Keketseho e Hlollang
HA HO mohla Lipaki tsa Jehova e kileng ea e-ba tšokelo ho ba boholong lipolotiking linaheng tseo li phelang ho tsona, ’me joale sena se ea hlokomeloa. Ha e bua ka e ’ngoe ea likopano tsa lehlabuleng lena tsa Soviet Union, koranta Krasnoyarskiy Komsomolets e ile ea hlokomela: “Qetellong batho ba nahanang ba naha ea rōna ba ile ba hlokomela hore batho ba Jehova ha ba kotsi ka tsela leha e le efe molaong oa sechaba le tsamaisong ea sechaba.”
Ka ho tšoanang, koranta ea Soviet Union Vostochno-Sibirskaya Pravda e ile ea tlaleha: “Kaha mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova e hlile ke oa bolumeli ka ho khethehileng, ha o kopanele likhohlanong tsa lipolotiki ’me ha o khothalletse litho tsa ’ona ho tšehetsa mokhatlo leha e le ofe oa lipolotiki, empa o tšehetsa bobusi ba Bibele le Mongoli oa eona, Jehova Molimo.”
Keketseho Lilemong tsa Pele
Ka mashome a mangata a lilemo Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ba mafolo-folo Europe Bochabela. Ho ea bofelong ba lilemo tsa bo-1930, Romania e ne e e-na le Lipaki tse fetang 2 000, Poland tse 1 000, Czechoslovakia le Hungary tse makholo, ’me ho ne ho boetse ho e-na le tse ngata Yugoslavia. Le hoja Soviet Union e khōlōhali e ne e e-na le tse seng kae feela, sena se ile sa fetoha ka ho panya ha leihlo.
Setsebi litabeng tsa Soviet Union, Walter Kolarz, bukeng ea sona Religion in the Soviet Union se boletse hore Lipaki tse ling li kene Russia “ka libaka tseo Soviet Union e ileng ea li hapa ka 1939-40, moo ho neng ho e-na le lihlopha tsa Lipaki tsa Jehova tse nyenyane empa tse mafolo-folo.” Kahoo, Lipaki tse lulang likarolong tse ka bochabela tsa Poland, Czechoslovakia, le Romania ka tšohanyetso li ile tsa iphumana li se li lula Soviet Union!
Tsela e ’ngoe e babatsehang eo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa kena Soviet Union ka eona ebile ka likampo tsa mahloriso tsa Jeremane. Joang? Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, batšoaruoa ba Russia ba ile ba iphumana ba le likampong tsena hammoho le Lipaki tse likete-kete tsa Jeremane. Majeremane ana a ne a kentsoe likampong tsena hobane a ne a bolokile boemo bo tsitsitseng ba ho se nke lehlakore ha Bokreste. (Johanne 17:16; 18:36) A ile a ikhethela ho hlokofatsoa le ho shoa ho e-na le ho tlōla melao ea Molimo ka ho kena mabothong a Hitler ’me ka ho etsa joalo a be molato oa ho bolaea Bakreste-’moho linaheng tse ling kapa ho bolaea motho leha e le ofe ka lebaka leo.—1 Johanne 3:10-12.
Kahoo, joalokaha Kolarz a ngotse, “le hoja ho ka utloahala ho le thata ho lumela sena, likampo tsa mahloriso tsa Jeremane ke o mong oa mecha eo molaetsa oa Lipaki tsa Jehova o tlileng Russia ka eona. Molaetsa ona o tlisitsoe mona ke batšoaruoa ba Russia ba neng ba le Jeremane ba ileng ba tsota ho tiea le botšepehi ba ‘Lipaki’ ’me mohlomong ka baka leo ba fumana bolumeli ba tsona e le bo khahlisang.” Ho tlalehoa hore kampong ea basali feela ea Ravensbrück, bacha ba bangata ba Marussia ba ile ba amohela molaetsa oa Bibele o boleloang ke Lipaki tsa Jehova.
