Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 3/8 maq. 26-28
  • Ho ba le Bana—Ho Molemo Kapa ho Tlisa Mathata?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba le Bana—Ho Molemo Kapa ho Tlisa Mathata?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mebuso e Amehile
  • Malapa a Amehileng
  • Thero ea Malapa e Boloka Bophelo
  • Thero ea Malapa e Fetoha Taba ea Lefatše Lohle
    Tsoha!—1993
  • Keketseho ea Baahi ba Lefatše, Bibele le Bokamoso
    Tsoha!—2004
  • Ke Mang ea Lokelang ho Etsa Qeto ka Boholo ba Lelapa?
    Tsoha!—1996
  • Keketseho ea Palo ea Baahi ba Lefatše—Taba ea Bohlokoa Haholo
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 3/8 maq. 26-28

Ho ba le Bana—Ho Molemo Kapa ho Tlisa Mathata?

THERO ea malapa e amana haufi-ufi le seo hangata se bitsoang sepenya sa baahi. Ho pholletsa le karolo e khōlō ea histori ea moloko oa batho, keketseho ea batho e ne e hlile e etsahala butle; lenane la batho ba shoang le ne le batla le lekana le la bana ba hlahang. Qetellong, hoo e ka bang ka selemo sa 1830, palo ea baahi ba lefatše e ile ea fihla ho limillione tse sekete.

Joale ho ile ha fihla tsoelo-pele ea meriana le saense e fellang ka manane a fokolang haholo a mafu a bakoang ke maloetse, haholo-holo maloetse a bana. Hoo e ka bang ka 1930, palo ea baahi ba lefatše e bile limillione tse likete tse peli. Ka 1960, ho ile ha ba le batho ba bang ba limillione tse sekete. Ka 1975, ho ile ha ba le ba bang hape ba limillione tse sekete. Ka 1987, palo ea baahi ba lefatše e ne e fihlile ho limillione tse likete tse hlano.

Ha boemo bona bo talingoa ka tsela e ’ngoe, hona joale lenane la batho ba leng planeteng ena le eketseha ka hoo e ka bang batho ba 170 motsotso o mong le o mong. Seo se etsa kakaretso ea batho ba ka bang 250 000 letsatsi le leng le le leng, e leng batho ba ka lekanang motse o moholohali. Sena se bolela hore selemo se seng le se seng se tlisa keketseho ea batho ba fetang limillione tse 90, e leng palo e menang ea baahi ba Canada kapa ba Mexico ka makhetlo a mararo. Karolo ea khōlo ena e leng e ka holimo ho 90 lekholong e etsahala linaheng tse fokolang moruong, moo karolo ea 75 lekholong ea baahi ba lefatše e seng e lula teng.

Mebuso e Amehile

Empa ke hobane’ng ha mebuso e thahasella ho lekanyetsa keketseho ea baahi ka ho sebelisa thero ea malapa? Ofisiri ea Lenaneo la Sechaba Nigeria bakeng sa Letlole la Machaba a Kopaneng, Dr. Babs Sagoe, o arabela potso ena ka papiso e bonolo eo a hlokomelisang hore e batla e nolofatsa haholoanyane boemo bona bo bonahalang bo rarahane ebile bo tsosa khang. Oa hlalosa:

‘Ha re re mohlomong rapolasi o na le polasi e boholo ba [lihekthere tse ’nè]. Haeba a na le bana ba leshome ’me a ba arolela polasi ena likarolo tse lekanang, ngoana ka mong o tla fumana hoo e ka bang [halofo ea hekthere]. Haeba ngoana e mong le e mong oa bao ba leshome le eena a ba le bana ba leshome ’me a ba arolela polasi ena ka mokhoa o tšoanang, ngoana ka mong oa bana ba bona o tla ba le [0,04 ea hekthere]. Ka ho hlakileng, bana bana e ke ke ea e-ba ba atlehileng joaloka ntat’a bona moholo, ea neng a e-na le polasi e boholo ba [lihekthere tse ’nè].’

Papiso ena e totobatsa kamano mahareng a lenane le eketsehang la batho le lefatše, leo boholo ba lona bo sa eketseheng le nang le lirafshoa tse lekanyelitsoeng. Ha palo ea batho e eketseha, linaha tse ngata tse fokolang moruong li thatafalloa ho sebetsana le manane a hona joale a batho. Nahana ka a mang a mathata ana.

Matlotlo. Ha palo ea batho e ntse e eketseha, ho na le tlhoko e khōloanyane ea meru, mobu o ka holimo, masimo le metsi a hloekileng. Phello ke efe? Makasine oa Populi o tletleba ka ho re: “Hangata . . . linaha tse futsanehileng li qobelloa ho sebelisa matlotlo a sechaba ka ho feteletseng ao bokamoso bo itšetlehileng ka ’ona.”

Litlhoko tsa Motheo. Ha palo ea batho e ntse e eketseha, mebuso e thatafalloa haholoanyane ho nehelana ka matlo a lekaneng, likolo, matloana, litsela le litšebeletso tsa bophelo bo botle. Kaha lichaba tsa linaha tse fokolang moruong li se li imetsoe ke moroalo o boima oa likoloto le matlotlo a ntseng a qepha, li hlōleha ho hlokomela litlhoko tsa batho tsa hona joale ho se ho sa boleloe letho ka tse khōloanyane.

K’hiro. Buka ea Letlole la Machaba a Kopaneng la Sechaba Population and the Environment: The Challenges Ahead e bolela hore linaheng tse ngata tse futsanehileng, karolo ea 40 lekholong ea basebetsi e se e ntse e hloka mosebetsi. Hohle linaheng tse futsanehileng, batho ba fetang halofo ea limillione tse sekete ha ba sebetse kapa ba sebetsa mosebetsi oa nakoana, ’me lenane lena le batlile le lekana le kakaretso eohle ea basebetsi ba linaha tse tsoetseng pele moruong.

Bakeng sa ho thibela manane ana hore a se mpefale, linaha tse futsanehileng li tlameha ho qala mesebetsi e mecha e fetang limillione tse 30 selemo se seng le se seng. Batho ba tla hloka mesebetsi ena baa phela kajeno—ke bana ba kajeno. Litsebi li hakanya hore ho hloka mosebetsi ho jeleng setsi ho ka ’na ha lebisa ntoeng ea baahi, bofutsana bo mpefalang le ho senngoa ho tsoelang pele ha lirafshoa.

Ha ho makatse ha lichaba tsa linaha tse futsanehileng li ikitlaetsa ka matla ho khothaletsa thero ea malapa ka ho eketsehileng. Makasine oa bongaka oa Brithane Lancet ha o bua ka se larileng ka pele o itse: “Khatello ea keketseho ea manane [a batho], haholo-holo linaheng tse futsanehileng haholoanyane tsa lefatše, e eketsa mosebetsi oo li talimaneng le ’ona haholo. . . . Batho ba limillione ba tla qeta nako ea ho phela ha bona ba sa ruteha, ba hloka mosebetsi, ba hloka matlo a boemo bo botle le tlhokomelo ea motheo ea bophelo bo botle, litšebeletso tse tlisang boiketlo le matloana, ’me keketseho ea batho e sa hlahlojoeng ke sesosa se seholo sa mathata a boletsoeng ka holimo.”

Malapa a Amehileng

Ho beha lipakane le ho hlomamisa mananeo a thero ea malapa sechabeng sohle ke ntho e ’ngoe; ’me ho kholisa sechaba ke ntho e ’ngoe hape. Lichabeng tse ngata maikutlo a susumetsoang ke lineano tse khothaletsang malapa a maholo a sa ntse a le matla haholo. Ka mohlala, ’mè oa Nigeria o ile a arabela khothaletsong ea ’muso oa moo ea ho fokotsa thari ka ho re: “Ke ’na oa ho qetela ho bana ba 26. Banab’eso bohle ba baholo ho ’na ba bashemane le ba banana, ba na le bana ba pakeng tsa robeli le 12. Kahoo, na ke ’na ke le mong ea lokelang ho ba le bana ba seng bakae?”

Leha ho le joalo, pono e joalo ha e sa tloaelehile haholo joalokaha e kile ea tloaeleha, esita le Nigeria, moo mosali feela ea tloaelehileng a belehang bana ba tšeletseng. Batho ba limillione ka baka la ho talimana le litheko tse eketsehang, ba thatafalloa ho fepa malapa a bona le ho a apesa. Ba bangata ba ithutile ka phihlelo bonnete ba maele a Seyoruba a reng: “Ọmọ bẹẹrẹ, òṣì bẹẹrẹ” (ha bana ba le bangata bofutsana bo ba bongata).

Banyalani ba bangata ba utloisisa melemo ea thero ea malapa, empa leha ho le joalo, ha ba e sebelise. Phello ke efe? The State of the World’s Children 1992, e hatisitsoeng ke UNICEF (United Nations Children’s Fund [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana]), e boletse hore hoo e batlang e le kemaro e le ’ngoe ho tse tharo linaheng tse futsanehileng tsa lefatše nakong ea selemo e ke ke ea e-ba feela e sa reroang, empa e tla ba e sa batluoeng.

Thero ea Malapa e Boloka Bophelo

Ka ntle ho mathata a moruo, lebaka le ka sehloohong la ho nahana ka thero ea malapa ke bophelo bo botle ba ’mè le bana ba hae. Maele a Afrika Bophirima a re: “Ho ima ho beha bophelo kotsing ’me ho beleha ke ntoa ea bophelo le lefu.” Selemo se seng le se seng linaheng tsa lefatše tse futsanehileng, basali ba ka bang halofo ea millione ba shoa nakong ea ho ima kapa nakong ea ho beleha, bana ba millione ba sala ba hloka bo-’mè, ’me basali ba bang ba eketsehileng ba limillione tse hlano ho isa ho tse supileng e ba liqhoala kapa ba holofala ka baka la likotsi tse amanang le ho beleha.

Hase basali bohle ba leng linaheng tse futsanehileng ba leng kotsing e tšoanang. Joalokaha lebokose le latelang le bontša, ba leng kotsing e khōloanyane ke basali ba belehang bana ba bangata haholo ba sa le banyenyane haholo, ba belehang khafetsa kapa ba belehang morao haholo. Mehloli ea Machaba a Kopaneng e hakanya hore thero ea malapa e ka thibela kotara ho isa ho karolo ea boraro ea mafu a basali nakong ea ho ima kapa nakong ea ho beleha ’me e ka thibela likotsi tse limillione.

Empa na ho sireletsa bophelo ba bana ba limillione ho ke ke ha eketsa palo ea batho? Ka ho makatsang, litsebi tse ngata li re che ho ke ke ha e-ba joalo. Human Development Report ea 1991 e re: “Ho ka ’na ha nahanoa hore haeba bana ba eketsehileng ba phela, mathata a sechaba a tla mpefala haholoanyane. Sena se fapane haholo. Ho bonahala matla a ho ba le bana a fokotseha ha batsoali ba na le tšepo e khōlō ea hore bana ba bona ba tla phela.”

Leha ho le joalo, basali ba limillione, haholo-holo lichabeng tse futsanehileng, ba tsoela pele ho beleha nako le nako. Hobane’ng? Hobane sechaba sa habo bona se lebeletse hore ba etse joalo, hobane ho ba le bana ba bangata haholo ho eketsa monyetla oa hore ba bang ba phele, le hobane ho ka etsahala hore ebe ha ba tsebe letho ka thero ea malapa kapa hona ho fumana litšebeletso tsa eona.

Leha ho le joalo, basali ba bangata ba nang le malapa a maholo ba ke ke ba etsa thero ea malapa ka tsela leha e le efe. Ba nka ngoana e mong le e mong e le tlhonolofatso e tsoang ho Molimo.

[Lebokose le leqepheng la 28]

Likotsi tse Phahameng tsa ho Ima Linaheng tsa Lefatše tse Futsanehileng

Kapele Haholo: Monyetla oa ho shoa nakong ea ho ima le ho beleha har’a basali ba lilemo li 15 ho isa ho tse 19 o mena oa basali ba lilemong tse 20 ho isa ho tse 24 hararo. Masea a belehoang ke basali ba ka tlaase ho lilemo tse 20 a ka ’na a shoa, a ka hlaha pele haholo ho nako kapa a ka hlaha a le bobebe haholo nakong eo a hlahang ka eona.

Ho Hlahlamana Kapele: Bolelele ba nako mahareng a kemolo bo ama ho phela ha ngoana haholo. Lesea le belehiloeng nakong e ka tlaase ho lilemo tse peli kamor’a ngoana e mong le na le monyetla o etsang karolo ea 66 lekholong oa ho shoa boseeng ba lona. Haeba ngoana enoa a phela, ho ka etsahala hore a liehe ho hōla ’me ho ka boela ha etsahala hore matla a hae a kelello a khinoe. Hoo e ka bang lefu la ngoana a le mong ho ba bahlano le ka thibeloa ka ho hlahlamisa bana hantle. Khefu ea lilemo tse tharo kapa ho feta mahareng a ho beleha bana e na le likotsi tse fokolang.

Ba Bangata Haholo: Ho beleha bana ba fetang ba bane ho eketsa likotsi tsa ho ima le tsa ho beleha, haholo-holo haeba bana ba seng ba belehiloe ba sa hlahlamisoa ka mor’a nako e fetang lilemo tse peli. Ka mor’a ho ima ka makhetlo a mane, ho ka etsahala hore bo-’mè ba fokolloe ke mali ’me ba ka tsoa mali a mangata, ’me bana ba bona ba kotsing e khōlō ea hore ba belehoe ba holofetse.

Morao Haholo: Monyetla oa hore basali ba leng ka holimo ho lilemo tse 35 ba ka shoa nakong ea ho ima kapa ea ho beleha o mena oa basali ba leng mahareng a lilemo tse 20 ho isa ho tse 24 hahlano. Bana ba belehoang ke basali ba hōlileng haholoanyane le bona ba kotsing ea ho shoa.

Mehloli: Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle, Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana le Letlole la Sechaba la Machaba a Kopaneng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela