Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 11/8 leq. 10
  • Ha aa ka a Felloa ke Tšepo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha aa ka a Felloa ke Tšepo
  • Tsoha!—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo e Nthusitse ho Talimana le ho Buuoa Boko
    Tsoha!—1990
  • Ho Tobana le Boemo ba Tšohanyetso ba Phekolo ea Meriana
    Tsoha!—1996
  • Hase Linohe Kapa Melimo
    Tsoha!—1994
  • “U Tl’o Shoa!”
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 11/8 leq. 10

Ha aa ka a Felloa ke Tšepo

KA LA 5 October, 1995, Matt Tapio ea lilemo li 14 o ile a buuoa bokong bakeng sa ho ntša hlahala. Hlahala ena e ne e bakile kankere. Tšebetso ena ea ho buuoa e ne e le ea pele ho tse ngata tseo a neng a tla li fumana lilemong tse peli le halofo tse latelang. Ho ile ha latela tšebeliso ea chemotherapy le radiation.

Matt o ne a lula Michigan, U.S.A., moo a neng a kena sekolo sa ’muso teng ’me a e-ba teng libokeng tsa Bokreste. O ile a sebelisa hamolemo menyetla ea ho bua le matichere le liithuti-’moho le eena ka seo a se lumelang hammoho le ho kopanela ho eteleng ba bang tšebeletsong ea phatlalatsa. Ha a ntse a lula sepetlele khafetsa—o ile a qeta likhoeli tse 18 tsa lilemo tsa ho qetela tse peli le halofo tsa bophelo ba hae a le lipetleleng—o ile a tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele tse makholo ho bao a kopaneng le bona moo.

Ka makhetlo a mangata ho ne ho bonahala eka Matt a ke ke a phela, empa nako le nako o ne a hlaphoheloa. Ka lekhetlo le leng, ha a isoa sepetlele, o ile a ilibana ’me a khaotsa ho hema. O ile a thusoa hore a boele a heme, ’me a hlaphoheloa. Ha a hlaphohetsoe, o ile a qala ho lla ’me a re ka lentsoe le phahameng: “Ke mohale! Ke mohale! Ha ke lekoala!” Batho ba ile ba re ke tumelo ea Matt ho Molimo e ileng ea mo boloka a phela ka nako eo e telele.

Matt o ile a phethahatsa tabatabelo ea hae ea bohlokoa ka la 13 January, 1996, ha a kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba hae ho Jehova Molimo. O ile a kolobetsoa ka letangoaneng la ho sesa leo e seng la bohle ka lebaka la tšabo ea ho tšoaetsoa. Matsatsi a seng makae hamorao, o ile a khutlela sepetlele bakeng sa ho buuoa hape. Ka August 1997, Matt o ile a hlatsa ka libeke-beke, empa ka mor’a ho buuoa hape o ile a ba betere.

Har’a sena sohle, Matt o ile a tsoela pele a tletse mesoaso e monate, a soasoa le lingaka le baoki. Ba ne ba sitoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a tletse mesoaso e monate hakana. Ngaka e ’ngoe e ile ea mo bolella: “Matt, ha ke ne ke le boemong ba hao, ke ne ke tla re ho koaloe kharetene ena, ebe kea ikhurumetsa, ’me ke bolella batho kaofela hore ba tsamaee.”

Ka February 1998, Matt o ile a tsoa sepetlele a khutlela hae ka le leng la makhetlo a ho qetela. O ne a nyakaletse haholo hore ebe oa phela le hore ebe o lapeng hoo eitseng hang ha a kena monyako, a ileng a re: “Ke thabile haholo! A re etseng thapelo.” Eaba ka thapelo o bolella Jehova thabo ea hae. Likhoeli tse peli hamorao, ka la 19 April, o ile a qetella a bolailoe ke kankere eo.

Pejana, puisano e rekotiloeng e entsoeng le Matt e ile ea bapaloa nakong ea seboka sa Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso ea sebakeng seo. O ile a botsoa: “Rōna ba nang le bophelo bo molemonyana u ka re bolella eng mabapi le tšebeletso ea rōna le liboka tsa Bokreste?”

Matt o ile a araba: “Etsa seo u ka se khonang hona joale. . . . Ha u tsebe hore na u ka ’na ua etsahalloa ke’ng. . . . Empa ho sa tsotellehe se etsahalang, le ka mohla u se ke ua khaotsa ho paka ka Jehova.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela