Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 3/8 maq. 26-28
  • Qaka eo Kereke e K’hatholike e Tobaneng le Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Qaka eo Kereke e K’hatholike e Tobaneng le Eona
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qeto ea Vatican II ka Mokhatlo o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli
  • Litšitiso tsa ho Finyella Bonngoe
  • Qaka eo Kereke e Talimaneng le Eona
  • Boiteko ba ho Kopana
    Tsoha!—1991
  • Na Bonngoe ba Bokreste ke Ntho e ka Finyelloang?
    Tsoha!—1991
  • Matsatsi a Tsebahalang Mokhatlong o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli
    Tsoha!—1991
  • Ke Hobane’ng ha li Kōpa Tšoarelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 3/8 maq. 26-28

Qaka eo Kereke e K’hatholike e Tobaneng le Eona

“PENTEKONTA E NCHA.” Eo e bile tšepo ea Mopapa John XXIII eo a e boletseng bakeng sa lekhotla le buellang ho kopanngoa ha malumeli le simollotseng ka 1962 ’me le ile la tsebahala e le Vatican II. O ne a tšepile hore lekhotla lena e tla ba kofuto ea ho tsosolosa Mak’hatholike moeeng le hore le ne le tla tlisa liphetoho tse neng li tla betla tsela ea ho kopanya Bokreste-’mōtoana hape.

Hase babishopo bohle ba Vatican ba neng ba le ntsoe-leng ka likhopolo tse joalo tsa aggiornamento (ho nchafatsa lintho). The New Encyclopædia Britannica ea tlaleha: “Qetellong, qeto ea Mopapa e ile ea amoheloa ka bonolo ke Lekhotla la hae, le neng le kholisehile hore kereke e ile ea atleha haholo tlas’a boeta-pele ba Pius XII ea ileng a bona ho se lebaka le utloahalang la hore ho fetoloe seo John a neng a nahana ka sona. Ha e le hantle, bak’hadinale ba bang ba Vatican ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho liehisa lekhotla ho fihlela ha monna-moholo a se a shoele hore morero ona o ka felisoa ntle le ho tsosa libata masene.”

Qeto ea Vatican II ka Mokhatlo o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli

Mopapa John XXIII o ile a phela nako e telele ka ho lekaneng ho fihlela a thea Lekhotla la Bobeli la Vatican, empa nakoana ka mor’a moo, o ile a shoa ka June 1963 nako e telele pele seboka seo se fela ka December 1965. Leha ho le joalo, Qeto ka Mokhatlo o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli e ile ea phatlalatsoa ke Mopapa Paul VI ka la 21 November, 1964. Qeto ena e ile ea bolela tjena selelekeleng sa eona: “Ho tsosolosoa ha bonngoe har’a Bakreste bohle ke e ’ngoe ea lintho tsa sehlooho tseo Seboka sa Bobeli sa Vatican se amehileng ka tsona.”

Habohlokoahali, moprista oa Mojesuite Walter M. Abbott o ngotse ho The Documents of Vatican II: “Qeto ea Mokhatlo o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli e tšoaea ho itahlela ha Kereke ea Roma e K’hatholike ka setotsoana mokhatlong ona oa ho kopanngoa ha malumeli.” Ka mokhoa o tšoanang, tlas’a sehlooho “Bok’hatholike ba Roma ka Mor’a Seboka sa Bobeli sa Vatican,” The New Encyclopædia Britannica e boletse tjena ka mokhoa o tletseng tšepo: “Kereke ea Roma e K’hatholike e lahlile ka molao boemo ba eona ba hore ke ‘kereke e le ’ngoe ea ’nete.’”

Empa na ka sebele Kereke e K’hatholike e lahlile boemo boo? Bonngoe bo ne bo tla finyelloa tlas’a maemo afe? Ka mor’a ho hlalosa hore na ke ho isa bohōleng bofe Mak’hatholike a ka etsang mosebetsi oa ho buella ho kopanngoa ha malumeli, Qeto ea Mokhatlo o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli e ile ea bolela: “Seboka sena se halalelang se phehella batho ba tšepahalang ho tela cheseho leha e le efe eo eseng ea bohlokoa kapa ea booatla. . . . Mosebetsi oa bona oa ho buella ho kopanngoa ha malumeli hase letho haese oa Bok’hatholike bo tšepahalang ka ho felletseng, ke hore, ho tšepahalla ’nete eo re e amohetseng ho Baapostola le Bo-ntate tumellanong le tumelo eo Kereke e K’hatholike e ’nileng ea ipolela e e-na le eona.”

Litšitiso tsa ho Finyella Bonngoe

’Nete ke hore Kereke ea Roma e K’hatholike ha e ea lahla boemo ba hore ke eona kereke e le ’ngoe feela ea ’nete. Qeto ea Vatican II e mabapi le Mokhatlo o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli ea bolela: “Mokhoa oa polokeho e felletseng o ka fumanoa ka Kereke e K’hatholike ea Kreste feela, e leng thuso ea lefatše lohle e lebisang polokehong. Ke holim’a k’holeche ea baapostola feela, eo Petrose e leng hlooho ea eona re lumelang hore Morena oa Rōna o tšepetse mahlohonolo ’ohle a Selekane se Secha.”

Buka ea haufinyane ea boitsebiso ea Fora Théo—Nouvelle Encyclopédie Catholique (1989) ea bolela: “Ho Mak’hatholike, mopapa joaloka mohlahlami oa Petrose, ho latela thuto ea bona ea bolumeli ke eena oa bohlokoa ba motheo oa bonngoe ba Kereke le babishopo. Leha ho le joalo, ’nete e hlakileng ke hore mopapa ke eena sesosa se ka sehloohong sa likarohano mahareng a Bakreste.”

Thuto ena ea bophahamo ba mopapa e tlisang karohano e amana haufi le lithuto tsa ho se fose ha mopapa le tlhahlamano ea baapostola ea babishopo ba K’hatholike tseo ka bobeli li sa amoheleheng ho likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana tseo eseng tsa K’hatholike. Na ho na le seo Vatican II e se entseng ho lokisa boemo ba K’hatholike lithutong tsee?

Molao oa Lithuto tsa Kereke oa Vatican II o fana ka karabo serapeng sa 18: “Lekhotla lena le halalelang la kereke le hatang mehlaleng ea Seboka sa Pele sa Vatican [le simollotseng thuto ea ho se fose ha mopapa], le ruta le ho bolela hore Jesu Kreste, moruti oa ka ho sa feleng, ke eena ea theileng Kereke e halalelang ka ho neha baapostola mosebetsi oa bona joalokaha le eena a ne a romiloe ke Ntate (bapisa le Joh. 20:21). O boletse hore bahlahlami ba bona, e leng babishopo, e lokela ho ba balisa Kerekeng ea hae ho fihlela bofelong ba lefatše. Leha ho le joalo, hore sehlopha sa babishopo se be le bonngoe ’me se kopane, o behile Petrose joaloka hlooho ea baapostola ba bang, ’me ho eena o theile mohloli oa ka ho sa feleng le o bonahalang le motheo oa bonngoe ba tumelo le botsoalle. Lekhotla le halalelang la kereke le etsa tlhahiso e ncha ea hore bohle ba tšepahalang ba lumele ka tieo thuto ena e ncha ea ho theoa ha boeta-pele bo halalelang ba Mopapa oa Roma le tšebeletso ea hae e sa foseng ea thuto, ho tsoela pele ha bona ka ho sa feleng, sebōpeho sa bona le bohlokoa ba bona, ’me ha ba tsoela pele ka boitlamo bona ba sa khelohe, ba tla phatlalatsa le ho bolela ka tieo thuto e mabapi le babishopo, bahlahlami ba baapostola bao hammoho le mohlahlami oa Petrose, Mopapa oa Roma e K’hatholike le hlooho e bonahalang ea Kereke eohle, ba tsamaisa ntlo ea Molimo o phelang.”

Habohlokoahali, Molao ona oa Lithuto tsa Kereke o ile oa phatlalatsoa ke Mopapa Paul VI letsatsing leo a tekenetseng Qeto e Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli ka lona. Khoeling eona eo ka la 21 November, 1964, o ile a bolela hore “Maria ‘’Mè oa Kereke,’ ke hore ke ’mè oa bohle ba tšepahalang le baruti bohle.” Ke joang ho ka boleloang hore Qeto e Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli ‘e tšoaea ho ikakhela ha Kereke ea Roma e K’hatholike ka setotsoana Mokhatlong o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli’ ha mopapa letsatsing leo a ile a khetha ho phatlalatsa lithuto tse neng li sa amohelehe ka ho felletseng ho boholo ba litho tsa Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke?

Qaka eo Kereke e Talimaneng le Eona

Dr. Samuel McCrea Cavert, eo e neng e le mongoli-kakaretso oa Lekhotla la Lichaba la Likereke, ea bileng le karolo ea bohlokoa bakeng sa ho theoa ha Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke o boletse: “Qeto [ea Mokhatlo o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli] e hlile ha e khone ho lumella mesebetsi ea eona ea bonngoe ba bolumeli hammoho le khopolo ea ’ona ea hore Roma e K’hatholike ke eona feela Kereke ea ’nete. . . . Se tlatsanang le sena ka ho eketsehileng ke mohopolo o mong oa bophahamo ba Petrose le puso ea hae holim’a Kereke eohle. Ho bonahala likhopolo tsena tsa thuto e buellang ho kopanngoa ha malumeli li bolela hore thuto ea Roma e K’hatholike ke ea bohlokoa bo sa fetoheng.”

Dr. Konrad Raiser, motlatsi oa mongoli-kakaretso oa Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke, o ile a re: “Mopapa [John Paul II] o etsa liqeto tse ngata tsa thuto e buellang ho kopanngoa ha malumeli empa o susumetsoa ke mosebetsi o mo hulelang ka lehlakoreng le fapaneng.”

Ho se lumellane hona ho totobetseng mahareng a pono ea Vatican ka mokhatlo o buellang ho kopanngoa ha malumeli le ho khomarela ha eona likhopolo tsa meetlo ho senola feela hore Kereke ea Roma e iphumana e qakehile. Haeba ka ’nete e hlile e tšepahala ka ho nka karolo mokhatlong o buellang ho kopanngoa ha malumeli bakeng sa bonngoe ba Bokreste e lokela ho lahla khopolo ea hore ke eona feela kereke ea ’nete. Haeba e hana ho lahla khopolo ena, e tlameha ho lumela hore thuto ea eona e buellang ho kopanngoa ha malumeli e mpa e le feela leano la ho tšoasa likereke tsa Orthodox le Protestanta hore li khutlele lesakeng la K’hatholike.

Ka ho tobileng, Kereke e K’hatholike e tlameha ho lumela hore boipolelo ba eona ba makholo a lilemo ke bohata kapa ho nka ha eona hona joale karolo mokhatlong o buellang ho kopanngoa ha malumeli ke boikaketsi. Ka litsela tse ngata litho tse ngata tse tšepahalang tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana li qakehile. Lia ipotsa hore na ebe bonngoe ba Bokreste bo tla ke bo finyelloe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

‘Qeto ea Mokhatlo o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli e tšoaea ho itahlela ha Kereke ea Roma e K’hatholike ka setotsoana mokhatlong ona oa ho kopanngoa ha malumeli’

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Vatican II e entse hore Kereke e K’hatholike e iphumane e qakehile

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UPI/Bettmann Newsphotos

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela