Laola Thelevishene Pele e U Laola
THELEVISHENE e na le matla a makatsang. Ha mesebetsi ea khoebo ea Amerika ea TV e ne e hlohlelletsa lichaba tse tsoelang pele ho amohela TV, e ile ea hlahisa lipono tsa mohlala tsa sebaka se phethahetseng sa TV. Linaha tsohle li ne li tla fetoloa liphaposi tsa borutelo esita le libaka tse hōle haholo tsa bohlokoa li ne li tla buleloa mananeo a thuto linthong tsa bohlokoa tse kang thuto ea temo, paballo ea mobu le thero ea lelapa. Bana ba ne ba tla ithuta physics le chemistry ’me ba rue molemo ka ho abelana meetlo e eketsehileng.
Ha e le hantle likhopolo tseo li ile tsa monyela ’neteng e ileng ea latela ea khoebo ea thelevishene—empa eseng ka ho felletseng. Esita le molula-setulo oa Mokhatlo oa Lipuisano ea ileng a bitsa thelevishene “ntho e se nang thuso” o ile a lumela puong ea 1961 hore thelevishene e bile le lintho tse khōlō tseo e li finyelletseng hammoho le boithabiso molemong oa eona.
Ka sebele hoo e sa le ’nete kajeno. Khaso ea litaba ea TV e re boloka re le nakong ka liketsahalo tsa lefatše. Mananeo a TV a bontšang lintho tsa tlhaho a re neha feela makumane a lintho tseo re neng re ke ke ra li bona: setšoantšo se nepahetseng sa nonyana e binang e nkiloeng setšoantšo se tsamaeang butle, e bonahala eka e sesa moeeng; kapa ho soenetseha ho sa tloaelehang ha lipalesa tse nkiloeng setšoantso se fetang kapele, ha li mela li hlaha mobung ’me li hlahisa ’mala o hohelang. Joale ho na le lipontšo tsa meetlo ea sechaba tse kang ballet li-symphony le li-opera. ’Me ho na le litšoantšiso, libaesekopo le mananeo a mang—a mang a ruta le ho lemosa, ha a mang e mpa e le boithabiso bo molemo.
Ho na le mananeo a thuto bakeng sa bana. Mokhatlo oa Machaba oa Bophelo bo Botle ba Kelello o tlaleha hore feela joalokaha bana ba ka ithuta ho loana pefong ea TV, ba ka boela ba ithuta ho ba ba nahanelang ba bang, ba nang le botsoalle, le boitšoaro mehlaleng e metle eo ba e boneng thelevisheneng. Mananeo a tlhahiso leseling boemong ba tšohanyetso a pholositse bophelo ba bana. Kahoo Vance Packard oa ngola ho Our Endangered Children: “Batsoali ba halefang kapele kapa ba tšoenyehileng ba kenyang lithelevishine tsa bona sebakeng se notleloang mohlomong ba fetelletsa lintho, ntle le haeba ho na le maemo ao bana ba bona ba ke keng ba a laola.”
Ho Nka Taolo
Ka ho hlakileng, ho sa tsotellehe hore na re bua ka batho ba baholo kapa ka bana, senotlo ke taolo. Na re laola TV, kapa TV e laola rōna? Joalokaha Mong. Packard a eletsa ho ba bang tsela e le ’ngoe feela ea ho laola TV ke ho se be le eona. Empa ba bang ba bangata ba fumane litsela tsa ho laola TV ha ka nako eo ba ntse ba sebelisa molemo oa eona. Litlhahiso tse ling ke tsena.
✔ Bakeng sa beke kapa tse peli, ka hloko boloka tlaleho ea ho shebella TV ha lelapa la hao. Kopanya lihora qetellong ea nako eo ’me u ipotse hore na TV e lokela nako eo e e nkang.
✔ Shebella mananeo a TV—eseng TV feela. Hlahloba mananeo ho bona hore na ho na le ntho e molemo e ka shebelloang.
✔ Boloka le ho sireletsa linako tse ling bakeng sa puisano ea lelapa le ho ba hammoho.
✔ Litsebi tse ling li hlokomelisa ka ho lumella bana ba banyenyane le bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ho ba le sete ea TV kamoreng ea bona. Batsoali ba ka thatafalloa ho beha seo ngoana a se shebellang leihlo.
✔ Haeba u ka khona ho iphumanela VCR (videocassette recorder), ho ka ba molemo. Ho hira litheipi tsa video tse ntle kapa ho theipa mananeo a boleng bo phahameng le ho a shebella ha ho loketse, u ka sebelisa VCR ho laola se leng ho TV ea hao—le ha TV ea hao e ntse bapala. Leha ho le joalo, lena ke lentsoe la tlhokomeliso. Ha VCR e sa laoloe hantle, VCR e ka eketsa nako e sebelisoang ho shebella TV, kapa ea bula tselana ea litheipi tsa video tsa boitšoaro bo bobe.
Tichere ea Hao ke Mang?
Motho ke mochine o ithutang o matla. Likelello tsa rōna li lula li ntse li kenya boitsebiso, li romella bōkō ba rōna bongata ba likaroloana tsa boitsebiso tse fetang 100 000 000 motsotsong o mong le o mong. Re ka susumetsa tse ka har’a bongata boo ka ho etsa qeto ea hore na ke eng seo re tla fepa likelello tsa rōna ka sona. Joalokaha pale ea TV e tšoantša ka tsela e hlakileng, kelello ea motho le boikutlo li ka silafatsoa ke seo re se shebellang habonolo feela joalokaha ’mele o ka silafatsoa ke seo re se jang le ho se noa.
Re tla ithuta lefatše le re potolohileng joang? Re tla khetha mehloli efe ea boitsebiso? Ke mang kapa ke eng seo e tla ba tichere ea rōna? Mantsoe a Jesu Kreste a fana ka mohopolo o leka-lekaneng tabeng ena: “Morutuoa ha a ka holimo ho tichere ea hae, empa e mong le e mong ea koetlisitsoeng ka ho felletseng o tla tšoana le tichere ea hae.” (Luka 6:40, New International Version) Haeba re sebelisa nako e ngata haholo le thelevishene joaloka tichere ea rōna, re ka ’na ra qala ho e etsisa—ho amohela lintho tsa bohlokoa le litekanyetso tseo e li hlahisang. Ho joalokaha Liproverbia 13:20 e hlalosa: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.”
Esita leha TV e sa tlise maoatla kapa boitšoaro bo bobe ka matlung a rōna, ho na le ntho ea bohlokoa e sa ntseng e hlokahala. Ke ho honyenyane feela ha se hlahang ho TV esita le ho qala ho bolela tlhoko e tloaelehileng ho motho e mong le e mong: tlhoko ea moea. TV e ka ba molemo haholo ho bontša moraha o utloisang bohloko oo lefatše lena le qoetseng har’a oona, empa ke eng seo e se etsang ho re bolella lebaka leo ho ke keng ha bonahala motho a ke ke a ipusa ka lona? E ka ba molemo ho re bontša botle ba pōpo empa ke eng seo e se etsang hore atametsa haufi le ’Mōpi oa rōna? E ka re isa likhutlong tse ’nè tsa lefatše, empa na e ka re bolella hore motho o tla ke a phele moo ka khotso?
Ha ho “mokhoa oa ho fumana boitsebiso lefatšeng” o phethahetseng ka ntle le ho arabela lipotso tseo tse bohlokoa tsa moea. Seo ke sona se etsang Bibele e be ea bohlokoa hakana. E fana ka mokhoa oa ho fumana boitsebiso lefatšeng ka pono ea ’Mōpi oa rōna. E entsoe ho re thusa ho utloisisa morero oa rōna bophelong le ho re fa tšepo e tiileng ea bokamoso. Likarabo tse utloahalang lipotsong tse re tšoenyang haholo bophelong li fumaneha habonolo. Li emetse ho baloa maqepheng a hohelang ka ho sa khaotseng Bibeleng.
Empa haeba re sa laole TV, re tla fumana nako hokae?