Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ba maq. 18-21
  • Na Buka ee e Lumellana le Saense?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Buka ee e Lumellana le Saense?
  • Buka ea Batho Bohle
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebōpeho sa Lefatše ke Sefe?
  • Ke Eng e Tšehelitseng Lefatše?
  • Bibele le Saense ea Bongaka—Na Lia Lumellana?
  • Ho Amohela Boitsebiso bo ke Keng ba Pakoa
  • Na Saense e Entse Bibele e be e Siiloeng ke Nako?
    Tsoha!—1990
  • Buka e Tsoang ho Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mohloli o Ikhethang oa Bohlale bo Phahameng
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • 4. E Nepahetse Litabeng Tsa Saense
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Buka ea Batho Bohle
ba maq. 18-21

Na Buka ee e Lumellana le Saense?

Hase kamehla bolumeli bo ’nileng ba talima saense e le motsoalle oa bona. Makholong a lilemo a fetileng baruti ba bang ba thuto ea bolumeli ba ile ba hana seo saense e se sibolotseng ha ba ba le maikutlo a hore sena se ne se beha tlhaloso ea bona ea Bibele kotsing. Empa na ka sebele saense ke sera sa Bibele?

HAEBA bangoli ba Bibele ba ne ba lumela boholo ba lipono tsa saense tsa mehleng ea bona, phello e ne e tla ba buka e tletseng liphoso tse utloisang bohloko tsa saense. Empa bangoli ha baa ka ba khothalletsa maikutlo a joalo a fosahetseng ao e seng a saense. Ho fapana le moo, ba ile ba ngola lipolelo tse ngata tse sa nepahalang feela ho latela saense empa li boetse li hanana ka ho toba le maikutlo a neng a amoheleha ka nako eo.

Sebōpeho sa Lefatše ke Sefe?

Potso eo e qakile batho ka lilemo tse likete. Pono e akaretsang mehleng ea boholo-holo e ne e le hore lefatše le bataletse. Ka mohlala, Bababylona ba ne ba lumela hore bokahohle e ne e le lebokose kapa kamore eo fatše ho eona e leng lefatše. Baprista ba Veda ba India ba ne ba nahana hore lefatše le bataletse le hore ke lehlakore le le leng feela la lona le nang le baahi. Morabe oa khale-khale Asia o ne o tšoantša lefatše le terei e khōlōhali ea tee.

Khale lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., rafilosofi oa Mogerike Pythagoras o ile a ba le khopolo ea hore kaha khoeli le letsatsi li le chitja, lefatše le lona le tlameha ho ba lechitja. Aristotle (oa lekholong la bone la lilemo B.C.E.) hamorao o ile a lumela, a hlalosa hore taba ea hore lefatše le lechitja e pakoa ke ha lefatše le sirile khoeli. Seriti sa lefatše khoeling se sek’hoek’hoe.

Leha ho le joalo, khopolo ea hore lefatše le bataletse (e le bokaholimo ba lona feela bo nang le baahi) ha e-ea ka ea nyamela ka ho feletseng. Ba bang ba ne ba sitoa ho amohela maikutlo a utloahalang a hore lefatše ke pitikoe—maikutlo a hore mahlakore a mabeli a lefatše a shebane.a Lactantius, mosireletsi oa Bokreste oa lekholong la bone la lilemo C.E., o ile a soma khopolo eo. O ile a beha lebaka lena: “Na ho na le motho ea se nang kelello hoo a lumelang hore ho na le batho bao mehato ea bona e leng ka holim’a lihlooho tsa bona? . . . hore limela le lifate li mela li shebile tlaase? hore lipula le lehloa le sefako li na li leba holimo?”2

Khopolo ea mahlakore a mabeli a shebaneng hantle a lefatše e ile ea baka qaka ho baruti ba thuto ea bolumeli ba seng bakae. Likhopolo tse ling li ne li tšoareletse tabeng ea hore haeba ho ne ho e-na le batho ba lulang mahlakoreng a mabeli a shebaneng a lefatše, ba ne ba ke ke ba e-ba le kamano le batho ba tsebahalang kahobane leoatle le ne le tla be le le leholo haholo hore le ka tšeloa kapa ka lebaka la sebaka se sa fetoeng se pota-potileng equator. Joale batho ba lulang mahlakoreng a mabeli a shebaneng a lefatše ebe ba ne ba ka tsoa hokae? Ba maketse, baruti ba bang ba thuto ea bolumeli ba ne ba rata ho lumela hore ho ne ho ke ke ha e-ba le batho ba joalo, kapa joalokaha Lactantius a ne a pheha khang, lefatše e ne e ke ke eaba le lechitja tabeng ea pele!

Leha ho le joalo, khopolo ea hore lefatše le lechitja e ile ea hlōla, ’me e ile ea qetella e amohetsoe hohle. Leha ho le joalo, e bile feela qalong ea mehla ea ho ea sepakapakeng lekholong lena la bo20 la lilemo, batho ba ileng ba khona ho ea hōle ka ho lekaneng ho kenella sepakapakeng hore ba ka netefatsa ka ho iponela ka mahlo hore lefatše ke qitikoe.b

Joale Bibele e ne e eme hokae tabeng ee? Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., nakong eo ka eona maikutlo a neng a atile e neng e le a hore lefatše le bataletse, makholo a lilemo pele bo-rafilosofi ba Magerike ba ba le khopolo ea hore e ka ’na eaba lefatše le lechitja, le lilemo tse likete pele batho ba bona lefatše e le qitikoe ba le sepakapakeng, moprofeta oa Moheberu Esaia o ile a bolela tjena ka mantsoe a bonolo bo tsotehang: “Ke eena ea nang le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše.” (Esaia 40:22, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Lentsoe la Seheberu chugh, leo mona le fetoletsoeng e le “phikoloho,” le ka boetse la fetoleloa e le “chitja.”3 Liphetolelo tse ling tsa Bibele li baleha tjena, “qitikoe ea lefatše” (Douay Version) le “lefatše le lechitja.”—Moffatt.c

Mongoli oa Bibele Esaia o ile a qoba litšōmo tse tloaelehileng ka lefatše. Ho e-na le hoo, o ile a ngola polelo e neng e sa sokeloe ke tšibollo e tsoetseng pele ea saense.

Ke Eng e Tšehelitseng Lefatše?

Mehleng ea boholo-holo, batho ba ne ba tsielitsoe ke lipotso tse ling ka bokahohle bo hlophisehileng: Lefatše le lutse holim’a eng? Ke eng e tšoereng letsatsi, khoeli le linaleli? Ba ne ba sa tsebe molao oa khoheli ea bokahohle, o qapiloeng ke Isaac Newton ’me oa phatlalatsoa ka 1687. Ha e le hantle, khopolo ea hore lihloliloeng tsa leholimo li leketla sebakeng se feela ba ne ba sa e tsebe. Kahoo, hangata litlhaloso tsa bona li ne li fana ka maikutlo a hore lintho tse ka tšoaroang kapa lintho tsa sebele li bolokile lefatše le lihloliloeng tse ling tsa leholimo li le moeeng.

Ka mohlala, khopolo e ’ngoe ea boholo-holo, mohlomong e qapiloeng ke batho ba phetseng sehlekehlekeng, e ne e le hore lefatše le pota-potiloe ke metsi le hore le phaphametse holim’a ’ona metsi ana. Mahindu a ne a nahana hore lefatše le na le metheo e mengata, o mong ka holim’a o mong. Le lutse holim’a litlou tse ’nè, litlou li eme holim’a khulu e khōlōhali, khulu eona e eme holim’a noha e khōlōhali ’me noha e ikharileng e ne e phaphametse holim’a metsi a bokahohleng. Empedocles, rafilosofi oa Mogerike oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., o ne a lumela hore lefatše le lutse holim’a setsokotsane le hore setsokotsane sena e ne e le sona se bakang ho sisinyeha ha lihloliloeng tsa leholimo.

Har’a lipono tse susumetsang ka ho fetisisa e bile tsa Aristotle. Le hoja a bile le khopolo ea hore lefatše le lechitja, o ile a latola hore le ne le ka leketla sebakeng se feela. Tlalehong ea hae On the Heavens, ha a qhela maikutlo a hore lefatše le lutse holim’a metsi, o ile a re: “Hase ntho ea tlhaho hore metsi kapa lona lefatše, li lule sebakeng: le tlameha ho lula holim’a ho hong.”⁠4 Kahoo, lefatše le ‘lutse holim’a eng’? Aristotle o ile a ruta hore letsatsi, khoeli le linaleli li ne li matahane le phikoloho e thata le e bonaletsang. Phikoloho ena e ka har’a phikoloho e ’ngoe, ’me lefatše—le sa tsamaee—le le bohareng. Ha liphikoloho tsena li likoloha e ’ngoe ka har’a e ’ngoe, lintho tse ho tsona—letsatsi, khoeli le lipolanete—li ne li tsamaea ho pholletsa le sepakapaka.

