Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 12/8 maq. 8-10
  • Boena ba Lefatše Lohle ke Ntho ea Sebele!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boena ba Lefatše Lohle ke Ntho ea Sebele!
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki tsa Jehova li Fapane
  • Kamoo Bonngoe bo Finyelloang ka Teng
  • Boprofeta ba Bibele Boa Phethahala
  • Ha Batho Ba Merabe Eohle Ba Phela Hammoho Ka Khotso
    Tsoha!—1993
  • Joale ho se ho Raloa Motheo oa Lefatše le Lecha
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Khethollo ea Morabe
    Tsoha!—2014
  • Ho Fumana Kutloano ea Merabe Afrika Boroa e Khathatsehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 12/8 maq. 8-10

Boena ba Lefatše Lohle ke Ntho ea Sebele!

E NE e e-s’o be nako e telele moromuoa a fihlile Afrika Bophirimela ha a ne a e-ba teng kopanong ea bolumeli sebakeng se hōle. Ha a atamela lelapa le leng le lulang sebakeng seo, moshemane ea lilemo li peli, o ile a qala ho lla ka ntle ho lebaka.

Moromuoa o ile a leka ho thōlisa ngoana eo empa sello sa moshemane se ile sa fetoha sebōkō. Moromuoa o ile a botsa ’mè: “Molato ke’ng?” O ile a araba a soabile haholo: “Ke nahana hore ke uena. O tšaba ’mala oa hao. Ha ho mohla a kileng a bona lekhooa.”

Ho tloha boseeng, re ka ’na ra hlokomela liphapang tsa ’mele mahareng a lihlopha tsa batho. Leeme ke boikutlo bo hōlang hamorao. Lipono tsa bana lia bōpeha ha ba hlokomela boikutlo le boitšoaro ba batho ba hōlileng, joaloka batsoali ba bona. Ha ba le sekolong ba boetse ba susumetsoa ka ho eketsehileng ke matichere a bona, metsoalle, le bao ba kenang sekolo le bona.

Ho latela phuputso ea nako e telele e entsoeng United States, ha bana ba fihla lilemong tse 12, ba se ba hōlisitse likhopolo le boikutlo bo fosahetseng ka lipuo, merabe le lihlopha tsa bolumeli tse ba potolohileng. Ha ba se ba hōlile likhopolo tsena li ke ke tsa fotholoa.

Lipaki tsa Jehova li Fapane

Lefatšeng le tletseng leeme, Lipaki tsa Jehova li hlahella e le tse fapaneng haholo. Lia tsebahala lefatšeng lohle ka lebaka la kutloano ea tsona ea morabe. Hangata sena se hlokomeloa ke ba tlileng likopanong tsa tsona tse khōlō tsa selemo le selemo.

Ka mohlala, koranta ea States-Item e ile ea tlaleha sena ka kopano e khōlō ea Lipaki e neng e le ka boroa ho United States: “Moea oa boena o ile oa tlala Louisiana Superdome ha ba banyenyane le ba hōlileng, ba batšo le ba basoeu ba Lipaki tsa Jehova ba lula ho qalisa . . . ho ithuta le ho kopanela liphihlelo. . . . Khethollo ea morabe . . . hase bothata ho Lipaki.”

Kopanong ea Lipaki Afrika Boroa, mosali e mong oa Moxhosa o ile a hlalosa: “Ke taba e makatsang hore mona Afrika Boroa batho ba merabe eohle ba ka kopana tjena. Ho fapane ka ho felletseng le boemo boo ke bo tloaetseng likerekeng.”

Nakong eo baeti ba hlahang Amerika Boroa le Leboea hammoho le ba tsoang Europe ba neng ba e-ba teng likopanong tse khōlō tsa Lipaki Bochabela bo Hōle le Pacific Boroa, ho latela tlaleho e ’ngoe, “ho ne ho se na moneketsela leha e le o monyenyane feela oa khethollo ho tsona kapa ho bao li fihletseng ho bona.”

Ka hona, seo limillione tsa Lipaki tsa Jehova li fapaneng haholo ka sona lefatšeng ka bophara ke bonngoe ba tsona ba sebele le kutloano ea morabe. Li kopantsoe hammoho ke lerato la ’nete la Bokreste. Ho joalokaha Jesu a boletse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:35.

Kahoo Lipaki tsa Jehova li se li na le boena ba ’nete, ba ka ho sa feleng ba machaba! Li nka seo Jesu a se boletseng ho Mattheu 23:8 ka botebo: “Lōna bohle le bana ba motho a le mong.” ’Me sena se etsahala hantle nakong eo likarohano tsa merabe le lipuo le lehloeo li arolang motheo oa lichaba.—Bona hape le 1 Ba-Korinthe 1:10; 1 Johanne 3:10-12; 4:20, 21; 5:2, 3.

Kamoo Bonngoe bo Finyelloang ka Teng

Motheo oa bonngoe bona ke taeo e theiloeng Bibeleng eo Lipaki tsa Jehova li e amohelang Liholong tsa tsona tsa ’Muso le thuto ea tsona ea botho ea Bibele. Li tšoana le Bakreste ba Thessalonika bao moapostola Pauluse a itseng ka bona: “Mohla le amohetseng lentsoe la Molimo, leo le le utloileng ho rōna, le le amohetse e seng joale ka hoja e le lentsoe la batho, empa la kholoa hore ke lentsoe la Molimo, joale ka ha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lōna ba lumetseng.”—1 Ba-Thessalonika 2:13.

Kahoo, Lipaki li lumela seo Bibele e se bolelang, ’me ka botšepehi li leka ho etsisa tsela ea Molimo ea ho nahana. Li nka seo moapostola Petrose a se boletseng a le tlas’a pululelo ka botebo: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.”—Liketso 10:34, 35.

Tumellanong le sena, Jesu o laetse hore balateli ba hae ba etse batho ba “lichaba tsohle” barutuoa. (Mattheu 28:19) Ka lebaka leo, ka mafolo-folo Lipaki tsa Jehova li batla barati ba ho loka merabeng le lipuong ho ka ntle ho khethollo. ’Me ha batho ba litso le merabe e fapaneng ba kopana hammoho ho rapela, ho sebetsa, le ho thabela botsoalle hammoho, mohopolo o fosahetseng oa hlōloa. Li ithuta ho nka motho e mong le e mong e le oa bohlokoa, lia ratana.

Ke ’nete, motho ea bileng le boikutlo ba khethollo ea morabe ka nako e telele a ke ke a fetola pono ea hae hang-hang. Empa ha e e-ba Paki, o qala ho “apara botho bo bocha” ba Mokreste oa ’nete, ’me o sebetsa ka thata ho hlōla pono ea hae ea nako e fetileng. (Ba-Efese 4:22-24, BPN) Ha a leke ho lokafatsa leeme la hae ka ho re, ‘Ke ka tsela eo ke hōlisitsoeng ka eona.’ Che, o leka ka matla ho fetola mohopolo oa hae le ho ba le “lerato bakeng sa mokhatlo ’ohle oa baena.”—1 Petrose 2:17, NW.

Boprofeta ba Bibele Boa Phethahala

Se etsahalang har’a Lipaki tsa Jehova kajeno ke sa bohlokoa haholo. Ka sebele, sena se ile sa profetoa ka Bibeleng.

Hlokomela seo Esaia 2:2-4 (NW) e se boletseng esale pele hore se tla etsahala “mehleng ea bofelo,” ‘mehleng ea qetello’ ea tsamaiso ena e khopo ea lintho. (2 Timothea 3:1-5, 13) Boprofeta boo ba Esaia bo hlokometse hore borapeli ba ’nete ba Jehova bo ne bo tla theoa nakong ea moloko ona, ‘’me batho ba tsoang lichabeng tsohle ba tla phallela teng. ’Me lichaba tse ngata li ne li tla ea li re: “Tlong, ’me re nyoloheleng thabeng ea borapeli ba ’nete ba Jehova. ’Me o tla re ruta litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.”’

Boprofeta ba Esaia bo boetse ba hlokomela phello e latelang e sa tloaelehang, e ileng ea bonoa ka ho pharalletseng har’a Lipaki tsa Jehova lekholong lena lohle la lilemo: “’Me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”

Hape, ha buka ea Bibele ea Tšenolo e bua ka mehla ea rōna, e boletse esale pele hore bongata bo boholo ba batho “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle” bo ne bo tla kopana hammoho boeneng ba machaba ho sebeletsa Molimo ka bonngoe.—Tšenolo 7:9, 15.

Ena hase toro feela. Bongata bo boholo ba batho ba tsoang lichabeng tsohle, merabeng le lipuong tsohle, ba se ba ntse ba kopanngoa. Boena ba ’nete ba ka ho sa feleng ba lefatše lohle bo tsoela pele hona joale! Ke motheo oa mokhatlo o mocha ka ho felletseng oa lefatše lohle, oa batho ba thabileng ba tla nka sebaka sa mokhatlo ona o silafetseng oa kajeno oo haufinyane Molimo o tla o timetsa. Joalokaha Jesu a boletse, mokhatlo ona o kopaneng o “tla ja lefa la lefatše,” ’me o phele holim’a lona ka ho sa feleng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo.—Mattheu 5:5; 6:9, 10; Pesaleme ea 37:10, 11, 28, 29, 37, 38.

Ke hobane’ng ha u sa inoese ka nkho? U lokolohile ho etela Holo efe kapa efe ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ’me u latsoe kutloano ea tsona ea morabe. Kapa lekhetlong le tlang ha Lipaki li u etela, li memele ka tlung ’me u li kōpe hore li u bontše ka Bibeleng hore na motheo oa kutloano ea tsona ea morabe ke ofe. Hape, li kōpe hore li u bontše tšepo ea tsona e theiloeng Bibeleng ea lefatše le lecha moo boena ba ’nete bo tla bang teng lefatšeng lohle.

Molimo o Matla ’Ohle, Jehova, o fana ka tiiso ea hore morero oa oona oa ho thea boena ba moloko ’ohle oa batho o tla phethahatsoa. Oa bolela: “Ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

Re u memela ho hlahloba bopaki ba boprofeta ba Bibele le ho phethahala ha boprofeta boo. Haeba u etsa joalo, u tla lemoha hore bonngoe ba morabe bo ke ke ba finyelloa feela empa hape bo ke ke ba latoloa!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Se etsahalang har’a Lipaki tsa Jehova kajeno se profetiloe ka Bibeleng

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lipaki tsa Jehova li ikhethile ka ho ba le kutloano ea ’nete ea morabe har’a tsona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela