Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 5/8 maq. 20-22
  • Ho Ima ha Bacha—Ke Eng Seo Ngoanana a Lokelang ho se Etsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ima ha Bacha—Ke Eng Seo Ngoanana a Lokelang ho se Etsa?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Na re Lokela ho Nyalana?’
  • Ho Ntša Mpa—Pono ea Bibele
  • ‘Nke ke ka mo Neha se Bohlokoa Haholo’
  • Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?
    Tsoha!—1995
  • Bo-’mè ba sa Nyaloang ba ka Sebetsana ka Katleho le Boemo Boo ba Leng ho Bona Joang?
    Tsoha!—1994
  • Bo-ntate ba Iphang Limenyane—Na ba ka Hla ba Balehela Ruri?
    Tsoha!—2000
  • Ho Tobana le Mathata a ho ba ’Mè U sa le Mocha
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 5/8 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa . . .

Ho Ima ha Bacha—Ke Eng Seo Ngoanana a Lokelang ho se Etsa?

Ho ima ha bacha ba lilemo tse ka tlaase ho tse 20 le ho ntšoa ha mpa ke bothata likarolong tsohle tsa lefatše. Le hoja babali ba rōna ba bangata e le bacha ba Bakreste bao ka bohlale ba qobang likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, Tsoha! e boetse e baloa ke batho ba limillione ba merabe e fapaneng. Kahoo puisano e latelang e reretsoe ho thusa mocha ofe kapa ofe ea tobaneng le qaka ea ho ba motsoali ea seng lenyalong, ha ka nako e tšoanang e totobatsa liphello tse bohloko tse tlisoang ke likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo.

“KE NE ke le lilemo tse 15 ebile ke le moimana. Ke ne ke sa tsebe seo nka se etsang—ho ntša mpa, ho fana ka ngoana hore motho a ikholisetse eena kapa leha e le eng,” ho boletse Ann. Ann e ne e le e mong oa banana ba fetang millione ba ka tlase ho lilemo tse 20 United States ba ileng ba ima selemong seo.

Leha maemong a ’maloa a bohloko ngoanana a ima ka lebaka la ho betoa, hangata ho ima ha bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ho bakoa ke ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ka ho rata.a Leha ho le joalo, ho ima ka ntle ho lenyalo ho tlisetsa ngoanana likhetho tse ’maloa tse bohloko: Na ke lokela ho nyaloa? Na ke lokela ho fana ka ngoana hore motho a ikholisetse eena? Na ho ntša mpa ke karabo? Ke ’nete, ho hloka batho ba babeli ho etsa ngoana, ’me litokelo tsohle tsa boikarabelo ke tsa ntat’a ngoana. (Bona lebokose.) Empa hangata ke ngoanana (mohlomong ka thuso ea batsoali ba hae) ea tlohelloang ho etsa likhetho tseo tse thata. Qeto eo a e etsang e tla ba le phello ea ka ho sa feleng katlehong ea hae ea ’mele, le maikutlo le bakeng sa ngoana eo a mo immeng.

‘Na re Lokela ho Nyalana?’

Batho ba bangata ba ka ’na ba ikutloa hore ho nyalana le ntate oa ngoana e ne e tla ba tharollo e phethahetseng. Sena se ne se tla sireletsa ngoanana le lelapa la habo boikutlong ba lihlong har’a batho ba bang, hape ho ne ho tla lumella ngoana ho hōlisoa ke batsoali ba babeli. Empa lenyalo hase pheko feela. Pele, ke pako ea bomolimo feela e ka lokisang phoso mahlong a Molimo.b (Esaia 1:16, 18) Ho feta moo, ho potlakela ho kena lenyalong ho ne ho ka eketsa mathata a ngoanana. Kaha moshanyana le ngoanana ba sa ntsane ba le ‘paleseng ea bocha,’ mohlomong ha ba hōla ka ho lekaneng maikutlong hore lenyalo le atlehe. (1 Ba-Korinthe 7:36) Mohlomong moshanyana hase Mokreste oa ’nete ’me ha a tšoanelehe ho ba molekane oa lenyalo.—1 Ba-Korinthe 7:39.

Ngaka Arthur Elster o hlokomela ho ea pele: “Ho ba motsoali pele ho nako hangata ho baka hore bontate bana ba tlohele sekolo, ’me sena se ba beha kotsing e khōlō ea ho se fumane mosebetsi.” Mathata a moruo a sa feleng a ka senya lenyalo. Liphuputso tse ling li bolela hore litlhalano ho tloha karolong ea 50 lekholong ho ea ho karolo ea 75 lekholong li fumanoa har’a manyalo a ba ileng ba ima pele ho lenyalo!

Lenyalo ke bohato bo tebileng bo sa lokelang ho potlakeloa. (Ba-Heberu 13:4) Ka mor’a ho nahanisisa ka taba ena, bohle ba amehang ba ka lumela hore ho kena lenyalong e ne e tla ba bothoto, le hore ngoanana o ne a tla tsoella hamolemo ho hōlisa ngoana ka thuso ea lelapa la habo ho e-na le lenyalo le nang le mathata.

Ho Ntša Mpa—Pono ea Bibele

Ngoanana e mong o itse: ‘Ke batla ho etsa ho hongata ka bophelo ba ka, ’me ha ke na sebaka sa ngoana.’ Kahoo ho ntša mpa ke khetho ea banana ba ka bang halofo ea millione selemo le selemo United States feela. Empa na ho loketse kapa na ke toka ho bolaea bophelo ba ngoana hobane bo se na ‘sebaka’ mererong ea motho?

Hlokomela seo Bibele e se bolelang ho Exoda 21:22, 23 mabapi le bophelo ba ngoana ea e-song ho hlahe: “Banna ha ba loana, ’me ba thula mosali oa moimana, mpa e senyeha, a mpa a sa tsoe kotsi e isang lefung, ho tla lefshoa tefo e ka batloang ke monna oa mosali eo . . . Empa ekare ha kotsi e hlahile [ho ’mè oa ngoana kapa ngoana ea e-song ho hlahe], u tla lefa bophelo ka bophelo.” E, ho bolaea ngoana ea e-song ho hlahe ho ne ho talingoa e le polao!

Ke ’nete, lingaka tse ling li bolela hore ngoana ea e-song ho hlahe ke lehe feela le hōlang, kapa moloho oa ngoana ea e-song ho hlahe—e seng motho. Empa Molimo o bolela se fapaneng. O nka esita le moloho feela e le motho ea phelang! (Pesaleme ea 139:16) Na motho a ka bolaea ngoana ea e-song ho hlahe eaba u lula a amoheloa ke Molimo o “fang bohle bophelo”?—Liketso 17:25.

Buka Growing Into Love e hlahisa tseko e ’ngoe ka ho ntša mpa: “Le hoja liphello tsa ho ima li nolofatsoa ke ho ntša mpa, phihlelo ea ho emisa boimana hangata e ferekanya maikutlo le ho khathatsa. . . . Mocha . . . a ka lumela hore ke lehe le hōlang—seo ke phetho. . . . Empa ha ho litlhaloso tsa molao tse ka etsang hore a lebale, botebong ba pelo ea hae, hore lehe le neng le hōla ka hare ho eena le ne le na le monyetla oa bophelo.”

Mocha e mong ea bitsoang Linda o fumane ho hlile ho le joalo. Ka ho tšaba hore ho ba le ngoana ho ne ho tla tlisetsa lelapa la habo lihlong, o ile a ntša mpa. Leha ho le joalo, ka mor’a ntša ho mpa ena, oa hopola: “Ke ile ka qala ho thothomela hampe hoo ke sa kang ka ho laola. Ke ile ka qala ho lla, ’me kapele ka hlaseloa ke bohloko ba seo ke se entseng. Ke ne ke bolaile bophelo ba ngoana oa ka ea e-song ho hlahe, motho e mong!” Ke eng seo Linda a se nahanang hona joale ka ho ntša mpa? “Ebile phoso e mpe ka ho fetisisa bophelong ba ka kaofela.”

‘Nke ke ka mo Neha se Bohlokoa Haholo’

Bo-’mè ba bang ba seng lenyalong ba khetha ho neha motho e mong ngoana eo hore a ikholisetse eena. Hangata ba ikutloa joaloka Heather, ngoanana ea qotsitsoeng makasineng oa Seventeen, ea itseng: “Ka linako tse ling ke ba le bothata ba ho itaola ho se ho sa boleloe ka ngoana e monyenyane. Ke kopana hlooho ke bana, ’me ke rata bana, empa ke ne ke tseba hore nke ke ka neha ngoana enoa se bohlokoa haholo.”

Ke ’nete hore ho nehelana ka ngoana hore motho e mong a mo hōlisoe ho molemo ho feta ho timetsa bophelo ba hae ka ho ntša mpa. ’Me ka ho lumelehang, tebello ea ho hōlisa lesea ka boeona e ka bonahala e le boima haholo ho ngoanana ea mocha le ea hlokang phihlelo. Ho joalokaha ’mè e mong ea seng lenyalong a bolelletse Tsoha!: “U nka boikarabelo bo boholo, bo boholo haholo bo bolutu le bo lekang le bo hlokang boitelo bo boholo.” Leha ho le joalo, hopola hore Molimo o nka motsoali a ikarabella ho ‘baballa ba habo.’ (1Timothea 5:8) Mabakeng a mangata, ho ne ho tla ba molemo ho ngoanana ho ikholisetsa ngoana.

Ann, ea boletsoeng qalong, o ile a etsa khetho e bohlale—le hoja e se e bonolo. O re: “Ke ile ka rera ho etsa qeto ea ho nka ngoana. Batsoali ba ka ba ile ba nthusa ’me ba sa ntse ba etsa joalo.” Ka ho lumelehang, ho ba ’mè u le mong ho boima. Empa hase ho ke keng ha etsahala hobane bo-’mè ba bangata ba bacha eba batsoali ba nang le phihlelo e bontšang tsebo. Ho ba joalo haholo-holo haeba ka thapelo ’mè ea seng lenyalong a rera ho hōlisa ngoana oa hae ‘ka ho mo rutela Moreneng.’c (Ba-Efese 6:4) Batsoali ba hōlisang ngoana eo ba mo neiloeng ba ka tseba ho mo hlokomela hamolemo ka lintho tse bonahalang. Empa, na ba tla mo neha tataiso ea moea eo ngoana eo a e hlokang ho hōla ho ba ea ratang Molimo oa ’nete Jehova?—Deuteronoma 6:4-8.

Hape, hopola hore le hoja motsoali a le mong a ka thatafalloa ho neha ngoana oa hae se bohlokoa tabeng ea lintho tse bonahalang, a ka mo neha ntho e ’ngoe e bohlokoa ka ho fetisisa: lerato. “Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho e-na le ho ja khomo e nonneng [“nama e hlabosang,” Today’s English Version], moo ho nang le hloeano.”—Liproverbia 15:17.

Ha e le hantle, mahlomola a mangata a sa hlokahaleng a ka thibeloa haeba motho a qoba sebe sa bofebe ho tloha qalong.d Empa haeba ngoanana a entse phoso tabeng ena, ha ho hlokahale hore a qete ka hore bophelo ba hae bo felile. Ka ho sebetsa ka bohlale, a ka qoba ho eketsa phoso ea hae ’me a ntlafatse boemo ba hae. Ka sebele, a ka ba a fumana thuso le tšehetso ea Molimo, o ‘tšoarelang haholo’ ba suthang tseleng e fosahetseng.—Esaia 55:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ha bo lumelloe har’a Lipaki tsa Jehova joalokaha bo sa ka ba lumelloa har’a Bakreste lekholong la pele la lilemo. (1 Ba-Korinthe 5:11-13) Leha ho le joalo, bafosi ba ka fumana thuso ea baholo ba lerato ba phutheho. (Jakobo 5:14, 15) Ka ho bakela tsela ea bona e fosahetseng, batho ba joalo ba ka thabela tšoarelo ea Molimo le phutheho ea Bokreste.

b Tlas’a Molao oa Moshe, Molimo o ne o hloka hore monna ea sentseng moroetsana a mo nyale. (Exoda 22:16, 17; Deuteronoma 22:28, 29) Empa molao oo o sebelelitse litlhokahalo tsa batho ba Molimo tlas’a maemo a nakong eo le lilemong tseo. ’Me esita le nakong eo, lenyalo le ne le sa itsamaise, kaha ntate o ne a ka le thibela.—Bona makasine oa rōna oa Molula-Qhooa oa November 15, 1989, “Lipotso tse Tsoang ho Babali.”

c Lipaki tsa Jehova li thusitse malapa a mangata ho etsa lenaneo la thuto ea ka mehla ea Bibele. U ka ikopanya le tsona ka ho ngolla bahatisi ba makasine ona.

d Bona khaolo 24 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Lebokose le leqepheng la 21]

Ho Ima ha Bacha Liphello ho Bashanyana

Ba susumetsoa ke tšabo—kapa boiphapanyo ba boithati bashanyana ba bang ba nang le bana ba matšeo ba leka ho balehela boikarabelo ba bona ka ho feletseng. Moshanyana e mong eo kharebe ea hae e ileng ea ima o itse: “Ke ile ka ’molella feela hore ‘Re tla kōpana.’”

Ka lehlohonolo, bashanyana ba bangata ba bonahala ba batla hore bonyane ba kenye letsoho ka tsela e itseng kholisong ea bana ba bona. Ha lenyalo le bonahala le se bohlale (joalekaha ho le joalo hangata), ba bangata ba ithaopela ho thusa ka chelete. Ba bang ba ikemiselitse ho nka karolo tlhokomelong ea lesea ea ka mehla. Empa hangata boiteko bo joalo bo ipaka e le ba nakoana, bo ferekanngoa ke moputso o fokolang oa moshanyana le ho haelloa ke mamello ho hoholo le tsebo e hlokahalang ho khahlanyetsa litlhoko tsa lesea.

Hape, batsoali ba ngoanana ka linako tse ling ka bohale ba hanela moshanyana ho ba le litšebelisano tse tsoelang pele le morali oa bona ka ho tšaba hore sena se tla fella ka boitšoaro bo bong bo bobe—kapa lenyalo pele ho nako. Ba ka ’na ba mo hanela ho kopanela liqetong leha e le life tse lokelang ho etsoa mabapi le ngoana, mohlomong ba mo qobella ho ema a se na thuso nakong eo ngoana a bolaoang ka ho ntša mpa kapa a fuoang motho e mong hore a ikholisetse eena, ’me hoo ho felise monyetla leha e le ofe oa ho hlola a kopanela bophelong ba ngoana oa hae. Ka lehlakoreng le leng, moshanyana a ka lumelloa ho hōlisa katamelo e haufi le ngoana oa hae—kamano e khaohang habohloko feela ha ngoanana a nyaloa ke monna e mong ’me a nka karolo ea ntate.

Ntle ho khang, bo-’ntate ba sa nyalang ba boetse ba lefa habohloko bakeng sa boitšoaro bo hlokang boikarabelo. Ntate e mong ea sa nyalang ea lilemo li 16 o re: “Ho na le maikutlo a mangata ao o ke keng oa a mamella. Ho tšoana le ho rapella ho khutlela morao moo u neng u le teng pele, empa ho se tsela eo u ka ho etsang ka eona.”—Makasine oa “’Teen” oa November 1984.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela