Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 5/8 maq. 28-30
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Fihla Lapeng Kapele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Fihla Lapeng Kapele?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Beheloa Nako ea ho Fihla Lapeng—Pono ea Motsoali
  • Ho Bolela hore Baa Tsotella
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba Leka ho Laola Bophelo ba ka?
    Tsoha!—1991
  • Ke Hobane’ng ha Nako eo ke e Behetsoeng ea ho Fihla Lapeng Bosiu e sa Tenyetsehe?
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 5/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Fihla Lapeng Kapele?

TSOHA! e ile ea botsa sehlopha sa bacha: “Na o teng ho lōna ea behetsoeng nako ea ho fihla lapeng bosiu?” Bohle ba ile ba arabela ka tsela e batlang e tšoana ka ho re e! Leha ho le joalo, potso e latelang e ile ea hlahisa likarabo tse sa tšoaneng. Re ile ra botsa: “Le nahana hore le lokela ho lumelloa ho ba sieo hae ho fihlela neng?”

Mocha e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20, Monica,a o itse: “Ke nahana hore u lokela ho etsa sohle seo batsoali ba hao ba se bolelang.” Bill e mocha o ile a hanana le eena. O ile a pheha khang: “Ha ke nahane hore ba lokela ho u bolella hore u fihle neng lapeng. Ebile, mohlomong bona ka bobona ba ne ba itsamaela ho fihlela e e-ba bosiu ha ba sa le banyenyane.” Mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Sally o ile a leka ho se nke lehlakore: “Ke nahana hore u lokela ho fihla lapeng nako e ’ngoe le e ’ngoe eo batsoali ba hao ba batlang hore u fihle ka eona—hafeela e se pele ho 8:00 bosiu.” Qetellong, e bile Jerry, ea neng a bonahala a na le maikutlo a matla ho feta a ba bang. O ile a re: “Ho e-na le ho re bolella hore re fihle lapeng ka nako efe, ke hobane’ng ha re ke ke ra ba letsetsa mohala ’me re ba bolelle hore re hokae? Ba lokela ho utloisisa haholoanyane.”

Ho sa tsotellehe khopolo ea hao ea botho, mohlomong batsoali ba hao ba u behetse nako ea ho fihla lapeng bosiu ka tsela e ’ngoe e itseng. E ka ’na ea e-ba molao o sa fetoheng: ‘U fihle lapeng ka 10:00 bosiu ho seng joalo re tla u shapa!’ Kapa mohlomong batsoali ba hao ba beha nako ea ho fihla lapeng bosiu motheong oa motho ka mong. Ngoanana ea lilemo li 16 ea qotsitsoeng makasineng oa ’Teen o re: “Ka mor’a hore ba nahane ka hore ke tsamaea le mang le moo re eang, ba tla beha nako ea hore ke fihle neng lapeng. Hohle ho itšetlehile ka batho le sebaka.” Esita le mocha oa mokhelo ea nang le tokoloho e bonahalang e se na meeli hangata o lokela ho neha batsoali ba hae leseli le itseng la hore o tla ba hokae le hore o tla khutla neng.

Bacha ba bangata ha ba bonahale ba ferekanngoa ka ho fetisisa ke ho ba le lithibelo tse joalo. Empa ba bang ba bona ho beheloa nako ea ho fihla lapeng bosiu e le tšitiso e khōlō kapa tšitiso e tenang mererong ea botho. Buka Teens Speak Out ea Jane Rinzler, e qotsa ngoanana e mong ea lilemo li 16 a tletleba: “Ke ikutloa eka ke lesea le hore ke amohuoe bolokolohi ba ho ikhethela bophelong.” Ba bang ba halefisoa haholo ke ho tšoenyeha ho bang teng bophelong ba bona ho bakoang ke ho beheloa nako ea ho fihla lapeng. Mocha e mong o re: “Pele ke tsamaea ke lokela ho bolella ’mè moo ke eang, hore na ke tsamaea le mang, ke ea ka eng moo, ke tla khutlela hae joang.”

Ho Beheloa Nako ea ho Fihla Lapeng—Pono ea Motsoali

Ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba sa u tlohele hore u lalase kamoo u ratang? Koana, nahana ka nako eo Molimo o kileng oa e behela sechaba sa Iseraele. Bosiung ba mokete oa pele oa Paseka ka 1513 B.C.E., Molimo o ile oa laela Baiseraele: “Ho se ke ha tsoa motho ka monyako oa ntlo ea hae ho fihlela hosasa.” (Exoda 12:12, 22) Na ebe Molimo o ne o fetelletsa lintho? Che. E ne e le tšireletseho ho bolaoeng ke lengeloi la Jehova!

Le hoja mohlomong boemo kajeno bo se mahlonoko joaloka boo, batsoali ba bangata ba na le mabaka a matle a ho sireletsa bana ba bona ba lilemo tse ka tlaase ho 20. Ntle le moo, ke ho tloaelehileng feela hore batsoali ba khathatsehe ka bana ba bona. Batsoali ba Jesu Kreste ba ne ba “tšoenyehile” ha ba sa tsebe moo a leng teng—’me e ne e le ngoana ea phethahetseng! (Luka 2:41-48, BPN) Batsoali ba hao baa tseba hore ha oa phethahala ho hang. Kahoo, ruri ba tla khathatseha ka uena khafetsa, esita le haeba u se ngoana ea likhathatso. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

Hobane batsoali ba hao ba tseba kamoo “litakatso tsa bocha” li ka bang matla ka teng. (2 Timothea 2:22) Hape ba ka ’na ba tseba ho tsoa phihlelong ea botho hore “mohlankana [kapa moroetsana] ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Motsoali e mong o ile a lumela: “Ke ne ke le mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea sa laoleheng. Ke tseba lintho tseo u ka li patelang batsoali.” Kahoo ha batsoali ba hao ba utloa ka boitšoaro bo hlephileng ba bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20, tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi, kapa mekete e sa laoleheng ea moo le lulang, ba ka etsa qeto e loketseng ea hore lithibelo tse itseng lia tšoaneleha.

Batsoali ba hao ba ka ’na ba ba le kameho e utloahalang ka polokeho ea hao. Bibele e re bolella hore ha bara ba mopatriareka Jakobo ba ne ba lieha ho khutla haufi le Sikeme, Jakobo o ile a bolella mor’a hae Josefa: “Ak’u ee hle, u bone hore na ho ntse ho lutsoe hantle ke banab’eno . . . , u ntoo ntlela le litaba.” (Genese 37:13, 14) Hona e ne e se pelaelo e fetelletseng. Sikeme e ne e le sebaka se kotsi ho bara ba Jakobo ka baka la liketsahalo tse etsahetseng lilemo tse ’maloa pele!—Genese, khaolo 34.

Kajeno lefatše le kotsi ho feta kamoo le neng le le ka teng mehleng ea Bibele—kapa esita le nakong eo batsoali ba hao ba neng ba le bacha. Re kenelletse haholo ho feta leha e le neng pele “mehleng ea qetello,” nako eo Bibele e ileng ea profeta hore e tla tšoauoa ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (NW) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona” le ka fetoleloa hape e le “tse tšabehang,” “tse kotsi,” “tse utloisang bohloko,” le “tse thata.” (King James Version, Douay, English Revised Version, Moffatt) Batho ba bangata kajeno ke “ba sa tsebeng ho itšoara,” kapa ba “mabifi.” (2 Timothea 3:1-5; Today’s English Version) Ka hona linnete tse tšosang tsa bophelo ba kajeno ke tlōlo ea molao e mabifi, ho akarelletsa peto le polao.

Hape batsoali ba hao baa tseba hore ho na le monyetla o moholo oa hore u kene khathatsong ha ho ntse ho e-ea ho phirima. Ngoanana e mong e mocha o ile a lumela ho Tsoha!: “Lintho tse mpe li ka etsahala bosiu haholo, ’me batsoali ba hao ba leka ho u sireletsa.” Mocha e mong o ile a hlalosa: “Ka mor’a khitla bosiu, ho na le bakhanni ba bangata ba tahiloeng tseleng, ’me ho molemo hore uena u be sieo tseleng.”

Empa hape ho na le likotsi tsa boitšoaro. Ha e ntse e e-ba bosiu haholo, lithibelo lia foko-fokotseha, ’me boitšoaro bo sa laoleheng boa eketseha. Joale, ka mabaka a utloahalang Bibele e amahanya boitšoaro bo hlephileng le lihora tsa mantsiboea. Ho Esaia 5:11, (BPN) Molimo o itse “ba inoellang ho fihlela bosiu, ba tahoe ke veine” ba “malimabe.” (Bapisa le 1 Ba-Thessalonika 5:7.) Kahoo batsoali ba hao ba ka tšaba hore ha u tsamaea bosiu haholo, kotsi e ba khōloanyane ea hore u amehe meketeng e sa laoleheng, tšebelisong e mpe ea tahi, kapa boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Kahoo haeba u le sieo lapeng ha batsoali ba hao ba ikutloa hore u loketse ho ba teng, ba ka ’na ba khathatseha. Ebile u lokela ho ba hlalosetsa.

Moroetsana e mong e mocha oa hopola: “Nkile ka lula ho fihlela e e-ba bosiu haholo habo motsoalle oa ka oa ngoanana. ’Mè o ne a sa tsebe hore ke hokae, kahoo o ile a tsamaea a mpatla. O ile a qala ho tsamaea sebakeng seo re ahileng ho sona a nkhoeletsa ka lebitso!” Na ho ne ho hlabisa lihlong? Ka ntle le pelaelo ho joalo. Empa joalokaha ’mè e mong a hlalositse, “ke iphumana ke nahana ka lintho tse mpe tse ka etsahalang nako le nako ha [barali ba ka] ba tla lapeng ho se ho phirimme.”

Ho Bolela hore Baa Tsotella

Empa ho thoe’ng haeba u sa nahane letho ka boitšoaro bo hlephileng? Ho thoe’ng haeba u batla feela ho qeta nako e itseng le metsoalle ea hao? Bonneteng, hore u lule lapeng ha lithaka tsa hao li lumelletsoe ho intša e ka ba ho ferekanyang. Hape e ka ba ho hlabisang lihlong hore u hlalosetse metsoalle ea hao hore u ke ke ua intša le eona hobane u tšoanetse ho ba lapeng kapele. Empa ha u se u hlile u nahana ka hona, ho na le ’nete e itseng polelong ea mocha ea bitsoang Leslie. O re: “Ke eng seo u eang ho se etsa ka [hora] ea leshome le metso e ’meli seo u ke keng oa se etsa ka hora ea borobeli?” Ka mantsoe a mang, na mekhoa ea boithabiso e loketseng e ke ke ea thabeloa ka nako eo batho ka tloaelo ba e-song ho robale? Kahoo ke hobane’ng ha u ipepesetsa likotsi tse bakoang ke ho tsamaea bosiu haholo?

Ntlha e ’ngoe e lokelang ho nahaneloa: Na ho lula ho fihlela e e-ba bosiu haholo ke tšebeliso e molemo ea nako ea hao? Bibele e khothalletsa Bakreste: “Ha ho le joalo, iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe.” (Ba-Efese 5:15, 16) Ntle le moo, na ho lula ho fihlela e e-ba bosiu haholo ho tla ntlafatsa mosebetsi oa hao oa sekolo kapa ho u thusa ho phetha mesebetsi ea hao ka lapeng? Na ho tla u sitisa ho tsepamisa monahano libokeng tsa Bokreste?

Qetellong, u ka leka ho sheba nako eo u e behetsoeng e le pontšo ea lerato la batsoali ba hao. Bukeng ea hae How to Raise Parents, mongoli Clayton Barbeau oa botsa: “U ne u ka nahana eng haeba ’na, joaloka motsoali oa hao nka re ho uena, ‘Ha ke tsotelle hore na u sebelisa lithethefatsi kapa ua noa kapa ua tsuba. Ha ke tsotelle hore na u khanna koloi ka lebelo le phahameng. Ha ke tsotelle hore na u sieo lapeng ho fihlela neng. . . .’ Ke tla be ke u bolella eng? Ka ho hlakileng: Ke tla be ke re, ‘Ha ke u rate. Ha ke u tsotelle. Ha u oa bohlokoa ho ’na’” Ke ’nete, ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa u honohela bacha ba thabelang tokoloho e khōloanyane. Empa hopola: “Ea hlokisang mora oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.”—Liproverbia 13:24.

Bophelong ba hao bohle u tla lokela ho phela ka melao le lithibelo. Kahoo ke hobane’ng ha u hanyetsa nako e bonolo ea ho fihla lapeng bosiu? Ke ’nete hore ka linako tse ling nako eo u e behetsoeng e ka ’na ea e-ba e sa utloahaleng, ’me sehlooho se latelang se tla u thusa ho sebetsana le boemo bo joalo. Leha ho le joalo, hangata ke bohlale ho sebelisana le batsoali ba hao le ho leka ho utloisisa maikutlo a bona. Liproverbia 28:7 e re: “Ea bolokang molao ke ngoana ea hlalefileng.” Mohlomong le uena ka mor’a nako u tla sheba litaba joaloka moroetsana e mocha ea reng: “Ke ne ke sa utloisise hore ke hobane’ng ha ’mè le ntate ba ne ba ntšireletsa hakaale le ho se thabe ha ke fihla lapeng bosiu. Hona joale kaha ke motsoali, kea tseba hore ke hobane’ng ha ’mè oa ka a ne a lula bosiu a nkemetse. Hobane o ne a ntsotella!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Hangata bacha ba hloile ho fihla lapeng kapele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela