Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/06 maq. 8-9
  • Litsela Tsa ho e Laola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsela Tsa ho e Laola
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Shebella TV Haholo?
    Tsoha!—1987
  • Laola Thelevishene Pele e U Laola
    Tsoha!—1991
  • Na Thelevishene e U Fetotse?
    Tsoha!—1991
  • Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 10/06 maq. 8-9

Litsela Tsa ho e Laola

CLAUDINE o ile a re: “Hang feela ha re qala re e bulela, re ne re shebella ntho leha e le efe e hlahang mananeo ka ho latellana. Re ne re e shebella ho fihlela ha re se re il’o robala.” Ba bang ba re: “Ha ke khone ho tloha ka pel’a eona ha ke e shebeletse,” ’me ba bang bona ba re, “ha ke rate ho qeta nako e ngata hakana ke shebeletse TV, empa hoa hana hore ke tlohele ho e shebella.” Na u qeta nako e ngata haholo u shebeletse thelevishene? Na u amehile ke tsela eo TV e ka ’nang ea ama ba lelapa la hao ka eona? Litlhahiso tse ling tse ka ’nang tsa u thusa hore u laole tsela eo u e shebellang ka eona ke tsena.

1. TSEBA HORE NA U E SHEBELLA HAKAE. Liproverbia 14:15 e re: “Ea masene o nahana ka mehato ea hae.” E le hore u etse liphetoho, u lokela ho hlahloba hore na u e shebella hakae. Boloka tlaleho ea beke kapa ea matsatsi a itseng, u ngole hore na u qeta nako e kae u shebeletse TV. U ka ’na ua thathamisa le hore na u shebella mananeo afe, u ithuta’ng ho ’ona le hore na u a thabela hakae. Empa ntho e ka sehloohong ke ho bona hore na u qeta nako e kae u shebeletse TV. U ka ’na ua makatsoa ke seo u tla se fumana. Ho tseba hore na u qeta nako e kae bophelong u shebeletse thelevishene ho ka ’na ha u susumelletsa ho etsa liphetoho.

2. FOKOTSA NAKO EO U E QETANG U E SHEBELETSE. Leka ho qeta letsatsi bekeng, beke, kapa khoeli u sa shebelle TV. Kapa mohlomong u lekanyetse nako eo u e shebellang letsatsi ka leng. Haeba u fokotsa nako eo u shebellang TV ka eona ka metsotso e 30 ka letsatsi, u tla fumana lihora tse ling tse 15 ka khoeli. Sebelisa nako eo hamolemo, ka ho hahamalla mesebetsi ea moea, ho bala buka e khathollang, kapa hona ho qeta nako le ba lelapa le metsoalle. Liphuputso li bontša hore batho ba shebellang TV ka nako e seng kae ba e thabela ho feta ba e shebellang boholo ba nako.

Tsela e ’ngoe ea ho fokotsa nako eo u e qetang u shebeletse TV ke ka hore u e tlose ka kamoreng. Bana ba nang le lithelevishene ka likamoreng ba qeta hoo e ka bang hora le halofo ba e shebeletse ho feta bana ba se nang tsona ka likamoreng. Ho feta moo, ha ngoana a na le TV ka kamoreng, batsoali ha ba tsebe seo ngoana a se shebellang. Batsoali le banyalani ba tla fumana hore ba qeta nako e eketsehileng ba le hammoho haeba le bona ba tlosa TV ka kamoreng. Ba bang ba khethile hore ba se ke ba ba le TV ho hang lapeng.

3. KHETHA SEO U TLA SE SHEBELLA. Ke ’nete hore ho na le mananeo a mangata a molemo ao motho a ka a shebellang. Ho e-na le ho lulela ho chencha liteishene kapa ho shebella lenaneo leha e le lefe le kenang, sheba esale pele mananeo a tlil’o bapala e le hore u khethe ao u batlang ho a shebella. Bulela TV ha lenaneo leo u le khethileng le qala, ’me u e time ha le fela. Kapa ho e-na le ho shebella lenaneo ha le hasoa, u ka ’na ua khetha ho le rekota e le hore u tle u le shebelle hamorao. Seo se tla u nolofalletsa ho le shebella ka nako e u loketseng le ho fetisa tsa papatso.

4. HLOAEA SEO U SE SHEBELLANG. Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehla ea rōna e tla khetholloa ka hore batho e be “baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, [le] ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” U tla lumela hore batho ba bangata ba hlahang thelevisheneng ba joalo. Bibele e eletsa hore “bana u ba furalle.” (2 Timothea 3:1-5) Rea lemosoa: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.

Ho ba ea hloaeang ho tsamaisana le ho ba le boitšoaro. Na e kile ea re u shebeletse tšoantšiso kapa filimi metsotsong e seng mekae e qalang ua hlokomela hore ha e amohelehe, empa leha ho le joalo ua e shebella ho fihlela qetellong ho bona se tlang ho etsahala? Ba bangata ba kile ba ho etsa hoo. Empa ha u ka ba le matla a ho tima TV e le hore u etse ntho e ’ngoe, u ka ’na ua hlokomela hore ebile ha e le hantle ha u tsotelle hakaalo hore na ho setse ho etsahala’ng.

Nako e telele pele ho qaptjoa thelevishene, mopesaleme o ile a ngola a re: “Nke ke ka beha letho le se nang molemo ka pel’a mahlo a ka.” (Pesaleme ea 101:3) Eo ke pakane e ntle hakaakang eo re ka nahanang ka eona ha re khetha seo re tlang ho se shebella. Ba bang, ho tšoana le Claudine, ba entse qeto ea hore ba tsamaise lithelevishene tsa bona. O ile a re: “Ke ne ke sa hlokomele kamoo TV e nkentseng motho ea pelo e thata kateng. Ha ke fumana monyetla oa ho shebella TV hona joale, ke tšosoa ke lintho tseo pele li neng li sa ntšoenye. Ke ne ke nahana hore ke hlokolosi ka seo ke se shebellang, empa hona joale kea bona hore ke ne ke se hlokolosi. Ha ke shebella lintho tse hahang, ke li thabela le ho feta.”

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ngola fatše nako eo u e qetang u shebeletse TV

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Etsa lintho tse ling tse hahang ka nako eo u neng u e qeta u shebeletse TV

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

U se ke ua tsilatsila ho tima TV!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela