Karolo 1
Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
1, 2. Ke potso efe eo batho ba e botsang ka Molimo, hona hobane’ng?
MOHLOMONG ka nako e ’ngoe bophelong ba hao u kile ua ipotsa: ‘Haeba ruri Molimo o re tsotellang o le teng, ke hobane’ng ha o lumella bohloko bo bongata hakaale?’ Kaofela ha rōna re kile ra utloa bohloko kapa re tseba motho e mong ea utloileng bohloko.
2 Ka sebele, ho theosa le histori batho ba ’nile ba utloa bohloko le masisa-pelo tse bakiloeng ke ntoa, ho ba sehlōhō, tlōlo ea molao, ho hloka toka, bofutsana, ho kula le lefu la baratuoa ba bona. Lekholong la rōna la bo20 la lilemo feela, lintoa li bolaile batho ba ka holimo ho limillione tse 100. Ba bang ba limillione tse makholo ba ile ba tsoa likotsi kapa ba lahleheloa ke matlo le thepa. Ho etsahetse lintho tse ngata haholo tse tšosang mehleng ea rōna tse ileng tsa fella ka masoabi a maholo, meokho e mengata, ’me batho ba bangata ba ile ba ba le boikutlo ba ho hloka tšepo.
3, 4. Ba bangata ba ikutloa joang ka ho lumella ha Molimo bohloko?
3 Ba bang ba ile ba halefa ’me ba ikutloa hore haeba Molimo o le teng, ruri ha o re tsotelle. Kapa mohlomong ba ka ba ba ikutloa hore Molimo ha o eo. Ka mohlala, motho e mong ea ileng a utloa bohloko ka baka la tlhoriso ea morabe e ileng ea baka lefu la metsoalle ea hae le lelapa Ntoeng ea I ea Lefatše o ile a botsa: “Molimo o ne o le kae ha re ne re o hloka?” E mong, ea ileng a pholoha ho bolaoa ha batho ba limillione ke Manazi Ntoeng ea II ea Lefatše, o ne a utloile bohloko ke seo a se boneng hoo a ileng a re: “Haeba le ne le ka lèka pelo ea ka, e ne e tla le tšela chefu.”
4 Kahoo, batho ba bangata ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo o lokileng o lumella lintho tse mpe hore li etsahale. Ba belaella hore na ruri e hlile oa re tsotella kapa hore na o teng. ’Me ba bangata ba ikutloa hore bohloko bo tla ’ne bo be teng e le karolo ea ho ba teng ha batho.
[Setšoantšo se leqepheng la 2, 3]
Na lefatše le lecha le se nang bohloko le haufi?