Tlhaloso ea Aristotle ho ne ho bonahala e utloahala. Haeba lihloliloeng tsa leholimo li ne li sa matahana le ho hong, li ne li ka lula li le sebakeng joang? Lipono tsa Aristotle ea hlomphuoang li ne li amoheloa e le ’nete ka lilemo tse ka bang 2 000. Ho latela The New Encyclopædia Britannica, lekholong la bo16 le la bo17 la lilemo lithuto tsa hae “li ile tsa phahamela boemong ba ho ba thuto ea bolumeli” mahlong a kereke.⁠5

Ka ho qaptjoa ha sebonela-hōle litsebi tsa linaleli li ile tsa qala ho belaella khopolo ea Aristotle. Ho ntse ho le joalo, li ile tsa thatafalloa ke ho fumana karabo ho fihlela ha Sir Isaac Newton a hlalosa hore lipolanete li fanyehiloe sebakeng se feela, li lutse litseleng tsa tsona li tšoeroe ke matla a sa bonahaleng—matla a hohelang. Ho ile ha bonahala e le ntho e makatsang, ’me ba bang ba basebetsi-’moho le Newton ba ile ba ho fumana ho le thata ho lumela hore sebaka e ka ba se feela, seo karolo e khōlō ea sona e se nang letho.d6

Bibele e re’ng tabeng ee? Hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, Bibele e ile ea bolela ka ho hlaka ho fetisisang hore lefatše le fanyehiloe “holim’a bofeela-feelane.” (Jobo 26:7, BPN) Seheberung sa pele, lentsoe le emelang “bofeela-feelane” (beli-mahʹ) le sebelisitsoeng mona ha e le hantle le bolela “e se nang letho.”7 Contemporary English Version e sebelisa polelo, “holim’a sebaka se se nang letho.”

Polanete e fanyehiloeng “holim’a sebaka se se nang letho” ho hang e ne e se kamoo batho mehleng eo ba neng ba nahana hore lefatše le kateng. Leha ho le joalo, a rakile mehla ea hae, mongoli oa Bibele o ile a tlaleha polelo e utloahalang ho latela saense.

Bibele le Saense ea Bongaka—Na Lia Lumellana?

Saense ea bongaka ea kajeno e re rutile ho hongata mabapi le ho jaleha le ho thibeloa ha maloetse. Tsoelo-pele ea bongaka lekholong la bo19 la lilemo e lebisitse ho hlahisoeng ha mokhoa oa bongaka oa ho thibela ho petla—bohloeki ba ho thibela ho tšoaetsoa. Phello e bile e makatsang. Ho bile le ho fokotseha ho hoholo ha ho tšoaetsana le ho shoa pele ho nako.

Leha ho le joalo, lingaka tsa boholo-holo li ne li sa utloisise ka botlalo hore na maloetse a jaleha joang, leha e le hore li ne li hlokomela bohlokoa ba bohloeki bakeng sa ho thibela ho kula. Hase feela mekhoa ea tsona e mengata ea bongaka e neng e tla bonahala e le ea boqaba ha e talingoa ka litekanyetso tsa kajeno.

E ’ngoe ea libuka tsa khale ka ho fetisisa ea bongaka e teng ke Ebers Papyrus, pokello ea tsebo ea bongaka ea Egepeta, ea lilemong tsa bo-1550 B.C.E. Moqolo ona o na le liphekolo tse ka bang 700 bakeng sa mahloko a sa tšoaneng “ho tloha ho longoeng ke koena ho isa ho opeloeng ke lenala la monoana oa leoto.”⁠8 The International Standard Bible Encyclopaedia e re: “Tsebo ea bongaka ea lingaka tsena e ne e le e thehiloeng ka ho feletseng ho lemoheng ka phihlelo, boholo ba eona e le ea mohlolo le eo e seng ea saense ka ho feletseng.”⁠9 Boholo ba liphekolo tseo bo ne bo sa sebetse, empa tse ling tsa tsona li ne li le kotsi ka ho fetisisa. Bakeng sa ho phekola leqeba, e ’ngoe ea litaelo tsa ngaka bakeng sa litlhare e ne e buella ho sebelisa motsoako o entsoeng ka mantle a motho a tsoakiloe ka lintho tse ling.10

Buka ena ea liphekolo tsa bongaka tsa Egepeta e ngotsoe hoo e ka bang ka nako e tšoanang le libuka tsa pele tsa Bibele, tse neng li akarelletsa Molao oa Moshe. Moshe, ea hlahileng ka 1593 B.C.E., o ile a hōlela Egepeta. (Exoda 2:1-10) E le setho sa lelapa la Faro, o ile a “rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.” (Liketso 7:22) O ne a tloaelane le “lingaka” tsa Egepeta. (Genese 50:1-3) Na mekhoa ea tsona e sa sebetseng ea bongaka kapa e kotsi e ile ea susumetsa mangolo a hae?

Che. Ho fapana le moo, Molao oa Moshe o ne o akarelletsa melao ea bohloeki e neng e tsoetse pele ho feta ea mehleng ea eona. Ka mohlala, molao o mabapi le ho hloma liahelo tsa sesole o ne o hloka hore ba chekele mantle hōle le liahelo. (Deuteronoma 23:13) Ona e ne e le mohato o tsoetseng pele ka ho feletseng oa ho thibela mafu. O ne o thusa ho boloka metsi a sa silafatsoa ’me o fana ka tšireletso mafung a amanang le letšollo a jaloang ke lintsintsi le maloetseng a mang a letšollo a ntseng a amoha ba limilione bophelo selemo le selemo linaheng tseo ho tsona maemo a bohloeki e leng a utloisang bohloko.

Molao oa Moshe o ne o e-na le melao e meng ea bohloeki e neng e sireletsa Iseraele ho jaleheng ha mafu a tšoaetsanoang. Motho ea neng a e-na le lefu le tšoaetsanoang kapa a belaelloa hore o na le lona o ne a koalloa a le mong. (Levitike 13:1-5) Liphahlo kapa lijana tse ileng tsa thetsa phoofolo e shoeleng (mohlomong e bolailoe ke boloetse) li ne li lokela ho hlatsuoa pele li sebelisoa hape kapa li senngoe. (Levitike 11:27, 28, 32, 33) Motho leha e le ofe ea neng a thetsa setopo o ne a nkuoa a sa hloeka ’me o ne a tlameha ho feta mokhoeng oa ho itlhoekisa o neng o akarelletsa ho hlatsoa liaparo tsa hae le ho tola. Nakong ea matsatsi a supileng a ho se hloeke, o ne a lokela ho qoba ho thetsa ba bang.—Numere 19:1-13.

Molao ona oa bohloeki o senola bohlale boo lingaka tsa lichaba tse potolohileng li neng li se na bona ka nako eo. Lilemo tse likete pele saense ea bongaka e tseba ka litsela tseo boloetse bo atang ka tsona, Bibele e ile ea bolela mehato e utloahalang ea ho thibela mafu e le mokhoa oa ho itšireletsa boloetseng. Hase ho makatsang hore ebe Moshe o ne a ka bua ka Baiseraele ka kakaretso mehleng ea hae e le ba phelang lilemo tse 70 kapa 80.e—Pesaleme ea 90:10.

U ka ’na ua lumela hore lipolelo tsa Bibele tse boletsoeng ka holimo li nepahetse ho ea ka saense. Empa ho na le lipolelo tse ling ka Bibeleng tse ke keng tsa pakoa ke saense. Na hoo ho bolela hore Bibele e hanyetsa saense?

Ho Amohela Boitsebiso bo ke Keng ba Pakoa

Hore polelo e ke ke ea pakoa ha ho hlile ha ho bolele hore hase ’nete. Bopaki ba saense bo lekanyetsoa ke matla a motho a ho sibolla bopaki bo lekaneng le ho hlalosa boitsebiso ka nepo. Empa linnete tse ling li ke ke tsa pakoa hobane ho se na bopaki bo ileng ba bolokoa, bopaki bo patehile kapa ha boa sibolloa, kapa matla a saense le botsebi ha lia lekana hore ho ka fihleloa qeto e ke keng ea hanyetsoa. Na ho ka etsahala hore ebe hoo ke ’nete ka lipolelo tse ling tsa Bibele tseo ho haellang bopaki bo ikemetseng ka tsona?

Ka mohlala, ha Bibele e bua ka sebaka se sa bonahaleng seo ho sona ho lulang batho ba moea, hoo ho ke ke ha pakoa—kapa ha hanyetsoa—ho ea ka saense. Hoa tšoana le ka liketsahalo tsa mehlolo tse boletsoeng ka Bibeleng. Ha ho na bopaki bo hlakileng bo lekaneng ba thuto ea mafika bakeng sa Moroallo oa lefatše oa mehleng ea Noe hore bo ka khotsofatsa batho ba bang. (Genese khaolo ea 7) Na re tlameha ho etsa qeto ea hore ha oa ka oa e-ba teng? Liketsahalo tsa histori li ka patoa ke nako le phetoho. Kahoo na ho ke ke ha etsahala hore lilemo tse likete tsa tšebetso e thehiloeng thutong ea mafika li tlositse boholo ba bopaki ba Moroallo?

Ke ’nete hore Bibele e na le lipolelo tse ke keng tsa pakoa kapa tsa hanyetsoa ke bopaki bo teng bo bonahalang. Empa na hoo ho lokela ho re makatsa? Bibele hase buka ea ho ithuta ea saense. Leha ho le joalo, ke buka ea ’nete. Re se re hlahlobile bopaki bo matla ba ore bangoli ba eona e ne e le banna ba tšepahalang le ba khabane. ’Me ha ba ama litaba tse amanang le saense, mantsoe a bona a nepahetse ’me a lokolohile ka ho feletseng likhopolong tsa “saense” tsa boholo-holo tse ileng tsa ipaka e le litšōmo feela. Kahoo saense hase sera sa Bibele. Ho na le mabaka a mangata a ho hlahloba seo Bibele e se buang ka kelello e bulehileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Mahlakore a mabeli a shebaneng a lefatše [antipodes, ka Senyesemane] . . . ke libaka tse peli tse shebaneng hantle holim’a lefatše. Mola o otlolohileng o tsoang pakeng tsa tsona o ne o tla feta bohareng ba lefatše. Lentsoe lena antipodes ka Segerike le bolela ho tloha leotong le leng ho ea ho le leng. Batho ba babeli ba emeng mahlakoreng a shebaneng a lefatše ba ne ba tla atamelana haufinyane ka ho fetisisa ka bohato ba maoto a bona.”⁠1—The World Book Encyclopedia.

b Hantle-ntle ha re bua ka mokhoa o tobileng, lefatše le lechitja bo thethiloeng lintlheng; le batla le bataletse lintlheng tsa lona.

c Ho phaella moo, ke ntho e chitja feela e bonahalang e le phikoloho ha e hlahuoa ka mahlakoreng ’ohle. Diski e sephara hangata e ne tla hlaha e le motopo, eseng e le phikoloho.

d Pono e ka sehloohong mehleng ea Newton e ne e le hore bokahohle bo tletse ntho e metsi—“mokelikeli” oa bokahohle bo hlophisehileng—le hore leholiotsoana le metsing le ne le etsa hore lipolanete li potolohe.

e Ka 1900, linaheng tse ngata tsa Europe le United States batho ba ne ba lebeletsoe ho phela lilemo tse ka tlas’a tse 50. Esale ho tloha ka nako eo, li ile tsa phahama ka mokhoa o tsotehang eseng feela ka lebaka la tsoelo-pele ea bongaka mabapi le ho laola boloetse empa hape ka lebaka la ho ntlafala ha bohloeki le maemo a matle a ho phela.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Hore polelo e ke ke ea pakoa ha ho hlile ha ho bolele hore hase ’nete

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lilemo tse likete pele batho ba bona hore lefatše ke qitikoe ba le sepakapakeng, Bibele e ile ea bua ka “phikoloho ea lefatše”

[Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Sir Isaac Newton o ile a hlalosa hore lipolanete li tšoeroe ke matla a khoheli litseleng tsa tsona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela