Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 4/15 maq. 4-7
  • BIBELE le Boitšoaro ba Bacha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • BIBELE le Boitšoaro ba Bacha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nea Bacha Tataiso ea Boitšoaro
  • Ho Thusa Bacha Ho Tšaba Jehova
  • Pono e Leka-lekaneng ea Likamano tsa Botona le Botšehali le Lenyalo
  • Ho Etsa Hore Bacha ‘Ba Hlalefele ho Bolokeha’
  • Batsoali—Sireletsang Bana ba Lōna!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ho Tobana le Phephetso
    Tsoha!—1997
  • Na ho ba Moroetsana Kapa Mohlankana ho Tloaelehile?
    Tsoha!—1992
  • U ka Lula U Hloekile Lefatšeng la Boitšoaro bo Bobe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 4/15 maq. 4-7

BIBELE le Boitšoaro ba Bacha

“Bacha ba bonahala ba futsitse lefatše le lebe ho feta a mang kaofela mabapi le ho pepesetsoa ha bona melaetsa ea botona le botšehali: Libaesekopo, ’mino, seea-le-moea le thelevishine li ba bolella hore likamano tsa botona le botšehali li etsa e ke motho oa lora, li tsosa monyaka o hlollang, lia tsikinyetsa . . . Empa, ka nako e tšoanang, batho ba bacha ba fumana molaetsa oa hore banana ba molemo ba lokela ho re che.”—Setsi sa Alan Guttmacher.

BACHA ba kajeno ba hōtse mehleng eo ka eona ho nang le maikutlo a fapaneng a boitšoaro. Leha ho le joalo, Bibele e fana ka tataiso e hlakileng, e nang le maikutlo a le mang boitšoarong ba botona le botšehali. Ha mananeo a thuto ea botona le botšehali a sekamela ho talimana le ho qoba kemaro, Bibele eona e bontša hore likamano tsa botona le botšehali ka botsona pele ho lenyalo ke ntho e lokelang ho qobjoa. Bibele e re: “U ka kholiseha ka ho feletseng hore ha ho motho lea mong ea hlileng a kenellang bohloleng [bo akarelletsang likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo] kapa litšileng kapa botekatseng . . . ea ka jang lefa leha e le lefe la ’muso oa Molimo.” (Ba-Efese 5:5, The Jerusalem Bible) Ka ho hlakileng likamano tsa botona le botšehali li behetsoe lenyalo feela.

Kahona karabelo bothateng ba kemaro ea bacha, hase ho ruta bacha ho thibela kemolo, empa ke ho ba nea tataiso ea boitšoaro le tataiso moeeng. Bibele e hlakisa hore na ke boikarabelo ba mang ho fana ka tataiso ena: “’Me lōna bontat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.”—Ba-Efese 6:4.

Leha ho le joalo, phuputsong e ’ngoe bacha ba ile ba kōptjoa hore ba “behe batsoali ba bona sekaleng ho tloha ho bao e leng mehloli e sa khotsofatseng ea boitsebiso ba botona le botšehali ho ea ho bao e leng mehloli e khotsofatsang haholo. Boholo ba likhakanyo tsa bacha ka bo-’m’a bona e ne e le tsa mehloli e sa khotsofatseng. Likhakanyo ka bo-ntate e ne e le tse sa khotsofatseng le ho feta.” Joale, na ke ho utloahalang ho lebella batsoali hore ba nee bana ba bona tataiso litabeng tsa botona le botšehali?

Ho Nea Bacha Tataiso ea Boitšoaro

Ho Liproverbia 4:1-4, Morena Salomone o phehella bacha: “Bana ba ka, mamelang thuto ea ntat’a lōna . . . Ha ke ne ke sa le ngoana ea ratoang ke ntate, ke le ngoana oa ngoako mahlong a ’mè, ntate o ne a nthuta, a re ho ’na: Pelo ea hao e boloke lipolelo tsa ka hantle.” Ho totobetse hore Salomone o ne a khona ho buisana le ntate oa hae esita le ka litaba tse tebileng. Salomone ka boeena o tsoela pele ho hlalosa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ka mokhoa o tobileng haholo.—Liproverbia 5:1-19.

Har’a Lipaki tsa Jehova, malapa a mangata a boloka puisano e bulehileng ka ho tšoanang le bana ba ’ona—’me e le ka katleho e khōlō! A etsa ho fetang feela ho bolella bana ba ’ona “Che!” mabapi le likamano tsa botona le botšehali. Bibele e a thusa ho nea bana ba ’ona mabaka a utloahalang a ho qoba botekatse. Hape, nahana ka mantsoe a Salomone. Ho Liproverbia 5:3, 4, o khothalletsa bahlankana ho qoba likamano tsa botona le botšehali le letekatse. “Hobane molomo oa mosali oa seotsoa o rothisa linotši, lehano la hae le boreleli joale ka mafura.” E, tebello ea boitšoaro bo bobe e ka ’na ea bonahala e hohela haholo. Leha ho le joalo, Salomone oa lemosa: “Bofello ba taba tsa hae bo baba joale ka lengana, bo hlaba joale ka lerumo le mahale a mabeli.”

Joaloka Salomone, batsoali ba ka behelana mabaka le bana ba bona ka liphello tsa likamano tsa botona le botšehali. Letsoalo le khathatsehileng, kemaro tse sa batleheng, mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a kang AIDS—ana ke maphomela a babang a metsotsoana e seng mekae ea monyaka o hohelang. Salomone o tsoela pele ho phehella bacha hore le se ke la “nea ba bang bokhabane ba [lōna].” (Liproverbia 5:9) Na ha ho bontše ho haelloa ke boitlhompho hore mocha a inehe motho e mong ea se nang thahasello lenyalong? Na hase ho itlosa seriti hore mocha a itšebelise feela e le mokhoa oa ho khotsofatsa litakatso tsa hae tsa boithati kapa tsa motho e mong? Batsoali ba ka thusa bana ba bona ho ananela linnete tsena.

Salomone o ile a tsoela pele ho lemosa mabapi le ho sebetsana le motho oa boitšoaro bo bobe: “Tsela ea hao u e fetise hole le eena, u se ke ua atamela monyako oa ntlo ea hae.” (Liproverbia 5:8) Ka ho tšoanang, batsoali ba ka nea bacha keletso e sebetsang ea ho qoba maemo a ka etsang hore ba sekisetse. Ba ka ba phehella hore ba se ke ba laetsana le batho ba se nang mekhoa. ’Me ha ba fihla boemong ba ho tšoaneleha hore ba ka kena leferehong, ba ka khothaletsoa hore ba nke mehato e sebetsang ho qoba mekhoa e ka isang sebeng. Ka mohlala, batho ba ratanang ba ka ’na ba lokisetsa hore kamehla motho e mong a tsamaee le bona ha ba laetsane. Na ke ho siiloeng ke nako? Mohlomong. Empa ho molemo ho nka mehato e leka-lekaneng ea ho itšireletsa ho e-na le ho “bokolla ha ho senyeha linama tsa ’mele oa hao, ua re: Na ke ne ke hane taeo joang? . . . Ana ha kea ka ka mamela mantsoe a ba neng ba nthuta ke’ng?”—Liproverbia 5:11-13.

Ho Thusa Bacha Ho Tšaba Jehova

Ho latela likhakanyo tse ling, ho na le bacha ba fetang limillione tse 12 ba keneng ka matla boitšoarong ba botona le botšehali United States feela. Esita le seoa sa AIDS se entse ho honyenyane ho thibela sefi sena sa boitšoaro. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li leka ho kenya bana ba tsona ntho e ’ngoe e nang le tšusumetso e khōlō ho feta ho tšaba AIDS kapa kemaro: tšabo e ntle ea Jehova Molimo. Ho Liproverbia 5:21 Salomone o hopotsa bacha: “Hobane metsamao ea motho e pontšeng ho Jehova; ke eena ea lekolang mehlala ea hae eohle.” John, e mong oa Lipaki tsa Jehova eo e bileng e leng ntate oa bana ba bane, oa eletsa: ‘Ho thusang ke hore bana ba be le tšabo e nang le lerato ea Jehova. U se ke ua tšaba ho etsa hore ngoana oa hao a tsebe hore Jehova a ka soabisoa ke liketso tsa rōna tsa boithati.’—Bapisa Liproverbia 27:11.

Ke ’nete hore haeba tšabo ea Molimo e tla sebetsa ho thibela boitšoaro bo bobe, Molimo e tlameha ho ba motho oa sebele ho ngoana. (Bapisa Ba-Heberu 11:27.) Batsoali ba ka thusa bana ba bona ho hlaolela kamano ea ’nete le Molimo ka thuto ea kamehla ea Bibele, thapelo ea letsatsi le leng le le leng, le phihlelo ea sebele bophelong. Ha mocha a ananela hore Molimo oa mo tsotella, o tla susumelletseha hore a qobe boitšoaro bo ka O halefisang.—1 Petrose 5:7.

Ka ho thahasellisang, kamano ea mocha le Molimo e ka boela ea thusa ho koala litlhoko tse itseng tseo hangata li sa finyelloeng ho bacha ba bangata. Ka mohlala, litsebi li bolela hore ka tloaelo botekatse ke tsela ea mocha ea ho loantša maikutlo a hore ha a khone ho etsa lintho kapa a hore o hloka seriti. Leha ho le joalo, maikutlo a joalo ha a be teng ho motho ea nang le setsoalle le Jehova! Mocha ea joalo a ka re: “Molimo ke mothusi oa ka; Jehova o har’a ba tšehetsang moea oa ka.”—Pesaleme ea 54:4, NW.

Pono e Leka-lekaneng ea Likamano tsa Botona le Botšehali le Lenyalo

Ke ’nete hore batsoali ha ba batle hore bana ba bona ba be le pono ea bohloeki bo feteletseng kapa ba be le pono e mpe ka likamano tsa botona le botšehali. Le hoja Bibele e nyatsa bohlola, e boetse e bontša hore likamano tsa botona le botšehali li ka ba ntle haholo—ke hore, ha li le lenyalong. A sebelisa puo ea boroki, Salomone oa phaella: “Seliba sa hao se ke se hlohonolofale; u thabele mosali oa bocha ba hao . . . Sefuba sa hae se ’ne se u kholise ka mehla; lerato la hae le u thabise pelo ka litšiu tsohle.”—Liproverbia 5:18, 19.

Ha ba nahana ka pono ena e phahameng ea likamano tsa lenyalo, ha ho lebaka la hore batsoali ba ikutloe ba le lihlong ho bua ka litaba tse tebileng. John (eo ho builoeng ka eena pejana), o re: “Kamehla re buisana le bona ka botšepehi, kahoo taba ea botona le botšehali hase lekunutu. Re totobatsa hore ke mpho e tsoang ho ’Mōpi, Jehova, e lokelang ho thabeloa ke monna le mosali ka nako e loketseng.” Ntate e mong oa bashemane ba babeli ba lilemong tsa bocha o re: “Ho tloha bonyenyaneng ba bona, re ’nile ra buisana le bona ka botona le botšehali ka tsela e tobileng. Re ’nile ra leka ho ba ruta pono e nang le hlompho le e phahameng ea lerato le ea likamano tsa botona le botšehali. Re boloka puisano e tsoelang pele.” Ka ho totobetseng, bana ba bona ba lutse ba hloekile boitšoarong.

Ho Etsa Hore Bacha ‘Ba Hlalefele ho Bolokeha’

Moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele hore “batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong.” (2 Timothea 3:13) Kahona litekanyetso tsa boitšoaro li tla tsoela pele ho theoha. Botekatse ba bacha le kemaro ea bona li tla tsoela pele ho hlasela sechaba.

Batsoali ba nang le bomolimo ba tla retelehela Bibeleng e le hore bana ba bona ba ‘hlalefisetsoe ho bolokeha.’ (2 Timothea 3:15) Haeba u hlokomela hore uena ka bouena u hloka taeo ea Bibele, u se ke ua tšaba ho kopana le Lipaki tsa Jehova ka ho ngolla bahatisi ba makasine ona. Ba tla thabela ho u lokisetsa hore u fumane taeo e joalo ntle le tefello. Lipaki tsa Jehova li ka boela tsa u fa likhatiso tse kang Bocha Ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona.a Khatiso ena e tšoere boitsebiso ba Mangolo bo seng bo thusitse bacha ba likete-kete hore ba qobe lifi tsa lefatše tsa boitšoaro bo bobe.

Empa ho thoe’ng ka banana ba seng ba bile le phihlelo ea mahlomola a kemaro ea matšeho? Ho hang maemo a joalo hase a se nang thuso. Molimo ‘o tšoarela haholo’ ho motho eo kannete a soabetseng tsela ea hae ea pele ea boitšoaro. (Esaia 55:7) Le hoja ho ba motsoali a le mong ho se bobebe, motho a ka etsa hoo ka katleho ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Mosali e mong e monyenyane ea bileng le bana ba bararo ba matšeho pele a fetoha Mokreste o entse hona hoo. O leka ka matla ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka lapeng la hae. Ka ho kopanela haufi-ufi le phutheho ea Lipaki tsa Jehova, o fumane matšeliso a mangata le tšehetso e khōlō. O re: “Ka sebele ke ho tsotehang haholo ho sebeletsa Molimo o tšoarelang hakana, le ho ba le baena le bo-khaitseli ba utloisisang hakana. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ikutloa ke hloekile ke bile ke hlompheha, moeeng le ’meleng.”

Ke ’nete hore ho ne ho tla ba molemo ka ho fetisisa ho qoba mathata a likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ho tloha sethathong. Ka thabo, bacha ba likete-kete kajeno ba etsa joalo hobane ba latela keletso ea Bibele e sa siuoeng ke nako.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Lipaki tsa Jehova li leka ho kenya bana ba tsona ntho e ’ngoe e nang le tšusumetso e khōlō ho feta tšabo ea AIDS kapa ea kemaro: tšabo e ntle ea Jehova

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Ho latela likhakanyo tse ling, ho na le bacha ba fetang limillione tse 12 ba keneng ka matla boitšoarong ba botona le botšehali United States feela

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Batsoali ba ka boloka puisano e tsoelang pele le bana ba bona ha ho tluoa litabeng tsa botona le botšehali

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Bacha ba Bakreste ba tla qoba boitšoaro bo ka senyang kamano ea bona le Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela