Keketseho ea Palo ea Baahi ba Lefatše—Taba ea Bohlokoa Haholo
“NGOANA oa Bobillione ea Bohlano.” Ke kamoo ’muso oa Chaena o ileng oa bitsa Wang He, lesea la ngoanana le hlahetseng sepetleleng sa Beijing ka khitla bosiu, ka July 11, 1987. Ebang lesea leo le hlile la etsa hore palo ea baahi ba lefatše e finyelle ho 5 000 000 000 ka nako eo, ha ho motho ea tsebang hantle. Leha ho le joalo, le ile la hlaha ka nako e nepahetseng e boletsoeng ke Machaba a Kopaneng e le nako eo palo ea baahi ba lefatše e tlang ho finyella palo eo ka eona. ’Muso oa Chaena o mpile oa sebelisa ketsahalo eo ho bontša botebo ba qaka ea keketseho ea palo ea baahi ba lefatše eo Chaena le lefatše li tobaneng le eona.
Lipalo li bontša hore lenane la batho lefatšeng le eketseha ka lebelo le tšosang litsebi tse ling. Ka baka la sekhahla sa keketseho ea batho hona joale, palo ea baahi ba lefatše e tla imena ka makhetlo a mabeli ka hoo e ka bang lilemo tse 40 feela. Litsebi li re bolella hore ha baahi ba lefatše ba eketseha ka sekhahla se joalo, lijo tse hlokahalang ho fepa lefatše li tla ba ngata ho feta tse hlahisoang, ’me phello e tla ba hore batho ba bolaoe ke tlala lefatšeng lohle. Ho feta moo, kaha phepelo ea lefatše ea mehloli ea tlhaho e lekanyelitsoe, e tla fela kapele ka baka la baahi ba eketsehang, ’me sena se ka baka koluoa lefatšeng lohle. Litsebi li bolela hore haeba khaello ea lijo le mehloli li sa re timetse, ka sebele tšenyo eo re e bakang tikolohong e tla re timetsa. Ha e le hantle, re iqetela moea oo re o phefumolohang ka seo re se etsang ka moea, metsi le mobu, ’me baahi ba eketsehileng ba mpa ba potlakisa sena. Sena sohle se utloahala eka ke koluoa e haufi haholo.
Leha ho le joalo, ke eng se ka etsoang ka hona? Ho na le lipono tse ngata ka taba ena. Batho ba bang ba ikutloa hore ka ntle le hore ho nkoe khato e matla ea ho fokotsa keketseho ea baahi, boiketlo ba batho bohle bo tla ba kotsing. Batho ba bang ba lumela hore joalokaha ho etsahetse nakong e fetileng, ho tla fumanoa litsela tse ncha tsa ho sebetsana le mathata a lijo, mehloli, tšilafalo, le ntho leha e le efe e amehang. Ho ntse ho le joalo, batho ba bang ba ikutloa hore qetellong kakaretso ea baahi e tla finyella botsitso, kahoo ha ho hlokahale hore ba khathatsehe ka ho fetelletseng ka hona. Ha e le hantle, ho na le lipono le maikutlo a matla ka taba ena eohle. Ka ho hlakileng, keketseho ea palo ea baahi ba lefatše ke taba e tsosang khang hape ebile e le ea bohlokoa.
Leha ho le joalo, se hlokomelehang ke hore batho ba phelang linaheng tse sa ntseng li na le sebaka se seholo sa bolulo le tse ruileng, ka kakaretso ke bona ba buang haholo ka koluoa e tlang. Ba hlahisa maikutlo a bona a tšabo hobane ba nahana hore boleng ba bophelo ba bona bo botle kapa boiketlo tsa nakong e tlang li kotsing. Empa ho thoe’ng ka batho ba phelang linaheng tse futsanehileng haholoanyane, tse nang le moruo o fokolang le tse nang le sepenya sa baahi? Ba ikutloa joang ka keketseho ea baahi? Bophelo bo joang libakeng tse ling tsa lefatše moo ho nang le baahi ba bangata haholo?
Tsoha! e lebisa tlhokomelo ea hao ho tse ling tsa libaka tse nang le batho ba bangta ka ho fetisisa lefatšeng esita le ho u neha pono ea sebele ea kamoo ho phela tlas’a khatello ea sepenya sa baahi ho leng ka teng le ho u thusa ho utloisisa tse ling tsa litaba tse amehang.