Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 1/8 maq. 3-4
  • Karolo 1a—Ho Tšoasoa ke Matšoenyeho a Bakoang ke Chelete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 1a—Ho Tšoasoa ke Matšoenyeho a Bakoang ke Chelete
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matla a Likhatello tsa Moruo
  • Na ho Tšoaseha Hoo ho Ntse ho Felloa ke Matla?
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
  • Bothata ba ho Ithuta ho Leta
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Litheko Tse Phahameng—Litšenyehelo ho Batho
    Tsoha!—1989
  • Bibele e Re’ng ka ho Phahama ha Theko ea Lintho Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 1/8 maq. 3-4

Ho Phahama le ho oa ha Khoebo ea Lefatše

Karolo 1a—Ho Tšoasoa ke Matšoenyeho a Bakoang ke Chelete

“Le hoja bo-’mè le bo-ntate ba re fa bophelo, ke chelete feela e bo bolokang.”—The Japanese Family Storehouse; kapa, The Millionaires’ Gospel, ea Ihara Saikaku.

NA U kile ua ba bothateng bo boholo ba ho hloka chelete? Kapa na u kile ua fumana hore ha u na chelete e lekaneng ho lefella ntho e ’ngoe ea bohlokoahali? Kapa na u kile ua bona lelapa la hao le lapile kapa le hlobotse? Kajeno batho ba limillione ba ka arabela lipotso tseo ka e. Baa tseba hore na ho tšoenyeha ka chelete ho hlile ho bolela eng.

Nahana ka ho khathatseha ha ntate ea sa sebetseng ea nang le bana bao a lokelang ho ba fepa le melato eo a lokelang ho e lefa. Nahana ka boemo ba kelello ba ’mè ea khathetseng ea foletseng ho ea batla lintho tse rekisoang tse fumanehang ka thata eo qetellong a fumanang hore ha ho letho ka lebenkeleng kapa litheko li phahame haholo. Nahana ka khatello ea maikutlo e bang teng ho motsamaisi e moholo oa khoebo eo k’hamphani ea habo e leng lekhatheng la ho oa kapa khatello eo ’muso o e utloang ha o ntse o loanela ho itšoasolla likolotong tsa libillione tsa liranta.

Lefatšeng la kajeno esita le mantsoe a itseng feela a baka ho khathatseha. E ka ’na eaba moputso (chelete, thepa, kapa litšebeletso tse amoheloang bakeng sa mosebetsi o entsoeng kapa bakeng sa ho sebelisa lintho tse ling tse tlisang chelete) oa rōna o tlaase hoo mokhoa oa rōna oa bophelo (boemo ba moruo boo re tloaetseng ho phela tlas’a bona) o sokeloang ka ho tebileng. Sena se ka ’na sa bakoa ke ho hloka mosebetsi, ho fokola kapa ho oa ha moruo (ho fokola ha moruo ke nako ea ho fokotseha ha tšebetso ea khoebo, athe ho oa ha moruo hona ho matla haholoanyane), kapa ho theoha ha matla a chelete (ho nyoloha ha litheko ho bang teng ha tlhokahalo ea lintho e phahame ho feta tlhahiso ea tsona, hoo chelete ea rōna e rekang lintho tse fokolang). Re ke ke ra khona ho sebetsana ka katleho le litšenyehelo tsa bophelo (litšenyehelo tsa ho lefella thepa le litšebeletso tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi) ka chelete ena e fokolang.

Matla a Likhatello tsa Moruo

Setsebi se seng se re Ho Oa ho Hoholo ha Moruo lilemong tsa bo-1930, e ile ea e-ba tlokotsi ea moruo e ileng “ea ama naha e ’ngoe le e ’ngoe le lehlakore le leng le le leng la bophelo, sechabeng le lipolotiking, lapeng le linaheng tse ling.” Ka ho matlafatsa mabotho a lipolotiki a bofetoheli Jeremane le Italy, ho oa hoo ha moruo ho ile ha thusa ho tlisa Ntoa ea II ea Lefatše, e leng ho bontšang matla a likhatello tsa moruo. Ho joalokaha John K. Galbraith a ngotse bukeng ea hae e bitsoang Money: Whence It Came, Where It Went: “Mathoasong a 1933 Adolf Hitler o ile a fumana matla a puso Jeremane. Ho ka boleloa hore karolo e khōlō ea katleho ea hae e tlisitsoe ke ho hloka mosebetsi ha batho ba bangata haholo le ho theoha ho bohloko haholo ha meputso ea letsatsi le letsatsi, meputso ea khoeli, litheko le chelete eo litša li ka rekisoang ka eona.” Ha a bua ka ho theoha ha matla a chelete United States ka nako eo, Galbraith oa phaella: “Ho sa tsotellehe bohlokoa ba chelete, ha ho ea neng a ka belaella bohlokoa ba tšabo eo e e bakileng.”

Liphetoho tsa lipolotiki tse ileng tsa e-ba teng Europe Bochabela qetellong ea lilemo tsa bo-1980 li ile tsa susumetsoa haholo-holo ke mabaka a moruo. Mabaka ana ke ’ona hape ao hangata a khaolang khang ha ho etsoa qeto likhethong mebusong ea puso ea sechaba ka sechaba ea Bophirimela, moo ho ’nileng ha boleloa hore batho ba vouta ho latela kamoo ba susumetsoang ka teng ke litaba tse amang chelete eo ba e fumanang.

Hangata khatello ea moruo e sebelisoa ka boiteko ba ho qobella mebuso ho fetola maano a eona. Ke ka hona ka linako tse ling lithibelo tsa moruo tsa kajeno li ’nileng tsa tšoana le ho thibella ha masole sebaka se itseng ho neng ho etsoa mehleng ea khale. Ka 1986, Europe, Japane, le United States li ile tsa etsa lithibelo tsa moruo khahlanong le Afrika Boroa e le ho nyatsa leano la eona la khethollo ea ’mala, ’me ho bonahala eka ho ile ha ba le katleho e itseng. Ka 1990 linaha tsa lefatše ka kakaretso, joalokaha li ne li emeloa ke Machaba a Kopaneng, li ile tsa tlisetsa Iraq khatello ea moruo, ’me ka ho totobetseng ha lia ka tsa ba le katleho e kaalo.

Leha ho le joalo, ho bonahala tloaelo ena e atileng e hlakile. Mongoli oa Lefora eo e bileng e leng moeletsi oa mopresidente, Jacques Attali, o bolela hore ‘bahoebi ba ntse ba nkela bahlabani sebaka joaloka batho ba hlahelletseng ka ho fetisisa litabeng tsa lefatše.’ ’Me makasine o mong o ile oa hlalosa: “[Linaheng tse ngata] matla a moruo a nketse matla a sesole sebaka joaloka khato eo e hlileng e leng ea bohlokoa.”

Na ho Tšoaseha Hoo ho Ntse ho Felloa ke Matla?

Likoluoa tsa tlhaho, mafu, le tlōlo ea molao li senya moruo. Sekoloto le khaello ea chelete e bolokiloeng bakeng sa litšenyehelo le tsona li ka ’na tsa senya moruo. Ho latela The Collins Atlas of World History, “sekoloto sa [linaha tse ntseng li hōla moruong] linaheng tse ling se seholo hoo ka linako tse ling lefatše le ’nileng la khutla lintšing tsa koluoa ea moruo e khōlō haholo, ’me keketseho ea bofuma, ka ho hloka tšepo hohle le tšokelo ea boemo bo sa laoleheng tseo bo li bolelang, e bile e tšosang.”

Le hoja mebuso e meng e hlaseloa ke ho theoha ha matla a chelete ho laoloang ke liphetoho tse sa laoleheng, e meng e loana ka thata e loanela ho thibela ho theoha hoo ha matla a chelete. Ho hloka tšireletseho ho iponahatsa ka sebōpeho sa limmaraka tse sa tsitsang tsa matsete ao batho ba a etsang lik’hamphaning. Ho kula ha tšohanyetso ha moeta-pele oa lipolotiki, kapa esita le menyenyetsi e hlokang motheo, li ka senya leruo ka nako ea lihora feela. Ho oa ha ’maraka oa Wall Street ka October 1987—ho ileng ha ba matla le ho feta ho oa ha moruo ka 1929—ho ile ha bitsoa beke e mpe ka ho fetisisa historing ea lichelete. Theko ea thepa e ile ea theoha ka tekanyo e ka etsang liranta tse limillione tse likete tse 1 059. ’Maraka oo o ile oa boela boemong bo tloaelehileng, empa litsebi tse ngata li re ho oa ha sebele ho sa ntsane ho e-tla. Mongoli oa koranta George J. Church o ile a ngola: “Ho molemo hore lefatše le mpe le lakatse hore le se ke la fumana hore na tahlehelo eo ea ho qetela ea chelete e tla ba e joang.”

Ho e-na le ho felloa ke matla, ho tšoaseha likhatellong tsa moruo le ho khathatseha hoo ho ho bakang ho bonahala ho ntse ho ipha matla. Kahoo na hoa utloahala ho nahana hore ho ka etsahala hore see se fele haufinyane?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela