Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 1/8 maq. 8-13
  • Lipaki tsa Jehova Europe Bochabela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki tsa Jehova Europe Bochabela
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki tsa Jehova Soviet Union
  • Tsoelo-pele e Etsahalang Poland
  • Tokoloho ea Bolumeli Romania
  • Litaba tse Monate tse Tsoang Hungary
  • Mehato e Tsoelang Pele Czechoslovakia
  • Litebello tsa Nakong e Tlang
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Keketseho e Hlollang
    Tsoha!—1992
  • ‘’Me Lerako le Ile la Heleha’
    Tsoha!—1991
  • Ba Ile ba Hlolloa ke Seo ba Ileng ba se Bona
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 1/8 maq. 8-13

Lipaki tsa Jehova Europe Bochabela

HA LERAKO la Berlin le ne le heleha ka November 1989, Asiaweek e tlalehile hore “baahi ba Jeremane Bochabela ba ka bang limillione tse 2 ba ile ba subuhlellana karolong e ka boroa ea naha ea bona e arohileng ka matsatsi a mabeli ka mor’a hore Berlin Bochabela e bule meeli.” Morero oa bona e ne e le ofe?

Ho barui e ne e le ho reka haholoanyane. Ho ba bang e ne e mpa e le ho sheba lintho lifensetereng tsa mabenkele le hoja e se ka morero oa ho reka esita le ho latsoa tokoloho ea bona e ncha. Batho ba bangata ba ile ba fumana Lipaki tsa Jehova literateng tsa Berlin le metseng e meng ’me ba amohela libuka ho tsona. Ho tloha nakong eo, ba bang ba se ba ile ba ngolla ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Selters, haufi le Frankfurt am Main, ba hlalosa maikutlo a babatsehang.

Lengolo le leng le itse: “Ha ke ne ke etela Berlin Bophirima ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka fumana kopi ea Molula-Qhooa e le mpho e tsoang ho Lipaki tsa Jehova seterateng. Ho tloha nakong eo, ke ile ka qalisa ho hlahlobisisa Bibele hape, esita le hoja ke e-na le mathata a mangata-ngata, ho boetse ho na le motho ea mphang tšepo le thabo bophelong. Ke tla thaba haholo haeba nka bala buka Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ke boetse ke rata ho kopana le Lipaki tsa Jehova hape.”

Moeti e mong o ile a ngola: “Ha ke feta borokhong ho ea seteisheneng se seholo Nuremberg, mofumahali e mong o ile a mpha likopi tsa Tsoha! le Molula-Qhooa. Ke ile ka hlolloa ha ke li bala. Ka matsatsi a se makae ke ile ka boela ka sebelisa Bibele hape.”

Likopano tse khōlō tsa Lipaki tsa Jehova li ne li tšoaretsoe metseng e meholo ea Europe Bochabela lehlabuleng la 1990. Lebala la Lipapali la Olympia le neng le le ho seo pele e neng e le Berlin Bophirima e bile sebaka se seng seo Lipaki tse tlileng kopanong li fihletseng ho sona ho tsoa lichabeng tse ngata, ho kopanyelletsa Jeremane e ka bochabela. Ho lekanyetsoa hore ho ba 44 532 ba bileng teng, ba ka bang 30 000 ba ne ba tsoa Jeremane e ka bochabela. Koranta Berliner Morgenpost e tlalehile hore ho kolobelitsoe Lipaki tse ncha tse 1 017 letangoaneng la ho sesa la Olympia, ka ho qoelisoa ka ho felletseng ka metsing e leng mokhoa oo “ba nkang karolo ba o khomaretseng haufi-ufi ho latela Bakreste ba boholo-holo.”

Lintho li fetohile joang Jeremane e ka bochabela? Ka March 1990, likoranta tsa Jeremane Bochabela li ile tsa tsebisa ka ho ngolisoa ha Lipaki tsa Jehova ka molao. Tlas’a sehlooho se reng “Lipaki tsa Jehova li Boetse li Ngolisitsoe ka Molao,” koranta ea Jeremane Bochabela Mitteldeutsche Zeitung e itse: “Letsatsi la March 14 le ile la bolela ho fela ha thibelo e neng e bile teng ka lilemo tse 40. Letsatsing lena baemeli ba Lipaki tsa Jehova ba G[erman] D[emocratic] R[epublic] (Rephabliki ea Puso ea Sechaba ka Sechaba ea Jeremane) ba ile ba tloha mehahong ea ’muso ea Mongoli oa Litaba tsa Kereke ba fumane tumello ea molao e ba lumellang ho boela ba sebelisa bolumeli ba bona ka bolokolohi GDR.”

Lengolo le amohetsoeng ho tsoa ho Paki e ’ngoe selemong se fetileng Leipzig le hlalosa pale: “Nako e ka bang beke e fetileng re ne re ntse re kenya naheng lijo tsa moea ka sekhukhu ka tekanyo e fokolang. Hona joale [ka la 14 March, 1990] re tsebahala ka molao! Haufinyane re tla be re laolla libuka tsa litone tse ’nè terakeng!” Ha e le hantle, teraka ea pele e ileng Jeremane Bochabela e ne e laetse litone tse 25 tsa libuka tsa Bibele, ’me nakong ea likhoeli tse peli tse latelang, ho ile ha boela ha romelloa litone tse eketsehileng tse 250. Eo e bile tlala ea moea ea Lipaki tse neng li amohiloe tokoloho ka lilemo tse fetang 40!

Ha re hopola hore Bonazi (1933-45) le Bokomonisi ka bobeli li ile tsa leka ho felisa mosebetsi oa Lipaki Jeremane, mosebetsi oa tsona o mafolo-folo oa nakong e fetileng ke bopaki bo botle ba botšepehi ba tsona le tlhohonolofatso ea Molimo ho tsona.

Lipaki tsa Jehova Soviet Union

Ka December 1989, Mikhail Gorbachev o ile a kopana le Mopapa John Paul II Vatican. Koranta ea Soviet Pravda e ile ea tlaleha Gorbachev a re ka puisano ena: “Re bile le puisano e pharalletseng le e nang le morero. . . . Re buile ka bolumeli le lintho tse amanang le bolumeli tse ntseng li ntšetsoa pele Europe, lefatšeng, le Soviet Union.” L’Osservatore Romano, e leng koranta ea ’muso ea Vatican, e tlalehile hore Mong. Gorbachev o itse puong ea hae ho mopapa: “Batho ba litumelo tse ngata, ho kopanyelletsa Bakreste, Mamosleme, Bajode, Mabuddha le ba bang, ba phela Soviet Union. Kaofela ha bona ba na le tokelo ea ho khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa moea. Haufinyane, Molao oa ho Sebelisa Letsoalo ka Bolokolohi o tla sebelisoa naheng ea rōna.”

Ho netefatsa seo, ka September 1990 lekhotla la ketsa-melao la Soviet le ile la lumella molao o lumellang bolokolohi ba letsoalo. Karolo ea bo3 ea molao joalokaha e ngotsoe, e re: “Tumellanong le tokelo ea ho sebelisa letsoalo ka bolokolohi, moahi e mong le e mong o tla iketsetsa qeto ka kamano ea hae le bolumeli, o tla ba le tokelo ea ho sebelisa bolumeli leha e le bofe a le mong kapa hammoho le ba bang kapa a se be le bolumeli bakeng sa ho hasanya tumelo ea hae mabapi le kamano ea hae le bolumeli.”

Ho na le Lipaki tsa Jehova tse likete Soviet Union tse lebelletseng ho sebelisa tokoloho ea bolumeli. (Bona leqephe 30.) Bakeng sa Likopano tsa 1990 tsa “Puo e Hloekileng,” baeti ba fetang 17 000 ba tsoang Soviet Union ba bile teng mananeong a Serussia Warsaw bakeng sa ho emela Lipaki tsohle tse tletseng hohle Soviet Union. Li lebelletse letsatsing leo li tla nolofalloa ho tšoara likopano tsa tsona Soviet Union.

Tsoelo-pele e Etsahalang Poland

Lipaki tsa Jehova li ile tsa ngolisoa ka molao Poland ka May 1989. Ho tloha nakong eo ofisi ea lekala e ile ea theoa, ’me ho ntse ho hahuoa mehaho e ekelitsoeng haufi le Warsaw. Mehleng ea pele bacha ba makholo ba Lipaki ba ile ba kenngoa teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore ha Bokreste. Hona joale ha ba kenyelletsoe tabeng ea ho sebeletsa sesoleng le ho fumana kotlo haeba ba hlahisa lengolo le loketseng.

Likopano tse ling tse neng li tšoaretsoe Poland ka 1989 le 1990 e boetse e bile tšusumetso e khōlō haholo ho Lipaki tse lulang moo. Tlaleho e bolela hore lenane la Lipaki tse mafolo-folo Poland le eketsehile khoeli le khoeli selemong se fetileng ka tlhōrō e ncha ea ba fetang 97 000. Haufinyane Poland e tla ba naha ea bo12 e nang le Lipaki tse fetang 100 000.a Lenane la batho ba bileng teng Sehopotsong sa Lefu la Kreste ka April e bile batho ba 188 861.

Tokoloho ea Bolumeli Romania

Lipaki tse Romania li ile tsa thabela ho utloa hore mokhatlo oa tsona o ngolisitsoe ka molao ka April 1990. (Bona lebokose, leqepheng la 13.) Kapele-pele ho ile ha hlophisoa hore ho be le likopano tsa potoloho hohle naheng eo, ’me kopanong e ’ngoe batho ba fetang 44 000 ba bile teng le hoja ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 19 000 feela naheng eo ka nako eo. Ka sebele baahi ba bangata ba Romania ba arabela molaetseng oa ’Muso.

Likopano tsa setereke tsa lefatše lohle tse nang le sehlooho sa 1990 se reng “Puo e Hloekileng” li ile tsa tšoareloa metseng ea Brasov le Cluj-Napoca. Lenaneo le ile la nehelanoa ka Seromania le Sehungary. Batho ba fetang 36 000 ba bile teng ’me ho ile ha kolobetsoa ba 1 445.

Mabapi le tokollo ea January 1, 1991, ho ile ha qala ho hatisoa Molula-Qhooa ka Seromania ka nako e le ’ngoe le oa Senyesemane ka mebala e felletseng.

Haufi le Bulgaria moo bolumeli ba Orthodox ea Bochabela e leng bona bo atileng, Lipaki ha li e-s’o ngolisoe ka molao empa li hira matlo bakeng sa liboka tsa tsona tsa phutheho. Ba fetang 200 ba ile ba tsamaea ho ea Salonika, Greece hore ba be teng Kopanong ea “Puo e Hloekileng” e neng e tšoeroe ka Sebulgaria le Segerike.

Litaba tse Monate tse Tsoang Hungary

Letsatsi la 27 June, 1989 e bile letsatsi la bohlokoa ka ho fetisisa ho Lipaki tse lulang Hungary. Koranta Magyar Nemzet e ile ea phatlalatsa: “Ofisi ea ’Muso ea Litaba tsa Kereke e tsebahalitse mokhatlo oa bolumeli oa Lipaki tsa Jehova Hungary, ho latela molao oa ho phehella tokoloho ea bolumeli, e le o ngolisitsoeng ka molao.” Litaba tsena li ile tsa phatlalatsoa sea-le-moeeng le thelevisheneng. Baahi ba Hungary ba ile ba ithuta hore qetellong mosebetsi oa Jehova Tanúi (Lipaki tsa Jehova) o ngolisitsoe ka molao.

Likopano tsa “Puo e Hloekileng” li ile tsa tšoareloa Pecs, Miskolc, Debrecen, le Budapest hore li tle li akaretse libaka tse khōlō tsa naha eo. Batho ba ka bang 2 000 ba neng ba bua Sehungary ba ne ba tsoa Czechoslovakia le Soviet Union. Bakeng sa ho tiisa bonngoe ba machaba ba Lipaki tsa Jehova, sehlopha sa baemeli ba 700 se bileng teng se ne se tsoa Finland. Kakaretso ea bohle ba bileng teng Hungary e bile 21 568, ho kopanyelletsa le baemeli ba tsoang Romania ba 2 000.

Ho tloha ka January 1990, Lipaki tse Hungary li ’nile tsa amohela limakasine tsa tsona tse mebala e felletseng ka linako tsohle ’me li fetoletsoe ka nako e le ’ngoe le limakasine tsa Senyesemane.

Mehato e Tsoelang Pele Czechoslovakia

Naheng ena e ntle ea lithaba tse matsaranka le libaka tse batalletseng tse nonneng, Lipaki tsa Jehova li mafolo-folo ho thusa baahisani ba tsona ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele. Tlaleho ea mosebetsi oa tsona ea bolela: “Mosebetsi o etsoa phatlalatsa, ’me ho tšoaroa liboka tse khōlō.”

Ka mor’a liphetoho tse hlakileng tse etsahetseng Europe Bochabela tse qalileng ho ea bofelong ba 1989, Lipaki tse Czechoslovakia li ile tsa nka khato ka potlako ’me tsa hlophisa hore ho be le likopano tsa potoloho likhoeling tsa April ho fihlela ka June 1990. Ka baka leo, ka lekhetlo la pele, ho bile le litlaleho tsa likoranta tse buang hantle ka Lipaki. Hona joale, ho na le Lipaki tse fetang 21 000 Czechoslovakia, ’me ka 1990 ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste e bile 40 295. Karolo e fetang halofo ea liphutheho e se e hirile libaka tseo ho tšoareloang liboka ho tsona, ’me liphutheho tse 12 li se li e-na le Liholo tsa tsona tsa ’Muso.

Ka August 1990, ho ile ha tšoaroa kopano Prague ’me ba bileng teng e bile batho ba 23 876 ’me ha kolobetsoa ba 1 824. Ho etsa hore lebala la lipapali le shebahale hantle bakeng sa ho tšoarela kopano, ka boithatelo Lipaki tse fetang 9 500 li ile tsa sebelisa lihora tse fetang 58 000 ho hloekisa lebala leo le ho le khabisa. Moemeli oa Czechoslovak oa TV o ile a hlalosa: “Re se re etetse libaka tse ngata tsa sechaba, empa re le babatsa haholo ka tlhophiso ea lōna mona lebaleng la lipapali. E hlile ha re lumele hore ke hona le hlophisang ’mōka o tjena ka lekhetlo la pele.” Moeti e mong o ile a re: “Ke babatsa boemo ba moea, likamano tse mofuthu, le lerato le har’a baena ba habo lōna. Ke tlile joaloka motsoalle; ’me joale ke tsamaea joaloka motsoalle e moholoanyane.”

Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li hatisoa ka mebala e felletseng ka lipuo tsa Czech le Slovak ’me Molula-Qhooa o fumaneha ka nako e le ’ngoe le oa Senyesemane ka lipuo tsena ka bobeli. Ha re nahana ka boemo bo hatellang bo neng bo le teng nakong e ka holimo ho selemo e fetileng, tsena ke liphetoho tse babatsehang.

Litebello tsa Nakong e Tlang

Ho na le litebello life bakeng sa Lipaki tse bolelang linaheng tseo ho tsona ho nang le meloko e mecha e hōlisitsoeng ka khopolo ea ho latola boteng ba Molimo? Tlaleho e ’ngoe e boletse: “Ho na le lefifi le leholo ka Bibele le Molimo. Empa leha ho le joalo, taba e khahlisang ke hore batho ha ba ferekanngoa ke lithuto tsa bolumeli ba bohata tseo ba lokelang ho li hlokomoloha. Ho bonahala hore kotulo e tla ba khōlō.”

Kahoo, ke molaetsa ofe oo Lipaki tsa Jehova li fanang ka ’ona ho batho ba Europe Bochabela o tsoang ka Bibeleng? Sehlooho se latelang se tla arabela taba ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Linaha tse ling tse 11 ke Brazil, Brithani, Canada, Fora, Italy, Japane, Jeremane, Mexico, Nigeria, Philippines, le United States.

[Lebokose le leqepheng la 8, 9]

Ho Fumana Tokoloho ea Bolumeli Qetellong!

Mantsoe a latelang a builoe ke Lipaki tse tsoang ho se kileng sa bitsoa Jeremane Bochabela tse neng li le teng Kopanong ea “Puo e Hloekileng” Berlin ka July 1990.

“Lebitso la ka ke Lydia. Ke na le lilemo tse robeli, ke tsoa GDR [German Democratic Republic (Rephabliki ea Puso ea Sechaba ka Sechaba ea Jeremane)]. Ke thabile haholo hore ebe ke bile teng kopanong ena ea setereke hobane nako e ka bang selemo e fetileng maliboho a ne a koetsoe. Re ile ra lokela ho keteka Sehopotso ka sekhukhu. Nakong ena re se ketekile ka bolokolohi! Ha e mong le e mong a qala ho bina ke ile ka seka meokho. Kamoo ke thabileng ka teng ke lokela ho bolella e mong le e mong sekolong!”

“Re thabile haesita le ho ananela ho ba baeti ba Jehova mona Berlin har’a boena ba machaba.”—Bernd.

“Taba ea hore baena ba GDR le bona ba ne ba nkile karolo lenaneong ho hatisa tšobotsi e khethehileng: Jehova o ruta bahlanka ba hae le hore ba tšoanelehe esita leha ba le tlas’a thibelo.”—Gottfried.

“Litlatse le ’mino li ne li bontša hore motho e mong le e mong o thabile. E bile mohoo o ileng oa thefula motho habohloko ka hare. E lokela ebe Jehova o ile a thaba hakaakang!”—Egon.

“Ka mor’a hore ke kolobetsoe baena ba bang ba ile ba mpotsa hore na metsi a ne a bata haholo. Ke ile ka arabela ka hore ha ke tsebe. Tlhohonolofatso ea Jehova e bile e futhumatsang hoo ke sa kang ka hlokomela mocheso kapa mohatsela oa metsi.”—Heidrun.

“Boemo sebakeng seo re neng re fihletse ho sona ke bo neng bo ke ke ba hlalosoa! Re le ba tsoang Denmark, Mozambique, Engelane, California, Jeremane e ka boroa, Spain, GDR—kaofela ha rōna re ile ra bina hammoho, kaofela ha rōna re ne re bua ‘puo e hloekileng.’”—Jutta.

“Ka mehla re ne re phetela bana ba rōna seo re ’nileng ra se hopola ka likopano tsa Berlin tsa 1958 le 1960, e leng eona kopano ea ho qetela eo re tsebileng ho ba teng ho eona. Empa seo re fetileng ho sona hona joale se feta hōle seo re ’nileng ra se hopola le litebello tsa rōna.”—Wolfgang.

“Se ileng sa re khahla haholo e bile ha batho ba likete-kete ba ema ho bina le ho rorisa Jehova, haholo-holo nakong eo ho binoang pina e koalang le thapelo. Re ne re se re sa tsebe ho thiba meokho ea rōna.”—Monika le Reinhard.

[Lebokose le leqepheng la 13]

“Ho Hloka Toka ho Ile ha Lokisoa”

Tlas’a sehlooho seo ho ile ha tlalehoa koranteng ea Romania Tineretul liber (Bacha ba Lokolohileng) ea August 11, 1990. Sehlooho seo se boletse: “E, ho hloka toka ho ile ha lokisoa. Mokhatlo oa bolumeli o neng o nyatsoa haholo oa ‘Lipaki tsa Jehova,’ tse ileng tsa boloka botšepehi ba tsona joaloka balateli ba Kreste ka lilemo tse fetang 40, o lumelletsoe ka molao, o fumane boemo ba ho ba teng ka molao. Mokhatlo ’ona o etsa mosebetsi oa ’ona tlas’a ketello-pele ea Sehlopha se Busang joaloka mokhatlo oa lefatše lohle o mafolo-folo linaheng tse 210 le lihleke-hlekeng.” Karolo eo e phethetse ka ho tsebisa likopano Brasov le Cluj-Napoca ka August.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Mesebetsi ea kopano: (ho tloha ka letsohong le letšehali ka tlaase, ho ea ka letsohong le letona) ho fanoa ka bukana e ncha e lekanang le makasine Warsaw; lithala tsa Hungary le Romania, Budapest; ho ngoloa lintlha, Berlin; ho lokisoa lebala la lipapali pele ho kopano, Prague

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Mesebetsi ea kopano: (ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona) kolobetso, Romania; lebala la lipapali, Prague; lelapa le nkile buka “Moloko oa Batho o Batla Molimo” Berlin; sebui Budapest; ho hlahlojoa Bibele Poland

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela