Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • dg karolo 11 maq. 28-32
  • Joale ho se ho Raloa Motheo oa Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Joale ho se ho Raloa Motheo oa Lefatše le Lecha
  • Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boena ba Sebele ba Machaba
  • Ho Khetholla Batho ba Molimo
  • Tšobotsi e ’Ngoe e ba Khethollang
  • Ho Arabela Tseko ea Bobeli e Khōlō
  • Khetho ea Hao ke Efe?
  • Boena ba Lefatše Lohle ke Ntho ea Sebele!
    Tsoha!—1990
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
dg karolo 11 maq. 28-32

Karolo 11

Joale ho se ho Raloa Motheo oa Lefatše le Lecha

1, 2. Phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, ke eng se etsahalang ka pel’a mahlo a rōna?

SE TSOTEHANG hape ke ’nete ea hore hona joale ho ntse ho raloa motheo oa lefatše le lecha la Molimo ha lefatše la khale la Satane le ntse le senyeha. Ka pel’a mahlo a rōna, Molimo o ntse o bokella batho ba lichaba tsohle le ho ba etsa motheo oa mokhatlo oa lefatše le lecha oo haufinyane o tla nka sebaka sa lefatše la kajeno le hlokang bonngoe. Ka Bibeleng ho 2 Petrose 3:13, mokhatlo ona o mocha o bitsoa “lefatše le lecha.”

2 Boprofeta ba Bibele bo boetse bo re: “Mehleng ea bofelo [e leng nakong eo re phelang ho eona hona joale] . . . , Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova [borapeli ba hae bo hloekileng], . . . o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.”—Esaia 2:2, 3.

3. (a) Boprofeta ba Esaia bo phethahala har’a bo-mang? (b) Buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa sena joang?

3 Hona joale boprofeta boo bo se bo ntse bo phethahala har’a batho ba ikokobelletsang ‘litsela tsa Molimo le ho tsamaea litseleng tsa oona.’ Buka ea ho qetela ea Bibele e bua ka mokhatlo ona oa batho oa machaba o ratang khotso e le “bongata bo boholo ba batho . . . ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle,” e leng baena ba ’nete ba lefatše ba sebeletsang Molimo ba momahane. Bibele e boetse e re: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo.” Ke hore, ba tla pholoha bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho.—Tšenolo 7:9, 14; Mattheu 24:3.

Boena ba Sebele ba Machaba

4, 5. Ho khoneha joang hore ho be le boena ba machaba ba Lipaki tsa Jehova?

4 Ka botšepehi Lipaki tsa Jehova tse limillione li leka ho phela tumellanong le litaelo tsa Molimo le litsela tsa oona. Tšepo ea tsona ea bophelo bo sa feleng e itšetlehile lefatšeng le lecha la Molimo. Ka ho phela bophelo ba tsona ba letsatsi le letsatsi ka ho utloa melao ea Molimo, li bontša boikemisetso ba tsona ba ho ikokobelletsa puso ea oona hona joale le lefatšeng le lecha. Hohle, ho sa tsotellehe hore na ke tsa bochaba bofe kapa morabe, li utloa litekanyetso tse tšoanang—joalokaha li boletsoe ke Molimo Lentsoeng la oona. Ke kahoo e leng baena ba ’nete ba machaba, mokhatlo oa lefatše le lecha le entsoeng ke Molimo.—Esaia 54:13; Mattheu 22:37, 38; Johanne 15:9, 14.

5 Lipaki tsa Jehova ha li inkele tlotla ka boena ba tsona ba machaba ba lefatše lohle bo khethehileng. Lia tseba hore sena e bile ka baka la phello ea moea oa Molimo o matla o sebetsang ho batho ba utloang melao ea oona. (Liketso 5:29, 32; Ba-Galata 5:22, 23) Ke mosebetsi oa Molimo. Joalokaha Jesu a boletse, “tse sitang batho ha li site Molimo.” (Luka 18:27) Kahoo, Molimo o entseng hore bokahohle bo ’ne bo be teng ke oona o etsang hore mokhatlo oa lefatše le lecha o ’ne o be teng.

6. Ke hobane’ng ha boena ba Lipaki tsa Jehova bo ka bitsoa mohlolo oa mehleng ea joale?

6 Kahoo, tsela ea Jehova ea ho busa lefatšeng le lecha e se e ntse e bonahala ho seo e se hlahisang moralong oa lefatše le lecha o ntseng o raloa hona joale. ’Me seo o se entseng ka Lipaki tsa oona, ha e le hantle, ke mohlolo oa mehleng ea joale. Hobane’ng? Hobane o hlophisitse Lipaki tsa Jehova ho ba boena ba sebele ba lefatše lohle, boena bo ke keng ba senngoa ke lithahasello tsa bochaba tse arolang, tsa morabe kapa lithahasello tsa bolumeli. Le hoja Lipaki li baloa ka limillione ’me li phela linaheng tse ka holimo ho 200, li momahane hammoho joaloka hoja li tlanngoe ka bonngoe bo ke keng ba senyeha. Boena bona ba lefatše lohle, bo khethehileng historing eohle, ka sebele ke mohlolo oa mehleng ea joale—mohlolo o etsoang ke Molimo.—Esaia 43:10, 11, 21; Liketso 10:34, 35; Ba-Galata 3:28.

Ho Khetholla Batho ba Molimo

7. Jesu o bontšitse hore balateli ba hae ba ’nete ba ka khetholloa joang?

7 Ho ka boela ha tsejoa joang hore ke bo-mang bao Molimo o ba sebelisang e le moralo oa lefatše la oona le lecha? Bonneteng, ke bo-mang ba phethahatsang mantsoe a Jesu ho Johanne 13:34, 35? O itse: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” Lipaki tsa Jehova li lumela mantsoe a Jesu le ho sebetsa tumellanong le oona. Joalokaha Lentsoe la Molimo le laela, li na le “lerato le matla e mong ho e mong.” (1 Petrose 4:8, NW) Li ‘ikapesa ka lerato, hobane ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.’ (Ba-Kolosse 3:14) Kahoo lerato la boena ke “sekhomaretsi” se li kopanyang hammoho lefatšeng ka bophara.

8. Johanne oa Pele 3:10-12 e tsoela pele ho khetholla batho ba Molimo joang?

8 Hape 1 Johanne 3:10-12 e boetse e re: “Ke hona moo ho bonahalang bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo. Hobane taba eo le e utloileng, e sa le ho qaleng, ke hore re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoan’abo.” Kahoo, batho ba Molimo ha ba rate pefo, ke baena ba machaba.

Tšobotsi e ’Ngoe e ba Khethollang

9, 10. (a) Batho ba Molimo ba ne ba tla khetholloa ka mosebetsi ofe mehleng ea bofelo? (b) Na Lipaki tsa Jehova li phethahalitse Mattheu 24:14?

9 Ho boetse ho na le tsela e ’ngoe ea ho tseba bahlanka ba Molimo. Boprofeteng ba hae ka bofelo ba lefatše Jesu o buile ka lintho tse ngata tse neng li tla tšoaea nako ena e le mehla ea bofelo. (Bona Karolo 9.) Tšobotsi ea motheo ea boprofeta bona e boleloa mantsoeng a hae ho Mattheu 24:14 (NW): “’Me litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona ka morero oa bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo tlang.”

10 Na re bone ha boprofeta boo bo phethahala? E. Ho tloha ha e sa le mehla ea bofelo e qala ka 1914, Lipaki tsa Jehova li boletse litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo hohle lefatšeng ka mokhoa o laetsoeng ke Jesu, e leng, matlong a batho. (Mattheu 10:7, 12; Liketso 20:20) Lipaki tse limillione li ea ho batho ba lichaba tsohle ho buisana le bona ka lefatše le lecha. Sena ke sona se entseng hore le uena u fumane bukana ena, kaha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o akarelletsa ho hatisa le ho aba lingoliloeng tse libillione tse buang ka ’Muso oa Molimo. Na ho na le motho leha e le ofe eo u mo tsebang ea bolelang ka ’Muso oa Molimo ka ntlo le ntlo lefatšeng ka bophara? Mareka 13:10 e bontša hore mosebetsi ona oa ho bolela le ho ruta o lokela ho etsoa “pele,” bofelo bo fihla.

Ho Arabela Tseko ea Bobeli e Khōlō

11. Ke eng hape seo Lipaki tsa Jehova li se finyelletseng ka ho ikokobelletsa puso ea Molimo?

11 Ka ho utloa melao le melao-motheo ea Molimo, Lipaki tsa Jehova li boetse li finyelletse ho hong hape. Li bontša hore Satane o ne a le leshano ha a ne a bolela hore batho ba ke ke ba tšepahala ho Molimo ha ba le tlas’a teko, ’me ka ho etsa joalo li arabela tseko ea bobeli e khōlō e neng e akarelletsa botšepehi ba batho. (Jobo 2:1-5) Kaha ke mokhatlo oa batho ba limillione ba tsoang lichabeng tsohle, Lipaki, joaloka sehlopha, li bontša ho ikokobelletsa puso ea Molimo. Le hoja e le batho ba sa phethahalang, li ema ka lehlakoreng la Molimo tsekong ea bobusi ba bokahohle ho sa tsotellehe khatello ea Satane.

12. Lipaki li etsisa mang ka tumelo ea tsona?

12 Kajeno, Lipaki tsena tsa Jehova tse limillione li phaella bopaki ba tsona letotong la lipaki tse ling tseo mehleng e fetileng li ileng tsa bontša botšepehi ho Molimo. Tse ling tsa tsona e ne e le Abele, Noe, Jobo, Abrahama, Sara, Isaaka, Jakobo, Debora, Ruthe, Davida le Daniele ha re bolela tse seng kae feela. (Ba-Heberu khaolo 11) Joalokaha Bibele e bolela, ke ‘leru le leholo la lipaki tse tšepahalang.’ (Ba-Heberu 12:1) Lipaki tsena hammoho le batho ba bang, ho akarelletsa le barutuoa ba Jesu li ile tsa boloka botšepehi ho Molimo. Jesu ka boeena o fane ka mohlala o moholo ka ho fetisisa ka ho boloka botšepehi bo phethahetseng.

13. Ke mantsoe afe a Jesu ka Satane a ipakileng e le ’nete?

13 Sena se paka hore seo Jesu a se boletseng ka Satane ho baeta-pele ba bolumeli ke ’nete: “Athe joale le rata ho mpolaea, ’na ke leng motho ea le boleletseng ’nete, eo ke e utloileng ho Molimo. . . . le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng; hobane ha ho ’nete ho eena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.”—Johanne 8:40, 44.

Khetho ea Hao ke Efe?

14. Ho etsahala eng ka motheo oa lefatše le lecha hona joale?

14 Motheo oa lefatše le lecha oo Molimo o ntseng o o rala hona joale mokhatlong oa machaba oa Lipaki tsa Jehova o ntse o e-ba matla haholoanyane. Selemo le selemo batho ba likete tse makholo ba sebelisa boikhethelo ba bona, bo theiloeng tsebong e nepahetseng, ba amohela puso ea Molimo. Ba fetoha karolo ea mokhatlo oa lefatše le lecha, ba ema ka lehlakoreng la Molimo tsekong ea bobusi ba bokahohle, ’me ba paka Satane a le leshano.

15. Jesu o etsa mosebetsi ofe oa ho khetha mehleng ea rōna?

15 Ka ho khetha puso ea Molimo, ba tšoaneleha hore ba ka behoa ka ‘letsohong le letona’ la Kreste ha a khetha “linku” ho “lipōli.” Jesu o ile a bolela e sa le pele boprofeteng ba hae ka mehla ea bofelo: “Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali.” Linku ke batho ba bonolo ba kopanelang le baena ba Kreste le ho ba tšehetsa, ka ho ikokobelletsa puso ea Molimo. Lipōli ke batho ba manganga ba latolang baena ba Kreste ’me ba sa etse letho ho tšehetsa puso ea Molimo. Phello e tla ba efe? Jesu o itse: “’Me bona bao [lipōli] ba tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng [linku] ba tla ea bophelong bo sa feleng.”—Mattheu 25:31-46.

16. Ke eng seo u lokelang ho se etsa haeba u rata ho phela Paradeiseng e tlang?

16 Ka sebele Molimo oa re tsotella! Haufinyana o tla fana ka lefatše la paradeise le thabisang. Na u rata ho phela Paradeiseng eo? Haeba ho joalo, bontša kananelo ea hao bakeng sa litokisetso tsa Jehova ka ho ithuta ka eena le ho sebelisa seo u ithutang sona. “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi. Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela.”—Esaia 55:6, 7.

17. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho senya nako ho khetha eo u tla mo sebeletsa?

17 U se senye nako. Bofelo ba tsamaiso ena ea khale ea lintho bo haufi haholo. Lentsoe la Molimo lea eletsa: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena. . . . ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:15-17.

18. Ke khato efe e tla u nolofalletsa ho lebella pele ka kholiseho ho phela lefatšeng le lecha le hlollang la Molimo?

18 Hona joale batho ba Molimo ba koetlisetsoa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. Ba ithuta mahlale a lintho tsa moea le a mang a hlokahalang ho etsa paradeise. Re u khothalletsa hore u khethe Molimo joaloka ’Musi le ho tšehetsa mosebetsi o pholosang bophelo oo a etsang hore o etsuoe lefatšeng lohle kajeno. Ithute Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me u tsebe Molimo oo ka sebele o u tsotellang le o tla felisa bohloko. Le uena ka tsela ena u ka ba karolo ea motheo oa lefatše le lecha. Joale ka kholiseho u ka lebella ho fumana mosa oa Molimo le ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha le hlollang.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Lipaki tsa Jehova li na le boena ba sebele ba machaba

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Motheo oa lefatše le lecha la Molimo joale o se o raloa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela