Bacha Baa Botsa . . .
Nka Hanela Khatello ea ho Rohakana Joang?
“BOEMONG bo ferekanyang e le kannete, ho na le molemo o hlahisoang ke ho rohakana,” ho bolela ngaka ea mafu a kelello e tsebahalang Joyce Brothers.
Kajeno ho pharalla ha tšebeliso ea puo e litšila ho bontša hore ba bangata ba lumellana le maikutlo ana. Leha ho le joalo, ho sebelisoa ha puo e litšila ha ho molemo, empa ho fosahetse, hoa senya, ho theola boitšoaro. Mongoli oa Bibele Jakobo o boletse: “Na mohloling o le mong oa seliba ho ke ho kolle metsi a monate le metsi a babang?” Joale e ne e tla ho sa lokelang hakaakang ho “rorisa Morena, Ntat’a rōna [ka leleme]; ’me ka lona re bile re rohaka batho bao e leng setšoantšo sa Molimo.” Jakobo o qetelletse ka hore: “Banab’eso, ha hoa lokela ho ba joalo.”—Jakobo 3:9-11, TLP.
Bothata ke hore ho sebelisoa ha puo e lihlong hangata ho fetoha tloaelo e tebileng. Ho joalokaha mocha ea bitsoang Ron a ho hlalosa: “Litlhapa tsena li lula monahanong oa hao [hore ha u qholotsoa] u ikutloa hore u ka bitsa e ’ngoe.” Joale, ke joang motho a ka laolang puo ea hae, haholo-holo ha a le tlas’a khatello?
Ho Sirelletsa Pelo ea Hao
Pele, hanela puo e lihlong ha e sa qala feela. Jesu Kreste o boletse hore “molomo o bolela se tletseng ka pelong.” (Mattheu 12:34, TLP) Ka hona seo u se buang se bontša seo u ’nileng oa se fepa monahano oa hao le pelo.
Ka mohlala, na libuka le limakasine tseo u li balang e hlile li phatlalatsa puo e litšila?
Ka hoo ho etsa liphetoho litloaelong tsa hao tsa ho bala e tla ba ntho ea bohlokoa. (Ba-Filippi 4:8) Na u na le litšoantšo tse manamisitsoeng, likonopo, kapa lihempe tse ’mala o belaetsang esita le tse ngotsoeng mantsoe a litšila? Mantsoe a joalo a ka ’na a bonahala a thabisa, empa ho tšeha lintho tseo Molimo o li nyatsang—ho se ho sa boleloe ho phatlalatsa lintho tse joalo ka ho li apara—na ha ho nyenyefatse boiteko ba hao ba ho lula u hloekile mahlong a oona? Bibele e nyatsa “mesoaso e mebe” ea mofuta leha e le ofe oa lintho “tse rōnehang” bakeng sa Mokreste.—Ba-Efese 5:4, TLP.
Liphello Tsa ’Mino
U mamela ’mino oa mofuta ofe? “U ka ithuta ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho mamela lipina” eo ebile tlhokomelo e tšepahalang ea mocha ea bitsoang Jim. Ka sena o ne a supa lipineng tse ngata tse tloaelehileng tse nang le mantsoe a boitšoaro bo bobe kapa mesoaso e mebe. Mongoli Tipper Gore oa tlaleha: ‘Lipina tse tloaelehileng tsa bacha hona joale li bua ka ho beta, ho pholla litho tsa botona kapa botšehali, likamano tsa botona le botšehali le motho eo le amanang le eena le pefo.’
Ho bonahala bacha ba bangata ba tšoaseha morethethong oa pina eo ho bonahalang ba lebala mantsoe a eona. Leha ho le joalo, na u kile ua thatafalloa ho tlosa mantsoe a pina kelellong ea hao ao u a utloang ka tšohanyetso? Hopola kamoo mantsoe ao a ka tebang kateng haeba u a utloa nako le nako! Ho iphepa butle-butle ka ’mino o nang le puo e litšila kapa lipina tse litšila ho ka tlatsa kelello ea hao ka likhopolo tse litšila—tse ka kenellang habonolo puong ea hao.
Thuto? Khetha seo u se mamelang! “Ha ke re, tsebe e ka ’na ea khetha lipolelo, joalokaha mahalapa ha a tseba ho khetha lijo na?” ho botsitse Jobo ka Bibeleng. (Jobo 12:11) Joalokaha leleme la hao le tloaetse ho khetha mefuta e meng ea lijo, tsebe ea hao e ka ’na ea rutoa ka ho tšoanang ho khetha tabeng ea seo u se mamelang.
Taba e ’ngoe eo u lokelang ho e nahana ke litšoantšo tsa baesekopo le lipale tsa TV tseo u li shebellang. Tsena li fetohile tse phatlalatsang puo e lihlong le ho bontša boitšoaro bo bobe. Lik’hasete tsa video li entse hore bacha ba fumane lifilimi tse litšila habonolo. Ho ea ka makasine oa Time, “letsatsi le leng le le leng, hohle naheng [U.S.], bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 17 ba ea mabenkeleng a haufi a ebe ba hira litšoantšo tseo ba neng ba ke ke ba li bona baesekopong.”
Senotlolo se itšetlehile ka ho ba ea khethang. Sena se ka ’na sa bolela ho etsa khetho e ntle litšoantšong tsa baesekopo le lipale tse tloaelehileng haholo har’a lithaka tsa hao. Jesu o itse: “Ekare ha leihlo la hao le letona le u lihela, u le honye,’me u le lahlele hole le uena; hobane ho ka ba molemo ho uena ha setho sa hao se timela se le seng feela, ’mele ’ohle oa hao u se ke ua liheloa [tšenyehong].”—Mattheu 5:29.
Mantsoe ana a makatsang a bolela eng? A bolela hore Bakreste ba lokela ho ikemisetsa ho tlosa ho bona ntho leha e le efe e ka fetohang lejoe la khopiso bomoeeng ba bona—esita le lintho tsa bohlokoa joaloka “leihlo le letona.” Ha e le hantle, ‘ho lahla’ boithabiso bo seng bokae mabapi le ho sirelletsa puo e hloekileng e tla ba sehlabelo se senyenyane, na ha ho joalo?
Hlokomela Metsoalle ea Hao!
Bukeng ea hae e buang ka puo e litšila, mongoli Burges Johnson o bitsitse puo e litšila “lefu le tšoaetsang.” U ne u tla atamela haufi hakae ho motho eo u tsebang hore u na le lefu le kotsi haholo le tšoaetsang? Leha ho le joalo, u lokela ho atamela haufi hakae ho metsoalle ea sekolo e sebelisang puo e litšila ka bolokolohi?
Litlhapa li tloaelehile ka ho tšosang har’a bacha (le batho ba baholo). Ba bang ba ikutloa hore ka ho li sebelisa ho ba etsa batho ba baholo. ’Me libakeng tse ling, bacha ba etsa litlholisano tsa ho rohakana. Ba susumelitsoe ke bamameli ba bona ba bacha, ba leka ho phehisana litlholisanong tse mabifi tsa ho rohakana, le mesoaso e litšila. Batsoali, lelapa—esita le Molimo ka booona—ke mantsoe a ratehang tlholisanong ena ea bona ea mantsoe a litšila.
Liproverbia 13:20 e re: “Ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” Ka mantsoe a mang, tsamaea le ba buang puo e litšila, ’me u se ke ua makala ha litšila li qala ho tsoa molomong oa hao! Monique, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o tsebisitse hore eena ha a batle ho utloa puo e litšila. Ka nako e ’ngoe o ee a qetelle a itse, ‘Hlokomela molomo oa hao!’ haeba mocha e mong a bua ntho e ’ngoe e belaetsang. Ho nka mohato o joalo ha ho bonolo. Empa joalokaha mocha e mong ea bitsoang Steve a hlokometse: “Haeba u sa bue letho, ba tla nahana hore ho lokile ho bua puo e joalo ba le pel’a hao.”
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba Mokreste-’moho a phonyoheloa puong ea hae? Ka lebaka la ho tšaba ho lahleheloa ke motsoalle, ba bang ba ka ’na ba ithōlela ka hore se builoeng ke ntho e nyenyane. Leha ho le joalo, metsoalle ea ’nete e ea hlokomelana, esita le haeba sena se boela ho ntša maikutlo a motsoalle ‘maoma’ ka ho bua ’nete. (Liproverbia 27:6) Khopotso e bonolo—e seng thupelo—e ka ’na ea ba sona se hlokahalang ho lokisa litaba. Ho hlakile hore haeba motsoalle a e-na le bothata bo tebileng ka puo ea hae, mohlomong ke ho molemohali ho mo thusa kapa a fumane thuso ea motho e moholo ea tšoanelehang moeeng.a—Bapisa Ba-Galata 6:1.
Itlhokomele
Mopesaleme o ile a fana ka molao-motheo o mong o ka thusang motho ho laola puo ea hae ha a ne a botsa potso ena: “Mohlankana o tla hloekisa metsamao ea hae joang?” Karabo? “Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentsoe la hao.” (Pesaleme ea 119:9) Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ho itloaetsa ho sebelisa puo e molemo, e hahang ka linako tsohle. Qoba ho itloaetsa puo e litšila esita leha ho se motho e mong ea u utloang. U tla ba boemong bo botle ba hore u se etse joalo esita leha u le tlas’a khatello.
Ho itlhokomela ho boetse ho bolela ho ‘lieha ho bua, ho lieha ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Pele u ameha maikutlong ’me u bua ntho e ’ngoe eo u tla ikoahlaea ka eona hamorao, leka ho laola maikutlo a hao. (Bapisa Genese 4:7.) Nahana ka seo u batlang ho se bua. Na se tla tsoela pele ho baka bohloko? Na se tla neha ba bang boikutlo bo fosahetseng ka uena? Na se bontša lerato la hao ho Molimo le kameho ka batho ba bang? (Mattheu 22:37-39) Haeba teko ea ho bua mantsoe a litšila e ntse e le matla, rapela Molimo bakeng sa thuso, joalokaha mopesaleme a ile a rapela: “Jehova, beha selebeli pel’a molomo oa ka, o lebele monyako oa melomo ea ka.”—Pesaleme ea 141:3.
Ka linako tse ling u ka ’na ua khoptjoa ’me ua bua lintho tse fosahetseng. (Jakobo 3:2) Empa tsoela pele ho etsa boiteko ba ho hanela ho sebelisa puo e litšila. Ho etsa joalo ho ke ke ha u etsa mocha ea ratoang haholo sekolong. Ho lumetse mocha ea bitsoang Kinney: “Ka linako tse ngata sekolong ke itsamaela ke le mong.” Empa boikemisetso ba hae ba ho hlokomela metsoalle ea hae bo ipakile ho ba tšireletso. Ho feta moo, joalokaha Kinney a bolela, “Batho ba u hlompha. Ba nahana hore ke se khothatsang.” Kahoo Jehova Molimo le eena o nahana joalo. (Liproverbia 27:11) ’Me Molimo o tla hlokomela boiteko ba hao ba ho hanela khatello ea hore u rohakane.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho, “Na ke Lokela ho Tlaleha Phoso e Entsoeng ke Motsoalle oa ka?” ho Tsoha! ea September 8, 1988.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Qoba botsoalle ba batho ba rohakanang