Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 4/8 maq. 20-23
  • Na ho ba Moroetsana Kapa Mohlankana ho Tloaelehile?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho ba Moroetsana Kapa Mohlankana ho Tloaelehile?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatello ea Lithaka
  • Boroetsana le Bohlankana—Pono ea Molimo
  • ‘Ho Siteloa ’Mele oa Hao’
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Lula u le Moroetsana Kapa Mohlankana?
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Hlalosa Joang Seo ke se Lumelang ka ho Kopanela Liphate?
    Bacha Baa Botsa
  • Phoso ke Efe ka ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 4/8 maq. 20-23

Bacha Baa Botsa . . .

Na ho ba Moroetsana Kapa Mohlankana ho Tloaelehile?

Ngaka e mosa e ile ea botsa: ‘Jane, na ho na le se u tšoenyang kajeno?’

Ka lesisitheho o ile a re: ‘Ngaka, banana ba bangata sekolong ba bua ka ho noa lipilisi tsa ho thibela pelehi le ho ba le likamano tsa botona le botšehali. Na ho na le se phoso ka ’na ha ke sa kopanele likamano tsa botona le botšehali?’—What Shall We Tell the Kids?, ea Dr. Bennett Olshaker.

BOROETSANA kapa bohlankana. Linakong tse fetileng e ne e le letšoao la tlhompho. Kajeno, bacha ba bangata ba bo talima e le sesosa sa lihlong le tsieleho, boemo bo sa tloaelehang, boloetse bo lokelang ho “phekoloa” kapele kamoo ho ka khonehang.

Ha ho makatse hore ebe bacha ba bangata haholo ba tela boroetsana kapa bohlankana ba bona. Ka mohlala, phuputso e ileng ea etsoa ho bacha ba Jeremane ka 1983 e ile ea senola hore ke feela karolo ea 9 lekholong ea banana ba lilemo li 15 le karolo ea 4 lekholong ea bashemane ba lilemo li 15 ba kileng ba kopanela likamano tsa botona le botšehali. Ka 1989 manane ana a ne a nyolohetse ho 25 lekholong le 20 lekholong ka tatellano! Tšekamelo e tšoanang le ena e bonahala lefatšeng lohle.

Leha ho le joalo, ke’ng se fileng boroetsana le bohlankana lebitso le lebe har’a bacha? Bacha ba meloko eohle ba kile ba tlameha ho sebetsana le litakatso tse matla tse ileng tsa tsoha nakong ea boroetsana le bohlankana. Leha ho le joalo, bacha ba kajeno ba hōlela lefatšeng le ba fang tataiso e nyenyane mabapi le boitšoaro kapa le sa ba feng eona ho hang. Naheng e ’ngoe ea Europe, sehlopha sa baholo ba Bakreste sea tlaleha: “Ho sa tsotellehe hore na e bonahala e na le borapeli hakae, ha e le hantle naha ena ke e se nang boitšoaro. Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo nkoa e le ‘bofokoli ba botho.’ Bana ba hōlisetsoa malapeng a batsoali ba sa nyalanang. Phatlalatso e sekametseng likamanong tsa botona le botšehali e mpe ka ho fetisisa mona ho feta naheng leha e le efe e ’ngoe linaheng tsa ka Bophirimela.”

Ka ho tšoanang bacha ba linaha tse hōlang moruong ba pepeselitsoe litšusumetso tse matla tsa mekhoa ea bophelo le moruo tse khothalletsang likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa mefuta eohle ea batho. Bacha ba naha e ’ngoe ea Afrika baa lemosoa, ‘Haeba mohlankana a sa kopanele likamano tsa botona le botšehali, o tla fokola ’meleng.’ Tumelo e atileng ka mokhoa o tšoanang ke ea hore ‘ngoanana ha a tsebe bophelo hofihlela nakong eo a kopanelang likamano tsa botona le botšehali le moshemane.’

Ho feta moo, ka baka la ho hloka mosebetsi le bofuma bo atileng, ngoanana a ka ’na a tšaba ho hana kōpo ea mohiri oa hae oa kamoso ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le eena. Ka ho tšoanang matichere a ka ’na a batla hore bana ba sekolo ba lefelle ho pasa ha bona sekolong ka ho kopanela likamano tsa botona le botšehali. Ho tloaelehile hore banana ba futsanehileng ba lumele ho kopanela likamano tsa botona le botšehali e le hore ba ka fumana lintho tseo ba ke keng ba phela ka ntle ho tsona—esita le bakeng sa setene sa sesepa! Bashebelli ba leng naheng e ’ngoe e hōlang moruong ba tlaleha hore: “Ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ho batlile ho tšoana le ho noa metsi kapa ho ja lijo.”

Khatello ea Lithaka

Leha ho le joalo, khatello ea lithaka e na le tšusumetso e matla. Mocha eo e ntseng e le moroetsana kapa mohlankana e ka ’na ea ba mohlaseluoa oa ho tšoenngoa ho sa khaotseng le ho hlaseloa. ’Me haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, u ka ’na oa qolloa ka ho khethehileng mabapi le sena. Lithaka tsa hao li ka ’na tsa u bolella hore ha u monna kapa mosali oa sebele ka ntle le hore ebe u kile ua kopanela likamano tsa botona le botšehali. Ba ka ’na ba pheha khang ea hore ho ba le “phihlelo” pele u kena lenyalong ke khopolo e ntle. Kapa ba ka ’na ba leka ho u bolella lipale tsa boitšoaro bo sa lumelloang ka molao.

Ngoanana e mong o itse: “Sally o ne a ee a bue a sa khaotse ka monate oa likamano tsa botona le botšehali tseo a kopanelang ho tsona le mohlankana oa hae. Hape o ne a etsa hore ke nahane hore ke haelloa ke o mong oa menyaka e meholo ka ho fetisisa ea bophelo.” Ka baka la ho hlōleha ho lemoha hore “ho na le boithoriso bo bongata, ho fetelletsa litaba le leshano tabeng ea phihlelo ea likamano tsa botona le botšehali har’a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20,” bacha ba bangata ba khelosoa ke lipale tse joalo. (Coping With Teenage Depression, ea Kathleen McCoy) Ngoanana e mong ea bitsoang Maria ea ileng a tela boroetsana ba hae ka ho kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali oa hopola: “Ke ile ka ikutloa ke hatelletsoe, ’me ke ne ke na le takatso e matla ea ho amoheloa. Le hoja ke ne ke tseba hore ho fosahetse, ke ne ke batla ho tšoana le ba bang—ke be le mohlankana.”

Bacha ba limillione ka ho tšoanang ba amohetse khopolo ena e kotsi ea lefatše ’me ba se ba lumela hore boroetsana le bohlankana ke ntho e sa tloaelehang le hore likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ke monyaka o se nang kotsi ho hang. Ka tsela eo baroetsana le bahlankana ba kotsing ea ho fela har’a bacha.

Boroetsana le Bohlankana—Pono ea Molimo

Leha ho le joalo, ho na le lehlakore le leng likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo leo lithaka tsa hao li ka ’nang tsa se ke tsa bua ka lona. Maria oa hopola: “Hamorao ke ile ka ikutloa ke nyahame ke bile ke le lihlong. Ke ile ka itlhoea ka ba ka hloea le mohlankana oa ka.” Liphihlelo tse joalo ke tsa sebele ho feta seo bacha ba bangata ba se lumelang. Lebala lipale tse inahaneloang le litaba tse fetelletsoang tseo u ka ’nang ua li bolelloa ke lithaka tsa hao. Ha e le hantle likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo hangata ke phihlelo e utloisang bohloko le e tlotlollang—ka liphello tsa eona tse senyang!

Sena ha sea lokela ho u makatsa. Hobane le hoja lefatše le ka ’na la talima likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo li le molemo li bile li tloaelehile, sena ha se li etse hore e be tse loketseng mahlong a Molimo. Jesu Kreste o re hopotsa hore “se phahameng ho batho, ke manyala pel’a Molimo.” (Luka 16:15) Molimo o na le litekanyetso tsa oona tsa boitšoaro bo amohelehang. Bibele e re: “Hobane ho rata ha Molimo ke hore le halalele, le hore le tšabe bofebe [bohlola, NW], le hore e mong le e mong ho lōna a tsebe ho bolokela pitsa ea hae khalalelong le hlonephong . . . Hobane Molimo ha oa ka oa re biletsa litšileng, empa e le khalalelong.”—1 Ba-Thessalonika 4:3-7.

Joale, ho latela Molimo, boroetsana le bohlankana hase feela ntho e tloaelehileng empa ke e hloekileng le e halalelang! Iseraeleng ea boholo-holo, baroetsana ba ne ba thabela boemo bo hlomphehang. Molao o ne o ba sirelelitse tšebelisong e mpe ea likamano tsa botona le botšehali. (Deuteronoma 22:19, 28, 29) ’Me boroetsana le bohlankana bo tsoela pele ho hlomphuoa har’a Bakreste. Phutheho ea Bokreste e tšoantšoa le “moroetsana ea se nang sekoli” ka baka la ho hloeka ha eona boitšoarong.—2 Ba-Korinthe 11:2; Tšenolo 21:9.

Ha ho kae kapa kae moo Bibele e phehellang bacha ho talima boroetsana le bohlankana ba bona joaloka thohako. Ho fapana le hoo, moapostola Pauluse o itse: “Haeba e mong a se a entse qeto pelong ea hae . . . ea ho boloka boroetsana kapa bohlankana ba hae [ka ho lula e le lesoha], o tla be a etsa hantle. Ka mokhoa o tšoanang ea nehelanang ka boroetsana kapa bohlankana ba hae lenyalong le eena o etsa hantle, empa ea sa bo neheleng lenyalong o tla be a etsa hantle haholo.”a Pauluse o ne a sa nyatse likamano tse hlomphehang tsa botona le botšehali tse etsoang lenyalong. Ho e-na le hoo, o ne a bontša hore Mokreste ea ikhethetseng ho boloka boroetsana ba hae kapa bohlankana ka ho lula e le lesoha o ne a tla thabela “ho sebeletsa Morena a sa khaotse ka ntle ho tšitiso ea letho.”—1 Ba-korinthe 7:25, 33-38, NW.

Joale ho mocha oa Mokreste boroetsana kapa bohlankana hase pontšo ea lihlong empa ke bopaki ba botšepehi ba hae ho Molimo. Hoa utloahala hore ho boloka bohloeki ha ho bonolo; ho hlokahala boitšoaro bo tiileng. Empa Bibele e re tiisetsa hore “litaelo tsa [Molimo] ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Mopesaleme oa re tiisetsa: “Litemoso tsa Jehova li lokile, li thabisa pelo; litaelo tsa Jehova li hloekile, li elisa mahlo.” (Pesaleme ea 19:8) Ka mehla ho sebetsa tumellanong le litsela tsa Molimo ho molemo, hoa putsa.

‘Ho Siteloa ’Mele oa Hao’

Ha re bapisa, ho 1 Ba-Korinthe 6:18 (NW) Bibele e re: “Ea etsang bohlola o siteloa ’mele oa hae.” Ho sa tsotellehe khopolo e tloaelehileng, ha ho na bopaki ba hore ho tela likamano tsa botona le botšehali ho na le kotsi ’meleng. Ke ho inehela takatsong ea tsona ho nang le likotsi tsa ’mele! Ngaka e ’ngoe e tsebahalang e re: “Maloetse a fetisetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a tla ’ne a eketsehe ntle leha ho ka sebelisoa mekhoa e sebetsang ea ho a thibela, ’me keketseho e sa tsoa ba teng haufinyane ea maloetse ana ka lehlakoreng le leng e bakiloe ke ho phahama ha lenane la bacha ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali.”—Current Controversies in Marriage and Family.

Ho kopanela likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa mefuta eohle ea batho ho etsoang ke bacha le hona ho entse hore seoa sa ho ima ha bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 e be se atileng. United States, halofo ea limpa tsena e khaotsoa ka baka la ho senyeha le ho ntšoa. Joale boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo ferekanya maikutlo. Diana e monyenyane oa hopola: “Ka mor’a hore a fumane seo a ’nileng a se batla ka nako ena eohle, o ile a ntahla.” Mantsoe a Pauluse a utloahala e le ’nete. Likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ke ho ‘siteloa ’mele oa hao.’

Hape bohlola boa ‘senya bo bile bo kena-kenana le litokelo’ tsa batho ba bang. (1 Ba-Thessalonika 4:6) Ha e le hantle, bo amoha motho e mong tokelo ea ho kena lenyalong a hloekile boitšoarong. Molekane oa kamoso le eena o lahleheloa ke tokelo ea hae ea ho ba le molekane oa moroetsana kapa mohlankana.

Buka Why Wait Till Marriage? e fana ka pono ena e bohlale: “Ka ho ba le phihlelo ea pele ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali, ha u sa le moroetsana kapa mohlankana. . . . U ka etsa khetho hanngoe feela.” Etsa khetho e nepahetseng! Khopolo e kotsi ea lefatše e se ke ea u susumelletsa ho nahana hore ho na le se phoso ka uena haeba u tšoarella litekanyetsong tsa Bibele. Boroetsana le bohlankana ha se ntho e makatsang kapa e sa tloaelehang. Ke boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali bo etsang hore motho a eisehe, a tlotlolehe, ebile bo kotsi. Ka ho boloka boroetsana kapa bohlankana ba hao, u sireletsa bophelo ba hao bo botle, boikutlo ba hao bo molemo, ’me habohlokoa ka ho fetisisa, kamano ea hao le Molimo.

Lihlooho tse latelang li tla bontša hore na mocha a ka etsa sena joang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “moroetsana le mohlankana” ka Bibeleng le sebetsa ho batho ba batona le ba batšehali.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ho na le boithoriso bo bongata le leshano tabeng ea phihlelo ea likamano tsa botona le botšehali

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela