Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 10/8 maq. 14-16
  • Ke Eng e Kotsi ka ho Soma?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e Kotsi ka ho Soma?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na E Mpa e le Monyaka o se Nang Kotsi?
  • Qoba ho Potlakela ho Bua
  • Ha U le Mohlaseluoa
  • Ke Hobane’ng ha ke Lula ke Bua Lintho Tseo ke sa Ikemisetsang ho li Bua?
    Bacha Baa Botsa
  • Bacha—hanelang Moea oa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bompoli—Kotsi ke Eng?
    Tsoha!—1997
  • Mohato oa 4: Hlomphanang
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 10/8 maq. 14-16

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Eng e Kotsi ka ho Soma?

‘U motle haholo . . . hoo e kang u ka be u se sephoqo!’

‘Oo ke mose o motle. Ke ho soabisang hore ebe ha o u lekane!’

‘Lekhetlo la ho qetela ha ke ne ke bona makeup e joalo e ne e le liserekiseng.’

MANTSOE a hlabang, ho sa tsotellehe morero oa ho buuoa ha ’ona, a ka senya boikutlo ba motho ba ho itšepa. Esita leha ho buuoa ka bosoasoi feela, mantsoe a somang a ka fella ka bora, maikutlo a lemetseng le ho senyeha ha likamano tsa botsoalle.

Leha ho le joalo, e ka ’na eaba u na le “tsebo” ea ho soma. Metsoalle ea hao e-ea keketeha ha e utloa mesoaso ea hao e hlabang le mantsoe a hlomphollang batho ba bang. E-ea u thoholetsa le ho u khothalletsa hore u nahane mantsoe a eketsehileng a bohlale. Kapa mohlomong ho soma ho fetohile mokhoa oa hao o ka sehloohong oa ho itšireletsa ka mantsoe. U hlometse ka mantsoe a kang libetsa, u lematsa le ho holofatsa motho e mong le e mong ea sokelang boiketlo ba hao—kapa boikutlo ba hao ba ho itšepa ka mokhoa leha e le ofe. Hangata u ka iphumana u se u hlaba le batsoali ba hao kapa banab’eno ka mantsoe.

Ho soma ho na le sebaka sa teng. Boemong bo leka-lekaneng, ho soma e ka ba ho tšehisang. ’Me ka linako tse ling ho soma ho ka senola maikutlo a tebileng. Bibele e bontša hore moapostola Pauluse, Jobo, esita le Molimo ka booona ba ile ba sebelisa ho soma ho bontša khalefo e lokileng. (Jobo 12:2; Zakaria 11:13; 2 Ba-Korinthe 12:13) Leha ho le joalo, ho soma ho hlokang mosa kapa ho sehlōhō ke boitšoaro bo mabifi, bo leqhoko. Joalokaha mongoli Mary Susan Miller a bontša bukeng ea hae Childstress!, ho soma ke mokhoa oa “ho hlaba ka thipa le ho qhekella,” empa e le ka “libetsa tse amohelehang haholoanyane sechabeng” ho feta lithunya kapa lithipa.

Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba talima mantsoe a somang e mpa e le tsela e ’ngoe ea ho bontša ho tšeha. Joale, ke eng e kotsi ka ho etsa joalo?

Na E Mpa e le Monyaka o se Nang Kotsi?

Eric o re: “Mosebetsing, motho e mong le e mong o sebelisa mantsoe a somang. Hangata a talingoa e le mosoaso.” Ka ho thahasellisang, The New York Times ea tlaleha: “Hangata litsebi tsa kelello li bolela . . . hore banna ba thahasella ho tšeha ho ‘leqhoko’ ho feta basali.” Kahoo, ka ho khethehileng bashemane ba ka ’na ba thabela ho tšoenya le ho hlasela ba bang ka mantsoe.

Ke ’nete, ho soma ho leka-lekaneng e ka ba ho tšehisang. Empa haeba ho etsoa ka moea oa ho nyenyefatsa, bohloko ba mantsoe a hlabang bo ka lula nako e telele ka mor’a ho fela ha ho tšeha. (Bapisa le Liproverbia 14:13.) Hangata ntoa ea papali ea ho soma e fetoha khang e mabifi. Ho joalokaha mohlankana e mong a e hlalositse: “Ha mantsoe a boletsoeng ke motho e mong a u utloisitsoe bohloko haholo, u ka busetsa molamu sefateng ka ntho e utloisang bohloko ka ho fetisisa eo u ka e nahanang. Joale ha e sa hlola e le ho soasoa feela; u hlile u leka ho utloisa motho e mong bohloko. ’Me ho soma e ka ba sebetsa se atlehang haholo.”

Bonneteng, lentsoe la Senyesemane “sarcasm” (ho soma) le tsoa ho leetsi la Segerike le bolelang “ho harola nama joaloka lintja.” (Bapisa le Ba-Galata 5:15.) Joalokaha ntja e ka sebelisa meno a eona a bohale ho tsoepola nama lesapong, motho ea somang a ka tlosa motho e mong seriti. Ho joalokaha Journal of Contemporary Ethnography e re: “Sesosa sa ho soma . . . ke bora bo totobetseng kapa ho nyatsa.” Ke taba e sa re’ng letho haeba e le tlhaselo e tobileng, nyenyefatso e sa bonahaleng, kapa ho thella ha leleme. Mantsoe a somang a hlokang mosa a etsa hore motho e mong e be ea nyatsehang—e be mohlaseluoa.

Liphello eba life? Ho joalokaha Josh ea lilemo li 19 a ho hlalosa: “Ho soma ho ka u etsa hore u ikutloe u hlile u le sethoto.” Leha ho le joalo, kotsi e bakiloeng ke ho soma e ka tšoarella nako e telele ka ho fetisisa. Bukeng ea hae Toxic Parents, Dr. Susan Forward o hlokomela liphello tsa bana ba khahlapetsoang ke batsoali ka mantsoe: “Ke se ke ile ka bona bakuli ba likete [ba] lahlehetsoeng ke boikutlo ba ho itšepa hobane motsoali a ile a . . . ‘soasoa’ ka kamoo e leng lithoto, e leng ba babe, kapa kamoo ba sa batloeng ka teng.” Kahoo, nahana ka liphello tse ka etsahalang ha u hlaba motsoalle kapa ngoan’eno ka mantsoe a somang a sehlōhō. Dr. Forward o phetha ka ho re: “Ho tšeha ho nyenyefatsang e ka ba ho kotsi ka ho fetisisa.”—Bapisa le Liproverbia 26:18, 19.

Kahoo, ha ho makatse hore buka e buang ka khōlo ea ngoana e ile ea phetha ka ho re: “Ho soma . . . ho tlameha ho hlakoloa ka ho felletseng puong ea batho. Hangata hoa khopisa, ho utloisa bohloko haholo, ’me ha ho mohla ho lebisang puisanong e molemo.”

Qoba ho Potlakela ho Bua

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho sebelisa puo e somang ho fetohile mokhoa o metseng ka metso? Joale ke nako ea ho ithuta ho nahana pele u bua. Morena Salomone ea bohlale o itse: “Motho eo ereng ha a bua a phasolohe, u ka tšepa sethoto ho e-na le eena.”—Liproverbia 29:20, BPN.

Ho phasoloha ho ka ba kotsi, haholo-holo haeba ho etsoa har’a litho tsa lelapa. Hobane’ng? Penny ea lilemo li 16 oa hlalosa: “Hobane pono ea bona e bolela ho hongata ka ho fetisisa ho uena.” Leha ho le joalo, buka Raising Good Children e qotsa tichere John Holt ha a ne a re: “Hangata litho tsa lelapa li khahlapetsana ka mantsoe ka baka la bohloko le ho ferekana ha bophelo ba tsona hoo li sa nahaneng ka ho etsa sena ho motho e mong.” Litho tsa lelapa li tsebana haholo hoo li atisang ho ikemisetsa ho se lumele liphoso tsa setho se seng; li halefa habonolo ebe ho sebelisoa mantsoe a somang.

Ke ka lebaka le letle Bibele e khothalletsang sena: “Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.” (Liproverbia 10:19) Ho joalokaha Joanne ea lilemo li 18 a ithutile: “U tlameha ho nahanela eo u buang le eena le seo u tla se bua pele u bua.” Haeba u iphumana u ferekane maikutlong, u se potlakele ho bontša maikutlo a hao. Ho e-na le hoo, ak’u khutse motsotsoana ’me u ipotse: ‘Na mantsoe ao ke batlang ho a bua a mosa? Na aa hlokahala? Na hamorao ke tla ikoahlaea ka seo ke se buileng?’

Ka ho khetha mantsoe a hao ka hloko, u ka qoba ho utloisa maikutlo a ba bang bohloko, le ho qoba ho hlajoa ke lihlong le ho itlontlolla.

Ha U le Mohlaseluoa

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba e le uena ea songoang, mohlomong u songoa ke metsoalle kapa lithaka tsa hao tsa sekolo? Pele u inehela tšusumetsong ea ho iphetetsa, elelloa hore re phela har’a “linako tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5, NW) Bacha ba tobana le likhatello tse khōlō. Buka The Loneliness of Children ea hlokomela: “Bana . . . ba tla sekolong ba koetlile leeme la bona, lehloeo, leqhoko, le likhopolo le maikutlo a fosahetseng tseo ba li rutiloeng lapeng.” Hangata bora bo joalo bo bontšoa ka mokhoa oa puo e sehlōhō.

Ho tseba sena ho ka u thusa ho qoba tšekamelo ea ho iphetetsa ha u hlaseloa. (Bapisa le Liproverbia 19:11.) Hape, ho molemo ho hopola mantsoe a moapostola Pauluse: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang.” (Ba-Roma 12:17) ‘Ho sekehela lerama le leng’ ho motho e mong ea u jabetseng ka mantsoe ho hlile ho hloka hore u be le boitšoaro. (Mattheu 5:39) Empa ha ho bolele hore ha ua tlameha ho arabela ka tsela leha e le efe ha puo e somang e fetoha tlhapa—kapa tšokelo. E mong oa bangoli ba buka Violence, Irwin Kutash, oa hlokomela: “Litlhapa tse sa thibeloeng ka mokhoa o atlehang li ka ba le liphello tse tebileng ho bahlaseluoa . . . Bahlaseluoa bana ba fetoha batho bao ho leng bonolo ho ba hlasela ka ho eketsehileng.”

Kahoo, ka linako tse ling maemo a ka u lumella ho thibela ho hlaseloa ka mantsoe, eseng ka ho arabela ka mantsoe a mang a hlabang, empa ka ho bua ka khutso le ka khotso le mosomi ka sephiring.a (Liproverbia 15:1) Joanne o ile a leka sena, a bolella thaka ea hae ea sekolo: “Ha kea ka ananela mantsoe ao u a buileng ka pel’a bana ba bang ka klaseng. A ne a hlile a utloisa bohloko.” Phello e bile efe? Joanne o re: “Ho tloha ka nako eo o ile a ntlhompha ’me ha a e-s’o bue ntho e ’ngoe hape.”

Leha ho le joalo, David ea lilemo li 20 o totobatsa o mong oa mohloli oa puo e hlabang ha a re: “Batsoali ba hao e lokela ho ba bona ba u ratang ka ho fetisisa; leha ho le joalo, ka linako tse ling ke bona ba buang mantsoe a utloisang bohloko ka ho fetisisa.” Ho hlakile hore sena ba se etsa ba sa hlokomele; ha ba leka ho u khalemela, ba u hlaba ka mantsoe ba sa tsebe. Ke hobane’ng ha u sa leke ho bua le batsoali ba hao ka hona, u ba tsebise kamoo u ikutloang ka teng? Mohlomong ba tla ela maikutlo a hao hloko haholoanyane lekhetlong le tlang.

Qetellong, ke ho molemo haeba u sa amehe ka ho fetelletseng ka maikutlo a hao. Mongoli Donald W. Ball oa hlokomela: “Katleho ea ho soma . . . e larile liphellong tse inahaneloang.” E, u se ke ua fetelletsa litaba ka ho nahana hore u utloisitsoe bohloko ka mokhoa o ke keng oa lokisoa ka baka la lentsoe le le leng le hlokang mosa. Boloka boikutlo ba ho tšeha!

Leha ho le joalo, tsela e molemohali ea ho qoba ho hlaseloa ka ho soma ke ho qoba ho sebelisa ho soma ka bouena. Molao oa Khauta o re: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Haeba u sebelisa molao ona, u ka qoba ho ba motho ea sebelisang—’me mohlomong le ho ba mohlaseluoa—oa puo ea ho soma e utloisang bohloko.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Eng ka Bo-’mampoli ba Sekolo?” se hlahang tokollong ea August 8, 1989, ea Tsoha!

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ho soma ho ka utloisa bohloko

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela