Bacha ba Kajeno—Ba Thulana le Liphephetso tsa bo-1990
NOVEMBER 1985. Bahlomphehi ba tsoang linaheng tse 103 ba ile ka kopana ntlo-khōlō ea Machaba a Kopaneng ho tla buisana ka “leano la ho sebetsana le mathata a bacha ba lefatše.”—UN Chronicle.
Ho se ho fetile lilemo tse hlano, ’me mathata a bacha a ntse a eketseha ho feta leha e le neng pele. Liqhoebeshano tsa filosofi ea lipolotiki, khaello ea chelete, le lintho tsa bohlokoa tse feto-fetohang nako le nako li ferekantse boiteko bo botle ba mebuso ho sebelisana hammoho molemong oa bacha.
Ka ho tšoanang, bolumeli bo hlōlehile ho ba tšusumetso e ntle ea boitšoaro. Tlhahlobo ea haufinyane ea Gallup United States e senotse hore le hoja lenane le leholo la bacha (hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong) le lumela ho Molimo (kapa moea oa bokahohle), ke lenane le fokolang feela le nahanang ka bolumeli e le ba bohlokoa haholo bophelong ba bona. Ho phaella moo, bolumeli bo entse ho fokolang feela kapa ha boa etsa letho ho thibela boitšoaro ba botona le botšehali pele ho lenyalo.
Joale ho na le batho ba bitsoang litsebi—litsebi tsa kelello, liithuti tsa kahisano, baeletsi, le ba bang—ba eletsang bacha. Likeletso tse ling tsa bona li molemo ebile lia thusa. Leha ho le joalo, keletso ea bona e sekamela ho ameha ka lintho tsa nama: mathata a moruo a bacha ba imang, ho qoba AIDS, le likotsi tsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Ke ka seoelo, haeba ho etsahala, ba buang ka lintho tsa bohlokoa haholoanyane tse amanang le boitšoaro. Hangata “litsebi” li rata ho latela lifeshene tsa morao-rao tsa ho pheta mantsoe a hapang thahasello a kang “Likamano tsa botona le botšehali tse sireletsehileng” kapa “E re feela che!”
Ho thoe’ng ka batsoali? Ba bangata ba maphatha-phathe haholo ka mesebetsi ea bophelo. Ba sa tsebe hantle keletso eo ba lokelang ho fana ka eona kapa ba ikutloa ba sa lokoloha ho bua ka litaba tse tebileng, batsoali ba bangata ba qoba ho bua ka tsona ha ho hlaha boemo bo tebileng. Ha ho makatse ha bacha ba bangata ba batla thuso ho lithaka tsa bona tse se nang phihlelo.
Mohloli o Molemohali oa Thuso ho Bacha
Joale, ke joang bacha ba ka fumanang likarabo tse sebetsang lipotsong tse ba qakang? Lipotso tse kang: ‘Na ke lokela ho leka ho sebelisa lithethefatsi le joala?’ ‘Ho thoe’ng ka likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo?’ ‘Ke tseba joang haeba ke lerato la sebele?’ ‘Bokamoso bo ntšoaretse eng?’
Ba bang ba ka makatsoa ke ho utloa hore mohloli o molemohali oa keletso ho bacha ke Lentsoe la Molimo, Bibele. Bibele? E, e bua ho hongata ka bacha. (Bona Liproverbia, likhaolo 1-7; Ba-Efese 6:1-3.) Ho phaella moo, e bululetsoe ke ’Mōpi oa rōna, ea leng seli ka “litakatso tse mabifi tsa bocha.” (2 Timothea 2:20-22, Phillips; 3:16) Pele u qhelela ka thōko khopolo ea hore buka ena ea khale e loketse bophelo ba lilemong tsa bo-1990, nahana: Na ho ka etsahala hore keletso e fanoang ke “litsebi” tsa kajeno e tla baloa le ho hlonepshoa lilemo tse 50 ho tloha hona joale? Leha ho le joalo, Bibele e tsoela pele ho nkoa ka botebo lilemo tse likete ka mor’a hore e ngoloe!
Ke ’nete, mokhatlo oa batho o fetohile haholo ho tloha mehleng ea Bibele, empa botho ba batho ha boa fetoha. Litakatso tsa bocha li sa ntse li tšoana. Ka hona, Bibele e sa ntse e le ea bohlokoa joaloka pele. E fetela ka ho tobileng motsong oa mathata a tšoenyang bacha ba kajeno. Ka nako e tšoanang, e neha bacha tšepo ea bokamoso.
Kaha Bibele e tsoa ho ’Mōpi oa rōna, re ka lebella hore keletso ea eona e be e sebetsang. Liphihlelo tsa bophelo ba sebele tsa bacha ba Bakreste ba likete kajeno ba ileng ba latela keletso ea Bibele li paka hore ehlile ea sebetsa! Bakeng sa ho thusa bacha, Mokhatlo oa Watch Tower o hatisitse buka e bitsoang Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. E akaretsa litšobotsi tse ngata tsa mathata a bacha, ’me keletso ea eona e theiloe Bibeleng! Karabelo e mafolo-folo ea babali ba bacha ba buka ena ha e netefatse feela matla a taeo ea Bibele empa hape le ’nete ea hore bacha ba batla ho sebelisa tataiso ea Bibele le ho phela ka eona. Sehlooho se latelang se fana ka maikutlo a tsoang pelong a bacha lefatšeng lohle.
Ebang u mocha kapa o hōlile, ho molemong oa hao ho itloaetsa Bibele. Lipaki tsa Jehova li thusitse batho ba limillione ho etsa joalo ka tokisetso ea mahala ea thuto ea Bibele ea lehae, ’me li tla thabela ho u thusa. Ka ho tloaela keletso ea Bibele le ho e sebelisa, bacha ba ke ke ba ithuta feela tharollo e sebetsang ea mathata a kajeno empa hape le tsela ea ho fumana mohau oa Molimo, o memang bacha hore ba o sebeletse.—Moeklesia 12:1.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang
Mona ke e meng ea mehlala ea keletso ea Bibele e fanoeng bukeng ena litokollong tsa morao-rao.
Seoa sa AIDS: “Qoba boitšoaro bo bobe. Sebe leha e le sefe seo monna [kapa, mosali] a se etsang ha se ame ’mele oa hae; empa monna ea molato oa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali o siteloa ’mele oa hae.”—1 Ba-Korinthe 6:18, “Today’s English Version”; bapisa le Liproverbia 5:3-20.
Tšebeliso e Mpe ea Joala: “U se ke ua tloaela manoa-joala le manyolo-nyolo, hobane letahoa le lenyolo-nyolo ba ipakela bofuma; ’me ho rata boroko ho apesa motho maharasoa. Ho felleng, [veine] e loma joale ka noha, e hlaba joale ka marabe.”—Liproverbia 23:20, 21, 32.
Mosebetsi: “Na u lemohile motho ea mahlaha-hlaha mosebetsing oa hae? O tla ema pel’a marena, a ke ke a ema pel’a bao e leng batho feela.”—Liproverbia 22:29.
“Ntho leha e le efe eo u e etsang, e etse ka pelo eohle joalokaha u e etsetsa Jehova, eseng batho.”—Ba-Kolosse 3:23, “NW.”
Ho Tšaba Koluoa ea “Nuclear”: “Hobane Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.”—Esaia 45:18; 55:10, 11; Moeklesia 1:4.
Ho se Tsitse ha Moruo: “Ba tla haha matlo ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je litholoana tsa eona. . . . Ba ke ke ba sebeletsa lefeela.”—Esaia 65:21-23.