Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/11 maq. 24-25
  • “Ke ne ke sa Batle ho e Beha Fatše!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke ne ke sa Batle ho e Beha Fatše!”
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Babali Bukeng ea Bacha Baa Botsa
    Tsoha!—1990
  • Buka e Thusang Bacha Hore ba Hopole ’Mōpi oa Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Mamela Temoso ho Ile ha Etsa Phapang
    Tsoha!—2006
  • Batsoali—Sireletsang Bana ba Lōna!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 4/11 maq. 24-25

“Ke ne ke sa Batle ho e Beha Fatše!”

● Bacha ba likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše ba boletse kamoo ba ananelang buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2.a Nahana ka mehlala ena e seng mekae:

“Ke rata taba ea hore buka ena e re khothalletsa hore re buisane le batsoali ba rōna. Ke ile ka leka ho sebelisa litlhahiso tse fanoeng bukeng ena, ’me hona joale tsela eo ke buisanang le batsoali ba ka ka eona e ntlafetse.”—Roberto oa Mexico.

“Ha ke qala ho bala buka eo, ke ne ke sa batle ho e beha fatše! Ke rata lebokose le reng ‘Seo ke Rerang ho se Etsa!’ le ho elella qetellong ea khaolo ka ’ngoe le leqephe le reng ‘Lintlha Tsa Botho’ le qetellong ea karolo ka ’ngoe. Buka ena e nthusitse hore ke emele seo ke se lumelang ha ke le sekolong.”—Joelah oa United States.

“Ke ile ka susumetseha le ho feta ha ke ntse ke tsoela pele ho e bala. Ke khahliloe haholo ke mantsoe a bacha ba bangata ba qotsitsoeng, hammoho le lebokose le reng ‘Na U ne U Tseba?’ le le reng ‘Keletso.’ Buka ena e mpontša ka ho hlaka hore Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se thahasella bacha!”—Hui-won oa Korea Boroa.

“Har’a libuka tsohle tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, ena ke e ’natefelang haholo. Le tseba lintho tseo bacha ba li nahanang le mathata ao ba tobanang le ’ona malapeng, sekolong le ha ba e-na le metsoalle.”—Shana oa Canada.

“Nako le nako ha batsoali ba ka ba ne ba ngangisana, ke ne ke ea ka kamoreng ebe kea lla. Empa ka mor’a hore ke bale khaolo ea 24 e reng, ‘Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?,’ ke ile ka khona ho buisana le ’Mè le Ntate ka taba eo. Ba ile ba makala ha ba utloa hore ho ngangisana ha bona ho nkama ka ho teba. Le bona ba ile ba bala khaolo eo. Hona joale ba batla ba utloisisa hore na ke ikutloa joang, ’me ke ka seoelo ba ngangisanang.”—Mariana oa Czech Republic.

“Maqephe a nang le sehlooho se reng ‘Mohlala o Motle oa’ a nkamme ka ho teba ’me a nthusitse hore ke ntlafatse lintlheng tseo ke fokolang ho tsona. Ka mohlala, ke thatafalloa ho tloaelana le batho bao ke sa ba tsebeng ka phuthehong ea Bokreste. Empa leqepheng la 97, ho bontšoa hore Lydia o ile a tseba Pauluse le metsoalle ea hae haholoanyane ka hore a ba amohele ka mofuthu. Hona joale ke leka ho etsisa mohlala oa hae.”—Mónika oa Hungary.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]

“LEBAKA LEO HO KOPANELA LIPHATE PELE HO LENYALO HO FOSAHETSENG”

Ngoanana e mong oa United States ea lilemo li 16 ea bitsoang Katrina, o ile a abeloa hore a bue le tlelase ka sehlooho leha e le sefe seo a ka se khethang. O ile a sebelisa buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, ’me a khetha sehlooho se reng “Lebaka Leo ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo ho Fosahetseng.” Batsoali ba hae ba re: “Puong ea hae, Katrina o ile a hlalosa se boleloang ke lentsoe ‘ho ithiba’ ’me a hlalosa likotsi tsa ho kopanela liphate pele ho lenyalo le tsa ho tlōla melao ea Molimo ea boitšoaro. Katrina o ile a boela a qotsa mantsoe a builoeng ke bacha ba bang bukeng eo, a bontšang kamoo ba ileng ba ikutloa kateng ka mor’a hore ba tlōle melao ea Molimo. Ka mor’a moo, o ile a fa liithuti-’moho le eena monyetla oa hore li botse lipotso, tseo a ileng a khona ho li araba. Ha Katrina a se a qetile ho bua, tichere ea hae e ile ea mo fa lengolo, leo karolo e ’ngoe ea lona e neng e re: ‘Kea u leboha ka ho bua ’nete le ka ho khantša leseli lefatšeng lena le lefifing. Lula u tiile tumelong.’”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela