Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 10/8 maq. 3-5
  • Lipotso Tse Hlokang ho Arabeloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Hlokang ho Arabeloa
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Batho ba ˈNileng ba se Etsa
  • Qaka ˈMeleng oa Motho
  • Kamoo ba Bang ba Hlalosang ka Teng
  • Ho Fumana Likarabelo
  • Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Mahlomola ’Ohle a Tla Fela Haufinyane!
    Mahlomola ’Ohle a tla Fela Haufinyane!
  • Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Re ka Rua Molemo ka ho Mamella Lintho Tse Utloisang Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 10/8 maq. 3-5

Lipotso Tse Hlokang ho Arabeloa

KA NAKO e ˈngoe bophelong ba hao, mohlomong u kile oa ipotsa: ˈHaeba Molimo o teng, ke hobaneˈng ha o lumelletse ho utloa bohloko ho hongata hakaale? Hona ke hobaneˈng ha o ho lumelletse nako e telele hakaale ho theosa le histori eohle ea batho? Na ho utloa bohloko ho tla ke ho fele?ˈ

Ka lebaka la ho hloka likarabelo tse khotsofatsang lipotsong tse joalo, batho ba bangata baa halefa. Ba bang ha ba sa lumela ho Molimo, kapa ba o beha molato bakeng sa bomalimabe ba bona.

Ka mohlala, motho e mong ea ileng a pholoha Polao e Sehloho, e leng ho bolaoa ha batho ba limillione ke Manazi Ntoeng ea II ea Lefatše, o ne a halefile hoo a ileng a re: “Haeba le ka nyeka pelo ea ka, e ne e tla le tšela chefu.” Motho e mong ea ileng a utloa bohloko ka lebaka la tlhoriso ea morabe, e ileng ea baka lefu la metsoalle le litho tsa lelapa Ntoeng ea I ea Lefatse, ka bohale o ile a botsa: “Molimo o ne o le kae ha re ne re o hloka?”

Kahoo, batho ba bangata ba tsielehile. Ponong ea bona, ho bonahala ho sa utloahale hore Molimo o mo-lemo le o lerato o lumelle lintho tse mpe hore li etsahale ka nako e telele hakana.

Seo Batho ba ˈNileng ba se Etsa

Ka sebele ke ˈnete hore batho ba entse litlolo tse ngata tse sehloho khahlanong le ba bang ho theosa le makholo a lilemo—ha e le hantle, ka lilemo tse likete. Boholo le sehloho sa lintho tsena tsohle ke se ke keng sa nahanoa.

Ha tsoelo-pele e ntse e hatela pele kamoo ho ileng ha nahanoa ka teng, batho ba ile ba qapa libetsa tse kotsi haholoanyane bakeng sa ho bolaea kapa ho ntša ba bang kotsi: lithunya, lithunya tse ntšang letoto la likulo ka nako e le ˈngoe, lifofane tsa ntoa, litanka,

li-missile, libetsa tse ntšang mollo, le libetsa tsa likˈhemikˈhale le nuclear. Ka baka leo, lekholong lena la lilemo feela, lintoa tsa lichaba li bolaile batho ba ka bang limillione tse lekholo! Ba bang ba limillione tse makholo ba ile ba tsoa likotsi kapa ba ile ba utloa bohloko ka tsela e itseng. Tekanyo eo thepa e kang matlo le maruo e sentsoeng ka eona ke e ke keng ea lekanngoa.

Akˈu nahane ka masoabi a maholo, tlokotsi, le meokho tse bakiloeng ke ntoa! Hangata ke batho ba se nang molato ba utloang bohloko: banna le basali ba hōlileng, bana le masea. Hangata, ba bakileng bohloko ha baa nkeloa bohato.

Lefatšeng ka bophara, ho utloa bohloko ho ntse ho tsoela pele ho fihlela hona joale. Letsatsi le letsatsi, batho baa bolaoa kapa ba fetoha bahla-seluloa ba tlōlo ea molao ka litsela tse ling. Ba ntšoa kotsi kapa ba shoa likotsing, ho kopanyelletsa le ˈliketsahalo tsa tlhahoˈ tse kang lifefo, likhohola, le litšisinyeho tsa lefatše. Ba utloisoa bohloko ke ho hloka toka, leeme, bofutsana, tlala, kapa boloetse, kapa ka litsela tse ling tse ngata.

Ke joang Molimoo lokileng o ka bōpang ntho e itseng—batho—hore e utloe bohloko ka sehlō-hō hakaale, khafetsa, ka makholo a lilemo ka ho latellana?

Qaka ˈMeleng oa Motho

Qaka ena e boetse e bonahala ˈmeleng oa motho. Bo-rasaense le ba bang ba ithutileng ka oona baa lumela hore ˈmele oa motho o entsoe ka tsela e babatsehang le e hlollang.

Akˈu nahane ka litšobotsi tse ling tsa oona tse hlollang: leihlo la motho le makatsang, leo ho seng kˈhamera e ka tšoanang le lona; boko bo hlollang bo etsang hore computer e tsoetseng pele ka ho fetisisa e bonahale e siiloe ke nako ka tsela eo likarolo tse rarahaneng tsa ˈmele li sebetsang hammoho ka ntle ho boiteko ba rōna bo matla; tsoalo ea mohlolo, ho hlaha ha lesea le ratehang—setšoantšo sa batsoali ba lona—ka likhoeli tse robong feela. Batho ba bangata ba fihletse qeto ea hore mosebetsi ona o tsoileng matsoho, ˈmele oa motho, o tlameha hore ebe o bōpiloe ke Moetsi e moholo—ˈMōpi, Molimo o Matla ˈOhle.

Leha ho le joalo, ka masoabi, oona ˈmele oo o hlollang o senyeha litšobotsi. Ha nako e ntse e tsamaea, o hlaseloa ke ho kula, botsofali le lefu. Qetellong oa shoa. Ke ntho e bohloko hakaakang! Ha motho a lokela ho rua molemo phihlelong ea lilemo tse mashome le ho hlalefa haholoanyane, ˈmele oa fokola. Qetellong ea oona, ho ba le phapang e utloisang bohloko hakaakang bophelong bo botle, sehlahlo, le botle tseo ˈmele o neng o e-na le tsona qalong!

Ke hobaneˈng ha ˈMōpi ea lerato a etsa ntho e ˈngoe e hlollang joaloka ˈmele oa motho, hore feela e qetelle ka masoabi a maholo joalo? Ke hobaneˈng ha a ne a ka bōpa ˈmele o qalang ho sebetsa hantle joalo, o nang le matla a mangata, empa o qetella ka masoabi hakaale?

Kamoo ba Bang ba Hlalosang ka Teng

Ba bang ba boletse hore bokhopo le ho utloa bohloko ke lisebelisoa tsa Molimo bakeng sa ho ntlafatsa botho ba rōna ka ho sebelisa mahlomola. Moruti oa Methodist o ile a lumela: “Ho lefshoa ha botle ka bobe ke karolo ea morero oa Molimo oa poloko.” O ne a bolela hore ho ba le botho le ho bolokeha, batho ba molemo ba loke-la ho utloa bohloko ka lebaka la liketso tsa batho ba babe, e le karolo ea morero oa Molimo.

Empa na ntate oa motho ea lerato o ne a ka leka ho ntlafatsa botho ba bana ba hae ka ho rera hore senokoane se mabifi se ba ntše kotsi? Hape, nahana hore bacha ba bangata baa shoa likotsing kapa baa bolaoa kapa baa shoa lintoeng. Bahlaseluoa bao ba bacha ba ke ke ba hlola ba e-ba le monyetla o eketsehileng oa ho ntlafatsa botho ba bona hobane ba tla be ba shoele. Kahoo khopolo ea hore ho utloa bohloko ho lumelletsoe ka morero oa ho ntlafatsa botho ha e utloahale.

Ha ho ntate ea nahanang le ea lerato ea ka batlang hore bohloko kapa tlokotsi e oele baratuoa ba hae. Ha e le hantle, ntate ea rerang hore bana ba hae ba utloe bohloko bakeng sa ho ˈntlafatsa bothoˈ o ne a tla nkoa a sa tšoanelehe, ebile e le ea sa leka-lekanang kelellong.

Joale, na ka ho utloahalang ho ka boleloa hore Molimo, Ntate ea phahameng, ea lerato, ˈMōpi ea bohlale kahohle oa bokahohle, ka boomo o lokiselitse ho utloa bohloko e le karolo ea ˈmorero oa hae bakeng sa polokoˈ? Hoo e ne e tla be e le ho amahanya tšobotsi e sehlōhō ka ho fetisisa le e tðosang ho eena, e leng tðobotsi eo kaofela re neng re ke ke ra fumana e amoheleha esita le ho batho feela.

Ho Fumana Likarabelo

Ke hokae moo re ka retelehelang teng ho fumana likarabo tsa lipotso tse likolohileng ho lumella ha Molimo ho utloa bohloko le bokhopo? Kaha lipotso tsena li ama Molimo, ke ho utloa-halang ho bona likarabo tseo oona ka booona o fanang ka tsona.

Re ka fumana likarabo tsa oona joang? Ka ho retelehela mohloling oo Molimo o bolelang hore o fane ka oona e le tataiso bakeng sa batho—Bibele e Halalelang, Mangolo a Halalelang. Ho sa tsotellehe seo motho a ka se nahanang ka mohloli oo, ke habohlokoa hore motho a o hlahlo-be, hobane ho joalokaha moapostola Pauluse a boletse: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ˈme le molemo . . . bakeng sa ho lokisa lintho.” (2 Timothea 3:16, NW) O boetse a ngola: “Mohla le amohetseng lentsoe la Molimo, leo le le utloileng ho rōna, le le amohetse e seng joale ka hoja e le lentsoe la batho, empa la kholoa hore ke lentsoe la Molimo, joale ka ha e le lona ka sebele.”*—1 Ba-Thessalonika 2:13.

Ho fumana likarabo lipotsong tsa ho lumelloa ha bohloko ke ho fetang feela ho hlakisa kelello. Likarabo tsena ke tsa bohlokoa kutloisisong ea rōna ka se etsahalang hona joale lefatšeng, se tlang ho etsahala bokamosong bo haufi, le kamoo e mong le e mong oa rōna a amehang ka teng.

Ho molemong oa rōna ho lumella Bibele, tsela eo Molimo o buisanang ka eona le lelapa la motho hore e ipuelle. Joale, e reˈng ka hore na ho utloa bohloko ho simolohile joang le hore na ke hobaneˈng ha Molimo o ho lumelletse?

SenSotlolo sa ho utloisisa karabo se amana le kamoo re bōpiloeng ka teng kelellong le maikutlong. Bibele e bontša hore ˈMōpi o kentse tðobotsi ena ea bohlokoa bothong ba rōna: takatso ea tokoloho. Ha re hlahlobeng ka bokhutšoanyane se hlileng se amehang takatsong ea batho ea boikhethelo le kamoo sena se amanang le ho lumella ha Molimo ho utloa bohloko.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

Bakeng sa puisano ea bopaki ba hore Bibele e bululetsoe ke Molimo, bona buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract o-ciety of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela