Ho Thusa ba Makhatheng a ho Shoa Mehleng ea Kajeno
MOSALI e mong, eo eena ka boeena e leng ngaka, o ne a sa tsoa feta phihlelong e bohloko ka ho fetisisa. O ile a bona ha nkhono oa hae ea lilemo li 94 a shoela ka kamoreng ea tlhokomelo e khethehileng sepetlele ka mor’a tšebetso ea ho buuoa ka baka la kankere, e leng tšebetso eo nkhono oa hae “a neng a sa e batle ho hang.”
Ngaka ena e ile ea ngola: “Lepatong la hae ke ne ke sa llisoe ke lefu la hae, kaha nkhono o ne a phetse bophelo bo bolelele, bo mahlaha-hlaha. Ke ne ke llisoa ke bohloko boo a ileng a bo mamella, le hore e be litakatso tsa hae ha lia ka tsa phethahatsoa. Ke ne ke llisoa ke ho utloela ’mè le banab’abo bohloko, ka baka la boikutlo ba tahlehelo le pherekano boo ba bo utloang.”
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na e be ho ka khoneha ho thusa motho ea kulang haholo joalo. Ngaka ena e tsoela pele:
“Ke ile ka lla haholo-holo ka baka la ho ikutloela bohloko: ka baka la boikutlo bo tebileng bo molato boo ke neng ke e-na le bona ka hore e be ke hlōlehile ho mo sireletsa bohlokong le ho hlompholloeng ha litokelo tsa hae, le kamoo ke neng ke ikutloa ke sa tšoanelehe ka mokhoa o soabisang joaloka ngaka, ke hlōlehile ho phekola, ho imolla motho bohloko. Ha ho kae kapa kae koetlisong ea ka moo nkileng ka rutoa ho amohela lefu kapa ho shoa. Ho kula e ne e le sera—se lokelang ho loantšoa ka linako tsohle, ka mekhoa eohle e ka khonehang. Lefu e ne e le ho hlōleha; lefu le sa phekoleheng le ne le ntse le re hopotsa ka mehla kamoo ngaka e se nang matla a ho etsa letho ka teng. Ponahalo ea nkhono oa ka ha a ntjametse ka mahlo a tletseng tšabo ha a ntse a kentsoe mochineng o fehlang moea ka Kamoreng ea Tlhokomelo e Khethehileng e ntse e ntšoenya ho fihlela kajeno.”
Setloholo sena se tletseng lerato se ile sa tšohla taba e rarahaneng ea litekanyetso tsa se nepahetseng le se fosahetseng, ea phekolo ea meriana e bileng e amanang le litaba tsa molao eo hona joale ho ntseng ho phehisanoa khang ka eona ka makhotleng le lipetlele lefatšeng ka bophara: Ke sefe se molemohali se ka etsoang bakeng sa bakuli bao ho seng ho se tšepo ka bona mehleng ea rōna e hatetseng pele haholo theknolojing?
Ba bang ba na le khopolo e amang litekanyetso tsa boitšoaro ea hore ho lokela ho etsoe sohle se ka khonehang phekolong ea meriana bakeng sa motho ka mong ea kulang. Mokhatlo oa Lingaka le Lingaka tse Buoang Batho tsa Amerika o senola pono ena: “Tlameho ea ngaka mabapi le mokuli ea akhehileng, eo kelello ea hae e sa khoneng ho sebetsa hantle, kapa ea ke keng a khona ho hōla ha ea itšetleha ka tebello ea ho fola. Ngaka e tlameha hore ka mehla e nke khato bakeng sa boiketlo ba mokuli.” Sena se bolela hore e lokela ho fana ka phekolo kapa thuso eohle ea phekolo ea meriana eo e ka khonang ho fana ka eona. Na u ikutloa hore ka mehla sena ke sona se molemohali bakeng sa motho ea kulang haholo?
Ho batho ba bangata ho etsa joalo ho hlile ho utloahala e le hona ho babatsehang. Leha ho le joalo, lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng, phihlelo ea ho sebelisa phekolo ea meriana e hatetseng pele haholo theknolojing e hlahisitse pono e ncha le e fapaneng ea litaba. Koranteng e ikhethang ea 1984 e neng e e-na le sehlooho se reng “Boikarabelo ba Ngaka Mabapi le Bakuli Bao ho Seng ho se Tšepo ka Bona,” sehlopha sa lingaka tse leshome tse nang le phihlelo se ile sa fihlela qeto: “Ho ka ba bohlale ho fokotsa phekolo e matla ea mokuli eo ho seng ho se tšepo ka eena haeba phekolo e joalo e mpa feela e tla lelefatsa tšebetso e thata le e bohloko ea ho shoa.” Lilemo tse hlano hamorao lingaka tsona tseo li ile tsa hatisa taba e ’ngoe e nang le sehlooho se tšoanang e neng e e-na le mantsoe a reng “Pono ea Bobeli.” Ha li tšohla bothata bona boo, li ile tsa bolela taba e hlakileng haholoanyane: “Ka baka leo, lingaka le litsebi tse ngata tsa litekanyetso tsa se nepahetseng le se fosahetseng . . . li fihletse qeto ea hore ho se fane ka lijo le lino ho bakuli ba itseng ba leng makhatheng a ho shoa, bao ho seng ho se tšepo ka bona, kapa ba akhehileng ba ke keng ba hlola ba hlaphoheloa ho lumellana le litekanyetso tsa se nepahetseng le se fosahetseng.”
Re ke ke ra qhelela litlhaloso tse joalo ka thōko ka hore e mpa e le likhopolo tse inahaneloang kapa khang feela e hlileng e sa re ameng. Bakreste ba bangata ba ’nile ba talimana le liqeto tse bohloko ntlheng ena. Na moratuoa ea kulang hoo ho seng ho se tšepo ka eena o lokela ho bolokoa a ntse a phela ka mochine o mo thusang ho phefumoloha? Na ho feptjoa ka methapo kapa ka mekhoa e meng ea maiketsetso ho lokela ho sebelisoa ho mokuli ea kulelang lefu? Ha boemo e le boo ho seng ho se na tšepo ho bona, na chelete eohle eo mong ka mokuli, kapa lelapa lohle la hae le phelang ka eona, e lokela ho sebelisetsoa ho lefella phekolo, eo mohlomong e akarelletsang litšenyehelo tsa ho ea setsing se hōle sa phekolo ea meriana ho ea fumana phekolo e tsoetseng pele?
Ntle le pelaelo ua utloisisa hore ha ho bonolo ho arabela lipotso tse joalo. Le hoja u tla be u rata ho thusa motsoalle kapa moratuoa ea kulang, haeba u ne u ka talimana le lipotso tsena u ne u ka ’na ua ipotsa: ‘Mokreste a ka fumana tataiso efe? Ke mekhoa efe ea thuso e ka fumanehang? Habohlokoa ka ho fetisisa, Mangolo a re’ng ka taba ee?’