho, ’me ke kahoo a ntseng a ikarabella le ho ba molato oa liketso tsa hae.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
PEFO EA LIPAPALI TSA K’HOMPHIEUTHA—PONO EA NGAKA
Dr. Richard F. Corlin, mookameli oa mehleng oa American Medical Association o ile a fana ka puo sehlopheng se fumanang mangolo sa lingaka Philadelphia, Pennsylvania, U.S.A. Puong ea hae o ile a bua ka lipapali tsa k’homphieutha tse khothalletsang pefo. Tse ling tsa lipapali tsena motho o fumana lintlha ha a ntšitse e mong leqeba, tse eketsehileng ha a thuntse motho ’meleng le tse eketsehileng le ho feta ha a mo thuntse hloohong. Mali aa tsaratsa, ’me boko bo qhalana hohle.
Dr. Corlin o ile a hlalosa hore bana ha baa lumelloa ho khanna, ha baa lumelloa ho noa lino tse tahang hape ha baa lumelloa ho tsuba ha ba sa le banyenyane haholo. Eaba o re: “Empa re ba lumella hore ba ikoetlisetse ho sebelisa sethunya lilemong tseo ba e-song ho hōle hantle hore ba ka laola maikutlo a bona ’me ba sa hōla ho hang hape ba se na taeo ea hore ba ka sebelisa libetsa tseo ba bapalang ka tsona. . . . Ho hlokahala re rute bana ba rōna ho tloha qalong hore ka linako tsohle pefo [e na le] liphello le hona e le tse tebileng.”
Ka masoabi, ho e-na le ho rutoa hore pefo e na le liphello, hangata bana e ba liphofu tse se nang molato tsa tlōlo ea molao e mabifi. Lipalo-palo li bontša hore lithunya li bolaea bana ba leshome ka letsatsi United States. Dr. Corlin o re: “United States e itlhomme pele lefatšeng—ka lebelo leo bana ba eona ba bolaoang ke lithunya ka lona.” O qetella ka ho re’ng? “Pefo ea lithunya e sokela bophelo ba sechaba sa naha ea rōna. Ena ke ’nete.”
[Lebokose le leqepheng la 9]
MABAKA A TLATSETSANG LITLŌLONG TSA MOLAO TSE MABIFI
Litsebi tse ngata li lumela hore lintlha tse latelang li ka tlatsetsa litlōlong tsa molao tse se nang kelello:
Ho qhalana ha malapa
Lihlopha tse nang le lehloeo, majela-thōko
Lihlotšoana tsa borapeli tsa bokhelohi tse kotsi
Pefo boithabisong
Ho pepesehela pefo ea sebele
Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi
Ho hlōleha ho sebetsana ka katleho le mathata
Libetsa tse senyang tse fumanehang habonolo
Maemo a itseng a bokuli ba kelello
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ketsahalo e ’ngoe ea libomo tse hlano tse ileng tsa phatloha ’me tsa bolaea bonyane batho ba 12 ’me tsa ntša kotsi ba fetang 80, Quezon City, Philippines
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Aaron Favila December 30, 2000
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Barutoana ba babeli ba bolaea tichere, barutoana ba 12 le bona baa ipolaea Sekolong se Phahameng sa Columbine, Colorado, U.S.A.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Jefferson County Sheriff’s Department April 20, 1999
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Bomo e kentsoeng koloing e bolaea bonyane batho ba 182 ’me e ntša kotsi ba 132 “nightclub” Bali, Indonesia
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Maldonado Roberto/GAMMA October 12, 2002