Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 5/8 maq. 30-31
  • Thapelo Lipapaling—Na Molimo oa e Mamela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thapelo Lipapaling—Na Molimo oa e Mamela?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Otla oa Heno”
  • Na Molimo o Teng Lipapaling?
  • Molimo o Utloa Metsoalle ea Oona
  • Na Molimo o Nka Lehlakore Lipapaling?
    Tsoha!—1994
  • Mathata a Lipapali Kajeno
    Tsoha!—1991
  • Na ke Lokela ho Kena Thiming ea Lipapali?
    Tsoha!—1996
  • Lipapali Tsa Lithimi—na li Ntoketse?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 5/8 maq. 30-31

Pono ea Bibele

Thapelo Lipapaling—Na Molimo oa e Mamela?

MOEA o tletse boikutlo ba thabo ha batšehetsi ba lihlopha tse hlōlisanang ba likete ba kena lebaleng la bolo, ba thoholetsa sehlopha sa bona seo ba se ratang. Libapali li sa tsoa qeta tlhakiso ea tsona ea ho iphuthumatsa, ’me phala ea hore papali e qale e se e tla lla. Ka lehlakoreng le leng la lebala, libapali li bokane hammoho, ’me bohareng ho khumame motsamaisi oa sehlopha seo ’me oa rapela: “Molimo hlohonolofatsa sehlopha sa rōna, re thuse ho hlōla, ’me o re sireletse kotsing. Amen.” Seboka se qhalana ka lerata le leholo, libapali li nka libaka tsa tsona lebaleng, phala ea lla ’me kholofatso e hlophisitsoeng ea bolo ea maoto ea Amerika ea qaleha.

Thapelo ea motho ka mong le ea sehlopha pele ho papali, nakong ea papali, le ka mor’a lipapali e tloaelehile. Empa na Molimo oa mamela? Kapa joalokaha ba bang ba tseka, na sena se etsa thapelo e be ntho e ka songoang?

“Otla oa Heno”

Lefatšeng lohle, lipapali kaofela li senngoa ke pefo—ka lebaleng le litulong tsa babohi. Eo e kileng ea ba sebapali se tummeng sa bolo ea maoto United States o ngotse: “Ke khang hore ho ntša ’mele kotsi ke letšoao le leholo la papali ea bolo ea maoto, joalokaha ho bolaea le ho holofatsa e le matšoao a ntoa.” O hlalosa ho ea pele: “Ho tsoa kotsi papaling e hlolisanang le e hlophisitsoeng ke karolo ea sehlooho ea bophelo ba rōna, ’me bolo ea maoto ke e ’ngoe ea liipone tse hlakileng haholo . . . tse re bontšang kamoo ho thabisang le kamoo ho putsang kateng ho Otla oa Heno.”

Ho otla oa heno? Jesu o laetse hore u rate oa heno. (Mattheu 22:39) Ke ho sa utloahaleng ho nahana hore Molimo oa lerato o teng ’me o hlohonolofatsa e ’ngoe ea lipapali tsa kajeno hore li hlōle joang kapa joang.—1 Johanne 4:16.

Na Molimo o Teng Lipapaling?

Lebaka le leng le khothalletsang thapelo lipapaling ke thuto ea bolumeli ea hore Molimo o hohle, ha e le hantle, hore Molimo o teng libakeng tsohle le linthong tsohle. Ka mohlala, bukeng God Goes to Football Games, moruti eo pele e neng e le moruti oa sehlopha sa lipapali L. H. Hollingsworth o re: “Tumelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molao eo re nang le eona ka Molimo e akarelletsa khopolo ea ho ba teng ha oona hohle; e leng khopolo ea hore haeba u rata, ka sebele O teng ho seo re se bitsang phihlelo ea rōna . . . Sena se bolela hore Molimo o ea kerekeng, hape Molimo o ea lipapaling tsa bolo ea maoto.”

Leha ho le joalo, Bibele ha e rute hore Molimo o hohle. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ngotse: “Jesu o kene leholimong la sebele, a tle a hlahe joale pel’a sefahleho sa Molimo, bakeng sa rōna.” (Ba-Heberu 9:24) Ho na le lintlha tse peli tsa bohlokoa tseo temana ena e re thusang ho li ananela: hore Molimo ke motho oa moea le hore o na le sebaka sa bolulo, leholimong. (1 Marena 8:49; Johanne 4:24) Kahoo a ke ke a ba sebakeng se seng hape ka nako e le ’ngoe.

Molimo o Utloa Metsoalle ea Oona

Koana, haeba Molimo ha o be teng lipapaling, na bonyane o mamela lithapelo? Hore lithapelo li finyelle litsebeng tse utloang tsa Molimo ona oa leholimo, eo Jesu a ileng a hlaha ka pel’a Oona, motho ea rapelang o tlameha ho ba le tsebo, tsebo ea merero ea Molimo, botho ba oona, litšobotsi tsa oona, litsela tsa oona le lebitso la oona. (Jakobo 4:3) Ha Jesu a hatella bohlokoa ba ho tseba Molimo, o ile a rapela: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete.”—Johanne 17:3.

Hore u tsebe motho e mong ho hlokahala puisano. Molimo o buisana le batho ka Bibele, ’me Bibele ke tsela eo ka eona re ka tsebang Molimo oa leholimo. E re bolella ka lebitso la oona, Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Bibele e boetse e bolela hore Molimo o ratile lefatše hakaalo hoo o bileng oa romela Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu, mona lefatšeng hore batho ba tle ba be le monyetla oa bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Ha re bala Bibele le ho ithuta eona, Jehova e-ba motho oa sebele ho rōna, re huleloa ho eena ka Jesu. (Johanne 6:44, 65; Jakobo 4:8) Ka hobane Jehova e le motho oa sebele, re ka haha kamano e haufi ea botho le eena.

Leha ho le joalo, botsoalle le Molimo bo kopanyelletsa puisano e habeli. Sena se hloka ho buisana le Jehova ka thapelo. Bibele e bolela hore Molimo ke “Ea utloang merapelo” le hore ‘ha a hole ho e mong le e mong oa rōna.’ (Pesaleme ea 65:2; Liketso 17:27) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Molimo o mamela lithapelo tsohle. (Esaia 1:15-17) Ke lithapelo tsa bo-mang tseo Molimo o ikemiselitseng ho li mamela?

Mopesaleme Davida o itse: “Kamano e haufi le Jehova e ho ba mo tšabang.” (Pesaleme ea 25:14, NW) Seheberung sa pele motso oa lentsoe “kamano e haufi” (sohd) o bolela “ho tiisa.” Kahoo temana ena e fetisa khopolo ea ho lumelloa ho kena karolong e setsing ea Jehova kapa ka selekaneng sa botsoalle le eena. Ke feela barapeli ba bontšang tlhompho e loketseng ba amoheloang. Ka hona, botsoalle bo haufi le Molimo bo re etsa hore re tšabe ho senya kamano eo ka ho etsa ntho leha e le efe e tla mo soabisa, joaloka ho talima thapelo e ka ke lithatho tsa mahlohonolo bakeng sa ho tiisa tlhōlo lipapaling.

Jehova o mamela lithapelo tsa batho ba pelo li tšepahalang ba batlang botsoalle le eena, ’me ha a leeme. Ha a sekisetse kapa ho hlompha sechaba se itseng, morabe kapa esita le sehlopha se seng sa bolo. (Pesaleme ea 65:2; Liketso 10:34, 35) Haeba Molimo o ile oa utloa lithapelo tsa libapali tse hlōlisanang ’me lihlopha ka bobeli li rapelletse tlhōlo ho oona, ke sefe seo a lokelang ho se hlohonolofatsa? Kapa haeba sebapali se tsoile kotsi e mpe nakong ea papali, na Molimo o ne o tla ba molato?

Ka baka leo, re tlameha ho rapella lintho tse lokileng. Moapostola Johanne o hlalosa ka tsela ena: “Ha re kōpa ntho ka ho rata ha hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Jehova o mamela lithapelo tse leng tumellanong le thato ea hae. Re lokela ho tseba thato ea hae le merero ea hae e le hore lithapelo tsa rōna li tle li be tumellanong le eona.

Thato ea Molimo le merero ea oona le lebitso la oona le halalelang ha li amane le lipapali tsa kajeno tse hlōlisanang le tse mabifi. Molimo ha o leeme. Ka hona, ha lithapelo li etsoa liketsahalong tsena, na Molimo o li mametse? Che!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela