Ho Batla Bophelo bo Bolelele
TAKATSO ea bophelo bo bolelele haholoanyane e batla e lekana le bophelo ka bobona. Kahoo ha ho makatse ha histori, ea boholo-holo le ea kajeno, e tletse lipale le litšōmo tsa batho ba batlang lekunutu la bophelo bo bolelele.
Ka mohlala, histori ea lerato e etsa hore re lumele hore mofuputsi oa Spain Juan Ponce de León o ne a batla mohloli oa bocha ha a ne a tsamaea ho tloha leboea ho ea Puerto Rico selemong sa 1513. Empa metsoalle ea hae e boletse hore o ne a nkile leeto leo ho ea batla makhoba le lefatše le lecha. Haa ka a sibolla mohloli oa ho khutlisetsa bocha, empa o ile a sibolla seo hona joale e leng Florida. Leha ho le joalo, tšōmo e tsoela pele.
Ha re khutlela morao, thothokisong ea Akkad ea Gilgamesh, e neng e ngotsoe matlapeng a letsopa pele ho lekholo la bo18 la lilemo B.C.E., e bolela kamoo Gilgamesh a ileng a tšoenyeha haholo kateng ke tšabo ea ho shoa ka mor’a hore motsoalle oa hae Enkidu a shoe. E hlalosa maeto a hae le boiteko ba hae bo matla empa e le ba lefeela ho finyella ho se shoe.
Haufinyana, ka 1933, bukeng ea hae Lost Horizon, James Hilton o ile a etsa setšoantšo sa lefatše leo a inahanelang lona le bitsoang Shangri-la. Moo baahi ba teng ba thabelang bophelo bo batlang bo phethahetse le bo bolelele haholo maemong a paradeise.
Esita le kajeno, ho na le ba inehetseng ho phehella mekhoa e sa tloaelehang le e fapaneng e tšepisang bophelo bo ntlafetseng le bo bolelele. Leha ho le joalo, ba bang ba nka bohato bo sebetsang haholoanyane. Ba latela mehato e tiileng haholoanyane ea bophelo bo botle kapa lenaneo le tiileng la ho theola ’mele le ho ikoetlisa ka mehla. Ba tšepa hore sena se tla ba thusa ho shebahala ba le bacha le ho ikutloa hamolemo.
Tsena tsohle li tiisa takatso ea batho ea ho batla ho phela bophelo bo bolelele le bo thabileng haholoanyane.
Bohato ba Mahlale
Phuputso ea botsofali le mathata a maqheku e fetohile mahlale a tebileng. Boramahlale ba tummeng ba ikutloa hore ba lintšing tsa ho sibolla sesosa sa botsofali. Ba bang ba nahana hore botsofali bo hlophisoa liphatseng tsa lefutso. Ba bang ba ikutloa hore ke phello ea ho bokellana ha mafu a kotsi le lihlahisoa tse kotsi tsa ho chesoa ha lijo ’meleng. Ho sa le joalo, ba bang ba amahanya botsofali le metsoako e susumetsang ’mele kapa tsamaiso e thibelang mafu. Boramahlale ba ikutloa hore haeba sesosa sa botsofali se ka fumanoa, mohlomong se ka felisoa.
Bakeng sa ho phehella ho se shoe, moeli mahareng a thuto ea mahlale le tšōmo ea mahlale o thata ho o khetholla. Ho hlahisoa ha ’mele o mong oa motho ke mohlala o mong o joalo. Khopolo ke ho hlahisa ’mele o mong oa motho ka sele, kapa ho hlahisa ’mele o tšoanang oa motho ka sele le taolo ea liphatsa tsa lefutso. Joale, ha likarolo tsa ’mele li kula kapa li hlōleha, setho se secha se ka nkuoa ’meleng o mocha ’me sa kengoa ’meleng oa khale joalokaha karolo e robehileng ea koloi e ka lokisoa ka karolo e ’ngoe e ncha. Boramahlale ba bang ba bolela hore kamoo ba nahanang ha ho moeli oa se ka etsuoang ka ho etsa ’mele o mocha.
Mohato o mong o bitsoa ho hoamisa ’mele. Ha motho a shoa, ’mele o ka hoama le ho bolokoa ho fihlela nakong eo ho fumanehang phekolo ho se sa phekoleheng kajeno. Joale ’mele oa motho o ka qhibilihisoa, oa phelisoa hape, le ho khutlisetsoa boemong ba ona—ka tšepo ea bophelo bo bolelele le bo thabileng.
Ka boiteko bo joalo le litšenyehelo tsa liranta tse limillione tse ngata bakeng sa ho etsa liphuputso, sephetho ebile sefe? Na re haufi le ho lokoloha jokong ea lefu ho feta kamoo ho neng ho le kateng ho batho bohle ba limillione tse likete ba phetseng le ho shoa pele ho rōna?
Ho na le Litebello Life?
Ho ahlola ka maikutlo a matle le litebello tse entsoeng ke ba bang ba amehileng phuputsong e joalo, ho ne ho tla bonahala eka bophelo bo bolelele ho feta kamoo re bo tloaetseng bo haufi haholo. Mehlala e seng mekae ke ena e nkiloeng lilemong tsa bo1960.
“Tsebo eo re e fumanang phuputsong e joalo e tla re neha libetsa tseo re li hlokang ho loantša sera sa ho qetela—Lefu—metheong ea sona. E tla beha bophelo bo bolelele moo re ka bo finyellang . . . E tla tla nakong ea rōna.”—Alan E. Nourse, ngaka le mongoli.
“Re tla fenya bothata ba ho tsofala ka ho feletseng, hore likotsi e be tsona feela lisosa tsa lefu.”— Augustus B. Kinzel eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Salk oa Liphuputso tsa Mahlale.
“Ho se shoe (ka kutloisiso ea bophelo bo bolelele ka ho sa feleng) ho ka finyelloa ka tsebo ea mahlale, e seng feela bakeng sa bana ba rōna empa le bakeng sa rōna.”—Robert C. W. Ettinger, ho The Prospect of Immortality.
Le hoja e se liithuti tsohle tsa botsofali le bafuputsi tse nang le maikutlo a tšoanang, ho bonahala maikutlo a akaretsang a litsebi e le hore mathoasong a lekholo la bo21 la lilemo, botsofali bo tla laoleha ’me bophelo bo tla lelefatsoa haholo.
Ha e le mona re atametse haufi le ho qaleha ha lekholo la bo21 la lilemo, boemo ke bofe? Na bophelo bo bolelele, re se re sa bue ka ho se shoe, boa finyelloa? Nahana ka litlhaloso tsena.
“Liithuti tse ngata tsa botsofali li tla lumela hore tsena ke linako tse ferekanyang haholo ho rōna. Ha re tsebe lebaka la motheo la botsofali, kapa ho tseba ho lekanya botsofali ka ho nepahetseng ka lik’hemik’hale.”—Journal of Gerontology, September 1986.
“Ha ho le a mong ea tsebang hantle hore na sesosa sa botsofali ke eng kapa lebaka leo bo fapanang bathong. Ha ho le ea mong ea tsebang ho lelefatsa bophelo ba batho, ho sa tsotellehe litšepiso tsa bohata tsa barekisi ba ipolelang hore ba ka ‘eketsa bophelo’ ba ithuisang ka batho ba phelang ka tšabo ea ho kula le ho tsofala.”—FDA Consumer, koranta ea ’muso ea U.S. Food and Drug Administration, October 1988.
Litebello tse entsoeng nakong e fetileng ka ho hlōla lefu le ho eketsa bophelo ka ho sa feleng ka ho hlaka ke cheseho e tlotseng. Ho se shoe ho ka finyelloang ka thuto ea mahlale ke toro. Na sena se bolela hore haeba thuto ea mahlale kapa ea boqapi ba mahlale a sebetsang e sa sibolle ho hocha ha ho letho leo bonyane le ka etsoang ho bo lelefatsa kapa ho bo matlafatsa?
Na ke Bophelo bo Bolelele, bo Thabileng Hona Joale?
Le hoja bafuputsi ba e-s’o sibolle sephiri sa bophelo bo bolelele, ba ithutile haholo ka bophelo le ho tsofala. Bo bong ba boitsebiso bo fumanoeng ho fihlela joale bo ka sebelisoa hamolemo.
Ka mohlala, liteko ka liphoofolo li senotse hore “phepo e fokolang e laoloang e ka lelefatsa linako tsa ho phela ka karolo e fetang 50 lekholong ’me ea liehisa ho hlaha ha mathata a amanang le botsofali,” ho tlaleha The Times ea London. Sena se khannetse liphuputsong tsa ho bona haeba batho ba ke ke ba arabela ka tsela e tšoanang.
Ka lebaka leo, bukeng ea hae The 120-Year Diet, Ngaka Roy Walford o buella li-calorie tse tlaase, mafura a fokolang le lijo tse nang le phepo e ntle le lenaneo le letle la boikoetliso ba ’mele. O supa batho ba Okinawa e le mohlala. Ha ho bapisoa le tekanyetso ea lijo tsa Majapane, lijo tsa bona li ka tlaase ka karolo ea 40 lekholong ka li-calorie; empa ba na le “batho ba lilemo tse lekholo ba ka bang makhetlo a 5 ho ea ho 40 a ba lilemo li 100 joaloka ba lulang lihleke-hlekeng tse ling tsa Japane.”
Baahi ba setereke sa Caucasus ka bophirima ho Soviet Union ke mehlala e meng e qotsoang hangata ea ho phela halelele. Sula Benet, ea phetseng har’a baahi ba Caucasus, o tlalehile bukeng ea hae How to Live to Be 100 hore palo e phahameng haholo ea batho ba phelang hantle le ba sehlahlo ba feta lilemo tse 100, ’me ho boleloa hore ba phetse ho feta lilemo tse 140. O hlokometse hore “mabaka a mabeli a lula a sa fetohe lijong tsa baahi ba Caucasus: 1. Ha ba je haholo . . . 2. Ba ja limatlafatsi tse ngata haholo tsa tlhaho merohong.” Ho phaella moo, “mosebetsi oa bona ha o ba fe feela tlhakiso ea ’mele empa hape le tsebo kamoo ba ka tlatsetsang hamolemo sechabeng sa habo bona.”
Seo u ka se Etsang
Na ho fallela Okinawa kapa Caucasus kapa sebakeng se seng moo baahi ba teng ba thabelang bophelo bo bolelele ke tharollo? Mohlomong ha ho joalo. Empa ho na le lintho tse ling tseo u ka li etsang. U ka etsisa mekhoa e metle ea batho ba phetseng nako e telele ’me u latele keletso ea lingaka, litsebi tsa lijo, le litsebi tsa bophelo bo botle.
Lefatšeng lohle ba buella bophelo bo itekanetseng. Sena ha se feela ho ameha ka bongata ba lijo tseo u li jang empa hape le ho ba hlokolosi ho ja lijo tse nang le phepo le tse matlafatsang tseo u ka li fumanang. Liphello tse ntle tsa tlhakiso ea ka mehla ea ’mele lia tsebahala. Boiteko bo loketseng ba ho sebelisa melao-motheo ena le ho fokotsa mekhoa e kotsi sechabeng sa kajeno, joaloka ho tsuba, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala, li ke ke tsa thusa empa li tla etsa hore u ikutloe hamolemo.
Ka ho utloahalang, ha re tšoara ’mele ea rōna hamolemo, re tla phela hantle haholoanyane. ’Me ha re phela hantle haholoanyane, re tla ba le menyetla e molemo ea ho phela halelele. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe seo re se etsang, karolelano ea lilemo tsa bophelo ho ea ka Bibele ke lilemo tse 70 kapa 80. (Pesaleme ea 90:10) Na ho na le tšepo leha e le efe ea hore bophelo bo tla lelefatsoa, ’me haeba ho joalo bo tla lelefatsoa, e tla ba nako e kae?
[Lebokose le leqepheng la 25]
U LILEMO LIKAE?
Ebang ua hlokomela kapa che, u moholo ho feta kamoo u nahanang kateng. Thuto ea mahlale a bophelo e re bolella hore tsoalong, litho tsa mosali tse bolokang mahe li se li e-na le mahe ’ohle ao a tlang ho a hlahisa. Sena se bolela hore haeba ’mè oa hao o ne a le lilemo li 30 nakong ea kemolo ea hao, lehe leo qetellong le fetohileng uena le ne le se le le lilemo li 30.
Mohlomong sena hase etse hore u ikutloe u hōlile haholo, empa letsatsi le letsatsi, u ntse u hōla. Bacha le batho ba baholo, kaofela ha rōna re ntse re tsofala, ’me bongata ba rōna re thahasella ho liehisa ho tsofala—kapa ho ho emisa ka ho feletseng.