Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 7/8 maq. 25-27
  • Karohano e Ncha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karohano e Ncha
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Metso ea Karohano
  • Ho ba Khahlanong le Tokoloho ea Bolumeli
  • E Bakiloe ke ’Misa oa “Protestanta”
  • Ho Hlokahala Mohlahlami
  • Mobishopo oa Lerabele
    Tsoha!—1988
  • Ke Hobane’ng ha ho na le “Lipelaelo Tse Tebileng?”
    Tsoha!—1990
  • Ke Hobane’ng ha ho na le Likarohano?
    Tsoha!—1990
  • Qaka eo Kereke e K’hatholike e Tobaneng le Eona
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 7/8 maq. 25-27

Karohano e Ncha

Ka mongolli oa Tsoha! Fora

LETSATSI la 30 June 1988, e tla ba letsatsi le tšoailoeng litlalehong tsa liketsahalo tsa selemo tsa Kereke ea Roma e K’hatholike. Letsatsing leo, mobishopo e moholo oa Fora Marcel Lefebvre o ile a qholotsa Vatican. O ile a hlomamisa babishopo ba bane seminaring ea hae ea Mak’hatholike a khomaretseng meetlo Switzerland. Ketso ena e ile ea etsa hore Lefebvre le babishopo ba bacha ba bane ba khaoloe kerekeng. E ile ea bōpa karohano ea pele Kerekeng e K’hatholike ho tloha ka 1870. Selemong seo ba ipolelang e le Mak’hatholike a Khale ba ile ba itokolla kerekeng eo ba hlahetseng ho eona ka baka la taba ea hore mopapa ha a fose.

Metso ea Karohano

Lekhalo le pakeng tsa Vatican le Mak’hatholike a khomaretseng meetlo a Mobishopo e moholo Lefebvre le ’nile la hōla ka nakoana. Metso ea karohano ke ea morao koana Sebokeng sa Bobeli sa Vatican, se neng se tšoeroe ho tloha ka 1962 ho ea ho 1965. Mopapa John XXIII, ea ileng a bitsa lekhotla, o ile a beha lipheo tse peli bakeng sa seboka sena. Se seng se ne se bitsoa aggiornamento (ho nchafatsa), ’me se seng e ne e le ho kopanya likereke tsohle tse bitsoang tsa Bokreste.

Le hoja Mobishopo e moholo Lefebvre, joaloka moeta-pele oa K’hatholike a ile a nka karolo ho Vatican II, o ne a sa lumellane le lipheo tsena tse peli. E le ralineano ea sa sekisetseng, boikutlo ba hae ke hore Kereke ea K’hatholike ha e hloke ho nchafatsoa. A tšehetsa ka pelo eohle pono ea K’hatholike ea meetlo hore “ka ntle ho Kereke ha ho poloko,” Lefebvre o kholisehile hore tsela feela eo “Bakreste” ba ka kopanngoang hape ka eona ke hore bohle bao eseng Mak’hatholike ba khomarele tumelo ea Roma e K’hatholike.

Ho ba Khahlanong le Tokoloho ea Bolumeli

Selemo hoba a khaoloe, mobishopo Lefebvre, ha a bua lebitsong la Mak’hatholike a khomaretseng meetlo ea kereke a tšehetsang boikutlo ba hae, o ile a phatlalatsa: “Ka ho tiileng ha re lumellane le khopolo ea tokoloho ea bolumeli le liphello tsa eona, haholo-holo thuto e buellang ho kopanngoa ha malumeli, eo ’na ka seqo ke sa lumellaneng le eona.”

O ne a sa etse liphetoho. Ka botšepehi o ne a latela moetlo oa K’hatholike. Ka la 15 August 1832, Mopapa Gregory XVI o ile a hatisa lengolo le eang ho bapapa Mirari vos, moo a neng a nyatsa tokoloho ea letsoalo e le “pono e fosahetseng, kapa bohlanya.” Lilemo tse 32 hamorao, Mopapa Pius IX o ile a ngola Buka ea Liphoso, moo a ileng a nyatsa khopolo ea hore “motho e mong le e mong o lokolohile ho amohela le ho buella bolumeli boo a lumelang hore ke ba ’nete.”

Ka ho hana thuto e buellang ho kopanngoa ha malumeli, Mobishopo e moholo Lefebvre o ne a mpa a bontša feela kamano ea hae le seo thuto ea K’hatholike e se bitsang “bonngoe ba Kereke,” ke hore ho na le kereke “e le ’Ngoe, e Halalelang ea K’hatholike le ea Baapostola.”

E Bakiloe ke ’Misa oa “Protestanta”

Liphetoho tse bakiloeng ke Vatican II meetlong ea K’hatholike ka ho khethehileng li bohloko ho mobishopo Lefebvre le balateli ba hae. Moeta-pele oa lerabele o nka liphetoho tse joalo li ile tsa etsa hore ’Misa ebe oa “Boprotestanta.” Hase feela taba ea ho sebelisa lipuo tsa kajeno ho e-na le Selatine; Lefebvre o ikutloa hore ho hongata ho fetotsoe ka khopolo ea ho hohela Maprotestanta le hore meetlo ea Selatine e buelletsoeng ke Mopapa Paul VI ke “bokoenehi.”

Ho tiisa ho tsoela pele ha ’Misa oa Selatine oa meetlo, mobishopo Lefebvre o ile a theha seminari ea Ecône, Switzerland, ka 1970. E ne e tsamaisoa ke Motsoalle oa Moprista oa Mohalaleli Pius X, eo Lefebvre a ileng a e theha selemong seo. Ha boikutlo ba hae bo ba matla, o ile a theha liseminari tse ling tsa meetlo ea K’hatholike Europe le Amerika. Moo bahlankana ba makholo ba ileng ba fumana koetliso e matla ka ho fetisisa ea boprista.

Moeta-pele oa lerabele o ne a se a hlomamisitse baprista ba meetlo ba fetang 200, le hoja Mopapa Paul VI a ne a thibetsoe ho etsa joalo ka 1976. Bana ba ile ba keteka ’Misa oa Selatine likerekeng ’me ka ntle ho molao ba o tšoarela likerekeng tsa K’hatholike.a Vatican e ile ea lumela hore Lefebvre o na le balateli ba ka bang likete tse lekholo ba mabotho a meetlo lefatšeng lohle, empa balaoli ba likereke tse ling ba lumela hore lenane leo le batlile e-ba halofo ea millione. Lefebvre ka boeena o lumela hore Mak’hatholike a limillione a lumellana le lipono tsa hae.

Ho Hlokahala Mohlahlami

Kerekeng ea K’hatholike, mobishopo a ka hlomamisa baprista. Leha ho le joalo, ke mopapa feela ea ka lumellang ho hlomamisoa ha mobishopo. Ka lebaka la bofokoli ba mobishopo ba ho hlomamisa baprista ba bacha, Lefebvre ea tsofetseng o ile a hlokomela hore Metsoalle ea Baprista e ne e tla hloka ea ba hlomamisang ka mor’a lefu la hae. E tšepa hore sena se ka etsahala, Vatican e bile le lipuisano tsa nako e telele le eena, qetellong ea etsa qeto. O ne a tla amohela ho hlomamisoa ha mobishopo ea lumeletsoeng ke Vatican kapa haeba a tla tsoela pele ho hlomamisa babishopo ka boeena, o ne a tla khaoloa.

Ka la 30 June 1988, moketeng oo ho neng ho tlile balateli ba hae ba likete, mobishopo oa lerabele o ile a hlomamisa babishopo ba bane ba khomaretseng meetlo ea kereke. Koranta ea ka mehla ea Paris International Herald Tribune e tlalehile: “Ho hlomamisa ha mobishopo e moholo Lefebvre babishopo ba bane ho theha moriti ka holim’a lekhotla la Vatican leo ho lona mopapa a ileng a phahamisa babishopo ba 24 Kolecheng ea Bak’hadinale. Vatican e ile ea hlakola mokete o khethehileng oa lipina ho thibela ‘bohloko ba eona bo tebileng’ ketsong ea mobishopo Lefebvre. ‘Ke letsatsi la mahlomola,’ ke kamoo ho boletseng Mok’hadinale Decourtray [oa Fora].”

Karohano ena Kerekeng e K’hatholike ha ea baka bohloko ho Vatican feela empa hape e siile Mak’hatholike a limillione a tšepahalang lefatšeng lohle a tsielehile ’me a ferekane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Mobishopo oa Lerabele” tokollong ea Tsoha! ea January 8, 1987.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela