Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 6/8 maq. 6-8
  • Na Matla a Motho a ka ba Thibela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Matla a Motho a ka ba Thibela?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phehisano e Sehlōhō
  • Khoebo e Bolotsana
  • Khoebo ea Libetsa—Kamoo e u Amang
    Tsoha!—1989
  • Ke Ithutile Bibele le Hoja ke se na Matsoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Tsoha!—1989
g89 6/8 maq. 6-8

Na Matla a Motho a ka ba Thibela?

KAHA barekisi ba libetsa ba utsoa lenane le hlokahalang la liphahlo le litšebeletso ho mafutsana, ke hobane’ng ha batho ba sa ba thibele? Karabo e bonolo: Khoebo ea libetsa e busoa ke chelete le matla. Lintlha tse latelang ka bohōle ba sena, thahasello, le mekhoa ea khoebo ena e khōlō li tla u thusa ho fumana hore ke hobane’ng ha matla a motho a ke ke a ba thibela.

Batho ba bangata ba phela ka khoebo ea libetsa. Ho tloha qalong ea lekholo lena la lilemo, khoebo ea libetsa ebile khoebo ea machaba sebakeng sa lifeme. E fana ka mosebetsi ho batho ba ka bang limillione tse 50 lefatšeng ka bophara, ka ho tobileng kapa ka ho sa tobang. Ho phaella moo, kotara e le ’ngoe, kapa bo-ramahlale ba lefatše ba ka bang 500 000, ba ameha liphuputsong tsa sesole.

Ho ameha lithahasello tse khōlō tsa moruo. Lichaba tsa lefatše li sebelisitse liranta tse libillione tse 19, 8 (R19 800 000 000 000 ka 1984) phehisanong ea libetsa ho tloha ka 1960. ’Me ho batla libetsa ho ntse ho tsoela pele. Ka mohlala, litšenyehelo tsa sesole ka 1987 li fihletse bophahamo bo bocha ba liranta tse limillione tse 4,5 ka motsotso! Lintoa ‘tse mabifi tse 22, tseo bonyane ho bileng le likotsi tse limillione tse 2,2, li loannoe ka 1987—lintoa tse eketsehileng ho feta selemong leha e le sefe se fetileng tse kileng tsa tlalehoa historing!a Ntoa mahareng a Iran le Iraq, ebile e tšollotseng mali ka ho fetisisa le e sentseng chelete e ngata e kileng ea tlalehoa historing, hobane ho ile ha bokelloa libetsa ka lilemo tse ngata lefatšeng lohle.

Le hoja ho ena le lipuisano tse ngata tsa khotso, litšenyehelo tsa sesole lefatšeng lohle li finyelletse liranta tse libillione tse peli le halofo. Ha e le hantle, lefatše le sebelisa chelete e imenneng ka makhetlo a ka bang likete tse tharo sesoleng ho feta boitekong ba ho boloka khotso!

Lichaba tse ngata ke tsona tse rekisang libetsa lefatšeng lohle. Linaha tse peli tse matlahali tsa lefatše ke tsona tse itlhommeng pele thekisong ea libetsa. Fora, Brithani, Jeremane Bophirima, le Italy ke linaha tsa Europa Bophirima tse khōlōhali tse rekisang libetsa. Haufinyane Greece, Spain, le Austria li sa tsoa kopanela.

Esita le lichaba tse sa nkeng lehlakore li rekisa libetsa le thepa ea sesole e tsoetseng pele boqaping ba tsa mahlale. Sweden, e babatsoang ka ho qala Moputso oa Khotso oa Nobel, e na le lifeme tse peli tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng tsa khoebo ea libetsa tse tsoetseng pele, tse etsang lifofane tsa ntoa, libetsa, le liqhomane bakeng sa ho li romella linaheng tse ling. Switzerland, e tšepisitseng ho thusa mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu le mesebetsi ea batho, le eona ea ameha khoebong ea machaba ea libetsa. Ho phaella phehisanong ena e khōlō, lenane le eketsehang la Linaha tse Futsanehileng le tsona ke bahlahisi ba libetsa.

Phehisano e Sehlōhō

Barekisi bohle ba rata ho kholisa batho ka ho phatlalatsa lihlahisoa tsa bona (ebang ke likoloi, mechine e kutang litelu, kapa mafielo) e le tse molemohali. Ka ho tšoanang, ka libuka tse ngata, tse mebala-bala, barekisi ba libetsa ba phatlalatsa lihlahisoa tsa bona tse kotsi le tse ipakileng li bolaea.

U ne u tla arabela joang haeba u bala phatlalatso koranteng ea hoseng e reng: “Na u ntse u batla sebetsa se bolaeang sa missile? RBS 70 e tšetse libetsa tse kotsi ka ho fetisisa?” Kapa e ’ngoe, e u nehang sebetsa se bolotsana se reretsoeng ho bolaea, e reng: “Ha u betsa hang feela ka sona—joang kapa joang se tla bolaea! . . . Ha ho letho le ka se thibelang”?

Liphatlalatso tse joalo li ne li tla khopisa batho haeba li phatlalatsoa likoranteng tse tloaelehileng. Empa libuka tsa khoebo ea libetsa li khotsofetse ke tsona. Leha ho le joalo, ha ho moo ho boleloang teng, hore sera se nehoa libetsa tse tšoanang, tse kotsi le tse nepahetseng ka ho felletseng. Ha ho moo ho fanoeng ka tlhahiso kamoo libetsa tsena li sebelisoang kateng, le kamoo baahi—“bareki” ba ho qetela—ba tlang ho angoa kateng ke libetsa tsena tse tšabehang.

Khoebo e Bolotsana

Le hoja litumellano tse ngata tsa khoebo ea libetsa li etsoa mahareng a mebuso, khoebo ena e bolotsana. Tlaleho e khethehileng e boletse: “Mesebetsi e mengata ea khoebo e sebetsa ka bolotsana esita le ka mecha e amohelehang. Mebuso e hahamalla lithahasello tsa eona, hangata ka lekunutung.”

Le hoja linaha tse ngata tse etsang libetsa li na le melao e thata e laolang thomello ea libetsa tsa sesole linaheng tse loanang, libetsa tsa tsona li tsoela pele li fumanoa mabaleng a ntoa. Tlaleho e tsoang Mokhatlong oa Machaba oa Liphuputso tsa Khotso oa Stockholm o hlalosa lebaka: “Ha ho na phapang e tiileng pakeng tsa khoebo ea libetsa tsa ‘molao’ tse ‘belaetsang’ le tsa ‘bolotsana.’ Ha ho bonahale ho ena le ’muso o rekisang libetsa o tsebang ho laola ka ho felletseng hore na libetsa li ka sebelisoa joang, li sebelisoa mabapi le bo-mang, kapa li tla sebelisoa ke bo-mang.” Tlaleho ea Newsweek ka khoebo ea libetsa e boletse e sa le pele: “Ho bonahala thibelo ea thekiso ea libetsa e tla oa ha linaha tse ngata li kenela tlholisano ea thekiso ea libetsa.”

Ka lebaka la khoebo ena ea thekiso ea libetsa ea machaba pakeng tsa mebuso, lebotho le khethehileng la barekisi ba libetsa le sebetsa hohle lefatšeng. Ba ikopanya le libaka tse phahameng tsa lipolotiki le sesole. Har’a batho bana ho na le barekisi ba hiriloeng ke lifeme tse khōlō tsa thekiso ea libetsa, baemeli bao le ka mohla ba sa tšoareng libetsa, barekisi ba lithethefatsi bakeng sa ho fumana libetsa, le lenane le fokolang la batho ba sebetsang ka bolotsana.

Ka lebaka la ho batla ho rua kapele, ho bonahala lifeme tsa libetsa li sa khaotse. Lethathamo le latelang le bontša bo bong ba bolotsana boo li qositsoeng ka bona, ho ea ka Anthony Sampson, mofuputsi oa khoebo ea libetsa:

1. Ho susumetsa litšoso tsa ntoa le ho phehella linaha tsa tsona ho amohela mekhoa e kang ea ntoa le ho eketsa libetsa.

2. Lenane le leholo la tjotjo e amoheloang ke bahlanka ba ’muso.

3. Ho hasanya litlaleho tsa bohata mananeong a sesole linaheng tse fapaneng e le ha li khothalletsa chelete ea libetsa.

4. Ho susumetsa pono ea sechaba ka taolo ea seea-le-moea.

5. Ho qabanya naha e ’ngoe ka morero oa ho ithuisa.

6. Ho hlophisoa ha mekhatlo ea machaba mabapi le ho eketsa theko ea libetsa.

Leha ho le joalo, khoebo ea libetsa e ntse e atleha ho feta leha e le neng pele. ’Me ho bonahala ho se motho ea ka tsebang ho thibela khoebo ena e matla ea thekiso ea libetsa. Mekhatlo e ’meli e meholo ka ho fetisisa ea machaba ea khotso e kileng ea theoa historing, Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng, li hlōlehile ho kholisa esita le se seng sa litho tsa eona ho ‘tea liphehla tsa tsona mehoma.’ Khoebo ea libetsa e kopane le lipolotiki le moruo hammoho le litaba tsa lefatše hoo batho ba bangata ba nahanang hore e phahametse matla a motho hore a e thibele. Joale, na ho na le matla leha e le afe a ho e thibela?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lintoa tseo ho tsona selemo se seng le se seng ho lekanyetsoang hore ho shoa batho ba sekete kapa ho feta moo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Esita le lichaba tse sa nkeng lehlakore li rekisa libetsa le thepa ea sesole e tsoetseng pele boqaping ba tsa mahlale

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Barekisi ba libetsa ba phatlalatsa lihlahisoa tsa bona tse bolaeang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela