Bokhoba ba Crack—Na ho na le Pheko?
HA HO na pelaelo hore bokhoba ba crack bo fihlile tekanyong e sithabetsang, ’me bothata bona bo ntse bo eketseha. Liea-le-moea le lithelevishene li phatlalatsa bothata bona. Likoranta le limakasine li etsa sehlooho sa litaba ka bona. Liphaposi tsa sepetlele tsa maemo a tšohanyetso le litsi tseo ho okeloang batho ba tsoileng likotsi ho tsona li thulana le pefo ea bona. Liphaposi tsa ho pepela li tletse ke masea a lemalitsoeng ke bokhoba boo. Liphaposi tsa sepetlele tseo ho bolokoang thepa ho tsona li sebelisetsoa ho “boloka” masea a lahliloeng kherehloa ho fapana le ho boloka thepa.
Litsi tse ntšang liphello tsa lithethefatsi ’meleng le tse tsosolosang boemo ba bophelo li phekola bana ba e-s’o fihle lilemong tsa bona tsa bocha. Litsi tsa tšebeletso ea sechaba li ntse li kōpa lichelete ho loantša seoa sena. Ho na le ba reng ba ke ke ba hlōla bokhoba ba bona le ba bang ba sa lakatseng ho bo hlōla. Sehlopha sena sa ho qetela se letetsoe ke mahlomola, ho tšoenyeha, pefo, mohlomong le lefu. Mabapi le sehlopha sa pele, ho na le tšepo.
The New York Times ea la 24 August, 1989, e ile ea tlaleha tjena: “Selemong se fetileng feela, crack e ne e nkoa ka ho pharalletseng e le sethethefatsi se secha, se neng se ntse se sa utloisisoe hantle empa se na le litšobotsi tse khethehileng tse hlahisitseng bokhoba boo ho batlang ho le thata ho bo phekola.” Leha ho le joalo, koranta eo e ile ea bolela hore hona joale bafuputsi ba fumana hore bokhoba ba crack, tlas’a maemo a loketseng, ke ntho e ka phekoloang ka katleho. Dr. Herbert Kleber, motlatsi oa motsamaisi oa setsi se laolang tsamaiso ea lithethefatsi, William J. Bennett, o ile a re: “Bokhoba ba crack ke ntho e ka phekoloang.” O ile a re senotlolo ke hore makhoba ao a fuoe libaka tseo e ka ’nang eaba ha ho mohla a kileng a ba ho tsona pele lapeng le boemo bo itseng sechabeng. O ile a hatella ka hore: “Ho hlokahala hore a hlomelloe bakeng sa ho ipaballa ho feta hore ho tsosolosoe boemo ba ’ona ba bophelo.”
Bafuputsi ba fumane hore lenaneo le nang le katleho haholoanyane ho phekola lekhoba la cocaine ea crack le na le mehato e meraro—ho ntša liphello tsa sethethefatsi seo ’meleng, keletso le koetliso e pharalletseng ea botho, ’me habohlokoahali, tšehetso tikolohong e nepahetseng. Ho ntša liphello tsa sethethefatsi ’meleng, kapa ho tlohellisa lekhoba sethethefatsi seo, hase tšitiso e khōlō. Hangata motho a ka etsa hona ka boeena ka baka la maemo a itseng. Ho hloka chelete ea ho reka sethethefatsi seo e ka ba ntho e tlatsetsang haholo, ’me hangata ho joalo. Ho kenngoa teronkong setsing se seng sa kahlolo moo lithethefatsi li sa fumaneheng e ka ba ntho e ’ngoe e ka tlatsetsang, kapa ho lula sepetlele le hona ho ne ho ka le qobella hore le tele sethethefatsi seo. Leha ho le joalo, bothata ba sebele ke ho boloka lekhoba hore le se ke la hlola le khutlela ho sethethefatsi seo ha le ka se fumana.
Le hoja batho ba bang bao e neng e le makhoba ba atlehile ho itokolla botlamuoeng ba crack ha ba ntse ba le tlas’a lenaneo le lokiselitsoeng ka ho khetheha la phekolo, litsebi tse khethehileng tsa phekolo li ile tsa hatella hore makhoba a mangata ha ho mohla a atlehang libekeng tse qalang. Ka mohlala, Dr. Charles P. O’Brien, seithuti sa kelello Univesithing ea Pennsylvania, o ile a re likarolo tse peli ho tse tharo tsa makhoba a ngolisitseng lenaneong la hae la phekolo a ile a fokotseha khoeling ea pele. Mananeo a mang a bile le katleho e fokolang le ho feta.
Tikoloho e Fosahetseng
Motsamaisi e mong ea tsebahalang oa setsi sa phekolo o ile a re: “Re ka ’na ra lokela ho a ntša. U lokela ho ntša makhoba ao tikolohong eno ea lithethefatsi. Tikoloho eo ke moo ho bolokoang litopo ho fihlela beng ka tsona ba li fumane.” Bafuputsi ba fumane hore lena ke lona lebaka la sehlooho leo ka lona palo e khōlō ea makhoba ao a ntšitsoeng bokhobeng ba lithethefatsi a boelang sethethefatsing seo se neng se a entse makhoba. Ho bonahala lebaka le hlakile. Tabeng ea pele na tsee hase tsona litikoloho tse ileng tsa etsa hore a romeloe litsing tsa phekolo? Na crack e ne e sa fumanehe likhutlong tsohle tsa literata, moo khatello ea lithaka, hangata e le ho tsoa lelapeng la habo bona le metsoalle e molemohali, e ileng ea a susumelletsa hore a hule mosi ka lekhetlo la pele peiping e hlahletseng crack? Joale ke mang ea teng ho a khothalletsa hore a khomarele lenaneo la phekolo le ho lokoloha lithethefatsing tse loanelang bophelo ba ’ona?
Mananeo a atlehileng haholoanyane a hatelletse hore tikoloho e fosahetseng ke eona ntho ea sehlooho e amehang ho tsoeleng pele ha lekhoba leo le ntse le sebelisa lithethefatsi hampe. The New York Times e ile ea tlaleha: “Mokuli eo o rutiloe maqheka a ho lulella thōko le sethethefatsi seo, ho akarelletsa le hore na ke joang a ka qobang litšusumetso tse tsosang takatso ea sona.” Koranta eo e ile ea bolela hore: “Ho bona seterata seo motho eo a neng a reka crack ho sona pele, komana e lahliloeng tseleng eo ho tsamauoang ho eona, ofisi ea ngaka ea meno kapa monko oa meriana e thethefatsang o tšoanang le monko oa k’hemik’hale ea crack,” kaofela ke lintho tse ka ’nang tsa qholotsa takatso ea sethethefatsi seo. Mananeo a atlehang a ile a boela a hatella bohlokoa ba hore makhoba ao a “khaotse maqhaama ’ohle le metsoalle le beng ka ’ona ba ntseng ba sebelisa lithethefatsi.” Ho e-na le hoo, a ile a eletsoa ho etsa metsoalle e mecha ea batho ba sa sebeliseng lithethefatsi. Ka sebele hoo ke keletso e bohlale.
U ka Hana!
Buka Self-Destructive Behavior in Children and Adolescents e hlokomela tjena: “Hangata mocha o tloaetsoa kapa o ‘rutoa’ lithethefatsi tse fapaneng ke motsoalle ea haufi . . . Boikemisetso [ba hae] e ka ba ho kopanela le eena phihlelong e hlasimollang kapa e monate.” Leha ho le joalo, khatello ea lithaka ha e felle feela ho bacha, joalokaha batho ba baholo bao e leng makhoba ba ka tiisa; leha e le hore keletso ena e bohlale ea Mangolo e fella ho bacha feela, empa e sebetsa ho batho ba lilemo tsohle, joalokaha mongoli oa Bibele a re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.”—Liproverbia 13:20.
Haeba u tsielitsoe ke mathata a bonahalang a ke ke a hlōloa, u se ke ua batla pheko lithethefatsing. Sena se tla eketsa mathata a hao le ho feta. Buisana ka lintho tseo le motsoali kapa motho e mong e moholo ea nang le boikarabelo ea neng a tla u hopolela se molemohali. Hape, hopola keletso ea Bibele: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna.”—Ba-Filippi 4:6, 7.
[Lebokose le leqepheng la 26]
Ice, e Feta Crack
Makasine ea Newsweek e re ka sethethefatsi sena se tsoang Asia: “Majapane a se bitsa shabu, ho Makorea ke hiroppon. Ho Maamerika ao e leng makhoba ao e leng hona a hlokomelang ‘plaka’ ea sona e matla le ho tepelletsa ha sona ho tšabehang, sethethefatsi sena se bitsoa ‘ice.’” Ke mofuta o mong oa methamphetamine, kapa speed, o etsoang ka lik’hemik’hale tse fumanehang habonolo. Ho ba ‘plakeng’ ho bakoang ke crack ho tšoarella metsotso e itseng; ho bakoang ke ice ho tšoarella lihora tse itseng, ho ea ho tse 24. Hangata e etsa hore basebelisi ba eona ba be mabifi. Ho sebelisoa ha eona ho tsoelang pele ho baka tšenyo kelellong le kholofalo e kotsi ea matšoafo le liphio. Newsweek e re “liphello tsa ice ho masea a sa tsoa hlaha lia nyarosa.” Mofuputsi e mong o re: “Haeba u ne u nahana hore ho lemalla cocaine ho hobe, hoo hoa fokola ha ho bapisoa le sethethefatsi sena.” Ho thata ka ho fetisisa ho se tlohela ho feta bokhoba ba cocaine, ebile lipono tse thetsang tse bakoang ke ice li ka ba matla haholo ho feta leha e le neng pele ka mor’a lilemo tse peli.