Ka mor’a ntoa, batšoaruoa ba tsoang linaheng tsa Europe Bochabela ba neng ba fetohile Lipaki tsa Jehova ba ile ba khutlela linaheng tsa habo bona. Moo ba ile ba ruta ka cheseho hore puso ea ’Muso oa Molimo ke eona feela tšepo ea sebele bakeng sa khotso ea ka ho sa feleng. Kahoo, lenane la Lipaki Europe Bochabela le ile la eketseha ka ho hlollang. Ka April 1946, ho ne ho e-na le Lipaki tse fetang 4 000 tse bolelang Soviet Union, ’me ka potlako palo ena e ile ea imena ka makhetlo a mabeli. Ka September 1946, Lipaki tse leng Romania li ile tsa tšoara kopano Bucharest moo batho ba ka bang 15 000 ba ileng ba e-ba teng.
Nakoana ka mor’a moo, Ntoa ea Mantsoe e ile ea qaleha ’me sena se ile sa thibela menyetla ea ho tsamaea le puisano mahareng a Europe Bochabela le linaha tsa Bophirima. Ho feta moo, mebuso e mecha ea Europe Bochabela e ile ea qala ho hanyetsa Lipaki tsa Jehova. Ka masoabi, mebuso ena e ile ea talima Lipaki tsa Jehova e le tšokelo, ’me kahoo tse ngata li ile tsa kenngoa literonkong. Ho sa tsotellehe sena, ho ea bofelong ba 1951, Czechoslovakia e ne e e-na le Lipaki tse mafolo-folo tse 3 705; Hungary tse 2 583; Yugoslavia tse 617; ’me Poland tse fetang 15 000.
Lia Hanyetsoa, Empa Keketseho e Tsoela Pele
Ka 1967, Maurice Hindus o ile a ngola ka Lipaki tsa Jehova bukeng ea hae The Kremlin’s Human Dilemma. Seo a ngotseng ka sona se ne se sebetsa ho Lipaki tse leng Soviet Union hammoho le tse leng likarolong tse ling tsa Europe Bochabela. “Le hoja li sebetsa ka sekhukhu, lia tsongoa ’me li fuoa likotlo tsa teronko tse boima. Empa ha ho mokhoa oa ho li thibela. Ha li hatelloa sebakeng se seng, li bitoha sebakeng se seng . . . Li bonahala e le tse ke keng tsa felisoa joaloka mapolesa a Soviet Union.”
Nakong ea selemo ka 1951, Lipaki tsa Jehova Soviet Union li ile tsa thefuleha habohloko. Tse fetang 7 000 tsa tsona tse neng li le lirephabliking tsa Europe tsa Soviet Union li ile tsa tšoaroa le ho isoa likampong tsa teronko likarolong tse hōle tsa naha, ho kopanyelletsa le Siberia le Vorkuta, leboea le hōle. Phello ebile efe?
Kolarz o ile a hlokomela: “Hona ha e-ea ka ea ba ho fela ha ‘Lipaki’ Russia, empa e bile ho phetla khaolo e ncha liketsong tsa tsona tsa ho sokolla. Li ne li leka ho jala litumelo tsa tsona ha li emisitse liteisheneng tseleng ea tsona e eang botlamuoeng. Ha ho letho le molemo ho feta moo leo ’Muso oa Soviet Union o neng o ka le etsa ho jala tumelo ea tsona. Ho tloha metseng eo li neng li lula ho eona moo li neng li sa kopane le batho ba bangata ‘Lipaki’ li ile tsa isoa lefatšeng le saballetseng haholoanyane, le hoja lena e ne e le lefatše le sisimosang la likampo tsa mahloriso le tsa bokhoba.”
Ka Hare le ka Ntle ho Literonko
Joalokaha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tsoela pele ho ruta ba sa khaotse ha ba hlorisoa, Lipaki tsa Jehova li hlile tsa etsa joalo Soviet Union. (Liketso 5:42) Helene Celmina oa Latvia ea neng a koalletsoe ka baka la seo ho neng ho thoe ke litlōlo tsa molao, o bolela hore karolong ea kampo ea teronko ea Potma, moo a neng a koalletsoe teng ho tloha ka 1962 ho fihlela ka 1966, ho ne ho e-na le batšoaruoa ba ka bang 350. O re: “Hoo e batlang e le halofo ea bona e ne e le Lipaki tsa Jehova.” Bukeng ea hae Women in Soviet Prisons, Celmina o ngotse ka seo a se boneng kampong:
“Libuka tse tsoang Brooklyn li fihla ka mehla, li le boemong bo botle ’me li le ngata li tla ka mecha eo e seng ea molao empa e hlophisehileng hantle haholo . . . Ho ne ho se motho ea utloisisang hore na naheng ena e nang le terata e bohale e hlabang moo ho kopanoang le batho ka mokhoa o lekanyelitsoeng ke joang libuka tse thibetsoeng li neng li ka kena—le hona li bile li tsoa United States! Lipaki tse ngata tsa Jehova li ile tsa ahloleloa lilemo tse leshome tsa ho sebetsa ka thata ka baka la hobane feela li na le likopi tse ’maloa tsa litokollo tsa Molula-Qhooa malapeng a tsona. Kaha batho ba ne ba tšoareloa ho ba le lingoliloeng tsena, kahoo re ka utloisisa ho tšoenyeha le ho halefa ha lefapha la tsamaiso ka baka la boteng ba lingoliloeng tsena kampong.”
Ka thuso ea Jehova, ha ho letho le neng le ka li thibela ho aba lijo tsena tsa moea! Celmina o ile a hlokomela: “Ha ho motho ea fumaneng kamoo [Molula-Qhooa] o keneng ka teng kampong. Ka mor’a kahlolo, motšoaruoa e mong le e mong o hlobolisoa liaparo tsa hae kaofela ’me o phenya-phenngoa ka hohle-hohle. Ha a fihla kampong motšoaruoa ka mong o boela a phenya-phenngoa ka hohle-hohle le ka mokhoa o hlokolosi. Lisutukeisi li phenyekolloa bakeng sa ho bona hore na ha li na likarolo tse ling ka tlaase moo ho ka patoang lintho. Ha ho motho ea sa tsejoeng ea lumelletsoeng ho kena kampong ka ntle ho lebaka le utloahalang. Ha batšoaruoa ba lumelloa ho ea sebetsa ka ntle ho jarete ea teronko masimong, ba lika-liketsoa ke balebeli ba hlometseng ’me ha ho motho ea lumelloang ho ba atamela. Motšoaruoa e mong le e mong o boela a phenya-phenngoa ka hohle-hohle ha a khutlela kampong mantsiboea. Empa ho sa tsotellehe ho lebeloa ka hloko hakana, lingoliloeng tsa Brooklyn li ntse li fihla ho babali ba tsona.”
Ka nako e tšoanang, Bakreste ba matla ba leng ka ntle ho likampo tsa teronko tsa Soviet Union ba ile ba etsa boiteko ba ho tsoela pele ka boboleli ba bona ba phatlalatsa le mesebetsi ea ho ruta. Bopaki ba sena e bile libuka le lifilimi tse ileng tsa hlahisoa ka boiteko ba ho thibela boboleli ba bona. Ka mohlala, ka 1978 buka The Truths About Jehovah’s Witnesses e ile ea hatisoa, ’me joalokaha ho ne ho hlalositsoe selelekeleng sa eona, morero e ne e le “ho ntšetsa pele thuto ea ho latola boteng ba Molimo har’a balateli ba mokha ona oa bolumeli.”
Mongoli V. V. Konik, o bontša hore har’a lintho tse ling, Lipaki tsa Jehova li ne li tšoara lipuo tsa phatlalatsa ka makhetlo a mangata ka ho fetisisa mapatong a tsona le manyalong. O ngotse: “Ka mohlala, ka August 1973, motseng oa Krasnaya Polyana, seterekeng sa Krasnodarskiy, ho ne ho e-na le lenyalo la litho tse peli tsa mokhatlo ona, ’me ho ne ho le teng batho ba ka bang 500. Baboleli ba tšeletseng ba ile ba fana ka lipuo ’me lipuo tsa bona li ile tsa hasoa ka libuela-hōle tse peli. Joale ho ile ba bontšoa tšoantšiso e bontšang kamoo Lipaki tsa Jehova li tsoelang pele ho buisana le batho ba malumeli a mang hammoho le batho ba latolang boteng ba Molimo ka teng.”
E, ho sa tsotellehe ho thibeloa ha mosebetsi oa tsona, Lipaki tsa Jehova hohle Europe Bochabela li ’nile tsa tsoela pele ka cheseho ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka ho utloa taelo ea Kreste ea boprofeta. (Mattheu 24:14) Qetellong, ka May le June 1989, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ngolisoa ka molao Poland le Hungary, ’me ka April 1990 li ile tsa ngolisoa ka molao Romania, ka March 1991 tsa ngolisoa ka molao Soviet Union, haesita le Bulgaria ka July 1991. Mosebetsi oa tsona o tsoela pele ka ntle ho tšitiso Czechoslovakia.
Batho ba Thabileng ba Neng ba le Teng Likopanong
Ha e le mona u ile ua ameloa ka liketsahalo tsa nakong e fetileng, mohlomong u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha baeti ba mashome a likete ba neng ba tlile likopanong tsa Europe Bochabela ba ne ba thabile—ba lla, ba akana, ba opa mahofi ’me ba ntse ba tsokelana matsoho mabaleng a lipapali.
Budapest, Prague, le Zagreb li ne li khethetsoe ho ba “likopano tsa machaba,” ’me ho ile ha etsoa litokisetso tse khethehileng tsa ho amohela baeti ba likete-kete ba tsoang linaheng tse ling. Soviet Union likopano li ne li tšoaretsoe metseng e supileng ’me ba 74 252 ba bile teng; likopanong tsa Poland tse 12 ho bile teng ba 131 554; ’me ba 34 808 ba bile teng likopanong tse robeli Romania. Le hoja Lipaki li sa ka tsa tseba ho tšoara kopano Bulgaria, Lipaki tse ka bang 300 tse tsoang Bulgaria li ile tsa tšela moeli ho ea Thessalonika, Greece, moo li ileng tsa thabela lenaneo ka puo ea tsona.
Ho ne ho se bonolo ho Lipaki tsa Europe Bochabela ho lokisetsa baeti ba likete-kete. Nahana ka sena: Soviet Union, ha ho mohla ho kileng ha tšoaroa likopano tse joalo! Ho amohela baeti ba mashome a likete joalokaha ho entse Lipaki tsa Budapest le Prague e ne e le mosebetsi o moholo ka ho fetisisa. Ho feta moo, u ka inahanela hore na ho joang ho tšoara kopano Zagreb ha tšokelo ea ntoa ea baahi le ho qhoma ha libomo ho ntse ho utloahala thōkonyana!
Ka sebele, u tla thabela ho bala tlaleho e latelang ka likopano tsena.
[Limmapa tse leqepheng la 19]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LIBAKA TSE THARO TSA LIKOPANO TSA MACHABA LE LIBAKA TSE SUPILENG TSA LIKOPANO SOVIET UNION
SOVIET UNION
TALLINN
KIEV
LVOV
CHERNOVTSY
ODESSA
POLAND
JEREMANE
CZECHOSLOVAKIA
PRAGUE
AUSTRIA
HUNGARY
BUDAPEST
ROMANIA
YUGOSLAVIA
ZAGREB
BULGARIA
ALBANIA
ITALY
GREECE
TURKEY
[’Mapa]
SOVIET UNION
ALMA-ATA
USOLYE-SIBIRSKOYE