Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 11/8 maq. 4-7
  • Ho Rekisa Mali ke Khoebo e Khōlō

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rekisa Mali ke Khoebo e Khōlō
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Mali a Ntseng a Tlisa Phaello
  • Phaello Sebakeng Seo e Seng sa Phaello
  • ’Maraka oa Lefatše Lohle
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ho Sebelisoa ha Mali Phekolong—Na ho Tla Lula ho Sireletsehile?
    Tsoha!—2006
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Mali
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 11/8 maq. 4-7

Ho Rekisa Mali ke Khoebo e Khōlō

GAUDA E KHUBELU! Joalokaha lebitso leo la bosoasoi le bolela, ona ke o mong oa metsoako ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ke lero la bohlokoa, sehlahisoa sa bohlokoa sa tlhaho se sa kang sa bapisoa feela le gauda empa hape le oli le mashala. Leha ho le joalo, gauda e khubelu ha e rafshoe mabanteng a mafika ka liboro le lithelemaete. E rafshoa methapong ea batho ka mekhoa e bolotsana haholoanyane.

“Ka kōpo, moralinyana oa ka o hloka mali,” ho bolela lematjana la phatlalatso seterateng se phetheselang sa New York City. Liphatlalatso tse ling lia phehella: “Haeba u motho ea fanang ka mali, u motho eo lefatše lena le ke keng la phela ka ntle ho eena.” “Mali a hao ke a bohlokoa haholo. Ak’u kenye letsoho.”

Ka ho hlakileng batho ba batlang ho thusa ba bang ba utloisisa se boleloang. Ba etsa mekoloko ka lihlopha lefatšeng ka bophara. Ha ho pelaelo hore bongata ba bona hammoho le batho ba bokellang mali le batho ba tšelang mali, ka botšepehi ba batla ho thusa batho ba tsietsing ’me ba lumela hore ehlile ba etsa joalo.

Empa ka mor’a hore ho fanoe ka mali le pele a tšeloa ho motho e mong, a feta matsohong a mangata le mehatong e mengata ho feta kamoo boholo ba rōna re ka hlokomelang ka teng. Joaloka gauda, mali a susumelletsa meharo. A ka rekisoa ka phaello e itseng ’me a boela a rekisoa hape ka phaello e khōloanyane. Batho ba bang ba loanela litokelo tsa ho bokella mali, ba a rekisa ka theko e hanyapetsang, ba fumana chelete e ngata haholo, ’me ka linako tse ling ba ka boela ba a kenya ka sekhukhu naheng e ’ngoe. Lefatšeng lohle, ho rekisa mali ke khoebo e khōlō.

United States, ka nako e ’ngoe batho ba bang ba fanang ka mali ba kile ba lefshoa hona nakong eo bakeng sa mali a bona. Empa ka 1971 mongoli oa Brithani Richard Titmuss o ile a beha tsamaiso ea Amerika molato hore ka ho qekisa mafutsana le batho ba kulang hore ba fane ka mali bakeng sa ho fumana liranta li se kae e ne e sa sireletseha. O ile a boela a hatisa hore ke boitšoaro bo bobe hore batho ba etse phaello ka ho fana ka mali a bona ho thusa batho ba bang. Boipelaetso ba hae bo ile ba susumetsa hore ho khaotsoe ho lefa batho ba United States ba fanang ka mali a sa aroloang ka metsoako ea ’ona (le hoja mokhoa oo o ntse o atleha haholo linaheng tse ling). Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hoo, thekiso ea mali e ntse e tlisa phaello. Hobane’ng?

Kamoo Mali a Ntseng a Tlisa Phaello

Lilemong tsa bo-1940, bo-rasaense ba ile ba qala ho arola mali ka likaroloana tsa ’ona. Mokhoa oo hona joale o bitsoang fractionation, o etsa hore mali ebe khoebo e tlisang phaello le ho feta. Joang? Nahana: Koloi e ka tura ka makhetlo a mahlano haeba e qhaqhoa ’me ho rekisoa likaroloana tsa eona ho feta ha e rekisoa e ntse e felletse. Ka ho tšoanang mali a tura haholo ha a aroloa ’me likaroloana tsa ’ona li rekisoa ka thōko.

Karolo e mokeli-keli ea mali, e etsang hoo e ka bang halofo ea volume ea mali ka kakaretso, ke motsoako oa mali o etsang phaello e khōlō. Kaha karolo e mokeli-keli ea mali ha e na karolo ea lisele tsa mali ho hang—lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, le li-platelet—e ka omisoa le ho bolokoa. Ho feta moo, mofani o lumelloa ho fana ka mali a sa aroloang ka metsoako ea ’ona ka makhetlo a mahlano feela ka selemo, empa a ka fana ka karolo e mokeli-keli ea mali ka makhetlo a mabeli ka beke ka hore a sebetsoe ka mokhoa o bitsoang plasmapheresis. Mokhoeng ona, mali a sa aroloang ka metsoako ea ’ona a ntšuoa, karolo e mokeli-keli ea mali ea aroloa, ’me e be karolo ea metsoako ea lisele e boela e kenngoa ho mofani oa mali.

United States e sa ntse e lumela hore bafani ba mali ba lefshoe bakeng sa karolo e mokeli-keli ea mali eo ba fanang ka eona. Ho feta moo, naha eo e lumella bafani ba mali ho fana ka karolo e eketsehileng e mokeli-keli ea mali ka makhetlo a ka bang mane selemo le selemo ho feta kamoo Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o khothalletsang ka teng! Joale, ha ho makatse ha United States e bokella karolo e fetang 60 lekholong ea karolo e mokeli-keli ea mali ea lefatše. Karolo eo e mokeli-keli ea mali kaofela e bitsa liranta tse ka bang limillione tse 1 170, empa e boetse e bitsa chelete e ngata le ho feta moo ’marakeng hobane karolo e mokeli-keli ea mali le eona e ka aroloa ka metsoako e sa tšoaneng. Lefatšeng ka bophara, karolo e mokeli-keli ea mali ke motheo oa khoebo ea liranta tse 5 200 000 000 ka selemo!

Ho latela koranta Mainichi Shimbun, Japane e sebelisa hoo e ka bang karolo ea boraro ea karolo e mokeli-keli ea mali lefatšeng. Naha eo e boetse e reka karolo ea 96 lekholong ea karolo ena ea mali linaheng lisele ’me boholo ba eona e tsoa United States. Bahlahlobisisi Japane ba bitsitse naha eo “senoa-mali a lefatše,” ’me Lefapha la Japane la Bophelo bo Botle le Boiketlo le lekile ho thibela khoebo eo ka ho bolela hore ha ho utloahale ho etsa phaello ka mali. Ha e le hantle, Lefapha leo le beha molato oa hore mekhatlo ea bongaka ea Japane e etsa phaello ea liranta tse 520 000 000 selemo le selemo ka motsoako o le mong feela oa karolo e mokeli-keli ea mali e leng albumin.

Rephabliki e Kopaneng ea Jeremane e sebelisa lihlahisoa tse ngata tsa mali ho feta Europe eohle ha e kopane, ho feta naha leha e le efe lefatšeng. Buka Zum Beispiel Blut (Ka Mohlala, Mali) e re ka lihlahisoa tsa mali: “Karolo e fetang halofo e rekoa ho tsoa linaheng tse ka ntle, haholo-holo ho tsoa U.S.A., empa hape le ho tsoa Linaheng tse Fokolang Moruong. Boemong bofe kapa bofe mali ana a tsoa ho mafutsana a batlang ho ntlafatsa chelete ea ’ona ka ho fana ka karolo ea mali e mokeli-keli.” Ba bang ba batho bana ba futsanehileng ba rekisa mali a bona a mangata hoo ba shoang ka lebaka la ho lahleheloa ke mali.

Litsi tse ngata tsa khoebo ea karolo e mokeli-keli ea mali li hahiloe libakeng tse loketseng hantle tsa meputso e fokolang kapa meeling ea linaha tse futsanehileng haholoanyane. Li hapa mafutsana le batho ba sa khoneng ho iphelisa ba ikemiselitseng ho rekisa karolo ea bona e mokeli-keli ea mali bakeng sa ho fumana chelete ’me ba na le mabaka a mangata a ho fana ka mali a mangata haholo kapa hona ho pata boloetse leha e le bofe boo mohlomong ba bo koetlileng. Khoebo e joalo ea karolo e mokeli-keli ea mali e eketsehile linaheng tse 25 ho pota lefatše. Hang feela ha e thibeloa naheng e ’ngoe, e boetse e hlaha hape naheng e ’ngoe. Ho thela ho ba boholong hammoho le bomokolara ke lintho tse tloaelehileng.

Phaello Sebakeng Seo e Seng sa Phaello

Empa libanka tsa mali tseo e seng tsa khoebo le tsona li ile tsa nyatsuoa ka matla morao tjena. Ka 1986 moqolotsi oa litaba Andrea Rock o ile a ipelaetsa makasineng oa Money hore karolo ea mali e bitsa libanka tsa mali liranta tse 149,50 hore li e bokelle ho bafani, le hore e bitsa lipetlele liranta tse 228,80 ho e reka libankeng tsa mali, le hore e bitsa bakuli liranta tse 975 ho isa ho tse 1 560 ho e fumana ka tšelo ea mali.

Na boemo bo fetohile ho tloha nakong eo? Ka September 1989 moqolotsi oa litaba Gilbert M. Gaul oa The Philadelphia Inquirer o ile a ngola letoto la lihlooho tsa koranta ka tsamaiso ea libanka tsa mali tsa U.S.a Ka mor’a phuputso ea selemo, o ile a tlaleha hore libanka tse ling tsa mali li kōpa batho ho fana ka mali ebe lia rekisetsa litsi tse ling tsa mali hoo e ka bang halofo ea mali ao ka phaello e khōlō. Gaul o ile a lekanyetsa hore libanka tsa mali li rekisa hoo e ka bang lilithara tse 500 000 tsa mali selemo le selemo ka tsela ena, ’marakeng o sa tšepahaleng o etsang liranta tse 130 000 000 ka selemo o batlang o sebetsa joaloka sehlopha sa batho ba khoebo ba rekang le ho rekisa.

Leha ho le joalo, ho na le phapang e khōlō: ’Muso ha oa beha phapanyetsano ena ea mali leihlo. Ha ho motho ea ka lekanyetsang boholo ba sena ka ho nepahetseng, ho se ho sa boleloe letho ka ho laoloa ha litheko tsa tsona. Bafani ba bangata ha ba tsebe letho ka sena. Mosebeletsi e mong oa banka ea mali ea seng a phomolitsoe mosebetsing o ile a bolella The Philadelphia Inquirer: “Batho baa thetsoa. Ha ho motho ea ba bolellang hore mali a bona a tla ho rōna. Ba ne ba tla halefa haholo ha ba ne ba ka tseba taba ena.” Mohlanka oa Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu o hlalosa sena ka ho tobileng: “Ke lilemo tse ngata basebeletsi ba libanka ba thetsa sechaba sa Amerika.”

United States feela, libanka tsa mali li bokella lilithara tsa mali tse limillione tse 6,5 selemo le selemo, ’me li rekisa likaroloana tsa lihlahisoa tsa mali tse ka holimo ho limillione tse 30 ka chelete e ka bang liranta tse likete tse limillione tse 2,6. Ena ke chelete e ngata haholo. Libanka tsa mali ha li sebelise lentsoe “phaello.” Li khetha ho sebelisa poleloana “chelete e fumanoeng ka holimo ho ea litšenyehelo.” Ka mohlala, Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu o entse chelete e ka bang liranta tse limillione tse 780 tsa “chelete e fumanoeng ka holimo ho ea litšenyehelo” ho tloha ka 1980 ho ea ho 1987.

Libanka tsa mali li tiisa hore ke mekhatlo e sa etseng phaello. Li bolela hore ho fapana le mekhatlo e meholo ea Wall Street, chelete ea tsona ha e isoe ho beng ba khoebo. Empa haeba Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu o ne o e-na le beng ba khoebo, o ne o tla balelloa har’a mekhatlo e meholo e etsang phaello United States, joaloka mokhatlo oa General Motors. Bahlanka ba sebetsang bankeng ea mali ba fumana chelete e ngata haholo. Ho bahlanka ba 62 ba libanka tsa mali bao The Philadelphia Inquirer e entseng phuputso ka bona, karolo ea 25 lekholong e ne e fumana chelete e fetang liranta tse 260 000 ka selemo. Ba bang ba ne ba fumana chelete e fetang eo ka makhetlo a mabeli.

Basebeletsi ba libanka tsa mali ba boetse ba bolela hore ha ba “rekise” mali ao ba a bokellang—ba mpa ba lefisa feela chelete ea ho a lokisetsa hore a ka sebelisoa. Mohlanka e mong oa banka ea mali o hanyetsa seo ka hore: “Ke kopana hlooho ha ke utloa Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu o bolela hore ha o rekise mali. Seo se tšoana leha lebenkele le bolela hore le mpa le u lefisa bakeng sa ntho e tšetseng lebese, eseng lebese.”

’Maraka oa Lefatše Lohle

Joaloka khoebo ea karolo e mokeli-keli ea mali, khoebo ea ho rekisa mali a sa aroloang ka metsoako ea ’ona e aparela lefatše lohle. Ho boetse ho joalo le ka ho nyatsuoa ha eona. Ka mohlala Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu oa Japane o ile oa tsosa khalefo ka October 1989 ha o leka ho itšunya ’marakeng oa Japane ka ho fana ka litheolelo tse khōlō lihlahisoeng tse entsoeng ka mali ao ho fanoeng ka ’ona. Lipetlele li ile tsa fumana phaello e khōlō ka ho tlatsa liforomo tsa tsona tsa insurance hore li rekile mali ka theko e hlomamisitsoeng.

Ho latela koranta ea Thailand The Nation, linaha tse ling tsa Asia li ile tsa lokela ho tiisa letsoho khoebong ea mali ka ho thibela ho lefshoa ha ba fanang ka mali. Batho ba ka bang 500 000 India ba rekisa mali a bona hore ba iphelise. Ba bang ba otileng le ba futsanehileng, baa ikhakanya e le hore ba ka fana ka mali a eketsehileng ho feta a lumelletsoeng. Libanka tse ling tsa mali ka boomo li ba monya mali haholo.

Piet J. Hagen bukeng ea hae Blood: Gift or Merchandise, o bolela hore liketso tse bolotsana tsa libanka tse ling tsa mali li mpefetse Brazil. Libanka tse makholo tsa khoebo ea mali tsa Brazil li etsa chelete e ka bang limillione tsa liranta tse 182. Ho latela buka Bluternte (Kotulo ea Mali), mafutsana le batho ba sa sebetseng ba phallela libankeng tsa mali tse ngata tsa Bogotá, Colombia. Ba rekisa halofo ea lithara ea mali a bona ka chelete e ka bang li-peso tse 350 ho fihla ho tse 500. Bakuli ba ka lefa ho fihla ho li-peso tse 4 000 ho isa ho tse 6 000 bakeng sa halofo eona eo ea lithara ea mali!

Ka ho hlakileng, ho hlaha ’nete e le ’ngoe ea lefatšeng ka bophara ho sena sohle: Ho rekisa mali ke khoebo e khōlō. Ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Empa hobane’ng? Ke hobane’ng ha mali a sa lokela ho ba khoebo e khōlō?’

Ke eng se etsang hore batho ba bangata ba ikutloe ba sa lokoloha ka khoebo e khōlō ka kakaretso? Ke meharo. Ka mohlala, meharo ea bonahala ha khoebo e khōlō e phehella batho ho reka lintho tseo ba hlileng ba sa li hlokeng; kapa ho hobe ka ho fetisisa, ha e tsoela pele ho qobella sechaba ho reka lihlahisoa tse ling tse tsebahalang li le kotsi, kapa ha e hana ho sebelisa chelete e ngata ho etsa hore lihlahisoa tsa eona e be tse sireletsehileng haholoanyane.

Haeba khoebo ea mali e silafalitsoe ke mofuta ona oa meharo, bophelo ba batho ba limillione lefatšeng lohle bo kotsing e khōlō. Na meharo e silafalitse khoebo ea mali?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka April 1990, ho sibolla ha Gaul linnete tsena ho ile ha hapa Moputso oa Pulitzer bakeng sa Litšebeletso tsa Sechaba. Hape ho ile ha susumetsa patlisiso e khōlō khoebong ea mali bofelong ba 1989.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Khoebo ea Placenta

Mohlomong ke basali ba ’maloa feela ba sa tsoa beleha ba makalang hore na ebe ho etsahala eng ka placenta, e leng karolo e bonolo e fepang lesea le ntseng le le ka pōpelong. Ho latela The Philadelphia Inquirer, lipetlele tse ngata lia e boloka, li e kenya sehatsetsing, le ho e rekisa. Ka 1987 feela, United States e ile ea romella lik’hilograma tse limillione tse 0,8 tsa placenta linaheng tse mose ho maoatle. Feme e ’ngoe e pel’a Paris, Fora, e reka litone tse 15 tsa placenta letsatsi le letsatsi! Li-placenta ke mohloli o fumanehang habonolo oa karolo e mokeli-keli ea mali a ’mè oo feme e o lokisetsang hore e be mefuta e fapaneng ea meriana ’me e rekisoa linaheng tse fetang 100.

[Krafo/Setšoantšo se leqepheng la 4]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Likaroloana tse ka Sehloohong tsa Mali

Karolo e Mokeli-keli ea Mali: hoo e ka bang karolo ea 55 lekholong ea mali. Karolo ea 92 lekholong ke metsi; ’me likarolo tse ling li entsoe ka lihaha-’mele tse rarahaneng tse kang globulins, fibrinogens, le albumin

Li-platelet: hoo e ka bang karolo ea 0,17 lekholong ea mali

Lisele tse Tšoeu: hoo e ka bang karolo ea 0,1 lekholong

Lisele tse Khubelu: hoo e ka bang karolo ea 45 lekholong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela