Ho Phahama le ho oa ha Khoebo ea Lefatše
Karolo 1b—Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlahloba Lefatše la Khoebo?
HO THATA ho nahana ka lefatše le hlokang qhoebeshano ea lipolotiki, khohlano ea bolumeli, le ho khathatseha ka litaba tsa moruo. Letsatsi le leng le le leng lipolotiki, bolumeli, le khoebo li re ama ka litsela tse itseng. Ha u ka tlosa litšiea tsena tse tharo tse tšehelitseng mokhatlo oa batho, phello e ka ba morusu o tšabehang.
Ka linako tsohle ha lihlopha tsa batho li phela hammoho, tsamaiso e itseng ea tšebeliso ea moruo—tsamaiso ea lelapa—ea hlokahala bakeng sa ho li fa thepa le litšebeletso tseo li li hlokang. (Bona lebokose le ka tlaase.) Kahoo lelapa le leng le le leng le loanela ho ba le moruo o motle. Ka ho tšoanang, moruo oa ’muso o mong le o mong o akarelletsa lintlha tse ’nè tsa motheo: (1) ho fumana hore na ke thepa le litšebeletso life tse lokelang ho etsoa, (2) ho rera hore na thepa le litšebeletso tseo li lokela ho etsoa joang, (3) ho rera hore na se entsoeng se lokela ho abjoa joang, le (4) ho tsamaisa litaba ka tsela e tla etsa hore moruo o hōle ka lebelo le loketseng ’me o fe batho bohle mosebetsi.
Ho ke ke ha latoloa hore litsamaiso tsa moruo tseo motho a li entseng li entse hore ho be le boiketlo bo boholoanyane bophelong, li re fa thepa le litšebeletso tseo re neng re ke ke ra khona ho iketsetsa tsona. Hangata litsamaiso tsena li ’nile tsa nyolla mekhoa ea bophelo haholo. Mekhoa ea puisano e ntlafalitsoeng e etsa hore re khone ho finyella batho karolong efe kapa efe ea lefatše ka fono-fono ka nako ea metsotsoana feela, ho ba romella boitsebiso ka fax ka nako ea metsotso feela, esita le ho tsamaea ka nako ea lihora feela ho ea buisana le bona re shebane mahlong.
Leha ho le joalo, re ke ke ra hlokomoloha hore lefatše la khoebo le susumetsa batho ka tsela e pharalletseng haholoanyane. Ha le kopana le bolumeli le lipolotiki, le ka ama esita le bona bokamoso ba rōna.a Kahoo, ke ho loketseng hore joale re lebise tlhokomelo ea rōna karolong ea boraro e khōlō ea mokhatlo oa batho, e leng lefatše la khoebo. Ho tlile joang hore le be matla hakaale? Le lebile hokae? See se bolela’ng ho rōna re le batho ka bomong?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! e ile ea hatisa matoto a mabeli a lihlooho tse ileng tsa bontša ka ho hlaka hore na sena ke ’nete joang mabapi le litsamaiso tsa bolumeli le tsa lipolotiki. “Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo tsa Bona tse Fetileng,” ho tloha ho January 8, 1989 ho ea ho January 8, 1990; “Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng,” ho tloha ho August 8, 1990 ho ea ho January 8, 1991.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Ho Hlalosa Lefatše la Khoebo
U ka ’na ua ho fumana ho le thata ho hlalosa mantsoe a kang “khoebo” (commerce), “theko le thekiso” (trade), “industry,” “mosebetsi oa khoebo” (business) le “thuto ea tšebeliso ea moruo” (economics). Collins Cobuild English Language Dictionary e hlalosa “khoebo” habonolo feela e le “mesebetsi le mekhoa e akarelletsoang thekong le thekisong ea lintho.” Ka ho hlakileng sena se akarelletsa “theko le thekiso,” e leng “mosebetsi oa ho reka, ho rekisa, kapa phapanyetsano ea thepa kapa litšebeletso pakeng tsa batho, lifeme, kapa linaha.” Ka ho hlakileng, thepa e tlameha ho etsoa kapa ho lokisoa pele e rekisoa, e leng tšebetso e tsejoang e le “industry.” ’Me mosebetsi o amanang le khoebo le theko le thekiso o bitsoa “mosebetsi oa khoebo.”
Ha e le “thuto ea tšebeliso ea moruo” (economics), ke “ho ithuta tlhahiso ea leruo le tšebeliso ea thepa le litšebeletso sechabeng, le ho hlophisoa ha chelete ea sona, industry, le theko le thekiso.” Ho hong ho re fang temohisiso e eketsehileng moelelong oa lentsoe lena ke ’nete ea hore le nkiloe metsong ea Segerike e bolelang tsamaiso ea lelapa kapa ea sehlopha sa ba boholong ’musong.