Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 11/8 maq. 12-13
  • Litšelo Tsa Mali—Na ke Senotlolo sa Pholoho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšelo Tsa Mali—Na ke Senotlolo sa Pholoho?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa e Mengata e ka Sebelisoang
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mekhoa e Meng ea Phekolo ea Boleng bo Botle ka Ntle ho Tšelo ea Mali
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
    Tsoha!: Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
  • Ho Sebelisoa ha Mali Phekolong—Na ho Tla Lula ho Sireletsehile?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 11/8 maq. 12-13

Litšelo Tsa Mali—Na ke Senotlolo sa Pholoho?

KA 1941 Dr. John S. Lundy o ile a beha tekanyetso ea litšelo tsa mali. Ka ho hlakileng ka ntle le bopaki leha e le bofe ba bongaka bakeng sa ho mo tšehetsa, o ile a bolela hore haeba hemoglobin ea mokuli, e leng motsoako oa mali o tsamaisang oxygen, e theoha ho fihlela ka tlaase ho tekanyetso ea ligramo tse leshome kapa ka tlaase ho deciliter e ’ngoe le e ’ngoe ea mali, joale mokuli o hloka ho tšeloa mali. Ka mor’a moo palo eo e ile ea fetoha tekanyetso bakeng sa lingaka.

Tekanyetso ena ea ligramo tse leshome e ’nile ea phephetsoa hoo e batlang e le lilemo tse 30. Ka 1988 The Journal of the American Medical Association e boletse ka ho tobileng hore bopaki ha bo tšehetse tataiso eo. Ngaka e robatsang motho pele a buuoa Howard L. Zauder e bolela hore “sena ke se theiloeng lineanong, se sa ntse se le lefifing, ’me ha se tšehetsoe ke bopaki ba bongaka kapa ba liphuputso.” Ka ho tobileng feela ba bang ba se bitsa tšōmo.

Ho sa tsotellehe ho fosahala ha sena sohle, tšōmo ena e sa ntse e qotsoa joaloka tataiso ea motheo. Ho lingaka tse ngata tse robatsang batho pele ba buuoa le lingaka tse ling, tekanyetso ea hemoglobin e ka tlaase ho leshome ke eona e bakelang tšelo ea mali ho lokisa khaello ea mali. Ke ntho e batlang e iketsahalla ka boeona.

Ntle ho pelaelo, seo se ikarabella bakeng sa tšebeliso e fetelletseng ea mali le lihlahisoa tsa mali kajeno. Dr. Theresa L. Crenshaw ea sebelelitseng ho Moifo oa Bopresidente o Khethetsoeng ho Fuputsa ka Seoa sa Kokoana-hloko e Etsang Hore ’Mele oa Motho o Sitoe ho Itšireletsa Mafung, o hakanya hore United States feela, litšelo tsa mali tse sa hlokahaleng tse ka bang limillione tse peli li etsoa selemo le selemo ’me hoo e ka bang halofo ea litšelo tsohle tsa mali a bolokiloeng bankeng li ka qojoa. Lefapha la Japane la Bophelo bo Botle le Boiketlo le ile la nyatsa “litšelo tsa mali tse sa khetheng” Japane, esita le “ho li lumela ntle le ho nahana ka liphello tsa tsona.”

Bothata ba ho leka ho lokisa khaello ea mali ka tšelo ea mali ke hore tšelo ea mali e ka ba e bolaeang haholoanyane ho feta khaello ea mali. Lipaki tsa Jehova, tse hanang tšelo ea mali haholo-holo ka mabaka a bolumeli, li thusitse ho netefatsa ntlha ena.

Mohlomong u ile oa bona lihlooho tsa likoranta tse tlalehang hore e mong oa Lipaki tsa Jehova o shoele hobane a hanne tšelo ea mali. Ka masoabi, ke ka seoelo litlaleho tse joalo li phetang taba kaofela. Hangata, ke ho hana ha ngaka ho buoa, kapa ho buoa kapele haholo ho ka etsang hore Paki e shoe. Lingaka tse ling li hana ho buoa ka ntle le ho fuoa tokelo ea ho tšela mali haeba tekanyetso ea hemoglobin e theohela ka tlaase ho leshome. Leha ho le joalo, lingaka tse ngata li ile tsa atleha ho buoa Lipaki tseo tekanyetso ea tsona ea hemoglobin e neng e theohetse ho hlano, peli kapa ka tlaase ho moo. Ngaka Richard K. Spence o re: “Seo ke se fumaneng ka Lipaki ke hore tekanyetso e tlaase ea hemoglobin ha e amane ho hang le lefu.”

Mekhoa e Mengata e ka Sebelisoang

‘Mali kapa lefu.’ Ke kamoo lingaka tse ling li hlalosang likhetho tse talimaneng le mokuli oa Paki. Leha ho le joalo, ka sebele ho na le mekhoa e mengata e ka sebelisoang ho e-na le tšelo ea mali. Lipaki tsa Jehova ha li thahaselle ho shoa. Li thahasella mekhoa e meng ea phekolo. Kaha Bibele e hanela ho ja mali, ha li nahane litšelo tsa mali e mpa e le mokhoa o mong oa phekolo.

Ka June 1988, Report on the Presidential Commission on the Human Immunodeficiency Virus Epidemic e fane ka tlhahiso ea hore bakuli bohle ba nehoe seo Lipaki li ’nileng tsa se kōpa ka lilemo-lemo, e leng: “Ho lumela ho hlalosetsoa se tlang ho etsahala ha motho a tšeloa mali kapa metsoako ea ’ona ho lokela ho kopanyelletsa tlhaloso ea likotsi tse amehang . . . le boitsebiso bo bong ka mekhoa e nepahetseng e tšoanang ea phekolo ka tšelo ea mali.”

Ka mantsoe a mang, bakuli ba lokela ho nehoa khetho. Khetho e ’ngoe e joalo ke ho tšeloa mali a mokuli ka boeena (autologous transfusion). Mali a mokuli aa ntšoa nakong eo a buuoang ka eona le ho boela a khutlisetsoa methapong ea mokuli. Moo mokhoa o joalo e mpang e le ho atolosa phallo ea mali a mokuli, ke taba e amohelehang ho Lipaki tse ngata. Lingaka li boetse li hatella bohlokoa ba ho eketsa volume ea mali a mokuli ka metsoako e sebelisoang bakeng sa mali e eketsang mali empa e sa etsoa ka mali le ho lumella ’mele ho boela o iketsetsa lisele tse khubelu. Mekhoa e joalo e ’nile ea sebelisoa bakeng sa litšelo tsa mali ntle le ho eketsa lenane la mafu. Ha e le hantle, mekhoa e joalo e ka matlafatsa polokeho.

Sethethefatsi se bonahalang se tla ba le liphello tse molemo recombinant erythropoietin haufinyane se sa tsoa amoheloa hore se ka sebelisoa ka ho lekanyelitsoeng. Se potlakisa matla a ’mele a ho hlahisa lisele tse khubelu tsa mali, ha e le hantle, se thusa motho ho hlahisa mali a hae ka ho eketsehileng.

Bo-rasaense ba sa ntse ba batlisisa motsoako o molemo o ka sebelisoang bakeng sa mali o tšoanang le mokhoa oa ’mele o tsotehang oa ho tsamaisa oxygen. United States, baetsi ba metsoako e joalo ba thatafalloa ke ho fumana tumello ea molao bakeng sa lihlahisoa tsa bona. Leha ho le joalo, ho joalokaha moetsi e mong a ipelaelitse: “Ha u nahana ka ho tlisa mali mokhatlong oa FDA [Food and Drug Administration (Mokhatlo oa Lijo le Lithethefatsi)] hore a lumelloe ka molao, u ne u ke ke ua rapela hore le ka mohla a fumanoe a le kotsi.” Ho sa le joalo, ho na le tšepo e khōlō ea hore ho tla fumanoa k’hemik’hale e sebetsang e tlang ho lumelloa ka molao e le motsoako o tsamaisang oxygen bakeng sa mali.

Kahoo ho na le likhetho tse ling. Tse boletsoeng mona e mpa e le tse ’maloa feela har’a tse fumanehang. Ho joalokaha Dr. Horace Herbsman, moprofesa oa bongaka, a ngotse koranteng ea Emergency Medicine: “Ho . . . hlakile hore re na le mekhoa e meng e ka sebelisoang ho e-na le mali. Ha e le hantle, mohlomong phihlelo ea rōna ka Lipaki tsa Jehova e ka hlalosoa ho bolela hore ha rea lokela ho itšetleha ka litšelo tsa mali hammoho le hore li ka ’na tsa mpefatsa boemo, joalokaha re kile ra nahana.” Bonneteng, ha ho letho le lecha ho sena. Ho joalokaha The American Surgeon e hlokometse: “’Nete ea hore ho buuoa ho hoholo ho ka etsoa ka katleho ntle ho litšelo tsa mali e ile ea buelloa haholo lilemong tse 25 tse fetileng.”

Empa haeba mali a le kotsi ’me ho na le mekhoa e meng e sireletsehileng e ka sebelisoang, joale ke hobane’ng ha batho ba limillione ba tšeloa mali ho sa hlokahale—ba bangata ka ntle le hore ba tsebe, ’me ba bang ba bile ba qobelloa ba sa rate? Tlaleho ea moifo o khethiloeng ho fuputsa ka AIDS e hlokometse hore lingaka le lipetlele ha lia rutoa ka mekhoa e meng e ka sebelisoang. E boetse e beha lebaka le leng molato: “Litsi tse ling tsa mali tsa lebatooa li ’nile tsa tsila-tsila ho hlahisa mekhoa e fokotsang liphekolo tse etsoang ka tšelo ea mali kaha chelete ea tsona ea ho buoa e fumaneha thekisong ea mali le lihlahisoeng tsa mali.”

Ka mantsoe a mang: Ho rekisa mali ke khoebo e khōlō.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela