Na ho Fela ha Tšilafalo ho Haufi?
TEBELLO ea lefatše le hloekileng ke e thabisang ka sebele. Empa na ke ea sebele? Koana, linaha tse ling li leka ka matla ho ntlafatsa boemo ba tšilafalo. Hona joale ho tlalehoa hore tšilafalo ea fokotseha ka lebaka la mehato e matla ea ho laola lead mesing ea makoloi. Libakeng tse ling ho bonahala tšilafalo e bakoang ke lifeme le eona e fokotseha. Leha ho le joalo, sena ha se bakoe ke taolo e matla. Ho e-na le hoo, ka linako tse ling ke ka lebaka la ho fetoloa ha tsamaiso ea lifeme ho bakoang ke ho se atlehe ha moruo oa lefatše.
Lefatše—Na le Etselitsoe ho Itlhoekisa?
Ho phaella moo, ho na le mekhoa ea tlhaho ea ho hloekisa e sebetsang. Ka mohlala, ho ea ka Ngaka Aubert oa Setsi sa Meriana sa Leoatleng Nice, Fora, phytoplankton ke e ’ngoe e ka sehloohong e thibelang tšilafalo leoatleng. Libōpuoa tsena tse nyenyane li ntša lero le thibelang tšoaetso. Ka bomalimabe, lia hlōleha. Italy, Venice le Leoatle le haufi la Adriatic li tšoaelitsoe ke bolele. Adriatic tšilafalo e baka “bolele e leng mokeli-keli o nkhang o mosehla, o mosootho, le o moputsoa, o hasanang lik’hilomithara tse makholo ka boroa” lehlabula. (The Globe and Mail, Toronto, Canada) Lebaka le leng le leholo le tlatsetsang ho sena ke ho tšeloa ha likhoere-khoere nōkeng ea Po, “likhoere-khoere tse tsoang ho batho ba fetang limillione tse 15, litšila tse tsoang lifemeng tse khōlō tse ngata Italy . . . le moiteli oa likolobe tse fetang limillione tse hlano.”
Ho thoe’ng ka tšilafalo ea mobu? Phuputso e entsoeng ke feme e khōlō ea lik’hemik’hale hammoho le Lefapha le Fehlang Matla la U.S. e senotse hore ho na le mefuta e mengata ea bacterium, fungus, le amoeba lefatšeng, hoo e ka bang botebo ba limithara tse 260 ka tlas’a lefatše. Ngaka David Balkwell oa Univesithi ea Naha ea Florida o hlokometse: “Libōpuoa tsena tse phelang ka tlas’a lefatše li ka ’na tsa hloekisa metsi a tlhaho a tsoang mobung hantle.” Ka ho fapaneng, Ngaka Balkwell o tšepa hore litsebi tsa liphatsa tsa lefutso li tla nolofalloa ho susumetsa libōpuoa tsena tse sebetsang ka tlas’a lefatše ho “fetola lisilafatsi tse khethehileng.”
Ka ho utloahalang re tlameha ho fihla qetong ea hore boemo ba hona joale ha bo fane ka lipontšo leha e le life tsa ho fela ho potlakileng ha tšilafalo ea lefatše. Empa, re ka tiiseha hore ho fela ha tšilafalo ho haufi. Hobane’ng?
Ho Tlosa Tšilafalo ea Boitšoaro
Hore lefatše e be lehae le hloekileng ka ’nete bakeng sa batho, baahi ba lona ba tlameha ho ba batho ba hloekileng boitšoarong le ’meleng. Batho ba tlameha ho hlōla boikhohomoso ba bona ’me ba hōlise litšobotsi tsa ho hloka boithati, ba bontše kameho ka batho ba bang le liphoofolo tse haufi le bona. Na see se ka etsoa?
Ka lilemo tse mashome, Lipaki tsa Jehova li fumane hore sena se ka etsoa. Li lekile matla a fetolang botho a Bibele, ’me li fumane hore buka ena e na le matla a ho fetola batho, ka liphello tse molemo tikolohong. Ka mohlala, balaoli ba lebala la bolo ba tsota makhethe le bohloeki ba letšoele le tlileng kopanong e khōlō ea Lipaki tsa Jehova. Polelo e tloaelehileng ke hore ‘lebala la bolo le ile la siuoa le hloekile ho feta ha Lipaki li ne li kena ho lona.’
Mosebetsi-’moho e mong oa mabala a bolo Lisbon, Portugal, o ile a hlalosetsa e mong oa Lipaki tsa Jehova: “Ha batho ba mpotsa hore na ke nahana eng ka lōna, ke sitoa ho bua leshano. Ke ba bolella hore Lipaki tsa Jehova li na le mekhoa e metle haholo, bohloeki le tlhophiso . . . Haeba le silafatsa ntho e le ’ngoe, le hloekisa tse 99!”
Ho tsitlallela bohloeki ba ’mele ha Lipaki ho amana le melao-motheo ea bona e phahameng ea boitšoaro. Ke melao-motheo efe? Ke e ngotsoeng ka ho hlakileng ka Bibeleng, eo e leng Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Ka batho ba boitšoaro bo hlephileng, Bibele e bolela hore litsela tsa Molimo ‘li phahame holimo ho litsela tsa bona, le mehopolo ea hae e ka holimo ho mehopolo ea bona.’ (Esaia 55:7-9) Leha ho le joalo, re ka ithuta litsela tsa Molimo hobane Molimo ka booona o etsa hore melao ea oona e fumanehe ho ba batlang ho phela ka eona. Thuto ena ea Molimo e bohlokoa bakeng sa bokamoso ba rōna.
Lipaki tse limillione kajeno li leka ka matla ho phela ka litekanyetso tsena tse hloekileng tsa boitšoaro, ’me li rua molemo o moholo. Leha ho le joalo, ho ba bangata sena se ile sa bolela liphetoho tse khōlō mekhoeng ea bona bophelong.
Lithethefatsi, ho Otloa le Tlhōlo
Nka mohlala oa Marie, e mong oa lelapa la litho tse 13 tulong e neng e tletse bonokoane motseng oa Engelane.
“Lelapa la heso le ne le tumme ka ho ba thata, ’me joalo ka bona, ke ne ke le ’mampoli ea tsebahalang. Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka senyeheloa ke mpa. Lilemo tse peli hamorao, morali oa ka o ile a hlaha, ’me ke ile ka tlameha ho mo hlokomela ke le mong. Mohlankana oa ka o ile a isoa sekolong [sa bana ba litlokotsebe]. O ile a baleha ka lenyele, ’me ke ile ima hape. Ke ile ka leka mekhoa eohle ea ho ntša mpa ena ’me qetellong ke ile ka atleha, empa ka batla ke e-shoa.
“Mohlankana oa ka o ile a qala ho tsuba matekoane ’me a nkhalefela haholo, esita le hoja ke ne ke imme hape. Ke ile ka tsuba matekoane le ho a rekisa. Nakong ena ke ne ke lula tlung e tletseng lihlola. Ke ne ke ba hlokomella bana.
“Ha ke khahloa ke moshanyana e mong, mohlankana oa ka oa pele a khaotsa kamano eo ka ho mo hlaba ka makhetlo a robeli. O ile a tšoaroa hape ka lebaka la ketso eo. Ka mor’a hore a lokolloe teronkong re ile ra nyalana ’me re ile ra ba makhoba a lithethefatsi.”
Ka mor’a ho kopana le Lipaki tsa Jehova le ho ithuta Bibele le tsona, mohlankana enoa o ile a qala ho ea libokeng tsa Bokreste ’me butle-butle phetoho ea e-ba teng. Marie oa hlalosa:
“Ke ile ka qala ho hlokomela hore ho tsuba le ho sebelisa lithethefatsi ho fosahetse. Ka mor’a hore ke bolelle monna oa ka hore ke khaotsa sena, o ne a tloaetse ho butsoela mosi o tsoang sakereteng ea hae ea matekoane mahlong a ka, a leka ho nkhohela hore ke sebelise lithethefatsi hape. Ke ile ka ima hape. Ka pele ka mor’a moo, monna oa ka o ile a qala ho ba sieo bosiu kaofela.
“Likhoeli tse robeli hamorao o ile a nka lintho tsa hae kaofela ntlong ’me a ntšiea. Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ho amohela boemo bona, ’me o ile a ho etsa. Joale, ka mor’a likhoeli tse tharo, monna oa ka o ile a khutla. Ke ile ka rapella matla a ho etsa se lokileng. Lekhetlong lena hape ke ile ka leka ho atlehisa lenyalo la ka, empa likhoeling tse tšeletseng ke ne ke oka meroko e 14 ho potoloha leihlo la ka ka baka la pefo ea monna oa ka; lithethefatsi e ne e ntse e le seo a se ratang haholo. Ntlo ea rōna e ile ea fetoha setsi sa ho rekisa lithethefatsi sebakeng seo kaofela. E ne e tletse ‘metsoalle’ ea hae, eo bongata ba eona bo neng bo sebelisa lithethefatsi haholo.
“Ka thuso ea Jehova, ke ile ka ba sebete ’me ka tobana le banna bana. Ka thlompho ke ile ka ba kōpa ho tsoela ka ntle haeba ba batla ho tsoela pele ba tsuba lithethefatsi tsa bona. Ha monna oa ka a utloa seo, o ile a halefa hampe a mpitsetsa ka kichining, ’me a qala ho otlanya hlooho ea ka leboteng. Ke ile ka leka ka matla ho ’molella hore ke amehile ka bana ’me ke batla ho ba neha monyetla oa ho holela tikolohong e hloekileng, le e sireletsehileng. Monna oa ka a khutlela ho metsoalle ea hae a halefile. Ke ile ka ema le ho rapela. O ile a khutlela ka kicihining hape, ke ile ka nahana hore o tlilo mpolaea.
“Ho tloha nakong eo ho ea pele, lintho li ile tsa khutsa. Hamorao re ile ra falla. Ha makhoba a lithethefatsi a ne a re etela, a ne a sa rohakane kapa ho bua ka boitšoaro ba ’ona bo bobe joaloka pele. Ho ne ho bonahala a re hlompha.”
Boikemisetso ba Marie bakeng sa boitšoaro bo hloekileng le bophelo bo sa silafalang bo ile ba ama pelo ea monna oa hae, ’me qetellong le eena a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Marie le monna oa hae hona joale ke Lipaki tse kolobelitsoeng ’me ba tšoarehile ho thusa ba bang ho hloekisa bophelo ba bona ka thuso ea tsebo ea Bibele. Marie o re:
“Ha ke utloa monna oa ka a rapela, kapa ha ke mo utloa a hlalosa lerato la hae ho Jehova, pelo ea ka e ile ea thaba hakaakang! Phetoho ponahalong ea hae e ile ea makatsa metsoalle ea hae ea pele. Ka sebele hona joale lelapa la rōna le kopane. Ha ho mohla ke ileng ka utloa ke thabile hakana ’me ha ho mohla ke ileng ka khaotsa ho leboha Jehova ka ho re ntša tsamaisong ea joale e silafetseng ea lintho.”
Katleho e joalo ho loantšeng tšilafalo ea boitšoaro e senola matla a Lentsoe la Molimo. Ho feta moo, e supa tšepo ea ho fela kapele ha mekhoa eohle ea tšilafalo. Bibele e re’ng ka see?
Lefatše le Hloekileng—Ke la Sebele
Tlhahlobo e hlokolosi ea Bibele e senola hore re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena e teng ea lintho. (2 Timothea 3:1-5) Boemo ba tikoloho ke bopaki bo pakang sena. See se bolela eng mabapi le tšepo ea rōna bakeng sa lefatše le hloekileng?
Se bolela hore haufinyana Molimo o tla kenella litaba tsa batho. Haufinyana o tla etsa ka matla ho tlosa tšilafalo eohle ea boitšoaro le ea ’mele lefatšeng la rōna. Bukeng ea Tšenolo o tšepisa ho “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
Ka sebele, ke Molimo feela o nang le matla a ho tlisa lefatše le hloekileng, le sa silafalang. Hoa thabisa ho tseba hore o rera ho etsa joalo. Ha o nka bohato, nakong e tlang e haufi, ho tla ba joalokaha ka booona o re: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.” (Tšenolo 21:5) Joale, qetellong, lefatše la rōna e tla ba lehae le loketseng batho ba hloekileng, ba lokileng, ba tla thabela nala ea lona ka ho sa feleng.