Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/06 maq. 2-3
  • Na U ka Qoba ho Tsofala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Qoba ho Tsofala?
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše le Ntse le Pulufala
    Tsoha!—1999
  • Ke Hobane’ng ha re Tsofala?
    Tsoha!—2006
  • Ho Batla Bophelo bo Bolelele
    Tsoha!—1990
  • Ke ka Lebaka La’ng ha re Tsofala le ho Shoa?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 5/06 maq. 2-3

Na U ka Qoba ho Tsofala?

“Re na le lilemo tse mashome a supileng feela—haeba re le matla, tse mashome a robileng meno e le ’meli; . . . bophelo bo fela kapele, ’me ha re sa le eo.”—PESALEME EA 90:10, TODAY’S ENGLISH VERSION.

AK’U nahane feela u se u lula u le mocha ho ea ho ile. Nahana u se u phela hantle ’meleng u le mahlahahlaha bophelong ’me kelello ea hao e le chatsi ho ea ho ile. Na tebello e thabisang joalo e utloahala e le toro ho uena? Joale nahana ka taba ena e makatsang: Le hoja mefuta e meng ea lipapakhaie e ka phela lilemo tse lekholo, ke ka seoelo litoeba li phelang lilemo tse fetang tse tharo. Phapang e khōlō joalo bophelong e entse hore litsebi tse ling tsa baeloji li etse qeto ea hore ho tsofala ho tlameha ho e-na le sesosa le hore haeba sesosa se teng, pheko e ka ’na ea e-ba teng.

Lik’hamphani tse ngata tse etsang meriana li entse matsete moo li batlang ho fumana meriana e ka loantšang botsofali. Ho phaella moo, batho ba hlahileng ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše ’me hona joale ba le lilemong tsa bo-60, ba amehile haholo ka ho fumana mekhoa ea ho liehisa hore ba tsofale.

Ho etsa lipatlisiso ka botsofali e se e le eona ntho e ka sehloohong ho bafuputsi ba bangata ba liphatsa tsa lefutso, ba baeloji ea limolek’hule, ba bophelo ba liphoofolo le ba botsofali le mathata a tlang le bona. Buka e reng Why We Age, ea Steven Austad, e re: “Ho na le thabo e itseng e hlokomelehang ha ba etsang lipatlisiso ka botsofali ba kopana, le hoja beng ba eona ba e hatile. Re se re le haufi le ho fumana sesosa se ka sehloohong se bakang botsofali.”

Ho na le maikutlo a mangata tabeng ea hore na botsofali bo bakoa ke eng. Maikutlo a mang ke a reng botsofali bo bakoa ke ho khathala ha lisele tsa ’mele; a mang ke a reng botsofali ke tlholeho. Ba bang ba re ka bobeli lintho tsena ke tsona lisosa. Ho tsofala ho utloisisoa hantle hakae? Na ho na le lebaka le utloahalang la ho lebella pheko ea botsofali?

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 2, 3]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

LILEMO TSEO LI KA LI PHELANG

Notši

Matsatsi a 90

↓

Toeba

Lilemo tse 3

↓

Ntja

Lilemo tse 15

↓

Tšoene

Lilemo tse 30

↓

Koena

Lilemo tse 50

↓

Tlou

Lilemo tse 70

↓

Motho

Lilemo tse 80

↓

Papakhaie

Lilemo tse 100

↓

Khulu e khōlō

Lilemo tse 150

↓

Sefate se seholo sa sequoia

Lilemo tse 3 000

↓

Sefate sa phaene

Lilemo tse 4 700

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Lipapakhaie tse ling li ka phela lilemo tse 100, empa batho ba phela lilemo tse ka bang 80. Bafuputsi baa ipotsa: “Botsofali bo bakoa ke eng?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela