Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 12/8 maq. 9-11
  • Mohla Maqeba a Nakong e Fetileng a Folang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohla Maqeba a Nakong e Fetileng a Folang
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi oa Khotso
  • Kamoo Lintoa Tsohle li Tla Fela
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ntoa
    Tsoha!—2017
  • “Li-Hiroshima Ha li sa le Eo!”
    Tsoha!—1991
  • Lefatše le se Nang Ntoa le Haufi
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 12/8 maq. 9-11

Mohla Maqeba a Nakong e Fetileng a Folang

ADELINE NAKO e mocha, ea boletsoeng qalong ea letoto la lihlooho tsena, o ile a ba le lehloeo le matla naheng ea baholo-holo ba hae, Japane. Ha bana ba bang ba bitsa Majapane a Hawaii “Majap,” o ne a arabela ka hore: “Re Maamerika.” O ile a etsa mamatjana a reng, “Ripitlang Mebuso eo ea Japane le Jeremane le Italy” ’me e ne e le eena ea ka pele-pele phutuhong ea ho reka litempe tse neng li rekisoa ka morero oa ho bokella chelete ea ntoa. Adeline o ile a re: “Ke ne ke le motlotlo ka lebotho la bo100 le la bo442 le entsoeng ka nisei, kapa moloko oa Majapane a hlahetseng Amerika, ao ka sebete a ileng a loanela Amerika.”

Leha ho le joalo, ha a ntse a hōla, o ile a qala ho ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha batho ba tlameha ho bolaeana?’ Sena sohle se ne se bonahala se fosahetse. O ile a nahana: ‘Mabuddha a ne a ile ntoeng. Bakreste ba ne ba ile ntoeng. Kaofela ha bona ke baikaketsi.’ Kaha o ne a se a qalile ho ithuta Bibele ka thuso ea Lipaki tsa Jehova, o ile a phephetsa tichere ea hae ea Paki ka potso ena: “Na lōna Lipaki tsa Jehova le ea ntoeng?”

O ile a bolelloa hore ha li nke lihlomo ho bolaea motho leha e le ofe. Ka nako eo ntoa e ne e ntse e loanoa Europe le Asia. Adeline o ile a fumana hore Lipaki tse leng Jeremane li ne li romeloa likampong tsa mahloriso ’me tse United States li ne li kenngoa teronkong bakeng sa ho se nke libetsa nakong ea ntoa. O ile a nahana: ‘Bona e tlameha ebe ke bolumeli ba ’nete.’

Mosebetsi oa Khotso

Ha tsebo ea hae ea Bibele e ntse e eketseha, o ile a susumelletseha ho nehela bophelo ba hae ho Jehova, Molimo oa Bibele. Boinehelo ba hae ho “Molimo oa khotso” bo ile ba mo susumelletsa ho atolosa lerato la hae ka ho latela mehlala ea Majapane a Hawaii a mahlano a ileng a ithaopela ho ea Japane kapele ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. (Ba-Filippi 4:9) Joaloka baromuoa, ba ne ba chesehela ho thusa batho ba lulang naheng ea baholo-holo ba bona, le hona e le bao pele e neng e le lira, ka ho ba bolella litaba tse tšelisang tsa ’Muso tse tsoang ka Bibeleng.—Mattheu 24:14.

E mong ea ileng a ithaopela ho thusa naha ea Japane e tsekollotsoeng ke ntoa, Shinichi Tohara, o sa hopola kamoo a ileng a ikutloa ka teng ka mosebetsi oa hae. O re: “Ke ile ka nahana ka botšepehi ba Majapane tabeng ea ho sebeletsa marena a batho le moemphera. Ke ile ka nahana ka bakhanni ba lifofane tsa lebotho la moeeng la Japane, ba ileng ba nehelana ka bophelo ba bona bakeng sa moemphera ka hore ka boomo ba fofisetse lifofane tsa bona likepeng tsa ntoa tsa sera. Haeba Majapane a tšepahala hakaalo ho batho, ke ile ka ipotsa, a tla etsa eng haeba a ka fumana Morena oa ’nete, Jehova?”

Ka baka la maikutlo a matle joalo, ka 1949 baithaopi bana ba ile ba fihla Tokyo e sa tsoa ripitloa ke sefofane sa tlhaselo ea moeeng sa B-29. Ba ile ba fumana eng mekhorong e ka har’a lithako tseo? Ba ile ba fumana batho ba lihlong bao e neng e le basebetsi ba khothetseng. Leha ho le joalo, ho ne ho sa ntse ho e-na le batho ba neng ba sa ntse ba koetlile lehloeo le leeme. Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba arabela hamolemo molaetseng oa Bibele oa khotso.

Ka 1953 Adeline o ile a qala ho sebetsa le baromuoa bao ba pele. Ka cheseho o ile a thusa ba neng ba lapetse le ho nyoreloa molaetsa oa matšeliso o fumanoang ka Bibeleng. O ile a kopana le batho ba hanyetsang mosebetsing oa hae oa boboleli. Batho bao ba ne ba re ho eena: “Ke lōna ba ileng ba akhela libomo tsa athomo Hiroshima le Nagasaki!”

O ne a arabela ka hore: “Lea tseba hore ke tsoa Hawaii. Ke Japane e ileng ea qala ho hlasela Pearl Harbor le ho bolaea batho ba bangata moo. Empa seo ha se ea ka sa nthibela ho tla Japane ho tla bolela litaba tsena tse molemo ho batho ba mona.” Hangata seo se ne se ba kokobetsa bohale, ’me ba ne ba amohela lingoliloeng tse hlalosang Bibele.

Ka baka la motheo o ileng oa raloa ke baromuoa ba pele ba neng ba tsoa Hawaii le linaheng tse ling, hona joale Majapane a fetang 150 000 ke karolo ea boena ba batho ba ‘seng ba sa ithute ho loana.’—Esaia 2:4; 1 Petrose 2:17.

Kamoo Lintoa Tsohle li Tla Fela

Ka sebele, ho tsebana le ho hlaolela lerato le hlokang boithati e mong ho e mong hoa hlokahala bakeng sa khotso ea lefatše. Leha ho le joalo, seo ha sea lekana. Batho ba neng ba rata khotso ’me ba e-na le metsoalle ka lehlakoreng le leng ba ile ba qobelloa ho ea ntoeng ea Pacific tlas’a mabaka a “lokafalitsoeng.” Khopolo e hasoang ea bochaba e ile ea pupetsa litšekamelo tsa bona tsa tlhaho. Le hoja ba bang ba ile ba hana ho ea ntoeng esita le ho ipeha kotsing ea ho isoa likampong tsa mahloriso kapa literonkong, liketso tsa bona li bile le phello e fokolang feela haeba e bile teng, bakeng sa ho thibela boikutlo bo matla ba ntoa.

Ha sechaba sohle se isoa ntoeng, ho na le matla a se susumelletsang ho etsa joalo. Hangata bohle ba amehang ba hatella hore ba rata ho qoba ntoa. Leha ho le joalo, batho ba bang ba ’nile ba susumetsoa ke matla a maholo a leng khahlanong le litakatso tsa bona. Bibele e tsebahatsa matla ao e le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Ba-Korinthe 4:4, NW) Ka sebele, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose.—1 Johanne 5:19 bona hape le Johanne 12:31; 14:30.

Leha ho le joalo, Bibele e tšepisa hore “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane.” (Ba-Roma 16:20) Mohato o etellang pele ho robokela hona o ile oa etsahala maholimong lilemong tse 77 tse fetileng. Mamela tlhaloso e hlollang ea seo moapostola Johanne a se boneng ponong lilemong tse makholo a 18 esale pele mabapi le ho phethahala ha sena ka 1914: “Joale ntoa ea e-ba teng leholimong . . . ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona.”—Tšenolo 12:7-9.

Ho tloha nakong eo Satane Diabolose o ’nile a ba sebakeng sa lefatše. Ka ho susumetsa bo-ralipolotiki le batšehetsi ba ntoa joaloka lipopi tseo a li lebisang moo a ratang teng, o bakile masisa-pelo a mangata lintoeng tsa lekholong lena la lilemo. Leha ho le joalo, ho hloka mamello ha hae ho bonahala ka ho ba le khalefo e khōlō, “ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:12) Ka matsoho a matla a “Morena oa khotso,” e leng Jesu Kreste, Molimo o tla amoha Satane matla ka mor’a “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ka “Harmagedone.”—Esaia 9:6; Tšenolo 16:14, 16.

Ho fapana le lintoa tsohle tse ileng tsa loanoa ke batho tekanyetso ea toka ntoeng eo e tlang ea Molimo e tla ba e phethahetseng. Ke tekanyetso ea ’Mōpi oa batho ea nang le thahasello e tsoang pelong ea hore batho ba fumane se molemohali. Ho fapana le baeta-pele ba lipolotiki ba qobellang batho ba bona hore ba ee ntoeng, Jehova, ’Mōpi oa rōna, o tla bolella batho ba hae joalokaha a ile a bolella sechaba sa hae sa Iseraele mehleng ea Josafate oa Juda lekholong la bo10 la lilemo B.C.E.: “Le ke ke la tšoanela ho loana ntoeng ena; le mpe le hlahe, ’me le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ea Jehova ea nang le lōna.”—2 Likronike 20:17.

Ha maru a matšo a tšusumetso ea Satane a se a tlositsoe, batho ba tsoang lichabeng tsohle ba tla thabela khotso ea ’nete le tšireletseho lefatšeng lohle. Joale, maemo ana a boletsoeng esale pele ke Esaia e tla ba a sebele. “Bonang, ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha. Lintho tsa pele ha li sa tla hlola li hopoloa kapa hona ho khutlela mohopolong.”—Esaia 65:17, The New English Bible.

Kahoo, se etsahetseng Pearl Harbor ha se sa tla hlola se hopoloa ka tsela e utloisang bohloko kapa hona hore bahlaseluoa ba bomo ea athomo Hiroshima le Nagasaki ba hooe ka hore “Li-Hiroshima ha li sa le Eo!” Hobane’ng? Hobane mantsoe a latelang a boprofeta ba Esaia e tla ba ’nete ho motho e mong le e mong lefatšeng: “Jehova [Molimo] o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.

Ho phethahala ha boprofeta bona ho se ho ntse ho bonahala har’a Lipaki tsa Jehova, tseo hona joale li bōpang bonngoe ba lefatše lohle ba baena ba limillione. Sena se bonahala hantle likopanong tsa machaba tsa Lipaki tsa Jehova tse tšoaroang likarolong tse fapaneng tsa lefatše. Le uena u ka ba karolo ea bonngoe boo ba machaba le khotso. Tloo u tl’o ithuta kamoo u ka bang e mong oa batho ba seng ba ‘tehile liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma le marumo a bona lisekele,’ ba seng ba sa ‘ithute ho loana’ ’me ba lebelletse paradeise e tla tla lefatšeng haufinyane, moo le ka mohla lintoa li ke keng tsa boela tsa e-ba teng.—Pesaleme ea 46:8, 9.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Jerry le Yoshi Toma, Shinichi le Masako Tohara, le Elsie Tanigawa ba ile ba ithaopela ho thusa bao e neng e le lira pele

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Kajeno mokhatlo oa baena oa machaba o rapela Molimo ka bonngoe le khotso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela