Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 12/8 maq. 3-4
  • Lithethefatsi Mathata a Eketseha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithethefatsi Mathata a Eketseha
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?
    Tsoha!—1988
  • Lithethefatsi—Li Kotsi lia Bolaea
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 12/8 maq. 3-4

Lithethefatsi Mathata a Eketseha

LITHETHEFATSI li hlahella haholo litabeng matsatsing ana. Ha ho bonolo hore u nke koranta kapa makasine ’me u se ke ua bona litaba tse buang ka mathata a lithethefatsi: Letona le tšoeroe le tšelela naheng e ’ngoe ka lithethefatsi. Moetapele oa sechaba o boletsoe a le molato ka ho kopanela mesebetsing ea ho rekisa lithethefatsi ka sekhukhung. Semathi se tsebahalang se ile sa lokela ho tsosolosoa ka lithethefatsi. Boemeli ba sesole bo futuhetse sefofane kapa sekepe ’me ba fumana sepalangoang se seholo se nang le lithethefatsi. Sesoasi se tsebahalang se bolailoe ke ho noa lithethefatsi tse fetang tekanyo. Moenjenere ea amehileng kotsing ea terene o fumanoe a le tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi. Lepolotiki le etsa taolo ea lithethefatsi ntho e khōlō ea letšolo la hae. ’Me e tsoela pele joalo.

Taba ea lithethefatsi e hlokometsoe haholo hoo selemong se fetileng lichaba tse 24 li ileng tsa kopana ho felisa lithethefatsi. Li “felisitse litone tse 5 046 tsa lekhapetla la coca le litone tse 17 585 tsa limela tsa matekoane” ho bolela U.S. News & World Report. “Ho ntse ho le joalo, Lefapha la Naha la [U.S.] le entse qeto ea hore mananeo a kajeno a ho felisa lithethefatsi a ‘fokola bakeng sa ho felisa tlhahiso ea lefatše lohle ea lithethefatsi’”

Ho hapuoa ha lithethefatsi, ho koalla chankaneng, le ho ahloloa nako e telele li eketsehile. Empa ho joalo le ka ho hlahisoa ha lithethefatsi tseo e seng tsa molao. Ke feela korolo e nyenyane ea lithethefatsi e fumanoang ’me e nkuoe, ’me libakeng tse ngata ho bonolo ho fumana lithethefatsi ho feta leha e le neng pele. Ka mohlala, ho sa tsotellehe boiteko bo kopanetsoeng ba 1986 ba ho futuha le ho felisa lilaboratri tse sebetsanang le cocaine, tlhahiso ea cocaine ka makhapetla a coca Bolivia, Colombia, le Peru ha e le hantle ho phahame ka karolo ea 10 lekholong pakeng tsa 1986 le 1987. Cocaine e rekisoang literateng joale e hloekile haholoanyane, ’me litheko li theohile—li fana ka bopaki ba tlhahiso e eketsehileng.

“United States e na le lenane le phahameng haholo la bacha ba sebelisang lithethefatsi tseo e seng tsa molao sechabeng leha e le sefe se tsoetseng pele moruong lefatšeng, ’me tšusumetso ea ho sebelisa lithethefatsi e etsahala lilemong tsa pelenyana ho feta leha e le neng pele,” ho bolela tlaleho ea Behavior Today. Tlhahlobo e senotse hore bacha bohle ba fetang halofo sekolong se phahameng ba lumetse hore ba lekile tšebeliso eo e seng ea molao ea lithethefatsi bophelong ba bona le hore karolo ena e khōlō e phahama hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ho ba leng lilemong tsa bona tse bohareng tsa bo20. Hona joale United States e na le palo e lekanyetsoang ho ba limillione tse 1,2 ea makhoba a lithethefatsi, ’me ba limillione tse 23 ba sebelisa lithethefatsi bakeng sa “boikhathollo.”

Linaha tse ling ha se mokhelo seoeng sena sa lithethefatsi. Koranta ea Soviet Pravda e tlalehile Letona la Litaba tsa ka Hare ho Naha Alexander Vlasov le re: “Ntoa khahlanong le bokhoba ba lithethefatsi le tlōlo ea molao e amanang le bona e fetohile e meng ea mesebetsi e meholo ea Lefapha la Litaba tsa ka Hare ho Naha.” Joaloka ha ho tlalehiloe ho Soviet Weekly, “ho entsoe liqoso tse amanang le lithethefatsi khahlanong le batho ba Soviet ba 8 000 lilemong tse kaholimo ho tse peli tse fetileng,” ’me ho sa tsotellehe tsela eo makhoba a tšoaroang ka eona, “bothata bona e lutse e ntse e le bo boholo, bo nang le basebelisi ba molao ba lithethefatsi ba 131 000.”

Ho boletsoe hore Hungary e na le ba sebelisang lithethefatsi hampe ba pakeng tsa 30 000 le 50 000, ’me Poland ho lekanyelitsoe makhoba a lithethefatsi a 200 000 ho ea ho 600 000 e le basebelisi ba lithethefatsi tse matla, haholo-holo ke bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 25. Pakistan e lekanyetsa hore e na le makhoba a ka bang 313 000 a opium le a 150 000 a heroin. Setho sa Palamente Europa Sir Jack Stewart Clark o lekanyetsa hore palo ea basebelisi ba ka mehla ba cocaine Europa Bophirimela e ka fihla ho limillione tse tharo ho ea ho tse ’ne mahareng a bo1990. Spain e se e e-na le basebelisi ba cocaine ba lekanyetsoang ho ba 60 000 ho ea ho 80 000.

Bothata ba lithethefatsi bo hōlile haholo hoo tlhahlobo ea Machaba a Kopaneng e boletseng hore joale bo boemong ba ho sokela “tšireletseho ea linaha tse ling.”

Ke hobane’ng ha lithethefatsi li hlahelletse hakaana? Ha e le hantle, ke ka lebaka la eng ha batho ba sebelisa lithethefatsi? Ke ka lebaka la eng ha boiteko bo boholo ba ho felisa bothata bo hōlang ba lithethefatsi bo hlōlehile? Ke’ng se ka etsuoang ho thibela tšokelo e hōlang ea lithethefatsi?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela