Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
HO TLOHA Belgrade ho ea Buenos Aires, ho tloha Lagos ho ea Lima, ho tloha Manila ho ea Motseng oa Mexico, le ho tloha Washington, D.C., ho ea Wellington, mebuso e loantša ho phahama ha theko ea lintho.
Ka linako tse ling mebuso ka boeona e bothateng ba chelete. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore “United States ebile le molato o moholo oa chelete lilemong tse hlano tse fetileng ho feta leha e le neng historing ea eona.” Haufinyana ’muso oa Afrika o ile oa lokela ho hula keketso ea moputso eo e leng khale e lebelletsoe. Ka masoabi o ile oa fumana hore Banka sa Sechaba ha e na chelete e lekaneng ea ho lefa meputso e mecha. Ka ho tšoanang, naheng e khōlō ea Latin America, sekhahla sa ho phahama ha litheko se bile se seholo hoo ’muso o tšabileng hore qetellong ea 1988 o ke ke oa tseba ho lefa meputso ea basebeletsi ba sechaba ba fetang millione.
Merero ea lilemo tse hlano, litekanyetso, ho theoha ha meputso, litekanyetso tsa litheko, le litharollo tse ling tsa moruo li ile tsa phatlalatsoa. Empa mathata a rarahane ’me ha ho litharollo. Bakeng sa ho etsa mehlala ea bothata, mona Tsoha! e mpa e bontša metheo ea lisosa tsa qaka ea litšenyehelo tsa bophelo tse phahamang.
Tsamaiso ea Machaba ea Moruo e Senyehang
Tšebelisano-’moho ea lefatše lohle. Joalokaha motho e mong ea sebetsanang le lichelete tsa machaba a hlalositse: “Lefatše ke ntho e le ’ngoe. Moruo oa rōna ke oa lefatše lohle. . . . Khopolo ea hore tharollo ea moruo oa lefatše lohle e ka etsoa ke naha e le ’ngoe ke bothoto.” Ka mohlala, ho oa ha moruo ho sekhahla linaheng tsa Bophirima ho fetetse ka pele linaheng tse futsanehileng, tse fumanang hore lihlahisoa tsa tsona ha li rekoe. Ka ho tšoanang, ho eketsoa ha liphaello United States ho qobella linaha tsa Latin America le lichaba tsa Afrika mathateng a eketsehileng a ho lefa phaello melatong ea tsona. Ka kakaretso, ha naha e futsanehile haholoanyane, e na le tšusumetso e fokolang boemong ba moruo, empa e angoa habohloko haholo ke maemo a mabe a moruo.
Ho se tsitse ha litheko ’marakeng o laolang thepa ho totobatsa hantle boemo bo sa tsitsang ba moruo oa lefatše, esita le ba itšetlehileng ka ’ona. Baboloki ba lichelete ba ne ba tšoenyehile ka litebello tsa moruo, hoo lipalo-palo tsa khoebo tsa U.S. tsa Phato 1987 li neng li sa fane ka tšepo ’me ho boletsoe hore mohlomong tlhaloso e bothoto ea letona la lichelete la ’muso e ne e lekane ho ka liha ’maraka oa lefatše lohle ka Mphalane 1987.
Bothata bo tebileng ba molato oa lichelete United States, hammoho le ho hlōleha kapa ho se ikemisetse ha linaha tse matla moruong ho sebelisana tharollong e le ’ngoe ea moruo, ho thatafatsa tšepo leha e le efe ea ho ntlafala ha moruo haufinyana. Ha seithuti sa moruo Stephen Marris se bua ka boemo bona, se hlokomelisitse: “Re har’a moluba-lube. Ha ho tsela e bonolo ea ho tsoa.”
Ho phahama le ho theoha ha litheko. Lilemong tsa morao tjena ho bile le ho phahama le ho theoha ho tšosang ha theko ea oli, tšepe, le lihlahisoa tse ling tsa motheo. Ho phahama ho sekhahla ha litheko tsa oli ka bo-1970 ho bakile ho phahama ha litheko ’me ha baka ho theoha ha moruo oa lefatše. Linaha tse fokolang moruong tse sa hlahiseng oli li ile tsa hlokofatsoa ke sena ka ho khethehileng.
Ka bo-1980 ho bile le ho oa ha litheko tsa lihlahisoa tse ngata. Sena se sitisitse moruo oa linaha tse ngata tse futsanehileng tseo boholo ba lithomello tsa tsona bo itšetlehileng ka lihlahisoa tse joalo. Linaha tse kang Mexico le Nigeria, tse itšetlehileng haholo ka thomello ea oli, le tsona li utloile ho theoha ho sekhahla ha litekanyetso tsa bophelo ka baka la litheko tsa oli tse ileng tsa theoha. Ho phahama le ho nyoloha ha litheko ho joalo ho ka sitisa litokisetso tsa moruo.
Chelete e Sebelisoang ke ’Muso Mererong ea Nakoana
Chelete e sebelisoang sesoleng. Kakaretso ea chelete ea lefatše lohle e sebelisitsoeng sesoleng ka 1987 e lekanyetsoa ho liranta tse libillione tse 2, 4. Chelete ena e lekanyetsoa ho liranta tse limillione tse 4,3 ka motsotso! Hase linaha tse ruileng feela tse senyang chelete bakeng sa libetsa; tse ling tsa linaha tse futsanehileng ka ho fetisisa tsa lefatše li ikemiselitse ho ba le keketseho ea karolo ea 10 lekholong cheleteng e sebelisoang sesoleng.
Seithuti sa moruo John K. Galbraith, ha se hlalosa liphello tsa sechaba le moruo oa linaha tse fokolang moruong mabapi le chelete eo li e sebelisitseng sesoleng, se itse: “Ba lefang chelete ena bakeng sa libetsa ke mafutsana a futsanehileng ka ho fetisisa. Ho rekoa libetsa ho ena le ho hōlisa merero e sa amaneng le sesole e reretsoeng ho ntlafatsa litšenyehelo tsa bophelo, ho rekoa tsona ho ena le bohobe.”
Merero ea “tlou e tšoeu.” Ho boleloa hore morena oa Siam o ne a tloaetse ho neha basebeletsi ba hae bao a sa ba rateng tlou e tšoeu. Kaha phoofolo ena e ne e nkoa e halalela, e ne e sa sebelisoe. Ka hona ho e boloka ho ne ho tla tlisa tšenyehelo ea chelete ho moamoheli ea malimabe oa mpho ena. Ka ho se hlokomele, lilemong tsa morao tjena lichaba tsa Bophirima ka ho tšoanang li kentse letsoho morerong oa morena oa Siam. Mananeo a tsona a lithuso a tšehelitse ka lichelete merero e meholo ea boqapi ba mahlale eo lichaba tse a amohetseng li hlōlehileng ho a boloka boemong bo botle.
‘Litlou tsena tse tšoeu’ tse bitsang chelete e ngata tse se nang thuso li silafalitse mobu oa moruo oa linaha tse futsanehileng: mabala a lifofane a majaba-jaba ao ka seoelo lifofane li tlohelang ho ’ona, mehaho ea sejoale-joale ea moo ho etsoang bohobe e hlōlehang ho etsa bohobe ka lebaka la ho haella ha phoofo ea bohobe, le mehaho e meholohali ea feketheri ea samente e senyehang nako le nako ka baka la khaello ea tokiso.
Ka linako tse ling mebuso ea linaha tse fokolang moruong e ikimelitse ka melato e meholo ka lebaka la ho senya chelete mererong e moholohali e kang ea ho fehla motlakase, libaka tsa matla a nuclear, kapa esita le ho haha motse-moholo o mocha.
Keketseho ea Lenane la Baahi
Linaheng tse ngata tsa lefatše, keketseho e potlakileng ea lenane la baahi e tlatsetsa litekanyetsong tse fokolang tsa bophelo. Matlo, mesebetsi, likolo, esita le tlhahiso ea lijo ha li khone ho ikamahanya le tlhoko e ntseng e eketseha. Ka mohlala, Mexico, ka lebaka la lenane la baahi le eketsehang ka potlako, ho hlokahala hore e simolle mesebetsi e millione ka selemo bakeng sa ho boloka lenane la eona la tlhoko ea mesebetsi hore le se ke la phahama. Linaheng tse ngata tsa Afrika lenane la baahi le eketsehang ka potlako—le mpefatsoang ke ho fallela litoropong—le entse hore thomello ea lijo ho tsoa ka ntle e imene ka makhetlo a mararo ’me le tlatselitse litekanyetsong tsa bophelo tse theohileng lilemong tse leshome tse fetileng. Bo-ntate ba bang ba leng tsietsing, ba sa tsebeng ho fumana mesebetsi le ho hlokomela malapa a bona a maholo, ba a tlohetse kapa ba ipolaile.
Molao o Fokolang Tsamaisong
Litheko tsa ’maraka tse sa tsejoeng hantle. Ho bolela esale pele ka boemo ba moruo ke pono e ke keng ea hlalosoa ka ho nepahala. Bothata ke hore esita le linaheng tseo moruo o tsoetseng pele haholo ho tsona ho thata ho litsebi ho tseba ka ho nepahetseng se etsahalang, ha linaheng tse fokolang moruong—moo lipalo-palo li sa fumaneheng—ho le thata ka ho fetisisa. Esita le hoja litsebi tsa moruo li ka lumellana ka mofuta oa bothata, ntle ho pelaelo li tla fana ka litharollo tse fapaneng, ho ea ka pono ea tsona ea lipolotiki kapa ea sechaba. Ho thatafatsa litaba, bo-ralipolotiki, ba etsang qeto ea lichelete, ho bonahala ba sebelisa keletso ea moruo eo ba e fumanang e le molemo ho bona feela.
Ka United States, eo e kileng ea ba mongoli oa U.S. oa tsa khoebo Peter Peterson o hlalositse: “Ha e le hantle, mathata a rōna hase a moruo. Ho ena le hoo, re sitisoa ke khaello ea qeto ea lipolotiki tsa rōna. Ha re lumellane esita le ka sebōpeho sa mathata a moruo oa rōna.”
Boithati bo hlokang tsebo. Naha e ’ngoe le e ’ngoe e thahasella ho hahamalla lithahasello tsa eona tse phahameng ho sa tsotellehe liphello tsa sena ho ba bang. Ka mohlala, lithuso tsa moruo, li ka ’na tsa e-ba ka mokhoa oa thepa ea sesole ea moetso o phahameng, e romelloang naheng e sa tsebeng ho fepa baahi ba eona. Ka ho hlakileng, naha e fanang ka thepa, sepheo sa eona sa moruo kapa sa bopolotiki e seng sa ho thusa batho. Melao ea lekhetho la thomello e beiloeng ke linaha tse nang le libaka tse khōlō tse hlahisang thepa e entsoe ka sepheo sa ho sireletsa lihlahisoa tsa tsona ’me e sitisa boiteko ba linaha tse futsanehileng ba ho rekisa esita le lihlahisoa tsa tsona tsa motheo.
Linaha tse sa tsoelang pele moruong li nyatsa mekhatlo ea libanka ea machaba kahobane e amehile feela ka ho lefuoa ha liphaello kapele. Merero e meng e tlohetsoe ka lebaka la ho se fumane tšehetso ea chelete, kahobane feela e ne e ke ke ea tlisetsa naha e alimanang ka chelete phaello kapele. Liphaello tse phahameng tseo lichaba tsena tse nang le molato joale li tlamehang ho li lefa ke ka lebaka la tšebeliso e bohlasoa ea chelete ke linaha tse ling tse ruileng ho li feta. Mopresidente Alfonsin oa Argentina o bontšitse hore lilemong tse hlano Latin America e rometse United States le Europe chelete bakeng sa Merero e ’meli ea Marshall.a Leha ho le joalo, linaha tsena li melatong ea chelete ka ho tebileng ho feta leha e le neng pele.
Bolotsana le meharo. Lipresidente tsa linaha tse ling tsa Afrika le Asia li ’nile tsa qosoa ka ho itšebelisetsa liranta tse limillione tse liketekete. Baeta-pele ba sepolesa le bo-rakhoebo ba tsebahalang Latin America le bona ba ’nile ba ameha bosholung ba liranta tse limillione. Hangata lichelete tsena li ne li rometsoe bakeng sa mananeo a reretsoeng ho ntlafatsa bophelo ba mafutsana. Bolotsana ba sechaba bo etsoang ke batho ba maemo ’ohle bo nyenyefatsa boemo ba moruo ba lichaba tse ngata, ’me hona ho eketsa mojaro oa chelete holim’a mafutsana a lokelang ho tšehetsa moruo oa naha.
Bolotsana ba meharo ea khoebo bo boetse bo tlatsetsa qakeng ea litšenyehelo tsa bophelo tse phahamang. Ka mohlala, mekhoa e mabifi ea lichaba tse ngata tsa likhoebo ea koae, e atlehile ho qobella batho ba limillione ba hlokofalitsoeng ke tlala ho sebelisa cheletana ea ba nang le eona lisakareteng. Linaheng tse ling tse futsanehileng, lintho tse sokelang bophelo bo botle, lisakarete tse nang le bokoali bo bongata li ajoa ka ho pharalletseng, ’me bareki ba bangata ha ba hlokomele likotsi tsa tsona. Naha e ntle bakeng sa temo e fetotsoe masimo a koae ka lebaka la takatso ea chelete e tsoang linaheng tse ling, eo hangata e se nang molemo. Hangata mafu a amanang le ho tsuba a eketseha hammoho le litšenyehelo tse eketsehang tsa bophelo.
Tlhahlobo ena e khutšoaane ea mabaka a ikarabellang ka litšenyehelo tse phahameng tsa bophelo a lekane ho bontša phephetso e talimaneng le mebuso e lekang ho ntlafatsa tlokotsi ea moruo bakeng sa baahi ba eona. Mopresidente Mitterrand oa Fora, ha a ne a bua sebokeng sa moruo, o tletlebile ka “lefatše leo ka tšohanyetso le heletsang motheo oo u emeng ho ’ona, ’me le rata ho u liha.” Bahlokomeli ba ’muso le litsebi tsa moruo tsa linaha tse fokolang moruong ba tseba hantle ho tsoa phihlelong e bohloko seo hona ho se bolelang.
Na see se bolela hore le ka mohla moruo o ke ke oa ntlafala? Na moruo oa lefatše o ka tseba ho nehelana ka bolulo bo botle ho batho bohle? Sehlooho se latelang se tla arabela lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Morero oa Marshall e ne e le lenaneo la U.S. le reretsoeng ho thusa ho ntlafatsa moruo oa Europe e ileng ea hlokofatsoa ke ntoa. Ho tloha ka 1948 ho ea ho 1952 ho ile ha ajoa thuso e fihlang liranteng tse ka bang limillione tse likete tse 29.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Bothata ba Molato oa Chelete
Molato oa Sechaba oa Chelete
Linaheng tse ngata litšenyehelo tsa ’muso li feta haholo chelete e kenang. Kalimo e khōlō eo tsamaiso ena e e hlokang e lebisitse khaellong e khōlō ea molato, ka linako tse ling e bitsoa molato oa sechaba oa chelete. Ho lefa molato ona oa chelete, hammoho le phaello, ho qobella ’muso ho tsoela pele ho kalima chelete, ’me sena se eketsa phaello le ho eketseha ha litheko. Ho feta moo, joalokaha makasine oa Time o hlalositse, mebuso e monyebe ho fokotsa chelete hobane “ba etsang likhetho, joaloka batho, ba batla menyetla e eketsehileng le makhetho a fokolang ’me bo-ralipolotiki kaha e le bo-ralipolotiki, ba arabela [liqetong tsa ba etsang likhetho].” Ka hona, letsatsi la ho buisana ka molato oa chelete le ntse le chechisetsoa morao, ha litšenyehelo tsa bophelo li ntse li phahama.
Molato oa Chelete oa Machaba
Ka mabaka a fapaneng, linaha tse ling li amohela thepa e ngata ho tsoa linaheng tse ngata tse ka ntle, sena se qetella ka ho lekalekanya khaello ea khoebo. Khaello e lokela ho lefuoa ka chelete e amohelehang lichabeng tse ling, hangata ka lidolara kapa chelete e ’ngoe e matla. Hangata chelete ena e lokela ho ntšuoa libankeng kapa ho alingoa linaheng tse ling. Haeba libanka tsa naha li haelloa ke chelete ’me ho sa fumanoe likalimo, ho tla lokela ho kenngoe lithibelo tsa ho amohela thepa ho tsoa linaheng tse ling kapa ho tla fokotsoa chelete ea naha eo. Mehato ena e ’meli e baka keketseho e potlakileng thekong ea lintho tse tsoang linaheng tse ling, ’me tse ngata ho tsona e ka ba tsa bohlokoa khoebong le ho moreki.
Ka ho khethehileng linaha tse fokolang moruong li na le mathata a ho leka-lekanya khoebo, hobane ka linako tsohle chelete ea liphahlo tsa tsona tse romeloang ka ntle ho naha e ile ea theoha ka tsela e tšosang. Ka mohlala, ka 1960 tone ea kofi e ne e ka reka litone tse 37 tsa monontša, le hoja ka 1982 e ne e ka reka feela litone tse 16 tsa ’ona. Ho ka boela ha fanoa ka lipalo tse tšoanang bakeng sa cocoa, tee, boea, koporo, tšepe, le lihlahisoa tse ling tse ka sehloohong tsa linaha tse fokolang moruong. Hape ka lebaka la litheko tsena tse thata tsa khoebo, tseo ho se nang letho leo li ka le etsang, ka 1987 linaha tse hōlang moruong li bile le molato oa liranta tse libillione tse 2,4. Bothata bona bo boholo bo sitisa ho ntlafala ha moruo ’me e bile bo sokela botsitso ba mebuso e meng.
Haufinyana The New York Times e boletse: “Taba e le ’ngoe ea bohlokoa e kopanyang Latin America ke khaello ea chelete . . . mebuso e nkile bothata bona e le bona bo ikarabellang bakeng sa ho senyeha ha lebitso la eona leha ho bonahala e le senotlolo se seholo sa bopolotiki se amang bokamoso ba eona bo haufi.”
[’Mapa leqepheng la 7]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ho Phahama ha Moruo oa Lefatše 1980-85
(E theiloe ho El Mundo en Cifras, e hatisitsoeng ke The Economist)
■ 0 ho ea ho 15%
■ 15 ho ea ho 30%
■ 30 ho ea ho 100%
■ ho feta 100%
■ lipalo tse sa fumaneheng