Na Bonngoe ba Bokreste ke Ntho e ka Finyelloang?
BOKRESTE-’MŌTOANA ke ntlo e arohaneng. Litho tsa bona tse lekanyetsoang ho feta limillione tse 1 500 li arohile ho ba litsekana tsa Roma e K’hatholike, Orthodox ea Bochabela, Boprotestanta, le likereke tse ling le mekha e ipolelang e le ea Bokreste. Batho ba bangata ba tšepahalang ba ipotsa hore na ebe bonngoe ba Bokreste bo tla ke bo finyelloe.
Ha tokomane ea Seboka sa Bobeli sa Vatican e bua ka masoabi a karohano ea bolumeli, e itse: “Kaofela ba ipolela e le barutuoa ba Morena, empa likhopolo tsa bona lia ikhanyetsa ’me litsela tsa bona li arohane joaloka hoja Kreste ka Boeena o ne a arohane (bapisa le 1 Ba-Kor. 1:13). Ntle ho pelaelo, ho se utloane hona ka ho totobetseng ho hanyetsana le thato ea Kreste, ho fana ka lebaka la khopiso ho lefatše, ’me ho senya sesosa se halalelang ka ho fetisisa sa ho bolela litaba tse molemo ho sebōpuoa se seng le se seng.”
Kereke e K’hatholike le Bonngoe
Kereke e K’hatholike eo litho tsa eona e ka bang halofo ea kakaretso ea litho tsa Bokreste-’mōtoana, e na le khopolo ea eona ka bonngoe ba Bokreste. Ho ile ha theoa “mekhatlo e fapa-fapaneng ea thapelo” bofelong ba lekholo la lilemo. Har’a mekhatlo ena ho bile le Mokhatlo oa Mofumahali oa Rōna oa Kutloelo-bohloko Bakeng sa ho Khutlela ha Engelane Tumelong ea K’hatholike, Mokhatlo o Halalelang oa Bonngoe ba Thapelo oa Mofumahali oa Rōna oa Kutloelo-bohloko Bakeng sa ho Sokolla Bakhelohi, le Mokhatlo oa Thapelo le Mesebetsi e Molemo Bakeng sa ho Boelanngoa ha Mekha ea Bakhelohi ea Bochabela le Kereke.
Ka 1908, tlas’a boeta-pele ba moprista oa Chache ea fetohileng Mok’hatholike, ho ile ha hlophisoa beke ea thapelo ea selemo le selemo ea K’hatholike (January 18-25) bakeng sa “ho sokolla baena ba ikarotseng le bakeng sa ho khutla ha bona.” Hamorao sena se ile sa fetoha Beke ea Thapelo ea selemo le selemo ea Bonngoe ba Bokreste, eo WCC (World Council of Churches [Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke]) o ikamahantseng le eona ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1950.
Buka ea K’hatholike The Documents of Vatican II ea bolela: “Selemo le selemo ka January, ka mashome a mangata a lilemo, Maroma a K’hatholike a fane ka matsatsi a robeli a thapelo bakeng sa bonngoe ba Kereke. Ho fihlela ka 1959, mohopolo o akaretsang oa matsatsi ao a thapelo e leng ho tloha ka January 18-25 e bile tšepo ea hore Maprotestanta a ne a tla ‘khutlela’ Kerekeng e le ’ngoe ea ’nete le hore mekha ea karohano ea Orthodox e ne e tla fela.”
Bonneteng, na Vatican II e ile ea fetola pono ea motheo ea Kereke e K’hatholike ka bonngoe ba Bokreste? Mohlahlami oa mopapa John, Paul VI, o ile a phatlalatsa Molao-motheo oa Vatican II oa Kereke o reng: “Ena ke eona feela Kereke ea Kreste moo re bolelang hore Tumelo ea Motheo e ’ngoe feela, e halalelang, ea lefatše lohle le e latelang thuto ea baapostola. . . . Kereke ena, e hlomamisitsoeng le ho hlophisoa joaloka sechaba lefatšeng la joale, e fumaneha ka Kerekeng e K’hatholike e laoloang ke mohlahlami oa Petrose le babishopo hammoho le eena.”
Bonneteng pono ea motheo ea Kereke e K’hatholike ka bonngoe ba Bokreste e hlile ha ea fetoha. Ha e le hantle, pono ena e boletsoeng ho Vatican II ke ea hore lintho leha e le life tse molemo tse leng teng ka ntle ho Kereke e K’hatholike ha e le hantle ke tsa eona, ’me ka baka leo, joalokaha Molao-motheo oa Kereke o bolela hore “ke matla a susumetsang mabapi le bonngoe ba K’hatholike.”
Na Boa Tšoaneleha ho Hōlisa Bonngoe?
Ho ka boleloa eng ka ho ithorisa ha Kereke e K’hatholike hore ka mehla “ke eona feela e kopaneng, e halalelang, ea lefatše lohle, le e latelang thuto ea baapostola”? Pele, mokha oa haufinyane oa Mak’hatholike a moetlo tlas’a boeta-pele ba Mobishopo e moholo Lefebvre, ho sa boleloe letho ka bohanyetsi ba phatlalatsa ba baruti ba makholo ba K’hatholike, o shanofatsa ho ipolela ha kereke hore “ke eona feela e kopaneng.”a
Ea bobeli, tlaleho ea Kereke e K’hatholike, hammoho le lehloeo la eona ho Bajode, ho hlokofatsa ha eona “bakhelohi,” ho ntšetsa pele ha eona “lintoa tse halalelang,” le ho itšunya ha eona lipolotiking le bolotsana bo hlabisang lihlong ba bosholu ba chelete ho senola hore e hōle le ho ba “e halalelang.”
Ea boraro, Kereke ea Roma e ke ke ea lokafatsa boipolelo ba eona ba hore “ke ea lefatše lohle,” kapa “e akaretsang,” kaha e entsoe feela ka hoo e ka bang halofo ea batho ba ipolelang e le Bakreste, kapa hoo e ka bang karolo ea 15 lekholong ea lenane la baahi ba lefatše.
Ea ho qetela, linnete tsa histori, tlaleho ea mopapa, kapa letlotlo, boitšoaro bo bobe, ho itšunya ha babishopo ba bangata ba K’hatholike lipolotiking li ke ke tsa lokafatsa boipolelo ba kereke ba hore “e latela thuto ea baapostola.” Ka ho hlakileng, Kereke e K’hatholike ha e boemong ba ho ipolela hore e loanela bonngoe ba ’nete ba Bokreste.
Mokhatlo oa Lefatše le Bonngoe
Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke o kopanyelletsa Maprotestanta a fetang 300 le likereke tsa Orthodox tsa Bochabela tse nang le litho tse fetang limillione tse 400 linaheng tse fetang 100. Morero oa mokhatlo ona ke “ho phatlalatsa bonngoe ba Kereke ea Kreste le ho boloka ka ho hlakileng tlamo ea likereke ea ho bontša bonngoe le ho potlaka ha mosebetsi oa ho bolela evangeli.” Leha ho le joalo, na Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke o fana ka tšepo e eketsehileng ea ho finyella bonngoe ba ’nete ba Bokreste ho feta Kereke ea Roma e K’hatholike?
Ke motheong ofe Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke o nang le tšepo ea ho kopanya Bakreste? Buka e ’ngoe ea boitsebiso e boletse: “Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke. . . . Ka kakaretso litho li lumela hore karohano har’a Bakreste ha e lumellane le thato ea Molimo le hore ke tšitiso e khōlō ea hore Bakreste ba amohele batho bao e seng Bakreste. . . . Ho hōtse tšusumetso e matla ea hore bonngoe bo tlameha ho theoa ’neteng.” Kahoo ke eng seo likereke tse fetang 300 tseo e leng litho tsa Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke li se nahanang e le ’nete?
Ka 1948 motheo oa pele bakeng sa ho ba setho sa Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke o ne o nahanoa ke likereke tse ling e le o haellang joaloka oa Boraro-bo-bong. Kahoo, ka 1961 motheo oa ho ba setho o ile oa lokisoa hore o balehe ka tsela ena: “Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke ke ho kopana ha likereke moo li bolelang hore Morena Jesu Kreste ke Molimo le ’Moloki ho latela Mangolo ’me ka baka leo li batla ho phethahatsa pitso e tšoanang ea ho tlotlisa Molimo o le mong oa ’nete, Ntate, Mora le Moea o Halalelang.”—Mongolo o tšekalletseng ke oa rōna.
Oona motheo oo oa ho ba setho sa Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke ha o lumellane. Hobane’ng? Hobane tumelo ho “Molimo o le mong oa ’nete, Ntate, Mora le Moea o Halalelang” ha e “tumellanong le Mangolo.” The Encyclopedia of Religion ea bolela: “Kajeno baruti ba ntsoe-leng hore Bibele ea Seheberu ha e na thuto ea Boraro-bo-bong.” Ho feta moo, The New International Dictionary of New Testament Theology ea hlalosa: “Bokreste ba pele-pele bo ne bo se na thuto e hlakileng ea Boraro-bo-bong.” ’Me The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Ha ho moo lentsoe Boraro-bo-bong kapa thuto e hlakileng [ea Boraro-bo-bong] li hlahellang teng Testamenteng e Ncha, kapa hona hore Jesu le balateli ba hae ba ne ba ikemiselitse ho hanyetsana le boipolelo ba Bajode Testamenteng ea Khale: ‘Utloa, Oho Iseraele: Morena ke Molimo oa rōna a le mong’ (Deut. 6:4).”
Ho feta moo, Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke o itšuntse ka ho tebileng likhohlanong tsa lipolotiki. Ka mohlala, o nehelane ka chelete bakeng sa mekha ea tokoloho e hlometseng. The New Encyclopædia Britannica ea bolela: “Ho ikhetholla ha eona le mekha e fapa-fapaneng ea phetohelo ea mekha ea Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke hangata ho ile ha nyatsoa ke likereke tse ling tse ka sehloohong.” Ho itšunya lipolotiking hoo e seng ha Bokreste le motheo oa lithuto tseo e seng tsa Bibele ho ke ke ha tlisa bonngoe ba ’nete ba Bokreste, hammoho le motheo leha e le ofe oa thuto e sa tsoeng ka Bibeleng.
Bonngoe ba Sebele ke Ntho e ka Finyelloang
Ka ho thahasellisang, Encyclopædia Universalis (1989) ea Sefora e bolela hore morero oa thuto e buellang ho kopanngoa ha malumeli ke “ho khutlisetsa lelapa la Bokreste le arohileng bonngoeng bo hlakileng tumellanong le lithuto tsa Jesu. . . . Ha batho bao e seng Bakreste ba hlokomela kamoo Bakreste ba ratanang ka teng, ba lokela ho ba le tumelo le ho boela ba ikopanya le Kereke hape ’me ba tšoantšetsa sena esale pele lefatšeng le lecha moo mosebetsi, ho loka le khotso e tla ba melao-motheo e busang joalokaha ho boletsoe esale pele le ho bontšoa ke Kreste. . . . Ke habohlokoa ho hlokomela hore . . . Lengolo le eang ho Baheberu (II, 5) le lokela ho bua ka ‘oi·kou·meʹne [lefatše le ahiloeng] le tlang,’ ’me ka hona ho hatisoa hore tšepo ea Bakreste hase lefatše la moea leo eseng la libōpuoa tsa nama empa ke bakeng sa [lefatše] lena le ahiloeng le boelaneng le ’Mōpi oa lona.”
Litho tse eketsehileng tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ntse li hlokomela hore lithuto tsa likereke tsa tsona ha li lumellane le lithuto tsa Jesu. Li hlokomela ka masoabi hore litho tsa malumeli a tsona ha li ratane. Leha ho le joalo, tse ngata ho tsona li fumane lelapa la Bakreste le kopaneng, ’me li hlokomela kamoo bana ba ratanang ka teng. E, li fumane bonngoe ba ’nete ba Bokreste le tšepo har’a lelapa la lefatše lohle la Lipaki tsa Jehova.
Ka baka leo, batho ba limillione bao pele e neng e le litho tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana joale ba na le tšepo ea lefatše le lecha la Molimo le nang le bonngoe moo mosebetsi, ho loka le khotso e tlang ho ba melao-motheo e busang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng, bona Tsoha! ea July 8, 1990 e tšohlang likarohano ka har’a Kereke e K’hatholike.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 31]
Batho ba bangata ba fumane lelapa la Bakreste le seng le na le bonngoe lefatšeng lohle
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Seemahale sena se leng ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke, Geneva, Switzerland, se tšoantšetsa ho rapela lithapelo tsa bona tsa bonngoe ba kereke tse e-song ho arabeloe