Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 7/8 maq. 13-15
  • Ho Tsuba—Pono ea Bokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsuba—Pono ea Bokreste
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato ho Molimo le Moahisani
  • Ke Hobane’ng ha ba Ile ba Khaotsa?
  • Na Sena se Loketse Boiteko?
  • Molimo o Ikutloa Joang ka ho Tsuba Koae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
  • Barekisi ba Lefu—Na U Moreki?
    Tsoha!—1989
  • Lisakerete—Na Ua li Nena?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 7/8 maq. 13-15

Ho Tsuba—Pono ea Bokreste

KA HO hlakileng, Bibele ha e bue ka koae kapa ho tsuba, kaha li ne li sa tsejoe Bochabela bo Hare mehleng ea boholo-holo. Lebaka le bonolo feela ke hore koae ke semela sa Amerika Boroa, Mexico, le West Indies ’me ha ea ka ea tsejoa lefatšeng lohle ho fihlela bohareng ba lekholo la bo16 la lilemo.

Na seo se bolela hore Bibele ha e bue letho ka ho tsuba? Che. E bolela ka ho hlakileng ka melao-motheo e sebetsang lefatšeng lohle ’me ebile e le tataiso ea boitšoaro ba rōna. E meng ea melao-motheo eo ke efe?

Lerato ho Molimo le Moahisani

Matla a motheo a susumetsang Mokreste e lokela ho ba a hlalositsoeng ke Jesu: “‘U tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao ’ohle le ka mohopolo oa hao ’ohle, le ka matla a hao ’ohle,’ le, ‘moahisani oa hao joalekaha u ithata.’”—Luka 10:27, NW.

Ke joang motho a ka bontšang lerato ho Molimo ka pelo ea hae eohle, moea, mohopolo, le matla haeba ka boomo a senya lintho tse molemo ka ho ineella haholo mekhoeng e mebe, e lebisang bohlokong le lefung? Ke joang motho a bontšang kananelo bakeng sa mpho ea Molimo ea bophelo ha a hula mosi oa sethethefatsi se nang le nicotine? Molimo ke “oona o fang bohle bophelo le phefumoloho.” (Liketso 17:24, 25) Na re lokela ho silafatsa phefumoloho eo re e filoeng ke Molimo? Ruri ponong ea Molimo ke ntho e mpe, “ntho e theolang boitšoaro, kapa tloaelo e mpe kapa mokhoa o nyonyehang.”—The American Heritage Dictionary of the English Language.

Ke joang ho tsuba ho bontšang lerato ho moahisani, ha moea o silafetseng oa motsubi le mosi li silafatsa liaparo le moea o ba pota-potileng? Ho thoe’ng ka baahisani ba motsubi ba haufi-ufi, mosali oa hae le bana? Na ke ntho e lerato ho phehella tsela eo butle-butle e tla isa lefung la kapele le bohloko leo ba lokelang ho le mamella? Na ho bontša ho nahanela ha Bokreste ho batho ba bang hore ba pepesetsoe mosing oa motsubi, le ho hema moea o chefu oa motsubi? Ha ho makatse ha serapa sa limela Blanes, Spain, se e-na le semela sa koae har’a limela tse kotsi!

Ho thoe’ng ka ho ithata? Ke ho lokileng hore motho a ithate ho isa ntlheng ea ho itlhokomela ’meleng, kelellong, le bophelong bo botle ba moea. Moapostola Pauluse o boletse hore “ha ho e-so ho be motho ea kileng a hloea nama ea hae le ka mohla o le mong; empa o ee a e fepe.” Na ke ho bontša lerato ho ameha ka ho fetelletseng tloaelong eo butle-butle e fokotsang bophelo bo botle ba motho?—Ba-Efese 5:28, 29.

Jehova Molimo o tšepisitse hore ho tla ba le ‘maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.’ (2 Petrose 3:13) Leo e tla ba lefatše le lecha le hloekileng, le se nang tšilafalo leha e le efe. Ho tsuba ho ke ke ha lumelloa kapa ha lokafatsoa nakong eo, kahoo ke hobane’ng ha u tsuba hona joale? Ka ho utloahalang, keletso ea Pauluse ea sebetsa mona: “Joale, baratuoa, ha re e-na le lipallo tseo, a re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo ea rōna ka ho tšaba Molimo.” (2 Ba-Korinthe 7:1) Ha e le hantle nicotine e silafatsa ’mele. Ho tsuba ho thatafalletsa Mokreste ho hlahisa ’mele oa hae ho Molimo e le “sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo.” (Ba-Roma 12:1) Matla a ho nahana a bontša hore ho tsuba ho kotsi ’me e bile ho khahlanong le melao-motheo ea Bokreste. Kahoo, ho na le tšusumetso e khōlō ea ho khaotsa ho tsuba haeba motho a batla ho khahlisa Molimo.

Ke Hobane’ng ha ba Ile ba Khaotsa?

Batho ba limillione ho potoloha lefatše ba khaolitse ho tsuba. Sena se ka etsoa. Empa joang? Ke eng se hlokahalang? Tšusumetso e matla. Hammoho le eona ho na le bophelo bo botle, boitlhompho, le lerato bakeng sa lelapa. Empa ba bang ba boetse ba na le tšusumetso ea bolumeli—takatso ea ho thabisa Molimo.

Ha ho le joalo, ho thoe’ng ka Ray, Bill, Amy, le Harley, ba boletsoeng sehloohong sa rōna sa bobeli? Ke hobane’ng ha ba ile ba khaotsa ho tsuba?

Bill, eo pele a neng a sa kute litelu, le moriri, o ile a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ke’ng se ileng sa latela? “Ke ile ka etsa qeto ea hore ke batla ho thabisa Molimo le ho mo sebeletsa ka ’mele le monahano tse hloekileng. Ke ile ka ho tlohela ka ntle ho thuso ea meriana. Ke ile ka ho tlohela ka potlako. Ka la 1 Pherekhong, 1975, ke ile ka tsuba sekarete sa ka sa ho qetela eaba ke lahla lebokoso. Haesale ho tloha nakong eo bophelo ba ka bo ntlafetse haholo. Leha ho le joalo ke sa ntsane ke tšoaelitsoe ke lefu la emphysema. Empa leha ho le joalo matla a ka a ho bona mebala a ntlafetse haholo haesale ke khaotsa ho tsuba.”

Amy, mooki eo e leng motlatsi oa ngaka e buoang, o hlalosa kamoo a ileng a khaotsa. “Ke ile ka thusa ho buoeng ha pelo, ’me ke ile ka bona matšoafo a mefuta eohle—a mafubelu le a phetseng hantle, a lerootho le a nang le chefu. Esita le hoja ke ile ka bona matšoafo ao a tšosang a kulang, a neng a tšoana le hoja a koahetsoe ka pampiri e ntšo, ha kea ka khaotsa ho tsuba. Ke ile ka ikhothatsa, ka hore, ‘U sa ntse u le monyenyane. Seo se ke ke sa u hlahela.’

“Joale ka 1982 ke ile ka bona tlhoko ea ho ntlafatsa bophelo ba ka, ’me ke ile ka qala thuto ea Bibele le Lipaki. Le hoja ke ne ke lula le Paki ka tlung, ke ne ke ipata ha ke tsuba! Kahoo ka qala ho thahasella. Ke ile ka rapela haholo le hona ka nako e telele. Empa hang ha ke entse qeto, ho ne ho se bonolo. Matsatsi a pele a mabeli a ne a le thata, empa ho rapela ke sa khaotse ebile senotlolo ho ’na.”

Harley, eo pele e neng e le mokhanni oa sefofane sa Ntoa sa Leoatleng, o ile a thatafalloa ke ho khaotsa ho tsuba. “Ke ile ka leka ho khaotsa ho tsuba, empa ha hoa ka ha sebetsa. Joale ha ke ne ke etsa qeto ea hore ke batla ho kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke ile ka ho tlohela ka ntle ho thuso ea meriana. Ke ile ka hlokofala ka matsatsi a mabeli kapa a mararo. Ke ne ke ferekane, ke tepelletse maikutlong ebile ke halefile. Ke ne ke lakatsa ho tsuba hape! Joale Paki ea nthusa ka likeletso tse ling tse babatsehang. ‘Ha u batla ho tsuba sekarete, ke eona nako eo u lokelang ho rapella thuso ea Jehova.’ Sena se ile sa sebetsa. Ntlha e ’ngoe e ileng ea nkhothatsa e bile hore, ‘Na nka nahana ka Jesu a momme sekarete ka molomong oa hae?’ E ne e le ntho e ke keng ea etsahala. Empa ke ile ka hlokomela hore motsubi o hloka tšusumetso e matla hore a khaotse ho tsuba. Hangata ke ne ke atisa hore ho ’mè oa ka, ‘’Mè, ke ’na ea intšang kotsi.’ Ha e le hantle ke ne ke mo ntša kotsi le eena, ka litsela tse ngata.”

Ray, eo pele e neng e le mohlokomeli oa masole a Lebotho la Metsing, le eena haa ka a ho fumana ho le bonolo ho khaotsa ho tsuba. “Ke ile ka leka ka makhetlo a mangata pele ke kopana le Lipaki tsa Jehova, empa sena ha sea ka sa sebetsa. Ka mehla ke ne ke kopana le batho ba tsubang, ’me ho ne ho le thata ho hana sekarete seo ke se fuoang. Empa ha ke fumana ’nete e tsoang ka Bibeleng, ke ile ka batla ho sebeletsa Jehova, joalokaha Kreste a ile a etsa. Kahoo ke ile ka khaotsa ka letsatsi le le leng. Ke ile ka ikutloa ke ferekane ka libeke tse peli. ’Mele oa ka o ne o labalabela bokoali. Empa ke phetoho e kaakang eo o ileng oa e etsa! Kapele-pele ke ile ka ba le matla a eketsehileng hape. Ke ile ka ikutloa ke phetse hantle. Ke ne ke se ke sa bo lakatse.”

Na Sena se Loketse Boiteko?

Kelello ea bontša hore tloaelo leha e le efe e kotsi e lokela ho khaotsoa. Empa ha e le ka ho tsuba ha re bue feela ka ntho e kotsi. Hoa bolaea. Ho kotsi. Joalokaha Patrick Reynolds, morekisi oa koae a boletse bopaking ba hae ba Lekhotla la U.S.: “Ke lumela hore ho phatlalatsa sekarete ke ho hōlisa sehlahisoa se kotsi ’me ke taba e lokileng, e bontšang boitšoaro ho felisa phatlalatso eohle ea sekarete.”

Ho Bakreste ba lakatsang ho thabisa Molimo, ho hlile ho lokile boitšoarong, e bile ho molemo ho felisa e seng feela phatlalatso ea koae, empa lihlahisoa tsohle tsa koae bophelong ba bona. Lisekarete (“tse sireletsehileng” le tse sa sireletsehang), koae ea peipi, le seneifi—kaofela li tsoa sehlahisoeng se kotsi, se nang le bokoali. ’Me ha u li hloke hore u pake hore ‘u tsoa hōle, ngoana’ kapa ho ba le thabo le tatso e monate bophelong ba hao. Bohlale ha bo bontšoe ka ho ja chefu ho sa tsotellehe seo barekisi ba lefu le bohloko ba lekang ho u bolella sona!

[Lebokose le leqepheng la 15]

Bahlanoheli ha Khoebo ea ho Tsuba

Ka 1875 R. J. Reynolds o ile a bula feme ea koae e hlafunoang Carolina e ka Leboea. Ka 1913 ba ile ba etsa sekarete sa bona sa pele—mofuta oa Camel. Ho tloha moo khoebo ena e ile ea atleha ’me ea latela ea Philip Morris ka thekiso ea lisekarete le ho ba mokhatlo o amohelang chelete e ngata United States. Setloholoana sa moqapi oa feme ena ke Patrick Reynolds, eo hajoale a leng lilemong tsa hae tse qalang tsa 40. A tsubile ka lilemo tse 15,o ile a makatsa lefatše la ba tsubang.

Ka 1986 o ile a hlahella ka pel’a lekhotla a fana ka bopaki khahlanong le koae! Ho tloha nakong eo o ile a tsoa letšolo la ho bua khahlanong le tšebeliso ea koae. Ke’ng se ileng sa susumetsa lehloeo la hae sehlahisoeng se neng se ruisa lelapa la habo? O hopola ha e ne e sa le moshanyana a shebile ha ntat’ae, ea neng a tsuba haholo, a e-shoa butle ka baka la emphysema. Patrick o boletse: “Ke hopola ntate e le monna eo ka mehla a neng a felloa ke moea ha a hema, ’me a bala nako e setseng hore a shoe.”

Patrick o ile a qeta ka ho etsa ntho e ’ngoe e molemo ka bophelo ba hae. “Ke ile ka bona hore nka etsa phetoho ’me ka etsa ho hong ka bophelo ba ka.” O boletse hore ho tsoela pele ka ho hōlisa “babolai ba bonahetseng hantle” e tla be e le “ho hloka boitšoaro ka ho pepenene.”

“Haeba letsoho le kileng la mphelisa e ne e le feme ea koae, letsoho lona leo le bolaile batho ba limillione ’me le tsoela pele ho bolaea limillione tse ling hape haeba batho ba sa falimehele likotsi tsa lisekarete.”—The New York Times, October 25, 1986.

David Goerlitz ke ra-botle ea neng a tumme haholo ka ho ba monna oa Winston liphatlalatsong tsa sekarete sa Winston. O tlohetse ho phatlalatsa lisekarete ’me o fetohile moemeli oa Mokhatlo oa Kankere oa Amerika. Ke’ng se entseng hore a fetohe? Puisanong ea hae ho TV, ka la 29 Tšitoe, 1988, o itse: ‘Ke ile ka etela ngoan’eso ka kamoreng ea bakuli ba kankere sepetleleng sa Boston. Sena se ile sa etsa hore ke talimane ka ho toba le liphello tsa mosebetsi oa ka—bakuli ba kankere ba neng ba kula ka baka la ho tsuba. Ke ile ka bona liphello tse senyang ho bahlaseluoa ba ho tsuba le ho beng ba bahlaseluoa, malapa a bona. Ke ile ka bona banna ba leng lilemong tsa bona tsa bo40 ba se na moriri, ba kentse lipeipi ’metsong le ka maleng. Ke ile ka ikutloa ke le molato ’me ka etsa qeto ea ho tlohela ho phatlalatsa koae.’

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

“Ke ile ka thusa ho buoeng ha pelo, ’me ke ile ka bona matšoafo a mefuta eohle”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela