Basali—Na baa Hlomphuoa ka Lapeng?
“Basali ba bangata ba shoele mafu a sehlōhō. . . . Le hoja mekhoa eo ba shoeleng ka eona e ne e fapana, maemo ao e leng sesosa a ne a sa fapana: Quebec [Canada] mapolesa a boletse hore mosali e mong le e mong ea shoeleng o ne a bolailoe ke monna oa hae oa nakong e fetileng, oa joale kapa eo a neng a ratana le eena. Ka kakaretso, ho se ho bolailoe basali ba 21 Quebec selemong sena [1990], ke leqhubu le eketsehang la bahlaseluoa ba pefo ea banna le basali.”—Maclean’s, October 22, 1990.
PEFO ea lelapa, eo batho ba bang ba e bitsang “karolo e sa rateheng ea bophelo ba lelapa,” e kotula malapa a arohaneng le ho hlahisa bana ba nang le pono e fosahetseng mabapi le seo kamano ea monna le mosali e lokelang ho ba sona. Bana ba ba le pherekano tabeng ea motsoali eo ba lokelang ho tšepahala ho eena ha ba ntse ba leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ntate a shapa ’mè. (Hangata potso ke hore: ke hobane’ng ha ’mè a tšoere ntate hampe hakaale?) Hangata litholoana tsa pefo ea lelapa li kopanyelletsa bara ba hōlang ho ba banna ba shapang basali. Mekhoa eo ba e futsitseng ho bo-ntat’a bona e ba siile ba na le mathata a tebileng a kelello le botho.
Buka ea Machaba a Kopaneng The World’s Women—1970-1990 e re: “Ho nahanoa hore litlhaselo tsa banna ho basali ka matlong a bona ke e ’ngoe ea litlōlo tsa molao tse sa tlalehoeng ka bongata—hobane pefo e joalo e talingoa e le ntho e bakang bohloko, eseng tlōlo ea molao.”
Taba ea hore banna ba tlatlapa basali ba bona e jele setsi hakae United States? Tlaleho ea Senate e qotsitsoeng sehloohong se fetileng e boletse: “Lentsoe ‘pefo ea lelapa’ le ka ’na la utloahala le le bonolo, empa boitšoaro boo le bo hlalosang ha bo bontše bonolo ho hang. Lipalo-palo li hlalosa setšoantšo se tšosang sa kamoo bothata bona ba ho tlatlapa molekane bo tebileng ka teng—esita le ho ba bo bolaeang. Basali ba pakeng tsa 2 000 le 4 000 baa shoa selemo le selemo ka baka la ho tlatlapuoa. . . . Ho fapana le litlōlo tse ling tsa molao, ho tlatlapuoa ha molekane ke pefo ea ‘nako e telele.’ Ke tlhokofatso e pheta-phetoang le e lematsang ’meleng.”
Makasine oa World Health o re: “Pefo khahlanong le basali e etsahala naheng e ’ngoe le e ’ngoe le bathong ba mofuta o mong le o mong le ba boemo bo bong le bo bong ba moruo. Merabeng e mengata ho shapa mosali ho nkoa e le tokelo ea monna. Hangata ho shapa basali le ho beta banana li nkoa e le ‘litaba tsa lekunutu’ e leng litaba tse sa ameng batho ba bang—ebang ke ba boholong kapa basebeletsi ba bophelo bo botle.” Pefo ena ea ka lapeng e ka atolohela tikolohong ea sekolo habonolo.
Sena se bontšoa ke se ileng sa etsahala sekolong se nang le hosetele ea banana le ea bashemane Kenya ka July 1991. The New York Times e ile ea tlaleha hore “banana ba 71 ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ile ba betoa ke liithuti tsa bashemane ha ba ka bang 19 ba ile ba bolaoa pefong e neng e le hoseteleng bosiu eo ho tlalehoang hore . . . e ile ea tsoela pele mapolesa a moo kapa matichere a sa e felise.” Pefo ena ea ho hlasela le ho beta e ka hlalosoa joang? Hilary Ng’Weno, mohlophisi e moholo oa The Weekly Review, e leng makasine oa Kenya o baloang ka ho pharalletseng oa ngola: “Tlokotsi ena e bontša boikutlo bo nyonyehang ba boiphahamiso ba banna e leng bona bo laolang bophelo ba sechaba sa Kenya. Boemo ba bophelo ba basali ba rōna le banana ke bo utloisang bohloko. . . . Re ruta bashemane ba rōna ho hlompha banana ka ho fokolang kapa ho se ba hlomphe ka ho felletseng.”
Ke moo motso oa bothata o leng teng lefatšeng ka bophara—hangata bashemane ba hōlisoa ka mokhoa oo ba talimang banana le basali joaloka batho ba boemo bo tlaase, libōpuoa tseo ho leng bonolo ho li tšoara ka leeme. Basali ba bonahala e le ba ka hlaseloang habonolo le ho hatelloa. Ho tloha moo ho ba le mohato o bonolo feela o fellang ka hore basali ba se hlomphuoe le oa boiphahamiso ba banna le oa ho betoa ke motsoalle kapa motho eo ba intšang le eena. Tabeng ea ho beta, ho se lebaloe hore “tlhaselo e ka feta ka ho panya ha leihlo, empa maikutlo a motho a tla ameha bophelo bohle.”—Tlaleho ea Senate.
Le hoja banna ba bangata ba hlile ba sa hlokofatse basali ’meleng, ba ka hlalosoa joaloka batho ba hloileng basali. Ho e-na le ho ba hlekefetsa ka pefo, baa ba shapa. Dr. Susan Forward bukeng ea hae Men Who Hate Women & the Women Who Love Them o re: “Joalokaha balekane ba bona ba ba hlalosa, hangata [banna bana] e ne e le licharola ebile ba le lerato, empa ba ile ba fetoha hoba ba nang le lehloeo, ba tšoaeang liphoso le ba nang le boitšoaro bo sa thabiseng ka tšohanyetso. Boitšoaro ba bona bo ne bo akarelletsa lintho tse ngata, ho qala ka ho shapa ho tloaelehileng le litšoso tse batlang li tebile haholoanyane, litlhaselo tsa ka sekhukhung tse ileng tsa nka sebōpeho sa ho nyenyefatsa nako le nako kapa ho tšoaea liphoso ka morero oa ho nyenyefatsa. Ho sa tsotellehe hore na li etsoa ka mokhoa ofe, liphello li ne li tšoana. Monna o ile a tseba ho laola mosali ka ho mo tšoenya. Banna bana ba bile ba hana ho jara boikarabelo leha e le bofe ba tsela eo ka eona litlhaselo tsa bona li amang balekane ba bona boikutlong.”
Yasuko,a mosali oa Mojapane e mokhutšoanyane, ea bileng lenyalong ka lilemo tse 15 o ile a bolella Tsoha! ka phihlelo ea lelapa labo: “Hangata ntate o ne a otla ’mè le ho mo sotla. O ne a mo raha le ho mo otla ka litebele, a mo hula ka moriri le ho mo otla ka majoe. Na u tseba lebaka? Hobane a ne a mo botsa ka ho se tšepahale ha hae le mosali e mong. Hlokomela hore ka moetlo oa Sejapane, ho nkoa e le ntho e tloaelehileng hore banna ba bang ba be le nyatsi. Ha a bapisoa le lithaka tsa hae, ’mè o ne a nahana kapele ’me o ile a hana ho amohela sena. Ka mor’a hore a be lenyalong ka lilemo tse 16 le ho ba le bana ba bane, o ile a hlaloa. O ile a tloheloa ka ntle le hore ntate a mo fe chelete ea ho hlokomela bana.”
Leha ho le joalo, esita le moo ho shapa basali ho ileng ha tlaleheloa ba boholong, hangata sena ha sea thibela monna ea tletseng boiphetetso ho bolaea mosali oa hae. Maemong a mangata linaheng tse kang United States, molao o ’nile oa hlōloa ho sireletsa mosali ea sokeloang le ea hlekefetsoang. “Phuputso e ’ngoe e bontšitse hore palong e fetang halofo ea mafu ’ohle a basali ba bolailoeng ke banna ba bona, mapolesa a ile a bitsoa ka makhetlo a mahlano lelapeng leo selemong se fetileng ho tla fuputsa tletlebo ea pefo ea lelapa.” (Tlaleho ea Senate) Maemong a mang a fetelletseng, mosali o ile a bolaea monna oa hae bakeng sa ho itšireletsa tlhekefetsong e eketsehileng.
Pefo ea lelapa, moo hangata mosali e leng mohlaseluoa, e iponahatsa ka litsela tse ngata tse fapaneng. India ho tlalehoa hore mafu a mangata a banna ba bolaeang basali ba bona ka baka la ho se khotsofatsoe ke thepa eo lelapa labo mosali le mo phahlelang ka eona e eketsehile ho tloha ho 2 209 ka 1988 ho isa ho 4 835 ka 1990. Leha ho le joalo, lipalo tsena li ke ke tsa talingoa e le tse felletseng kapa tse nepahetseng kaha mafu a basali ba bangata a hlalosoa ka mokhoa o fosahetseng e le likotsi tsa lelapa—hangata mafu ana a bakoa ke ho ba chesa ka boomo ka kerosene e sebelisoang bakeng sa ho pheha. Ho phaellang mona ke ho ipolaea ha basali ba seng ba sa khone ho talimana le masisa-pelo a lelapa.
Ha Khetho e le Bara Kapa Barali
Basali ba khetholloa nakong eo ba hlahang ka eona esita le pele ba hlaha. Seo ke ’nete joang? Tsoha! e ile ea buisana le Madhu ea tsoang Bombay, India, bakeng sa karabo e le ’ngoe: “Ha ho hlaha ngoana oa moshemane lelapeng la Maindia, ho ba le thabo. Mathata a ’mè a felile. Joale batsoali ba na le mora ea tla ba hlokomela ha ba tsofetse. ‘Thuso ea sechaba’ e tsitsitse. Empa haeba a beleha ngoana oa ngoanana, o talingoa joaloka motho ea hlōlehileng. Ho bonahala eka o tlisitse moroalo o mong hape lefatšeng. Batsoali ba hae ba tla tlameha ho nehelana ka thepa e eketsehileng e le hore motho e mong a tle a mo nyale. Haeba ’mè a tsoela pele ho beleha banana, ke motho ea se nang thuso.”b
Makasine oa Indian Express o ile oa tlaleha sena mabapi le banana India: “Ho pholoha ha bona ha ho nkoe ho hlile ho le bohlokoa tabeng ea ho pholoha ha lelapa.” Makasine ona o qotsa phuputso e ileng ea etsoa Bombay e “ileng ea senola hore ho limpa tse 8 000 tse ileng tsa ntšoa ka mor’a liteko tse lekanyetsang hore na ngoana ke moshemane kapa ngoanana tse 7 999 e ne e le tsa bana ba banana.”
Elisabeth Bumiller oa ngola: “Boemo ba basali ba bang ba Maindia ke bo sithabetsang hoo haeba masisa-pelo a bona a ne a ka eloa-hloko joaloka a lichaba tse ling tse fokolang likarolong tse ling tsa lefatše, lihlopha tse loanelang litokelo tsa batho li ne li tla ba thusa.”—May You Be the Mother of a Hundred Sons.
“Mosebetsi oa Mosali ha o Fele”
Batho ba atisa ho bolela hore “mosebetsi oa mosali ha o fele.” Empa sena ke ’nete eo banna ba bangata ba e hlokomolohang. Mosali ea nang le bana ha a thabele kemiso ea mosebetsi e tsitsitseng ho tloha ka 8 hoseng ho isa ho 4 thapama joalokaha banna ba atisa ho e thabela. Haeba ngoana a lla bosiu, ke mang ea tla hle a arabele kantle ho tika-tiko? Ke mang ea hloekisang, ea hlatsoang le ea terekang? Ke mang ea lokisetsang lijo le ho ngoathela monna ha a fihla lapeng a tsoa mosebetsing? Ke mang ea hlatsoang lijana le ho hloekisa ha lelapa le qeta ho ja le ho lokisa bana bakeng sa ho robala? Linaheng tse ngata, ho phaella linthong tsena tsohle, ke mang ea lebelletsoeng ho kha metsi esita le ho sebetsa masimong a pepile ngoana? Hangata ke ’mè. Kemiso ea hae ha se lihora tse 8 kapa tse 9 feela ka letsatsi; hangata ke lihora tse 12 ho isa ho tse 14 kapa ho feta moo. Leha ho le joalo, ha a fumane moputso o eketsehileng bakeng sa mosebetsi o eketsehileng—’me hangata ha a lebohuoe!
Ho latela makasine oa World Health, Ethiopia basali ba bangata ba “lebelletsoe ho sebetsa lihora tse 16 ho isa ho tse 18 ka letsatsi, [’me] moputso oa bona o boetse o tlaase hoo ba sa tsebeng ho itjara hammoho le malapa a bona. . . . Tlala ke ntho ea ka mehla; maemong a mangata [basali ba roalla patsi le ho e tlisa lapeng] ba ja lijo tse sa fellang hangoe feela ka letsatsi ’me hangata ba tsamaea ba sa ja lijo tsa hoseng.”
Siu, ea tsoang Hong Kong, eo hona joale e seng e le lilemo tse 20 a nyetsoe o re: “Ho latela maemo a Chaena, banna ba na le tloaelo ea ho nyenyefatsa basali, ba ba talima joaloka bathusi ba hiriloeng kapa bahlokomeli ba bana, kapa maemong a fetelletseng, joaloka melimo ea litšoantšo, lintho tsa ho bapala kapa lisebelisoa tsa ho kopanela liphate. Empa ha e le hantle, seo rōna joaloka basali re se batlang ke ho tšoaroa joaloka libōpuoa tse bohlale. Re batla hore banna ba re sekehele tsebe ha re bua eseng ba re tšoare joaloka hoja re lithoto!”
Ha ho makatse ha buka Men and Women e re: “Hohle, esita le haeba basali ba hlonephuoa haholo, mesebetsi ea banna e nkoa e le ea bohlokoa ho feta ea basali. Ho sa tsotellehe hore na sechaba se arolela banna le basali mesebetsi le likarolo tseo ba lokelang ho li phetha ka tsela efe; likarolo tse neoang banna ka ho ke keng ha qojoa ke tsona tseo sechaba sohle se li nkang e le tsa bohlokoa.”
’Nete ea taba ke hore hangata karolo ea mosali ka lapeng e khelloa fatše. Kahoo, mantsoe a selelekela a The World’s Women—1970-1990 a re: “Ka kakaretso, boemo ba bophelo ba basali—le melemo ea bona ho lelapa, moruong le ka lapeng—e bile tse sa bonahaleng. Lipalo-palo li ile tsa bontša boemo ba banna le mesebetsi ea bona eseng basali, kapa ho hlile ha hlokomolohuoa boleng ba bona. Boholo ba mosebetsi o etsoang ke basali o sa ntse o talingoa joaloka oo e seng oa bohlokoa ho hang—’me ha o nkeloe hloohong.”
Ka 1934, mongoli oa Amerika Leboea Gerald W. Johnson o ile a hlalosa maikutlo a basali mosebetsing tjena: “Hangata mosali o fumana mosebetsi o tšoanang le oa monna empa ke ka seoelo a fumanang chelete e lekanang le ea monna. Lebaka ke hore ha ho mosebetsi oa letsatsi le letsatsi oo monna a ke keng a o etsa hamolemonyana ho feta mosali leha e le ofe. Batho ba ka sehloohong ba etsang mese le likatiba tsa basali ke banna . . . Ka ho sa fetoheng liapehi tse khōlō ka ho fetisisa ke banna. . . . ’Nete ke hore mong’a mosebetsi leha e le ofe o ikemiselitse ho lefa monna chelete e ngatanyana ho feta eo a e lefang mosali ea etsang mosebetsi o tšoanang hobane o lumela hore monna o tla o etsa hamolemonyana.” Le hoja tlhaloso ena e utloahala e ka ke ho fetelletsa litaba, e bontša leeme le neng le le teng ka nako eo le le ntseng le le teng mehopolong ea banna ba bangata.
Khaello ea Tlhompho—Bothata ba Lefatše Lohle
Tloaelo e ’ngoe le e ’ngoe e hōlisitse boikutlo ba eona, litšekamelo le leeme mabapi le karolo eo mosali a e phethang sechabeng. Empa potso e lokelang ho arabeloa ke ena: Na maikutlo ana a bontša tlhompho e loketseng bakeng sa seriti sa basali? Kapa, ho e-na le hoo na a bontša boikutlo ba banna ba bohatelli ho pholletsa le makholo a lilemo hobane hangata monna a na le matla a fetang a mosali? Haeba basali ba tšoaroa joaloka makhoba kapa lisebelisoa tse ka tlatlapuoang, joale tlhompho e lokelang seriti sa bona e kae? Ho isa tekanyong e itseng, meetlo e mengata e sentse karolo ea mosali le ho nyenyefatsa boikutlo ba hae ba ho itšepa.
Mohlala o mong ho e mengata ho potoloha lefatše ke o tsoang Afrika: “Basali ba Mayoruba [Nigeria] ba lokela ho iketsa eka ha ba tsebe letho le ho ba ba ikokobelitseng ha banna ba bona ba le teng, ’me nakong eo ba ba ngoathelang lijo, ba lokela ho khumama maotong a banna ba bona.” (Men and Women) Likarolong tse ling tsa lefatše, boikokobetso bona bo ka ’na ba bontšoa ka litsela tse fapaneng—ka hore mosali o lokela ho siea sebaka se itseng ha a tsamaea ka mor’a monna oa hae kapa a tsamaee ka maoto ha monna eena a palame pere kapa ’moulo, kapa a roale thoto ha monna eena a itsamaela feela, kapa hore a se je hammoho le monna kapa lelapa joalo-joalo.
Edwin Reischauer ea hlahetseng Japane le ho hōlela teng bukeng ea hae The Japanese o ngotse: “Boikutlo ba monna ba boiphahamiso bo hlakile Japane. . . . Melao-motheo e thata-thata ea likamano tsa botona le botšehali e sa ameng monna empa e tlama mosali e sa ntse e tloaelehile. . . . Ho feta moo, ho lebelletsoe hore basali ba nyetsoeng ba tšepahale haholoanyane ho feta banna.”
Joaloka linaheng tse ling tse ngata, ho hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali e sa boetse e le bothata Japane, haholo-holo litereneng tse tsamaeang ka tlas’a lefatše nakong eo li tletseng haholo. Yasuko, ea tsoang Motseng oa Hino, e leng motse o ka thōko ho toropo ea Tokyo o ile a bolella Tsoha!: “Joaloka moroetsana, ke ne ke atisa ho ea Tokyo le ho khutla. E ne e le ntho e hlabisang lihlong ka ho fetisisa hobane banna ba bang ba ne ba sebelisa monyetla ona ho re tsipa le ho re phopholetsa hohle moo ba ratang. Ke eng seo rōna basali re neng re ka se etsa ka taba ee? Re ile ra tlameha ho mamella boemo bona. Empa e ne e le ntho e hlabisang lihlong. Hoseng nakong eo sephethe-phethe se leng sengata ka eona, ho ne ho e-na le lekareche le khethehileng bakeng sa basali e le hore bonyane motho a ka balehela ho hlabisoa lihlong.”
Sue, eo e neng e le moahi oa Japane o ne a e-na le tsela ea hae ea ho itokolla maemong a joalo. O ne a re ka lentsoe le phahameng, “Fuzakenai de kudasai!,” e leng hore “Tlohelang masaoana!” O re: “Seo se ne se etsa hore batho ba lemohe kapele le ho nka khato. Ha ho motho ea batlang ho hlabisoa lihlong mahlong a batho ba bang. Qetellong ho ne ho se monna le ea mong ea neng a mphathatsa!”
Ka ho hlakileng ho haella ha hlompho ho basali ka lapeng ke bothata ba lefatše lohle. Empa ho thoe’ng ka karolo e phethoang ke basali mosebetsing? Na ba fumana tlhompho e eketsehileng le ho eloa hloko?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bao ho buisanoeng le bona ba khethile hore ba lule ba sa tsejoe. Lihloohong tsena kaofela ho sebelisitsoe mabitso a iqapetsoeng.
b Hangata e batla e le ka mehla moo banna ba nahanang hore mosali ke eena ea molato bakeng sa ho beleha banana. Ha ba nahane hore molao oa lefutso ekaba sesosa sa ho hlaha ha ngoanana. (Bona lebokose leqepheng lena.)
[Lebokose le leqepheng la 6]
Botona Kapa Botšehali ba Ngoana bo Lekanyetsoa Joang?
“Botona kapa botšehali ba ngoana ea e-s’ong ho tsoaloe bo lekanyetsoa hang-hang ha a emoloa, ’me peō ea ntate e tona ke eona e rerang sena. Lehe le leng le le leng le tsoang ho mosali ke le letšehali ka kutloisiso ea hore le na le li-chromosome tsa X, kapa li-chromosome tsa botšehali. Ho monna, ke feela halofo ea peō ea botona e nang le li-chromosome tsa X, ha halofo e ’ngoe e na le tsa Y, e leng li-chromosome tsa botona.” Kahoo haeba li-chromosome tse peli tsa X li kopana, phello ke hore ngoana e tla ba ngoanana; haeba tsa monna tsa Y li kopana le tsa mosali tsa X, ngoana e tla ba moshemane. Kahoo, ebang mosali o beleha bashemane kapa banana se rerang ke li-chromosome tsa peō ea ntate e tona. (ABC’s of the Human Body, khatiso ea Reader’s Digest) Ke ho hloka kelello hore monna a jarise mosali oa hae molato bakeng sa ho beleha banana feela. Ha ho motho ea lokelang ho jarisoa molato. Sena se mpa se tšoana le lottery ea tsoalo.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
Tlokotsi e Khōlō
Elizabeth Fox-Genovese o ile a ngola bukeng ea hae Feminism Without Illusions: “Ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore banna ba bangata . . . ka ho eketsehileng ba lekeha hore ba sebelise matla [a bona] boemong boo ka ho hlakileng bo leng molemong oa bona—likamano tsa bona tsa botho le basali. Haeba pelaelong ena ke nepile, joale re talimane le tlokotsi e khōlō.” Tlokotsi eo e khōlō e ama basali ba limillione ba hlokofatsoang letsatsi le letsatsi ke banna bao e leng bo-’mampoli, bo-ntate kapa banna leha e le bafe—monna ea hlōlehang “ho talimana le liteko tsa ho lekana ha banna le basali le toka.”
“Linaheng tse mashome a mararo [tsa United States], ka kakaretso e sa ntse e le ho lumelloang ke molao hore banna ba bete basali ba bona; ’me ke linaha tse leshome feela tse nang le melao e lumellang hore monna a tšoaroe bakeng sa pefo ea lelapa . . . Basali ba bang ba se nang khetho e ’ngoe ha e se ho baleha feela ba fumane hore sena le sona ha se tharollo. . . . Karolo ea boraro ea basali ba millione ba shapuoang ke banna ba batlang tšireletseho maemong a tšohanyetso selemo le selemo ha ba e fumane.”—Selelekela sa Backlash—The Undeclared War Against American Women, e ngotsoeng ke Susan Faludi.
[Setšoantšo]
Ho ba limillione, pefo ea lelapa e na le litšobotsi tse mpe bophelong ba lelapa
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batho ba limillione tse makholo ba hloka metsi a ka tlung, tsamaiso ea likhoere-khoere le motlakase ka matlung a bona—haeba ba e-na le matlo