Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 5/8 maq. 13-15
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba Leka ho Laola Bophelo ba ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba Leka ho Laola Bophelo ba ka?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba u Laolang ka Lona
  • Botho bo Feto-fetohang
  • Ho Fumana Boitaolo bo Eketsehileng
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Fihla Lapeng Kapele?
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke Tsebe Batsoali ba Ka Hamolemo?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 5/8 maq. 13-15

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba Leka ho Laola Bophelo ba ka?

“Ke batla monyetla oa ho nka khato, ho otlolla mesifa ho utloa hore na ke matla hakae. . . . Ke batla ho ithuta liphello tse babang tsa ntho e monate ka ho li latsoa, eseng ka ho bua. Ke lapetse ho ba le phihlelo; [batsoali ba ka] ba mphepa ka litlhaloso.”—Moshemane ea lilemo li 16.

“’Na le ’mè re lula re qoaketsana ka mehla . . . O leka ho nketsa lesea . . . Ke batla ho itokolla; ha ke khone ho mamella ho ba litlamong. . . . Ke leka ho hōla empa ’mè ha a ntumelle.”—Ngoanana ea lilemo li 17.

KE TLETLEBO e tloaelehileng har’a bacha hore batsoali ba bona ba leka ho laola bophelo ba bona. ’Me mohlomong le uena u na le tletlebo e tšoanang. U re u batla ho intša ho fihlela e e-ba bosiu; bona ba re u tlameha ho fihla hae esale nako. U re u se u loketse ho laetsana; bona ba re u sa le monyenyane haholo. Ho bonahala eka kōpo e ’ngoe le e ’ngoe e reng ‘Na nka’ e khahlanyetsoa ke ‘Che, u ke ke.’

Leha ho le joalo, ka botšepehi bohle mabapi le batsoali, bacha ba bangata ba lumelloa ho iketsetsa boikhethelo bonyane ka nako e ’ngoe. ’Me mohlomong ha u mokhelo tabeng ena. Ho feta moo, mohlomong batsoali ba hao ba hlokometse hore ha u sa le ngoana; neng kapa neng ba tla tlameha ho khaotsa taolo eo ba bileng le eona holim’a hao haesale u hlaha. ’Me joaloka batsoali ba bangata, mohlomong ba batla hore u be motho e moholo ea leka-lekaneng, ea ikemetseng.

Joale, u ka ’na ua ipotsa: ‘Haeba batsoali ba ka ba ikutloa ka tsela ee, ke hobane’ng ha ba sa ho bontše?’ Ho uena ho bonahala eka ba tšoere bophelo ba hao ka thata ’me ba sa le hōle le ho u neha tokoloho. Leha ho le joalo, bonneteng, mohlomong ha ho pelaelo mabapi le hore na u tla laola bophelo ba hao kapa che. Potso ke hore na u tla bo laola neng. U batla ho bo laola hona joale. Empa batsoali ba hao ba ka ’na ba batla hore u fumane taolo eo butle-butle.

Mocha e mong o ile a talima sena joaloka “pontšo ea ho se tšeptjoe” ke batsoali ba hae, joaloka tlontlollo e bolelang hore o na le “tšekamelo ea ho intša kotsi e lokelang ho thibeloa.” Empa na mohlomong batsoali ba hao ba na le lebaka le utloahalang la ho nka khato e joalo joalokaha ba etsa? Leha ho le joalo, ho utloisisa pono ea bona ho ka u thusa ho felisa maikutlo leha e le afe a tlhonamo ao u ka bang le ’ona mabapi le kamoo ba u tšoarang ka teng. Ho joalokaha Liproverbia 19:11 (NW) e bolela: “Ka sebele temoho ea motho e kokobetsa bohale ba hae.”

Lebaka Leo ba u Laolang ka Lona

Tabeng ea pele, elelloa hore lefatše le ’nile la tsoela pele ho fetoha le kotsi le le silafetseng ka ho eketsehileng ho tloha ha batsoali ba hao ba feta lilemong tsa bona tsa bocha. (2 Timothea 3:1, 13) Motsoali e mong o lumetse: ‘Lefatše leo mora kapa morali oa rōna a le latsoang ha a le lilemo li 14 kapa 15 kapa 16 le kotsi haholoanyane ho feta kamoo le neng le le ka teng ha re ne re sa hōla. Ho tsamaea u le mong ho kotsi haholo. Bacha ba eketsehang e ba baimana ho feta ha re ne re sa le bacha.’ Ha ho makatse hore ebe batsoali ba hao ba batla ho u sireletsa!

Haeba batsoali ba hao ke batho ba tšabang Molimo, ba boetse ba amehile ka ho tebileng ka bophelo ba hao bo botle ba moea. Bibele e laela batsoali hore ba nehe bana “taelo, le taeo tseo e leng tsa khōliso ea Bokreste.” (Ba-Efese 6:4, The New English Bible) Hape baa tseba hore u ke ke ua amohela melao le litumelo tsa Bokreste habonolo hobane feela bona ba li amohela. Ba boetse ba hlokomela hore “mohlankana [kapa ngoanana] ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Le hoja ba ke ke ba u nahanela joaloka ngoana, ba sa ntsane ba ka ’na ba ikutloa ba tlamehile ho u behela nako eo u lokelang ho fihla ka eona lapeng le ho u behela meeli.

U ka ’na ua talima litaelo tse joalo e le tse u tlontlollang, tse u etsang lesea. Empa hopola, hase khale haholo ha u ne u hlile u le lesea le hlokang thuso ’me u sikiloe ke batsoali ba hao. ’Me hona joale ba batla ho u sireletsa likotsing tsa boitšoaro, kamoo ba kileng ba u sireletsa likotsing tsa ’mele ka teng. Hape, hopola hore batsoali ba hao ka bobona e kile ea e-ba bacha, ’me ba tseba hantle mathata ao mocha a ka kenang har’a ’ona. Esita le Jobo monna ea lokileng o ile a lumela “liphoso tsa bocha ba [hae].” (Jobo 13:26, NW) ’Me joaloka bacha, batsoali ba bang ba entse liphoso tse tebileng tse ileng tsa thatafatsa bophelo ba bona haholo.

’Mè e mong o lumetse: “Ke ne ke tlamehile ho nyaloa. Lebaka ke hore ke bile le mohlankana ke sa le lilemong tse tlaase haholo. Ke ile ka ima ha ke le lilemo li 16. Hona joale ke na le bana ba bararo, ’me ba babeli ho bona ke bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Ke ikutloa eka ke li-lemo li 50 eseng 37. Ke lahlehetsoe ke bocha ba ka.”

Mohlomong ha ho mohla batsoali ba hao ba kileng ba ba le phihlelo e bohloko tjena. Leha ho le joalo, mohlomong ba amehile haholo ka likotsi tsa ho laetsana u sa le monyenyane ’me ba ka ’na ba u thibela hore u se ke ua laetsana. Na u lokela ho hlonama ka baka la thibelo ee? Haeba u hlonama, nahana ka mantsoe a Liproverbia 27:12: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; maoatla a feta feela, ’me a hlaheloa ke tsietsi.” Ka sebele, haeba u mamela keletso ea batsoali ba hao, u ka qoba tsietsi.

Botho bo Feto-fetohang

Ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa joaloka mocha ea itseng: “Ke tseba seo ke se etsang. Nke ke ka senya bophelo ba ka. Ke hobane’ng ha ba sa ntumelle hore ke phele bophelo ba ka kamoo ke ratang ka teng?” Empa bothata e ka ’na eaba hore u neha batsoali ba hao matšoao a ferekanyang u sa hlokomele. Ka linako tse ling u ka ’na ua itšoara joaloka motho e moholo ea tšoanelehang; ka linako tse ling u ka ’na ua bontša hore u hloka thuso ea motsoali joaloka ngoana.

Bukeng How to Single Parent, Dr. Fitzhugh Dodson o bua ka phihlelo ea ’mè e mong ha a ne a il’o reka lintho a tsamaea le morali oa hae ea lilemo li 15. Ka mor’a ho lekanyetsa khetho ea hae ho mese e meraro, morali o ile a botsa ’m’ae hore na ke ofe o mo tšoanelang haholo. ’Mè oa hae o ile a nahana metsotsoana e se mekae, eaba oa arabela: “Ka sebele ke nahana hore mose oo o moputsoa o u tšoanela haholo.” Karabo e ile ea ba efe keletsong eo a e kōpileng? “Oho, ’Mè, ka mehla u rata ho laola bophelo ba ka le ho mpolella seo ke lokelang ho se etsa!”

Ka mor’a likhoeli tse itseng ba ile ba boela ba ea reka. Morali o ile a khetha liaparo tse ’maloa ’me a botsa: “’Mè, ke efe ho lisutu tsee e ntšoanelang haholo?” Ha a hopola ketsahalo ea pejana, ’mè oa hae o ile a etsa qeto ea ho ba hlokolosi ’me a arabela: “Ke nahana hore u ka iketsetsa qeto ka bouena,” ’me morali o ile a khotsa: “Oho ’Mè, ha ho mohla u nthusang ha ke u hloka!”

Maikutlo a feto-fetohang a bongoana, ho tloha ho bontšeng sebete ho ea ho itšetleheng ka motsoali joaloka lesea a ferekanya batsoali. ’Me ho isa bohōleng bo itseng, bacha bohle ba hlaseloa ke boitšoaro bona bo feto-fetohang; ke karolo ea tlhaho ea ho hōla. Empa le hoja e le karolo ea tlhaho, e bolella batsoali ba hao hore u sa ntsane u e-na le ‘litšobotsi tse ling tsa bongoana’ tseo u lokelang ho li hlōla le hore ha u e-s’o lokele ho nehoa boitaolo bo felletseng.—1 Ba-Korinthe 13:11.

Ho Fumana Boitaolo bo Eketsehileng

Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa hore u ne u ka khona ho laola bophelo ba hao bonyane ka ntle ho tšehetso e ’ngoe le tlhokomelo. Ka linako tse ling u ka ’na ua leka ho retelehela mekhoeng ea bolotsana ka tšepo ea hore u tla fumana tokoloho eo u e laba-labelang. Ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o ngotse: “Kea tseba hore ha kea lokela ho bua leshano, empa ke ile ka le bua ho nolofatsa lintho. [’Mè] o na le melao e thata haholo ’me o ne a ke ke a ntumella ho intša haeba ke ne nka ’molella ’nete.” Leha ho le joalo, ha ho mohla ho thetsa batsoali ba hao ho etsang hore lintho li be bonolo. Haeba leshano le ka senoloa (joalokaha ho ka ’na ha e-ba joalo), le ka thatafatsa lintho haholo.

Bangoli ba buka Options ka bohlale baa hlokomela: “Ho bolella [batsoali ba hao leshano] empa u batla hore ba u tšepe ho tšoana le ho utsoa hore u ipake kamoo u tšepahalang ka teng. Ha ba ka elelloa, mohlomong ba tla u hatella le ho feta, kahobane u ikentse molotsana.” Habohlokoa haholoanyane, ho bua leshano ho baka ho se amoheloe ke Molimo ka booona. Liproverbia 3:32 (NW) e re: “Motho ea bolotsana ke ntho e manyala ho Jehova.”

Kahoo tšepahala ho batsoali ba hao. Ba nehe boitsebiso bo felletseng le bo nepahetseng ba moo u batlang ho ea teng le motho eo u tsamaeang le eena. Haeba ba u behela nako eo u lokelang ho fihla lapeng ka eona, ba hlomphe. Sena se tla ba kholisa hore u na le boikarabelo. Ba ke ke ba khathatseha haholo ha u le sieo. ’Me ha ’mila o ntse o puta ba ka ’na ba ikutloa ba kholisehile haholoanyane ka ho u neha tokoloho e eketsehileng. Ho joalokaha Bibele e re: “Ho tla lebelloa ho hongata ho tsoa ho motho ea nehiloeng ho hongata, ’me ha motho a tšeptjoa haholoanyane, batho ba tla lebella ho hoholoanyane ho eena.”—Luka 12:48, Phillips.

Nako ea hore u laole bophelo ba hao e tla fihla haufinyane. Khabareng, e-ba le mamello. Thabela bocha ba hao. (Moeklesia 11:9) Sebelisana hammoho le boemo bo nkoang ke batsoali ba hao litabeng tsa ho laetsana, melao, linako tsa ho fihla lapeng, le tse ling. Ho etsa joalo hona joale ho ka u sireletsa hore u se ikoahlaee le ho utloa bohloko hamorao. Haeba u ikutloa hore lithibelo tse ling ke tse sa lokelang lilemo tsa hao kapa ha li utloahale, u se ke ua iketsa lerabele. Buisana ka khutso le batsoali ba hao ka litaba tsena. Mohlomong ha ba hlokomele hore na u se u hlile u le lilemo likae kapa hore na u hōlile hakae. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, mohlomong u tla fumana hore ha ba hlile ha ba thahaselle ho laola bophelo ba hao. Ba mpa ba batla ho sireletsa bokamoso ba hao bo thabileng.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

U talima linako tseo u lokelang ho fihla ka tsona lapeng le lithibelo tse ling joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela