Bacha Baa Botsa . . .
Ke Eng se Phoso ka ho Rohakana ka Linako Tse Ling?
“Ho rohakana. E mong le e mong oa rohakana. . . . Ho ka ’na ha qala butle, e le mantsoe a seng makae a bana ba ‘lokileng sekolong, empa kapele a hōla ho fihlela e se e le puo eohle, eo ka ho eketsehang ho leng thata ho e laola.”—Laura ea lilemo li 14.
HO HLAPAOLA. Ho rohakana. Puo e litšila. Bacha ba pepesehetse leqhubung le matla la eona. U.S. News & World Report e hlokometse: “Leihlo le tsebe li hlaseloa ke puo e litšila e tletsetletseng hohle litlankaneng tse khomaretsoang ho bumper ea koloi, likonopong le lihempeng.” Mantsoe a litšila a hasoa li-ea-le-moeeng ’me a ngoloa nako le nako lihloohong tsa limakasine, lipontšong tsa TV, le libaesekopong. Ka masoabi ho buuoa ka mahlapa habonolo feela ke bo-ralipolotiki le batho ba tsebahalang—esita le batsoali ba bang le bacha.
Mongoli Alfred Lubrano o re: “Mahlapa a fetohile mantsoe a tloaelehileng ho batho liofising, mabenkeleng a lijo, le lipapaling.” Ha e le hantle, puo e litšila e fetohile e atileng hohle hoo ba bang ba ikutloang hore ha e sa tšosa. Ka baka leo u ka ’na ua ipotsa hore na ho na le kotsi ha ka linako tse ling u bua mantsoe a seng makae a “khabisitsoeng,” haholo ha motho a talimane le boemo bo ferekanyang.
Lebaka Leo Bacha ba Hlapaolang ka Lona
Setsebi sa kelello Chaytor Mason o bolela hore: “Puo e litšila e bohlokoa ho motho. Joaloka ho ingoaea, e fokotsa khatello.” ’Me ka ho thahasellisang, ha bangoli ba makasine Children’s Express ba ne ba botsa bacha ba bangata potso, “Ke hobane’ng ha bana ba hlapaola?” ba fumane likarabo tse kang: “Ke hlapaola ha ke halefile haholo.” “Ke hlapaola feela ha ke halefile.” “Ho nketsa hore ke ikutloe hamolemonyana, hoa imolla.”
Hobane re phela linakong tse nang le khatello ka ho sa tloaelehang, boikutlo boo ba ho theola khatello bo ka ’na ba tla nako le nako. Ka sebele, morupeli oa thuto ea kelello Harvard, Thomas Cottle o bona boikutlo ba joale bo “tloaelehileng” ba ho sebelisa puo e litšila e le bopaki ba “phetoho e khōlō setsong sa Amerika.” Cottle o re: “Batho ba fumana bophelo ba bona e se ba sebele, bo sa khotsofatse, ’me ba halefile. Re tšosoa ke lintho tsa sebele hape re halefisoa ke lintho tsa sebele. Ho ipatileng ka mor’a bohale bona ke mabifi.”
Ka sebele, liphetoho tseo Mong. Cottle a buang ka tsona li etsahetse lefatšeng lohle. Moapostola Pauluse o profetile hore mehleng ea rōna batho e ne e tla ba “ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo.” (2 Timothea 3:1, 3) Joale, ha ho makatse hore ka lebaka la likhatello tse eketsehang, bacha ba bangata baa rohakana. Ba ‘leotsa maleme a bona joaloka lisabole’ ’me ba ‘ba hlaba ba bang ka mantsoe, a kang metsu.’—Pesaleme ea 64:4, TLP.
Na ke Thuso e Sebetsang?
Leha ho le joalo, ho molemo hakae ho theola khatello ka ho rohakana? Seithuti sa lipuo Reinhold Ahman o bolela hore ho hlapaola ho thusa ho “tšolla bohale.” Se bile se bolela hore ka ntle le ho theola maikutlo ka ho hlapaola, batho ba atisa ho tšoaroa ke “hlahala, hlooho, mala a lutlang mali.” O phetha ka ho re’ng? “Ho hlapaola ho molemo.”
Ke ’nete hore, linakong tseo khatello e leng matla, ho hlapaola ho ka bonahala ho u thusa ho ‘bohla moea.’ Leha ho le joalo, Bibele e nyatsa ka ho toba ho etsa joalo. Ba-Efese 4:29 e re: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna.” The New English Bible e ngola temana ena tjena: “Puo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe feela e molemo le e thusang.” Ho na le mabaka a utloahalang keletsong ena.
Lebaka le leng ke hore, ho ena le ho ba e “molemo le e thusang,” hangata puo e befileng e u halefisa ho feta. ’Me joalokaha maele a bolela: “Motho ea bohale o etsa tsa booatla.” (Liproverbia 14:17; 15:18) Sena se mpefatsa boemo, kaha hase ka mehla batho ba arabelang hantle mantsoeng a bohale, le a utloisang bohloko. Liproverbia 15:1 e re: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale, empa polelo e hlabang ea bo leotsa.” Hape ha motho a itloaelitse ho bua lipuo tse litšila le maemong a fokolang a lekang, mantsoe a mabe a na le tsela ea ho itsoela ka phoso nakong e sa tšoanelang—kapa ho motho ea fosahetseng, joaloka tichere kapa motsoali.
Kahoo ho ena le ho fokotsa khatello, puo e litšila e eketsa likhatello. Ho ena le ho rarolla mathata a hao, e khutlisetsa morao nako ea ho tobana le ’ona.
Na ke Mantsoe a Khabisitsoeng Kapa a Nyelisang?
Hase litlhapa tsohle tse buuoang ka bohale. Buka Exploring Language e ea hlalosa: “Hangata mantsoe a litšila a sebelisoa ke bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ha ba pheta lipale tse mpe . . . Ha ’mele ea bona e hōla ’me e fetoha, bashemane le banana baa makala le ho tšoenyeha. Ho qoba ho hlōloa ke tšabo ena, ba e fetola metlae kapa lipale tse litšila.” Bacha ba bang ba bile ba nahana hore ho puo e litšila e khabisa puo ea bona kapa e ba etsa hore ba bonahale e le ba hōlileng.
Leha ho le joalo, mantsoe ao ho thoe’ng a litšila a atisa ho hlalosa tšebetso e tloaelehileng ea ’mele le likamano tsa botona le botšehali ka tsela e nyelisehang, e tlotlollang. Ha a hlalosa mantsoe a mang a tloaelehileng a sebelisoang ho hlalosa likamano tsa botona le botšehali, Barbara Lawrence, mosebetsi-’moho le moprofesa litabeng tsa batho, o bolela hore “tšimoloho ea mantsoe ana hammoho le seo a se tšoantšetsang, a jere bohloko bo ke keng ba latoloa, haeba e se sehlōhō.”
Sena se fapane hakaakang le tsela e phahameng, le e hlomphehang eo Bibele e buang ka eona ka litaba tsa likamano tsa botona le botšehali! (Liproverbia 5:15-23) Mantsoe a litšila a ruta pono e bolileng, e mpe ka likamano tsa botona le botšehali le lenyalo. Mantsoe a litšila a hlasela molomo joaloka seo libuka tsa bootsoa li leng sona mahlong. Joaloka libuka tsa bootsoa, ho bua ka likamano tsa botona le botšehali ka tsela e nyelisehang ho ka tsosa mehopolo e fosahetseng ka pelong. Hang ha peō ea litakatso tse fosahetseng e jetsoe, sohle se hlokahalang ke monyetla oa ho phethahatsa litakatso tseo.—Jakobo 1:14, 15.
Ho feta moo, ho e-na le hore lipuo tse litšila li khabise puo, li le etsa e nyarosang le e khopisang. Ngoanana e mong ea lilemo li 13 eo Children’s Express e buisaneng le eena o itse: “Ke kulisoa ke puo e litšila . . . Ho na le lintho tse ling tseo u sa li tloaeleng.” Monna ea bohlale Salomone ‘o ile a phehella ho fihlela lipapiso tse khahlehang’ ha a hlalosa mehopolo ea hae. (Moeklesia 12:10) Le uena u ka fetisa mehopolo ea hao ka ho khetha mantsoe a nepahetseng. Ha ho hlokahale hore u bue mantsoe a nyarosang.
Qetellong, lihlapa li boetse li tlisa thohako ho Molimo ka booona! Kannete sena se a o khopisa. (Exoda 20:7) Ka lebaka la sena sohle, Bibele ea phehella: “Empa ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha bolela le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe, e leng taba tse sa tšoanelang.”—Ba-Efese 5:3, 4.
Khatello ea Lithaka
Lebaka le leng leo ka lona bacha ba bang ba kenellang puo e litšila ka lona ke khatello ea lithaka. Ho joalokaha mocha e mong oa Mokreste a bolela: “Bacha ba bangata ha ba batle ho talingoa joaloka ba itšehlang thajana kapa ba boi. Ba batla ho ba har’a sehlopha. Kahoo, haeba ho rohakana e le e ’ngoe ea lintho tseo u lokelang ho li etsa rohakana.”
Ka ho khethehileng khatello ea lithaka e ka ba matla haholo liketsahalong tse joaloka lipapali tsa sekolo. Moo, ka linako tse ling lipuo tse litšila li hōlisoang ka boomo ke bakoetlisi ba sehlopha. Kahoo, mocha ea bitsoang Kinney o hlalosa hore lipuo tse litšila li tletse hohle ka kamoreng ea ho hlobolela, pele ho papali ea basketball hobane “li susumelletsa motho ho sebetsa ka matla, li mo hlohlelletsa hore a halefe.”
Empa hangata ke eng se etsahalang ha maikutlo a phahame hakana? Papali ha e sa hlola e le papali empa ke ho itlhakisetsa bora le tlholisano e mabifi. Lintoa le likotsi li tloaelehile. Mocha ea bitsoang Tyrone oa lumela: “Ha e mong le e mong a tebisitse maikutlo papaling, ’me ea hlapaolang a khopeha ’me a rohaka sebapali sa lehlakore le leng kapa molaola-papali, seo se ka o tšoaetsa.”
Leha ho le joalo, ho totobetse hore ho sebelisa puo e litšila ke mokhoa o mobe oo “o ka u tšoaetsang.” Bibele e re: “Lehlanya le hlahatsa khalefo ea lona; empa ea bohlale oa e tšoara, oa e khutsisa.” (Liproverbia 29:11) Leha ho le joalo, ke joang u ka ‘behang sethibelo molomong oa hao’ ha u le tlas’a khatello ea ho rohakana? (Pesaleme ea 39:1) Sehlooho se latelang se tšohla taba ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ea itloaelitseng ho bua lipuo tse litšila a ka ’na a iphumana a li sebelisa har’a batho