Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 8/8 maq. 16-17
  • Na Saense e Entse Bibele e be e Siiloeng ke Nako?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Saense e Entse Bibele e be e Siiloeng ke Nako?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khoheli ea Lintho
  • Mokeli-keli o Bokahohleng
  • Ke Hobane’ng ha Bibele e le Pele Haholo ho Feta Nako ea Eona?
  • Ke Mang ea Entseng Melao e Laolang Bokahohle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Buka ee e Lumellana le Saense?
    Buka ea Batho Bohle
  • Aristotle
    Tsoha!—2016
  • Saense le Bibele—Na Ehlile Lia Hanyetsana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 8/8 maq. 16-17

Pono ea Bibele

Na Saense e Entse Bibele e be e Siiloeng ke Nako?

NA SAENSE hammoho le kutloisiso ea eona e tsoetseng pele ka bokahohle, e entse hore Bibele e be pōkello ea litšōmo kapa lipale? Kajeno batho ba bangata ba nahana joalo. Na le uena u nahana joalo?

Mohlomong le uena, joaloka batho ba bangata, u rutiloe ho nahana ka tsela e joalo ho tloha bonyenyaneng empa ho se mohla u kileng oa belaella khopolo eo. Joale re u mema ho hlahloba potso eo. Mohlala o le mong feela, nahana ka polelo e buang ka bokahohle ba tlhaho ka Bibeleng. Polelo ena ha ea hanyetsana feela le seo litsebi tsa mehleng eo li neng li se bolela empa e ne e hanyetsana le seo bo-rasaense ba ntseng ba se bolela lilemong tse likete hamorao.

Khoheli ea Lintho

Lefatše le lutse holim’a eng? Ke eng se tšoereng khoeli, letsatsi, le linaleli? Lipotso tsena li ile tsa qaka batho ka lilemo tse likete. Ka lefatše, Bibele e na le karabo e bonolo. Ho Jobo 26:7 (NW) e bolela hore Molimo “o fanyeha lefatše holim’a lefeela.” Seheberung sa pele, lentsoe bakeng sa “lefeela” (beli-mahʹ) le sebelisitsoeng mona ha e le hantle le bolela “ntho e seng teng,” ’me ke mona feela moo le hlahang ka Bibeleng. Setšoantšo seo lentsoe lena le fanang ka sona ka lefatše le pota-potiloeng ke sebaka se feela se hlokomeloa ke liithuti e le “pono e tsotehang,” haholo-holo nakong ea sona.a

Ha se kamoo batho ba bangata ba neng ba nahana lefatše ka teng mehleng eo. Pono e ’ngoe ea boholo-holo ke hore lefatše le ne le tšehelitsoe ka litlou tse emeng holim’a khulu e khōlō.

Aristotle, mofilosofi ea tummeng oa Mogerike le ra-saense oa lekholong la bone la lilemo B.C.E., o ile a ruta hore lefatše le ne le ke ke la ema sebakeng. Ho e-na le hoo, o ile a ruta hore linaleli li khomaretse karolong e thata e bonaletsang. Sebaka se seng se ne se le ka har’a se seng. Lefatše le ne le le sebakeng se ka hare-hare; ha sebaka se ka ntle se ne se tšoere linaleli. Ha bokahohle bona bo ntse bo tsamaea ka har’a bo bong, lintho tse leng ho bona—letsatsi, khoeli, le lipolanete—li ne li tsamaea sepaka-pakeng.

Polelo ea Bibele ea hore lefatše le ‘fanyehiloe holim’a lefeela’ e bile teng pele ho Aristotle lilemo tse fetang 1 100. Leha ho le joalo, Aristotle o ne a nkoa e le motho ea nahanang haholo oa mehleng ea hae. Likhopolo tsa hae li ne li ntse li rutoa e le ’nete lilemo tse ka bang 2 000 ka mor’a lefu la hae! Joalokaha The New Encyclopædia Britannica e bolela, lekholong la bo16 le la bo17 la lilemo C.E., lithuto tsa Aristotle “li ile tsa fihla boemong boo e leng thuto ea bolumeli” mahlong a kereke.

Mofilosofi oa lekholong la bo16 la lilemo Giordano Bruno o ile a leka ho phephetsa khopolo ea hore linaleli “li kene ka mokoting o le mong o monyenyane.” O ile a ngola hore e ne e le “khopolo e makatsang eo bana ba ka e kholoang, ba nahanang hore mohlomong haeba [linaleli] li ne li sa khomarela sepaka-pakeng ka sekhomaretsi se matla, kapa li otlelletsoe ka lipekere tse matla ka ho fetisisa, li ne li tla re oela joaloka sefako.” Empa ho hanyetsana le Aristotle mehleng eo ho ne ho le kotsi—kereke e ile ea chesa Bruno a ntse a phela bakeng sa ho jala likhopolo tsa hae tse neng li sa lumellane le kereke ka bokahohle.

Mokeli-keli o Bokahohleng

Ka ho qapuoa ha telescope, litsebi tsa sepaka-paka tse eketsehang li ile tsa qala ho belaella Aristotle. Haeba letsatsi, khoeli, le linaleli li ne li sa khomarela bokahohle bo potolohang lefatše, joale ke eng e neng e tla li thibela ho tsoela pele ho potoloha? Seithuti sa lipalo sa lekholong la bo17 la lilemo René Descartes o ile a nahana hore o fumane karabo. O ile a lumellana le Aristotle hore sebaka se mahareng a rōna le lihloliloeng tsa leholimo ho ke ke ha etsahala hore se be feela. Kahoo o ile a nahana hore bokahohle bo tletse mokeli-keli o bonaletsang.

Ho bonahala khopolo ea hae e ne e rarolla mathata a mabeli. Lebakeng le leng, ho ne ho bonahala e fana ka ntho e ’ngoe e ‘thibang’ lihloliloeng tsa leholimo tse leketlileng mokeli-keling! Lebakeng le leng, e ile ea thusa ho hlalosa motsamao oa lipolanete. Descartes o bolela hore lipolanete li ile tsa thibelloa har’a meea ea sefefo mokeli-keling o ileng oa li likolohisa litselaneng tsa tsona. Khopolo e bitsoang “Theory of Vortices,” kamoo e neng e bitsoa ka teng, e ka bonahala e fosahetse ka ho makatsang kajeno. Empa e bile eona khopolo e ka sehloohong thutong ea bokahohle nakong ea lilemo tse fetang makholo linaheng tse ling.

Bo-rasaense ba bangata ba ile ba khetha khopolo e ncha: Molao oa Isaac Newton oa khoheli ea bokahohleng o ile oa hatisoa ka 1687. Newton o ile a tiisa hore lipolanete li ne li sa hloke lintho tse li tlamang hore li lule li le holimo sebakeng. Ke matla a khoheli a neng a laola motsamao oa tsona le ho li boloka li tsamaea litselaneng tsa tsona. Ha e le hantle, li ne li leketlile sebakeng se feela. Metsoalle e mengata ea Newton e ile ea soma khopolo ena ea hae ea khoheli. Newton ka boeena o ile a thatafalloa ho lumela hore bokahohle bo feela, hore ke sebaka se seholo se se nang letho.

Ho sa tsotellehe hoo, likhopolo tsa Newton li ile tsa qetella li atlehile. Kajeno, ho bonolo hore re lebale potso ena ea lintho tse tšoereng lipolanete e kileng ea tsosa phehisano e mabifi har’a bo-rasaense ba rutehileng le ba bohlale makholo a lilemo a ka bang 32 ka mor’a hore Bibele e bolele ka ho hlakileng hore lefatše ‘le fanyehiloe holim’a lefeela.’ Ke joang Jobo a neng a lokolisa lintho ka tsela eo? Ke hobane’ng ha a ne a ka bolela hore ha ho letho le tšoereng lefatše, ha sena se nkile “litsebi” lilemo tse fetang 3 000 ho fihlela qeto e tšoanang?

Ke Hobane’ng ha Bibele e le Pele Haholo ho Feta Nako ea Eona?

Bibele e fana ka karabo e utloahalang. Ho 2 Timothea 3:16 (NW) rea bala: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” Kahoo Bibele hase sehlahisoa sa bohlale ba motho, empa ho e-na le hoo, ke ho fetisetsoa ho nepahetseng ha likhopolo tsa ’Mōpi ho rōna.

Ke habohlokoa hore u inoese ka nkho ho bona hore na Bibele ke ’nete. (1 Ba-Thessalonika 2:13) Ka tsela eo u ka fumana likhopolo tsa Motho ea re entseng le ea re bōpileng. Ke mohloli ofe o molemo o teng o ka re bolellang ka bokamoso le kamoo re ka phelang bophelo bo thabileng le bo nang le morero lefatšeng lena le khathatsehileng?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Theological Wordbook of the Old Testament e re: “Jobo 26:7 e tšoantšetsa ka ho makatsang lefatše le neng le tsejoa nakong eo le leketlileng sebakeng, ’me le tla lebisa lipatlisisong tsa ka moso tsa saense.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Ka tumello ea British Library

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela