Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 5/8 maq. 14-16
  • Tumelo e Nthusitse ho Talimana le ho Buuoa Boko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo e Nthusitse ho Talimana le ho Buuoa Boko
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qeto ea ka ha e Fetohe
  • Ho Itokisetsa ho Buuoa
  • Ho Hlaphoheloa Ka Mor’a ho Buuoa
  • Litlhophiso tsa Lepato
  • Joale Bophelo ba ka bo Khutletse Bolulong
  • Hase Linohe Kapa Melimo
    Tsoha!—1994
  • Ha aa ka a Felloa ke Tšepo
    Tsoha!—1998
  • Ho Tobana le Boemo ba Tšohanyetso ba Phekolo ea Meriana
    Tsoha!—1996
  • Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
    Tsoha!: Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 5/8 maq. 14-16

Tumelo e Nthusitse ho Talimana le ho Buuoa Boko

“U NA le hlahala ka mor’a leihlo la hao le ka letsohong le letšehali.” Mantsoe ana a builoeng ke Ngaka Stewart, ngaka ea methapo ea hlooho, a ile a etsa hore ke ikutloe e ka ke bohareng ba toro e tšosang. Mantsoe a hae a latelang a ile a nyarosa ka ho fetisisa: “Ke tlameha ho ikopanya le batsoali ba hao e le hore re ka o isa sepetlele hang-hang.”

Ke ne ke tšohile. Ke ne ke sa kholoe taba ena. Ke ne ke ikutloa ke phetse hantle! Ke joang ngoanana ea lilemo tse 22 ea phetseng hantle a ka bang le hlahala bokong? Mohopolo oa ka o ile oa hanana le mantsoe ao a ngaka a neng a nkhelosa pakaneng eo ke ipehetseng eona bophelong. Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me hoseng ha letsatsi la maobane, ke ne ke ile ka amohela thelefono e mpitsetsang ho ea sebetsa ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watchtower Brooklyn likhoeli tse tharo. Ke seo ke ’nileng ka ba le takatso ea sona le ho se rapella. Ha ke tloha lapeng hoseng hoo ho ea bona ngaka ea mahlo, ke ne ke ikutloa ke phetse hantle.

Hona joale, lihora tse 29 hamorao, boikutlo boo bo ne tlohile monahanong oa ka. Ho ne ho se pelaelo ka hlahala eo. Ke ile ka qeta metsotso e 50 ke kentsoe ka har’a mochine oa MRI (Magnetic Resonance Imagery) joaloka kulo e haufi le ho tsoibiloa. Ke ne ke ikutloa ke tšohile ha ke koalletsoe ka mona, ’me ha ke ntse ke lutse nako e telele kamoo, ke ile ka tšoha haholo. Ke ile ka rapella boemo bo khutsitseng ba kelello, ka bina lipina tsa ’Muso, ’me ka pheta-pheta litemana tsa Bibele. Ke ile ka khatholoha. Joale ke ile ka khutlela ofising ea ngaka ea methapo ea hlooho le lifilimi. E ne e senola hore hlahala eo e boholo ba lamunu, ’me o ile a ntšosa haholo—ke ne ke tlameha ho kena sepetlele hang-hang. O ile a tsoa ho ea bitsa batsoali ba ka.

Qeto ea ka ha e Fetohe

Ha a khutla o ile a re: “Batsoali ba hao ba tseleng. Ha oa mpolella hore u e mong oa Lipaki tsa Jehova. Re tlameha ho buisana. Ha pelaelo hore ho buuoa hona ho tla hloka tšelo ea mali.”

Ke ile ka re, “Ha ho letho leo ke tlang ho le bua. Ke se ke entse qeto. Ha ke tšeloe mali.”

“Re tla buisana ka seo ha batsoali ba hao ba fihla mona.”

Ke ntse ke sisinya hlooho ka re, ke itse “Che, boemo ba ka ha bo fetohe.”

Ha batsoali ba ka ba fihla, ba ile ba tiisa boemo ba ka tabeng ea ho tšeloa mali. Ngaka ea methapo ea hlooho e ile a amohela qeto ena ’me ea bolela hore e ne e nahanne ka ngaka e ’ngoe eo mohlomong e neng e tla hlompha qeto ea ka. Ke kahoo re ileng ra ea ho ngaka ea methapo ea hlooho e ’ngoe, Ngaka H. Dale Richardson.

Re ile ra kopana le monna enoa eo e neng e tla ba motho oa bohlokoa le ea hlomphehang bophelong ba rōna likhoeli tse ’maloa tse latelang ofising ea hae ka Labone mantsiboea ka la 29 Loetse, 1988. O ne a ile a buisana le Ngaka Stewart ’me o ne a tseba boemo ba rōna tabeng ea mali.

O ile a re, “Re tla buoa sebakeng se nang le methapo e mengata. Hlahala e ne e pota-potile sagittal sinus (mothapo o moholo oa mali bokong) empa hore na ke ho isa boholeng bofe ha re tsebe ho fihlela re fihlile moo.”

Ke ile ka re, “Esita le ha sena se ka fihlela boemo bo kotsi, ke utloa hore u ntse u sa batle ho tšeloa mali.” ’Mè le ntate ba ile ba bolela hore boemo ba ka bo tšoana le ba bona. Re ile ra bona mahlo a hae a seka meokho, ’me hamorao re ile ra utloa hore o na le bara ba babeli le morali.

O ile a re, “Mohlomong nke ke ka lumellana le tumelo ea lona, empa ke tla hlompha kōpo ea lōna. Ka ntle ho mali, re na le monyetla oa katleho oa karolo ea 70 lekholong. Le utloisise hore re ke ke ra ntša hlahala eo kaofela ka lekhetlo la pele. Ke ntho e tloaelehileng hore hlahala e boholo bona e ntšuoe ka ho buuoa ka makhetlo a mabeli kapa a mararo.”

Ho Itokisetsa ho Buuoa

Ke ile ka fihla sepetlele ka Sontaha sa la 2 Mphalane. ’Mantaha le Labobeli re ne re tšoarahane le mehato ea pele motho a buuoa ho fokotsa mali a fetelang hlahaleng. Letsatsing lohle la Labobeli, metsoalle e ile ea ntetsetsa thelefono, ’me mantsiboeeng ao, ba bangata ba ile ba nketela. Kaofela ba ne ba tseba se tlang ho etsahala letsatsing le hlahlamang, empa litebello li ne li tšepisa ebile li thabisa.

Bosiung boo ke ile ka leka ho robala empa ka phaphama har’a bosiu ’me ka qala ho khathatseha. Ho ne ho se hotle. Ke ile ka letsa litheipi tsa lihlooho tse ngata tsa makasine oa Watchtower. Ka 5:30 hoseng, mooki o ile a kena ’me o ne a maketse ha a mphumana ke khutsitse ebile ke le sebete. Nakoana ka mora moo metsoalle ea ka e ’meli ea hlooho ea khomo e ile ea fihla, ’me Ntate a fihla ka mor’a eona. Ha ba ntse ba nkaka ho ntumelisa ke ile ka re, “E seng qenehelo e fetelletseng joalo hle!”

Tlaase mane ba ne ba qalile ho lokisetsa hore ke buuoe, ba ne ba nkenya linalete, ebile ba mpeola hlooho. Ha ke ntse ke paqame moo, ke ile ka rapela Jehova: “Kea u leboha ha u nthusitse ho paka hore ha se ka mehla Satane a hlōlang. Kea tseba hore ke tla tsoha, ebang ke kajeno kapa lefatšeng lecha. Ke kōpa hore e mpe e be ka pele.” Ha a nkisa ka kamoreng eo ho bueloang ka ho eona, ke ile ka bona Ngaka Richardson a hlahloba filimi ea ka.

O ile a re, “Lumela Bethel, u robetse joang?”

Ke ile ka araba, “Ke robetse hantle, empa ke amehile hore na u robetse joang.”

Joale Ngaka Ronald Pace, ngaka e akhehisang motho nakong eo a buuoang, ea kenya mask sefahlehong sa ka ’me ea mpolella hore ke phefumolohe ka ho tebileng le ho bala lipalo ke khutlela morao. Ho leta ha ka ho ne ho fetile.

Ho Hlaphoheloa Ka Mor’a ho Buuoa

Ntho e latelang eo ke hopolang ke hore ke ne ke hatsetse. Ke ile ka thatafalloa ho tsoa mosing oa lithethefatsi tse robatsang. E ne e le 10:10 p.m. ka Laboraro, lihora tse ka bang 15 hamorao. Ntate o ne a le ka kamoreng ea batho ba kulang haholo ho nkhothatsa. Ke ne amehile hore na ebe kelello ea ka kaofela e ne e khutletse bolulong. Ke ile ka re, “Nteke Ntate,” ’me ka qala ho bala lipalo: “Peli le peli ke ’nè, ’me ’nè le ’nè ke robeli,. . .” Ha ke fihla ho 512, o ile a re, “Butle bo! U se u bala kapele haholo!” ’Mè o ile a nkòpa ka matla, ’me moena oa ka Jonathan o ile a mpeha nakong ka sephetho sa papali ea baseball.

Ngaka Richardson o ile a tlaleha hore o ntšitse karolo ea 80 lekholong ea hlahala. O ne a bonahala a khathetse—ha ho makatse ka mor’a lihora tse 13 1/2 mosebetsing o boima joalo tsebong ea hae! Hamorao ke ile ka utloa hore o ile a re ho ntate: “O batlile a re lahlehela. Ha ke fihla mothapong o moholo oa mali bokong, o ne a tsoa mali haholo. Re bile lehlohonolo hore re o thibe.” Leha ho le joalo, seo se tla lokela ho phetoa hape, mohlomong habeli. O ile a re: “Meningioma [mofuta oa hlahala o kileng oa ntšoara] e tšoarang bakuli ba bang e lokela ho buuoa lilemo tse ling le tse ling tse tharo ho isa ho tse hlano. Mohlomong re ke ke ra tseba ho e hlola ka ho feletseng.”

Mantsoe ana a ile nkutloisa bohloko! Ke ile ka bona tšepo ea ka ea tšebeletso ea nako e tletseng ea Bokreste e felile. Ke ile ka simolla ho lla, ’me ke ne ke le haufi le ho ferekana maikutlong ho sa laoleheng. Ntate o ile a re kòpa le ’Mè ’me ra qala ho rapela. Ho ne ho tšoana le hoja ke koahetsoe ka lesela la khutso. “Khotso ea Molimo e fetisang kutloisiso eohle” e ile ea nkaparela. (Ba-Filippi 4:7, NW) Ke ’nile ka bala ka ba bang ba ileng ba latsoa khotso ena ea Molimo ’me ke ile ka ipotsa hore na ba hlile ba e utloa. Joale ke ne ke tseba. Ha ke sa rata ho hopola bosiu boo hape, empa seo ke ithutileng sona phihlelong ena ke ntho e ’ngoe eo ke tla ’ne ke e hopole ka mehla.

Ha ke ntse ke le sepetlele, ke ile ka buisana le batho ba bangata ka tšepo ea ka ea ’Muso oa Molimo le bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng. Ke ile ka tsamaisa libuka tse 20 tsa Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood le libuka tse sekoahelo se thata tse hlano tsa U Ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ha ke tsoa sepetlele, ke ne ke amohetse likarete tse fetang 330 le melaetsa ea thelefone e mengata hammoho le lipalesa le li-balloon tse mebala-bala. Li ile tsa ’matlafatsa hakaakang ’me tsa etsa hore ke ananele boena ba rōna ba lefatše lohle haholoanyane!

Ke ile ka tsoa sepetlele ka la 16 Mphalane, 1988. Ebile letsatsi le letle hakaakang ha ke khutlela letsatsing le moeeng o mocha. Ho ne ho bonahala leholimo le leputsoa haholoanyane, joang le bona bo le botala haholoanyane. Sena se ile sa nkhopotsa kamoo lefatše la Paradeise le tlang ho ba letle kateng: ho se ntoa, ho se tlala, ho se tšilafalo—ho se lihlahala tsa boko! Qetellong, lefatše le hloekileng!

Litlhophiso tsa Lepato

Ka Tšitoe, ke ile ka bona Ngaka Richardson hape. Hlahala e ne e hōla. Ho buuoa e ne e le hona feela pheko e hlokahalang ka potlako. Ke ile ka talima ho buuoa lekhetlo la bobeli e le lebota le leholo, tšitiso e khōlō tseleng eo ke behileng bophelong ba ka ho eona. Ke ile ka nahana haholo ka Pesaleme ea 119:165: “Ba ratang molao oa hao [Molimo] ba na le khotso e kholo, ha ho khopiso ho bona.” Sena se ile sa ntšelisa, ’me butle-butle ho e-na le hore sena e be lebota, ho buuoa ho latelang ebile feela tšitiso e nyenyane. Empa ke ile ka ngolla motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo ea leng ntlo-khōlō ea Watchtower ho mo kōpa ho tsamaisa tšebeletso ea lepato la ka haeba ho ka hlokahala hore be ho joalo. (Hamorao ke ile ka utloa hore Ntate le eena o ne a entse kōpo e tšoanang.)

Ka la 31 Pherekhong, 1989, ke ile ka khutlela sepetlele. Maemong a mang ho ne ho le bonolo, empa ho ne ho bonahala ho le thata haholoanyane. Na ebe lekhetlong lena ba ne ba tla ntša hlahala ena kaofela, kapa na ke sa tla buuoa hape? Lingaka li ne li ntšelisa.

Ha ke fihla sepetlele, Ngaka Pace, ngaka e akhehisang motho nakong ea ho buuoa eo ke bileng le eona pele, e ile ea tla e mpatla, ea lula le ’na nako e fetang hora ha ho ntse ho tlatsoa lipampiri eaba o ntjarela mokotlana oa ka oa libuka ho fihla kamoreng. Ngaka Richardson o ile a ntiisetsa: “Ke tla u tšoara joaloka setho sa lelapa la ka, e leng tsela eo ke tlang ho rata ho tšoaroa ka eona.” Ha ho phekolo e sa nahaneleng mona. Ke bile le boikutlo bo mofuthu ba tšepo ha ke itlohella matsohong a bona.

Ho ile ha boela ha fihla melaetsa ea thelefono le likarete ho nkhothatsa, ’me metsoalle ea ka ea hlooho ea khomo e bileng haufi le ’na nakong ea ho buuoa ka lekhetlo la pele ebile teng ho tla ’matlafatsa le ho etsa hore ke bososele. Re hlotse mantsiboea re bua le ho tšeha esita le ho bapala lipapali tsa board.

Joale Bophelo ba ka bo Khutletse Bolulong

Hoseng ha letsatsi le latelang mooki o ile a fihla e sa le hoseng ho tla ntlhaba sepeiti. Se ne se le matla haholo, ’me ka nakoana feela ke ne ke khutletse kamoreng ea bakuli ba tsoa buuoa. Ho buuoa ha hoa nka nako e telele—esita le lihora tse leshome lekhetlong lena—’me tumeliso eo ’na le lelapa leso re ileng ra e fumana ha ke tsoha ebile e phahameng haholo. Ngaka Richardson ea bososelang o ile a re bolella hore o tsebile ho tlosa hlahala eohle, nka lebella ho fola ka ho felletseng. Ha morao, ha a ntlamella ka masela a mang a hloekileng, o ile a ntšehisa ka hore: “Bethel, re lokela ho khaotsa ho kopana ka tsela ena.” Re ile ra leboha Jehova hakaakang le lingaka tse babatsehang!

Ke ile ka tsamaisa libuka tse ngata le libukana tse buang ka ’Muso oa Molimo ho batho bao ke ileng ka buisana le bona. E ’ngoe ea libuka tseo, U Ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ke ile ka e neha Ngaka Richardson. Ke ile ka ngola leqepheng le ka hare:

“Ho na le linako tse ’maloa ha ho hlokahala hore re lebohe motho e mong bakeng sa ho pholosa bophelo ba rōna. Le hoja ntle ho pelaelo ka mehla o amohela liteboho tse joalo, ke ne ke batla ho u tiisetsa hore seo u se entseng ho ’na le lelapa la rōna se boletse ho hongata. Kea hlokomela hore nako ea hao ea ho bala e lekanyelitsoe, empa haeba u ka ba le monyetla oa ho buoa Lipaki tsa Jehova nakong e tlang, ke tšepa hore buka ena e tla u tsoela molemo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke lumela ka tsela eo ke lumelang ka eona. Ka lerato le litumeliso tse ngata, Bethel Leibensperger.”

Ke ile ka tsoa sepetlele matsatsi a robeli ka mor’a ho buuoa lekhetlo la bobeli ’me ke ile ka ea Holong ea ’Muso mantsiboeeng ao. Likhoeli tse peli hamorao, ke ile ka qala ho khanna koloi ea ka. Ke ne ke simolotse tšebeletso ea ka ea nako e tletseng ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke tsebile ho ba teng likopanong tse etsang histori tsa Poland ka Phato 1989.

Joale bophelo ba ka bo khutletse bolulong.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Karabelo ea ’Mè

Bosiung boo Bethel le ntate oa hae ba ile ba ea thutong ea Bibele. Ke ne ke belaela haholo; ke ne ke sa tsebe ho e tsamaisa. Ke ile ka fokola ’me ka robala betheng. Hoseng ha letsatsi le latelang litaba tsa senyeha ho ea pele. Ke ne ke sa tsebe ho itsosa ’me ka qala ho lla. Ka tieo monna oa ka a re: “Re tlameha ho ba matla le ho khothala molemong oa Bethel.” Eaba oa nkòpa ’me a etsa thapelo e khutšoaane, a beha rōna le bokamoso ba rōna matsohong a Jehova ’me a mo kōpa matla a ho mamella matsatsing a tlang. Ebile khothatso e mphetotseng ho tlong poping e se nang thuso ho ba ’mè ea tšehetsang.—Judith Leibensperger.

[Lebokose le leqepheng la 15]

Karabelo ea Ntate

Morali oa ka Bethel, e ne e le mpho e tsoang ho Molimo eo re e fumaneng botsofaling. Re bile le kamano e ntle. Ho tloha nakong eo Bethel e leng lesea, re entse lintho tsohle hammoho. Re ne re hahaba masimong ho ithuta pōpo ea Molimo ha re ntse re talimme lipalesa tse hlaha. Re ile ra bōpa batho ka lehloa. Re ile ra buisana ka lintho tse ngata tse tebileng le tse tšehisang. Re ile ra khumama ha re ilo robala ’me re ne re mo kenya har’a rōna a ntse a apere liaparo tsa ho robala tse mofuthu. Re ne re etela ba hōlileng le ba hlokang. Re ile ra amohela Lipaki tse tsoang linaheng tse hole. Lapeng la rōna re ne re thabisa baromuoa le banna le basali ba inehetseng ho sebeletsa Molimo mehlaleng ea Jesu Kreste. Re ile ra abelana le ba bang tumelo ea rōna, re ile ra abelana le bona tebello ea rōna ea Paradeise. O ile a hōla ho ba motho ea ratang batho le ea ratang ho ratoa. Bophelo ba rōna joaloka lelapa ebile bo nang le khotso le thabo ho fihlela joale. ‘Nako le ketsahalo e sa lebelloang’ tse tlelang batho tseo Moeklesia a buang ka tsona le rōna li ile tsa re fihlela. Ka letsatsi le leng bothata bona bo boholo ba meriana bo ile ba re koahela. Ntle ho temoso, maikutlo ana a tšoenyang a lefu—sera sa motho—a ile a re fihlela.—Charles Leibensperger.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Bethel le batsoali ba hae pele a buuoa lekhetlo la bobeli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela