Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 6/8 maq. 4-5
  • Khoebo ea Libetsa—Kamoo e u Amang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khoebo ea Libetsa—Kamoo e u Amang
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bosholu” bo Boholo
  • Bo ba nkela thuto:
  • Bo ba nkela chelete:
  • Bo ba nkela lijo le lino:
  • Boa ba kulisa le ho ba nkela bophelo bo botle ba ’mele:
  • Na Matla a Motho a ka ba Thibela?
    Tsoha!—1989
  • Boiteko ba ho Pholosa Bana
    Tsoha!—1994
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
  • Ke Mang ea ka Tlisang Khotso ea ka ho sa Feleng?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 6/8 maq. 4-5

Khoebo ea Libetsa—Kamoo e u Amang

“BOTHATA ba ho reka libetsa e ka ba ho bona hore na ke ho fihla bohōleng bofe u ka timetsang seo u batlang ho se sireletsa.” Ha mopresidente oa pele oa U.S. Eisenhower a bua sena ka 1956, chelete ea lefatše e neng e ntšoa ho reka libetsa ka litheko tse sa fetoheng e ne e se ka tlaase ho halofo ho ea kajeno. Keketseho ea khoebo ena e khōlō ea libetsa e u amme joang? Tlaleho ea liphuputso, World Military and Social Expenditures, e tla bontša:

1. Litekanyetso tsa chelete ea lefatše e sebelisetsoang ho reka libetsa kajeno, motho ka mong ea itekanetseng a ka lebella ho tela lilemo tse tharo ho isa ho tse ’nè a sebeletsa ho e lefa.

2. Ho rekoa ho fetelletseng ha libetsa ho phaelletse molatong o moholo oa chelete ea sechaba bakeng sa moloko o tlang.

3. Ho hlokomoloha litlhoko tsa batho le ho phehella ’muso oa sesole ho siile motho a le mong ho ba bahlano a futsanehile. Baahi ba lefatše ba sa tsebeng ho bala le ho ngola, ba kulang, le tlala e sa feleng li hōla butle.

4. Khatello ea sesole tsoelo-peleng ea boqapi ba tsa mahlale ha e hlahise mesebetsi e mengata joalokaha ho ne ho ka etsoa ka chelete e tšoanang ha e ne e sebelisetsoa thuto, bophelo bo botle, matlo a khale a nang le sepenya sa baahi, le litlhoko tse ling tsa sechaba. Ho hloka mosebetsi hoa eketseha.

5. Ho na le lesole le leng bakeng sa batho ba 43 empa ho na le ngaka e le ’ngoe bakeng sa batho ba 1 030.

6. Lilemo tsa ho phaelloa ha libetsa tse ngata ka mokhoa o fetelletseng li entse hore tikoloho ebe e sa tsitsang le e kotsi haholoanyane bathong ho feta ka nako leha e le efe historing.

7. Libetsa tsa timetso e khōlō, tse seng li ntse li loketse ho qhomisoa le ke nthoana e nyenyane, li tšoere bophelo bohle ba batho.

“Bosholu” bo Boholo

Bahloki ba lefatše ke bona ba anngoang haholo ke khoebo ea libetsa—linaheng tse ruileng haholo le tse futsanehileng haholo. Dwight D. Eisenhower o bua tjena: “Sethunya se seng le se seng se etsoang, sekepe se seng le se seng sa ntoa se kenang metsing, motsu o mong le o mong o betsoang ka boikutlo bo felletseng li bontša ho utsoetsa batho ba lapang ’me ba sa feptjoe, ba hatselang ba sa apesoe. Lefatše le hlometseng ha le sebelise chelete feela. Le sebelisa mofufutso oa basebetsi ba lona, bohlale ba bo-ramahlale, le matlo a bana ba lona.” “Bosholu” bona bo bolela eng ho bahlaseluoa?

Bo ba nkela thuto:

▪ Chelete e rekang sekepe se le seng sa nuclear se secha se tsamaeang ka tlas’a metsi e lekana le chelete e sebelisoang molemong oa thuto ea selemo le selemo linaheng tse futsanehileng tse 23 tse nang le bana ba lilemong tsa ho kena sekolo ba ka holimo ho limillione tse 160.

▪ Chelete e sebelisoang ke Sesole sa Moeeng sa U.S. e ngata ho feta chelete eohle e sebelisoang molemong oa bana ba ka holimo ho limillione tse sekete Afrika, Latin America, le Asia, ho sa kopanyelletsoe Japane.

Bo ba nkela chelete:

▪ Lilemong tsa morao tjena linaha tse Futsanehileng Moruong li amohetse karolo ea 75 lekholong ea libetsa tsa lefatše tse tsoang ka ntle ho naha—tšebeliso e mpe ea chelete e tsoang linaheng tsa ka ntle e siileng batho ba bangata ba imetsoe ke molato oa chelete oa naha eo e seng ea bona oo ba sa khoneng ho o lefa.

▪ Ka 1988 chelete eohle ha e kopane eo Linaha tse Futsanehileng li e kolotang linaha tsa ka ntle e ile ea fihlela palo e tšosang ea liranta tse libillione tse 3,25 (R3 250 000 000 000).

▪ Chelete ea lefatše e sebelisetsoang libetsa selemo ka seng e lekana le moputso oa batho ba ka bang limillione tse 2 500 linaheng tse 44 tse futsanehileng haholo.

Bo ba nkela lijo le lino:

▪ Ho hlokahala 1 475 000 ka letsatsi ho sebelisa sekepe se le seng se palamisang lifofane tsa ntoa, ha ka letsatsi le letsatsi Afrika feela ho shoa bana ba 14 000 ka baka la tlala le lisosa tse amanang le tlala.

Boa ba kulisa le ho ba nkela bophelo bo botle ba ’mele:

▪ Ka motsotso o mong le o mong karolelano ea bana ba 30 e shoa ka baka la maloetse a tloaelehileng haholo lefatšeng. A ne a ka thibeloa ka ho entoa, bohloeki, le phepo e loketseng haeba litlhoko tsa batho le tsa bophelo ba ’mele li ne II behoa ka pele ho ’muso oa sesole.

▪ Ho lekanyetsoa hore lenane la ho entoa le neng le tla sireletsa bana ba limillione tse 750 khahlanong le mafu a tšoaetsang le ka bitsa chelete e rekang libetsa tsa lefatše ka matsatsi a mabeli feela.

▪ Linaheng tse futsanehileng haholoanyane, lilemo tsa ho phela li khutšoane ka kakaretso ea 30 ho feta linaheng tse ruileng haholoanyane, lebaka le leng e le ho hlokomoloha litlhoko tsa bophelo moo ho hahamalletsoeng libetsa tse eketsehileng.

Ka sebele, barekisi ba libetsa ba jere boikarabelo bo boima haholoanyane bakeng sa maemo a bosula a lefatše. Ba ikutloa joang ka maemo ana? “Ha re na mathata a letsoalo le molato. Re tlatsetsa tsoelo-peleng ea rōna,” ho bolela motlatsi oa tona-khōlō ea ka ntle ho naha oa naha e ka sehloohong tlhahisong ea libetsa. Empa motho e mong le e mong a ka botsa, ‘Na e ka thibeloa?’ Re tla hlahloba potso eo lihoohong tse peli tse latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela