Bacha Baa Botsa . . .
Nka ba Mohlokomeli oa Bana ea Molemo Joang?
‘RE RATA hore u hlokomele ngoan’eno e monyenyane oa moshemane le oa ngoanana.’
Ebang u talima kabelo e joalo e le tšitiso e tenang kapa joaloka qeto e fanang ka tšepo, khopolo ea ho sala u le mong le banab’eno e ka u thatafalletsa lintho. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ho thoe’ng haeba ba sa mamele?’ ‘Ho thoe’ng haeba ho ka kena sekebekoa kapa ha qhoma mollo? ’Me ho thoe’ng ha e mong oa bona a ka tsoa kotsi kapa a kula?’
U na le lebaka le utloahalang la ho ameha. Leha ho le joalo, bana hase lintho tseo ho ka bapaloang ka tsona empa ke batho ba nang le litlhoko tse khethehileng. Ke ba bohlokoa ho batsoali ba bona le ho Molimo. (Pesaleme ea 127:3) Kahoo ebang u hlokomela banab’eno kapa u hlokomela bana moo u fumanang chelete, ho hlokomela bana ke boikarabelo le mosebetsi o hlokang ho hongata. Leha ho le joalo, ka boikutlo bo nepahetseng le ka tokisetso e ntle u ka atleha.
Mohatelli Kapa Mohlokomeli?
Ho bonahala bacha ba bang ba ikutloa hore kabelo ea ho sala le ngoana ke ho khetheloa ho ba mohatelli. Ngoanana e mong o ile a tletleba: “Ngoanes’o oa ngoanana o ne a ke ke a ntumella ho etsa ntho ena le eane! Ke ile ka leka ho etsa hore a khaotse ho iketsa ’mampoli ’me o ile a nkotla!” Moshemane e mong o re: “Ke ne ke hlokomeloa ke moholoane oa ka le khaitseli, ’me ke ho makatsang ho bona kamoo matla a ka ba mathelang lihloohong ka teng!”
Litaelo tse lerata joaloka tsa moeta-pele oa mokoetlisi li ka bonahala li nyakallisa. Empa haeba batsoali ba hao ba ka tseba—joalokaha ba tla fela ba tsebe—“puso” ea hao e ka ’na ea fihla pheletsong ea eona ka tšohanyetso e sekhahla. Liproverbia 11:2 ea lemosa: “Ha ho hlaha boikhohomoso, eba lihlong lia hlaha le tsona.”
Maele ao a tsoela pele: “Bohlale bo ho ba ikokobetsang.” Boikokobetso bo akarelletsa ho tseba mefokolo ea hao. ’Me ’nete ke hore batsoali—eseng mohlokomeli oa ngoana—ke bona ba nehiloeng tokelo ea bomolimo ea ho hōlisa bana le ho ba laea. (Ba-Efese 6:4) Karolo ea hao ke ea mosireletsi le ea mohlokomeli.
Ho Hlokomela Bana ka Bohlale
Sena hase bolele hore bana ba ka lumelloa ho tloheloa ba le bang hore u tle u ithabise ka ho shebella TV kapa ho bala. “Mohlankana [kapa ngoanana] ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong”—’me o bakela mohlokomeli oa ngoana mathata a opisang hlooho! (Liproverbia 29:15) Ka masoabi, hase ka mehla bacha ba sebetsanang le bana ba sa mameleng ka bohlale.
Sehlopha se seng sa bacha ba U.S. se ile sa hlahlojoa mabapi le taba ena ’me sa botsoa hore ke joang se neng se ka sebetsana le maemo a atisang ho hlaha nakong ea tlhokomelo ea ngoana. Ho latela makasine oa Adolescence, ke feela karolo ea 8 lekholong e ileng ea bontša hore e ne e tla sebetsa litaba ka tsela e elang maikutlo a bana hloko. Karolo e setseng ea 92 lekholong e ne e atisa ho sebelisa mekhoa e sa sebetseng, joaloka ho fana ka litaelo, likhalemelo tse matla, le litšoso. Bafuputsi ba phethetse ka hore bacha “ha ba na kelo-hloko likamanong tsa bona le banab’abo bona ba banyenyane.”
Ke joang u ka sebelisanang le bana ka katleho le ka bohlale? Balisa ba Bakreste baa phehelloa: “U lekole linku tsa hao hantle, ’me u hlahlobe mohlape oa hao hantle.” (Liproverbia 27:23) Ka ho tšoanang, u lokela ho ikitlaetsa ho utloisisa litlhoko le maikutlo a bana bao u ba hlokomelang. Ba tsebe joaloka motho ka mong. Kapele-pele u tla ithuta hore bana ba banyenyane ha ba tsebe ho tsitsisa mohopolo nthong e le ’ngoe ka nako e telele joaloka motho e moholo, ha ba na mamello kapa mokoka. Ho e-na le hoo, “bana ba sa ntse ba fokola.” (Genese 33:13) Ba thabela lerato le tlhokomelo empa ba ka ’na ba teneha kapele kapa ba se ke ba khotsofala.
Ho Sebelisa Molao oa Gauda
Ka linako tse ling bana ba thaba ho feta tekanyo ha ba ntse ba bapala ’me ba ka u khathatsa. Ba ka beha bophelo ba bona kotsing ka boitšoaro ba bona bo sa tsotelleng. Kapa ba ka ’na ba u leka hore ba bone seo u ka se etsang. (Douglas ea lilemo li supileng oa lumela: “Ka linako tse ling ke bapala ka mohlokomeli oa ka.”) Ha sena se etshala, u se ke ua lahleheloa ke boikutlo ba ho tšeha. Sebelisa Molao oa Gauda: “Ka mehla u tšoare batho ba bang kamoo u neng u ka rata hore ba u tšoare ka teng.”—Mattheu 7:12, The New English Bible.
Hopola, “bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana,” ’me ha se khale haholo ha le uena u ne u itšoara ka tsela e tšoanang. (Liproverbia 22:15) Nahana ka tharollo ea bothata (“Ha re hlakole se qhalehileng”) ho e-na le ho nyatsa ngoana. Qoba ho halefa haholo le ho bua ‘puo e hlabang joale ka tsenene.’ (Liproverbia 12:18) Ho bitsa ngoana hore ke “sethoto” kapa hore o “koalehile” ho hobe ’me ho ka mo lematsa. Liproverbia 29:11 (Today’s English Version) ea re hopotsa: “Lithoto li bonahatsa khalefo ea tsona pepeneneng, empa batho ba nang le kutloisiso baa mamella ’me baa e thibela.” Ngoanana e mong oa Mokreste o re: “Haeba ke ikutloa ke batla ho isa ngoan’eso oa ngoanana ea lilemo li robeli letsoho, kea rapela ’me seo se nthusa ho laola bohale ba ka.”
Ka linako tse ling mathata a ka a qojoa haeba u nka khato e loketseng. Boitšoaro bo botle bo putsang bo sebetsa hamolemo ho uena ho feta mantsoe a mangata a litšokelo tsa kotlo. Hape, bana ba ke ke ba teneha le ho khathatsa haeba u lokisetsa mesebetsi e hahang e thabisang e kang lipapali tse inahaneloang. (Bapisa le Mattheu 11:16, 17.) Mohlomong u ka hopola tse ling tseo u neng u li bapala ha u sa le ngoana—kapa u ka qapa tse ling tse ncha. U ka boela oa leka ho balla ngoana likarolo tseo a li ratang haholo libukeng tsa Ho Mamela Mosuoe e Moholo kapa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.a
Ka linako tse ling bana ba hlile ba hloka taeo. Empa ho molemo haholo ho buisana le batsoali ba hao ka seo u lokelang ho se etsa tabeng ena. Sena ke ’nete ka ho khethehileng haeba u le mohlokomeli oa ngoana ea hiriloeng. Mathata a mangata a ka leta ho fihlela batsoali ba khutla. ’Me u ka ’na oa lematsa ngoana (re sa bolele letho ka ho itlisetsa khalefo ea motsoali) haeba u etsa qeto ea ho sebelisa matla. Liproverbia 13:10 ea lemosa: “Boikhohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.”
Ho Sireletsa Bana Kotsing
Bukeng ea hae ea The Babysitter’s Handbook, Barbara Benton oa lemosa: “Motsoako oa ho hloka botsitso ha hae, ho rata ho tseba litaba, le khaello e felletseng ea ho ahlola lintho e etsa hore lesea e be mohlaseluoa e moholo oa lintho tsohle tse tšabehang tse ka etsahallang bana. U hloka ho lula u falimehile ho feta leha e le neng pele—’me u potlake ho ’moloka a sireletsehile.” Stephanie ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o ile a ithuta kamoo sena e leng ’nete ka teng. Oa hopola: “Ke ne ke hlokomela mochana oa ka. Ka tšohanyetso o ile a qala ho khangoa ke Popsicle. Ke ile ka tlameha ho e ntša ka molomong oa hae ’me ke ne ke tšohile haholo!”
Likotsi tse ngata tse tebileng li ka qojoa haeba u beha bana leihlo ka linako tsohle. Leha ho le joalo, Barbara Benton o hlalosa likhato tse ling: “Ak’u tsama-tsamaee ho fumana lintho leha e le life tse kotsi ’me u li tlose.” U lokela ho tseba moo ho beoang lintho tse joaloka fuse box, setima-mollo, le lisebelisoa tsa thuso ea pele. Ithute ho sebelisa lisebelisoa tsa lelapa ka nepo le ka polokeho. U ka ’na oa ngola lethathamo la ho hlahloba ho bona hore na lintho li sireletsehile joaloka lifenstere (na li koetsoe?), litepisi (na ha ho lintho tse kotsi?), mekotjana ea lithapo tsa motlakase (na e koahetsoe ka nepo?), lichefu le meriana (na li behiloe ka hloko moo bana ba ke keng ba li fihlela?), lithapo tsa motlakase (na li patehile?), linotlolo tsa ntlo (na ho na le senotlolo se seng hore u se inotlelle ka ntle?).
U ka itokisetsa hamolemo kamoo u ka sebetsanang le maemo a tšohanyetso. Ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o re: “Ke ile ka khetha thuto ea ho ba mohlokomeli oa bana sekolong ’me ke ile ka ithuta ho etsa thuso ea pele ho masea le bana ba banyenyane.” Mohlomong lithuto tse joalo lia rutoa moo u kenang sekolo teng. Ho boetse ho molemo ho beha lethathamo la linomoro tsa thelefono tsa sepolesa, lefapha la litimamollo, ngaka ea lelapa, sepetlele, le setsi sa thuso ea batho ba jeleng chefu haufi le uena. Hape, tseba kamoo u ka ikopanyang le batsoali ba hao kapa mohlomong le baahisani ba bang ba ka tsebang ho thusa maemong a tšohanyetso.
Haeba ho hlaha kotsi kapa maemo a mang a tšohanyetso U SE KE UA TSILA-TSILA! “Motho ea bohlale o boloka [moea oa hae] o khutsitse ho isa qetellong.” (Liproverbia 29:11, NW) Ka mohlala, mohlomong ngoana a ka ja chefu. Ka ntle ho tšenyo ea nako letsetsa sepetlele kapa setsi sa thuso ea batho ba jeleng chefu. Haeba ho se bonolo ho etsa joalo, bala litaelo tse ngotsoeng ho label ea sehlahisoa seo ka hloko. Ho hlahlobisisa boemo ka khutso ho molemo ho feta ho etsa ho hong ka lepotla-potla (joaloka ho hlatsisa ngoana) ho ka mpefatsang boemo. Ho sa tsotellehe hore ho khathatsa hakae kapa mohlomong ho ferekanya hakae, etsa bonnete ba hore u tlaleha likotsi leha e le life ho batsoali ba ngoana. Ba na le tokelo ea ho tseba se etsahetseng, ’me ba ka etsa qeto haeba ho na le mehato e meng e eketsehileng e lokelang ho nkuoa.
Ho ba mohlokomeli oa ngoana ho ka bonahala e le boikarabelo boholo—’me ho hlile ho joalo. Sena e mpa e le mohlala o monyenyane feela oa seo batsoali ba hao ba se entseng ka lilemo ha ba ne ba u hlokomela. Kahoo, nka mosebetsi oo ka botebo. Ha u ntse u fumana kholiseho le phihlelo, e ka ’na ea e-ba mosebetsi o putsang le oo u ka o thabelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Likeletso Tsa ho Hlokomela Ngoana
Eba setsebi. Etsa bonnete ba hore ho lumellanoe ka moputso oa hao.
Bua. Tseba esale pele hore na mosebetsi oa hao o tla akarelletsa eng.
Boloka nako ’me u tšepahale.
Tseba bana esale pele.
Tseba melao ea ntlo.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Bana ba hloka ho hlokomeloa ka linako tsohle haeba ba tla sireletseha kotsing