Bacha Baa Botsa . . .
Phoso ke Efe ka ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?
“Ka linako tse ling kea ipotsa hore na e hlile ho hobe hakaalo ho kopanela liphate pele ho lenyalo, haholo-holo ha ke ikutloa ke le mokhelo hore ebe ke ntse ke e-s’o kopanele liphate.”—Jordon.a
Kelly o re: “Ke ikutloa ke le tlas’a khatello ea hore ke kopanele liphate. Ke nahana hore kaofela re na le tšekamelo ea tlhaho ea ho batla ho kopanela liphate.” O tsoela pele: “Hohle moo u retelehelang teng, ho buuoa ka ho kopanela liphate!”
NA U ikutloa joaloka Jordon le Kelly? Ha e le hantle, meetlo le melao ea boitšoaro eo e leng khale e le teng eo pele e neng e sa khothalletse ho kopanela liphate pele ho lenyalo e se e batla e felile. (Baheberu 13:4) Phuputso e entsoeng ho e ’ngoe ea linaha tsa Asia e senotse hore boholo ba bashemane ba lilemo li 15 ho ea ho 24 ba bile le maikutlo a hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo hase feela hore hoa amoheleha empa ho lebeletsoe hore ba ho etse. Ha ho makatse hore ebe ho pholletsa le lefatše, boholo ba bacha ba kopanetse liphate pele ba e-ba lilemo li 19.
Joale ho na le bacha ba qobang ho kopanela liphate empa ba kopanela liketsong tse ling tsa boitšoaro ba botona le botšehali, tse kang tsa ho phollana litho tsa botona kapa tsa botšehali ka morero oa ho ikhotsofatsa. Tlaleho e ’ngoe e tšoenyang ea The New York Times e senola hore “ho nyanyana litho ho fetohile ntho e tloaelehileng ea ho kenya motho lenakeng la liketso tsa ho kopanela liphate, tseo hohle bacha ba bangata ba li nkang e le tseo batho ba sa atamelanang haholo, le tse seng kotsi hakaalo, joaloka ho kopanela liphate . . . [hape] e le mokhoa oa ho qoba ho ima le ho ipoloka e le bahlankana kapa baroetsana.”
Feela Mokreste o lokela ho talima ho kopanela liphate pele ho lenyalo joang? Hona ho thoe’ng ka mekhoa e meng eo ho thoeng ke ea ho kopanela liphate? Na e ea amoheleha ho Molimo? Na e sireletsehile? Hona na e hlile e boloka motho e le moroetsana kapa mohlankana?
Se Akarelletsoang ke Bohlola
Karabo e tšepahalang lipotsong tsena e ka fumanoa feela ho ’Mōpi oa rōna—Jehova Molimo. ’Me Lentsoeng la hae o re bolella hore, “balehelang bohlola.” (1 Bakorinthe 6:18) Hantle-ntle seo se bolela eng? Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bohlola” ha lea lekanyetsoa tabeng ea ho kopanela liphate empa le akarelletsa liketso tse sa tšoaneng tsa boitšoaro bo litšila. Kahoo haeba batho ba babeli ba sa nyalanang ba nyanyana litho kapa ba phollana litho tsa botona kapa tsa botšehali, ba molato oa bohlola.
Empa na ba ntse ba ka nkoa e le baroetsana kapa bahlankana—ke hore, mahlong a Molimo? Ka Bibeleng lentsoe “moroetsana” le sebelisoa e le letšoao la boitšoaro bo hloekileng. (2 Bakorinthe 11:2-6) Empa le boetse le sebelisoa ka kutloisiso ea nama. Bibele e bua ka mosetsana e mong ea bitsoang Rebeka. E bolela hore e ne e le “moroetsana, ’me ho ne ho se monna ea kileng a kopanela liphate le eena.” (Genese 24:16) Ho thahasellisang, ka Seheberu sa pele, lentsoe bakeng sa ‘ho kopanela liphate’ ho bonahala le ne le akarelletsa le liketso tse ling ntle le hore monna le mosali ba kopanele liphate ka tsela e tloaelehileng. (Genese 19:5) Kahoo, ho ea ka Bibele, haeba mocha a kopanela mofuteng leha e le ofe oa bohlola, ho hang a ke ke a nkoa e le moroetsana kapa mohlankana.
Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba se ke ba balehela bohlola feela empa hape ba balehele mefuta eohle ea boitšoaro bo litšila e ka lebisang ho bona.b (Bakolose 3:5) Ba bang ba ka ’na ba u soma ka lebaka la ho ema u tiile ho seo u se lumelang. “‘Ha u tsebe hore na u fetoa ke menate e mekaakang!’ ke seo ke neng ke se bolelloa lilemo tsohle tsa ka ha ke le sekolong se phahameng,” ho rialo mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Kelly. Leha ho le joalo, ho kopanela liphate pele ho lenyalo ha e le hantle ke ‘ho thabela sebe ka nakoana.’ (Baheberu 11:25) Ho ka baka tšenyo ea nako e telele ’meleng, maikutlong esita le moeeng.
Litšokelo Tse Tebileng
Bibele e re bolella hore Morena Solomone o kile a bona mohlankana a ekoa hore a kopanele liphate pele ho lenyalo. Solomone o ile a bapisa mohlankana eo le “poho e tlang tlhabong.” Poho e il’o hlajoa ha ho bonahale e tseba hore na e tla etsahalloa ke eng. Hangata bacha ba kopanelang liphate pele ho lenyalo ba itšoara ka tsela e tšoanang—ho bonahala ba hlokomela hanyenyane kapa ba sa hlokomele hore ho na le liphello tse tebileng liketsong tsa bona! Solomone o buile tjena ka mohlankana eo: “Ha aa ka a tseba hore ho ama moea oa hae.” (Liproverbia 7:22, 23) E, “moea” oa hao—bophelo ba hao—o kotsing.
Ka mohlala, selemo se seng le se seng bacha ba limilione ba tšoaroa ke mafu a ho kopanela liphate (STD). Lydia o re: “Ha ke fumana hore ke na le herpes, ke ile ka batla ho ineha naha.” O tletleba ka hore, “ke lefu le bohloko le ke keng la fola.” Ho ba ka holimo ho halofo ea batho bohle ba bacha ba tšoaelitsoeng HIV lefatšeng ka bophara (ba 6 000 ka letsatsi) ke ba pakeng tsa lilemo tse 15 le 24.
Batho ba batšehali ke bona haholo-holo ba hlaseloang habonolo ke mathata a amanang le ho kopanela liphate pele ho lenyalo. Ha e le hantle, ho sokeloa ke mafu a ho kopanela liphate (hammoho le HIV) ho phahame haholo ho batho ba batšehali ho feta ho ba batona. Ha ngoanana a ima, o ipeha kotsing e khōloanyane le ho feta eena le ngoana oa hae ea e-song ho hlahe. Hobane’ng? Hobane ’mele oa ngoanana e monyenyane e ka ’na eaba ha o e-s’o hōle ka ho lekaneng hore o ka jara boima ba ho beleha ngoana ka katleho.
Esita le haeba ’mè enoa ea lilemong tsa bocha a ka pholoha likotsi tse tšabehang tsa bophelo, o ntse a tlameha ho tobana le boikarabelo bo boima bo tsamaeang le ho ba motsoali. Banana ba bangata ba fumana hore ho ikhoantlella bona le masea a bona a sa tsoa tsoaloa ho thata haholoanyane ho feta kamoo ba neng ba nahana kateng.
Hape ho boetse ho na le liphello tse amang motho moeeng le maikutlong. Sebe sa Morena Davida sa ho kopanela liphate se ile sa beha setsoalle sa hae le Molimo kotsing ’me o ile a batla a shoa moeeng. (Pesaleme ea 51) Le hoja Davida a ile a hlaphoheloa moeeng, o ile a kotula mesebetsi ea sebe sa hae bophelo bohle ba hae.
Bacha kajeno ba ka utloa bohloko ka tsela e tšoanang. Ka mohlala, ha Cherie a ne a le lilemo li 17 feela, o ile a kopanela liphate le moshemane. O ne a nahana hore o oa mo rata. Lilemo hamorao, o ntse a ikoahlaela liketso tsa hae. O oa tletleba: “Ke ile ka khella linnete tsa Bibele fatše ’me ka kotula seo ke se jalileng. Jehova o ile a mphuralla ’me seo se ile sa ntšithabetsa.” Mocha e mong ea bitsoang Trish ka ho tšoanang le eena o ile a lumela: “Ho kopanela liphate pele ho lenyalo e bile phoso e khōlō ka ho fetisisa eo ke e entseng bophelong ba ka. Nka etsa ntho leha e le efe hore ke be moroetsana hape.” E, maqeba maikutlong a ka ’na a lula a le teng ka lilemo, a bakela motho khatello kelellong le masisa-pelo.
Ho Ithuta Boitšoaro
Shanda e mocha o ile a botsa potso ea bohlokoa, “Ke hobane’ng ha Molimo a ne a ka fa bacha takatso ea kopanela liphate, a ntse a tseba hore ba lokela ho li sebelisa ha ba se ba le lenyalong?” Ke ’nete hore litakatso tsa bocha li ka ba matla haholo-holo nakong ea “palesa ea bocha.” (1 Bakorinthe 7:36) ’Nete ke hore bacha ba ka tsoheloa ke litakatso tsa ho kopanela liphate ho se na lebaka. Empa ena hase ntho e mpe. Ke karolo ea ho hōla ha tsela ea ho ikatisa.c
Hape ke ’nete hore Jehova o entse hore likamano tsa botona le botšehali e be tse thabisang. Sena se ne se le tumellanong le morero oa hae oa qalong oa hore batho ba tlatse lefatše. (Genese 1:28) Leha ho le joalo, ha ho mohla Molimo a ileng a rera hore re sebelise matla a rōna a ho ikatisa hampe. Bibele e re: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.” (1 Bathesalonika 4:4) Ho khotsofatsa takatso e ’ngoe le e ’ngoe ea hao ea ho kopanela liphate, e ka ba bothoto bo tšoanang le ha u ka otla motho e mong lekhetlo le leng le le leng ha u halefile.
Likamano tsa ho kopanela liphate ke mpho e tsoang ho Molimo, mpho e lokelang ho thabeloa nakong e loketseng—ha motho a le lenyalong. Molimo o ikutloa joang ha re leka ho thabela ho kopanela liphate kantle ho lenyalo? Ak’u nahane u reketse motsoalle mpho. Empa le pele u ka e fa motsoalle eo, o oa e utsoa! Na u ke ke ua utloa bohloko? Joale, nahana hore na Molimo o ikutloa joang ha motho a kopanela liphate pele ho lenyalo, a sebelisa hampe mpho ena eo Molimo a mo lokiselitseng eona.
U lokela ho etsa eng ka litakatso tsa hao tsa botona le botšehali? Ka mantsoe a bonolo feela ithute ho li laola. Ikhopotse hore “Jehova a ke ke a hanela ba tsamaeang ka ho hloka molato ka ntho leha e le efe e ntle.” (Pesaleme ea 84:11) Mocha e mong ea bitsoang Gordon o re: “Ha ke iphumana ke nahana hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho ne ho ke ke ha e-ba ho hobe hakaalo, ke nahana ka liphello tse mpe bomoeeng ba ka ’me ke hlokomela hore ha ho na sebe se setle hoo se ka lokafatsang ho lahleheloa ke kamano ea ka le Jehova.” Ho ba le boitšoaro ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo. Empa joalokaha Adrian e mocha a re hopotsa, “ho u siea ka letsoalo le hloekileng hape u e-na le kamano e ntle le Jehova, u lokolohile hore u ka tsepamisa mohopolo linthong tse ling tsa bohlokoa, u sa ikoahlaee kapa u sa ipehe molato bakeng sa liketso tse fetileng.”—Pesaleme ea 16:11.
Ho na le mabaka a mangata a matle a hore u “ile bohlola” ka mefuta eohle ea bona. (1 Bathesalonika 4:3) Ho ke ke ha latoloa hore sena hase bonolo. Sehlooho se latelang se tla bua ka litsela tse sebetsang tseo ka tsona u ka ‘ipolokang u hloekile.’—1 Timothea 5:22.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Bakeng sa puisano ka bohlola, litšila le boitšoaro bo hlephileng, bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Kamano Pakeng tsa ba Batona le ba Batšehali e ‘Fetella’ ha e Fihla Kae?” se hlahang tokollong ea Tsoha! ea November 8, 1993.
c Bona “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha Sena se Etsahala ’Meleng oa Ka?” tokollong ea rōna ea February 8, 1990.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
Haeba mocha a kopanela mofuteng leha e le ofe oa bohlola, na a ka nkoa e ntse e le moroetsana kapa mohlankana mahlong a Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho ka senya letsoalo la mocha ea tšabang Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ba kopanelang liphate pele ho lenyalo ba ipeha kotsing ea ho tšoaroa ke mafu a fetisetsanoang ka ho kopanela liphate