Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 11/8 maq. 5-7
  • Ke Hobane’ng ha Banna ba Shapa Basali?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Banna ba Shapa Basali?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšusumetso ea Lelapa
  • Tšusumetso ea Setso
  • Ho Shapa Basali ho ke ke ha Lokafatsoa
  • Ha Pefo e Hlasela Lelapa
    Tsoha!—1993
  • Ke’ng se Bakang Pefo ea Lelapa?
    Tsoha!—1993
  • Basali—Na baa Hlomphuoa ka Lapeng?
    Tsoha!—1992
  • Thuso Bakeng sa Basali ba Shapuoang
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 11/8 maq. 5-7

Ke Hobane’ng ha Banna ba Shapa Basali?

LITSEBI tse ling li re basali ba pepesehetse ho bolaoa ke balekane ba bona ho feta ho bolaoa ke bahlokofatsi ba mefuta eohle ba le hammoho. Boitekong ba ho thibela tloaelo ena ea ho hlekefetsa basali, ho entsoe lipatlisiso tse ’maloa. Ke monna oa mofuta ofe ea shapang mosali oa hae? Khōlo ea hae e bile joang? Na o ne a le mabifi nakong ea lefereho? Monna ea shapang mosali o arabela joang ha a phekoloa?

Ntho eo litsebi li e fumaneng ke hore banna ba shapang basali ba fapane. Mofuta o mong oa monna ea shapang mosali ke oa ea bang mabifi seoelo. Ha a sebelise sebetsa ebile ha a na histori ea ho hlekefetsa molekane oa hae. Hase motho ea tloaetseng ho ba mabifi ’me ho bonahala a susumetsoa ke maemo a itseng. Ka lehlakoreng le leng ke monna ea ileng a itloaetsa ho lula a shapa mosali. Tlhekefetso ea hae ke e sa khaotseng ebile ho bonahala e mo soabisa hanyenyane, haeba a fela a soaba.

Leha ho le joalo, taba ea hore ho na le mefuta e fapaneng ea banna ba shapang basali ha e bolele hore mefuta e meng ea ho shapa basali ha e kotsi. Ka sebele, mofuta leha e le ofe o hlekefetsang ’mele o ka hlahisa kotsi—esita le lefu. Ka hona, taba ea hore mabifi a monna e mong hase a kamehla kapa a ka tlaasana ho a e mong ha ho a lokafatse. Ho hang ha ho na ntho e bitsoang chapo e “amohelehang.” Leha ho le joalo, ke lintho life tse ka etsang hore monna a hlekefetse mosali eo a ileng a ikana hore o tla mo baballa bophelo bohle ba hae?

Tšusumetso ea Lelapa

Ha ho makatse hore bongata ba banna ba hlekefetsang basali ba hōletse malapeng a joalo. Michael Groetsch ea qetileng lilemo tse fetang mashome a mabeli a etsa lipatlisiso ka tlhekefetso ea balekane oa ngola: “Boholo ba banna ba shapang basali ba hōletse lapeng la ‘lintoa.’ Ha e sa le masea le ha e se e le bana ba hōla-hōlileng, ba hōletse tikolohong eo ho eona pefo e amang kelello le ’mele e neng e le ‘ntho e tloaelehileng.’” Ho latela setsebi se seng, monna ea hōletseng tikolohong e joalo “a ka amohela mokhoa oa ntat’ae oa ho nyatsa basali a sa le monyenyane. Moshanyana o ithuta hore monna o tlameha hore kamehla a laole basali, ’me hore a ba laole, o tlameha ho ba tšosa, ho ba utloisa bohloko le ho ba nyenyefatsa. Ka nako e tšoanang, o ithuta hore tsela feela eo a ka amoheloang ke ntat’ae ke ha a itšoara ka tsela e tšoanang le ea ntat’ae.”

Bibele e hlakisa hore boitšoaro ba batsoali bo ka ba le tšusumetso e khōlō ho ngoana, ebang e ntle kapa e mpe. (Liproverbia 22:6; Bakolose 3:21) Ke ’nete hore tikoloho ea lelapa ha e lokafatse ketso ea banna ea ho shapa basali, empa e ka ’na ea thusa ho hlalosa hore na peō ena ea botho bo mabifi e jalehile hokae.

Tšusumetso ea Setso

Linaheng tse ling, ho shapa basali hoa amoheleha, ho bile ho tloaelehile. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e re: “Lichaba tse ling li sa ntsane li lumela ka matla hore monna o na le tokelo ea ho shapa kapa ho tšosa mosali.”

Esita le linaheng tseo tlhekefetso e joalo e sa amoheloeng, batho ba bangata ba itšoara ka tsela e mabifi. Monahano o sa utloahaleng oa banna ba bang tabeng ena oa tšosa. Ho latela Weekly Mail and Guardian ea Afrika Boroa, patlisiso e entsoeng Hlohleng ea Kapa e fumane hore boholo ba banna ba ipolelang ba sa hlekefetse balekane ba bona ba nka hore ho shapa mosali hoa amoheleha le hore boitšoaro bo joalo ha bo bolele hore motho o mabifi.

Ka ho hlakileng, hangata maikutlo a fosahetseng joalo a qala bongoaneng. Ka mohlala, patlisiso e ’ngoe Brithani e bontšitse hore karolo ea 75 lekholong ea bashanyana ba lipakeng tsa 11 le 12 ba nka hore hoa amoheleha hore monna a otle mosali haeba a halefisoa.

Ho Shapa Basali ho ke ke ha Lokafatsoa

Mabaka a ka holimo a ka ’na a thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha balekane ba bang ba hlekefetsoa, empa ha a lokafatse ketso eo. Ka ho toba, ho shapa molekane ke sebe se tebileng ho Molimo. Lentsoeng la hae, Bibele, rea bala: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.”—Baefese 5:28, 29.

Ke khale Bibele e ne e bolele hore “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho, ba bangata e ne e tla ba “ba hlekefetsang,” ba “se nang lerato la tlhaho,” le “ba bohale bo tšosang.” (2 Timothea 3:1-3; The New English Bible) Ho ata ha tlhekefetso ea balekane lenyalong ke pontšo e ’ngoe ea hore re phela hantle nakong e boletsoeng ke boprofeta bona. Empa ho ka etsoa eng ho thusa batho ba hlekefetsoang ’meleng? Na ho na le tšepo ea hore banna ba shapang basali ba ka fetola boitšoaro ba bona?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Monna ea shapang mosali oa hae ka mabifi ha ho moo a fapaneng teng le senokoane se tetekang motho eo se sa mo tsebeng.”—When Men Batter Women

[Lebokose le leqepheng la 6]

Pefo Ea Ka Lapeng Bothata ba Lefatše Lohle

Lefatše lohle le talimane le bothata ba banna ba ikhohomosang, ba hlekefetsang basali ba bona, joalokaha litlaleho tse latelang li bontša:

Egepeta: Phuputso ea likhoeli tse tharo Alexandria e bontšitse hore pefo ea lapeng ke sona sesosa se seholo sa likotsi tse hlahelang basali. Ke eona e etsang hore basali ba ka etsang karolo ea 27,9 lekholong ba etele litsing tsa batho ba sithabetseng.—Résumé 5 of the Fourth World Conference on Women.

Thailand: Motseng o moholo ho feta e meng Bangkok, karolo ea 50 lekholong ea basali ba nyetsoeng e phela ka thupa.—Pacific Institute for Women’s Health.

Hong Kong: “Palo ea basali ba reng ba otloa ke balekane ba bona e phahame ka karolo e fetang 40 lekholong selemong sena se fetileng.”—South China Morning Post, ea la 21 July, 2000.

Japane: Palo ea basali ba balehelang setsing sa tšireletso e phahame ho tloha ho ba 4 843 ka 1995 ho ea ho ba 6 340 ka 1998. “Hoo e ka bang a le mong ho ba bararo o re o balehile tšoaro e mabifi ea monna oa hae.”—The Japan Times, ea la 10 September, 2000.

Brithani: “Brithani, metsotsoaneng e meng le e meng e tšeletseng, ho na le motho ea betoang, ea otloang kapa ea hlabuoang ka thipa lelapeng le leng.” Ho latela tlaleho ea Lefapha la Mafokisi London, “letsatsi le leng le le leng mapolesa a fumana mehala e 1 300 e tsoang ho bahlaseluoa ba pefo ea lapeng—mehala e fetang 570 000 ka selemo. Karolo ea 81 lekholong ke bahlaseluoa ba basali ba hlaseloang ke banna.”—The Times, ea la 25 October, 2000.

Peru: Karolo ea 70 lekholong ea litlōlo tsohle tsa molao tse tlalehoang sepoleseng li amana le basali ba otloang ke banna ba bona.—Pacific Institute for Women’s Health.

Russia: “Ka selemo se le seng, basali ba Marussia ba 14 500 ba ile ba bolaoa ke banna ba bona, ’me ba eketsehileng ba 56 400 ba holofatsoa kapa ba ntšoa likotsi tse mpe ka ho hlaseloa lapeng.”—The Guardian.

Chaena: Moprofesa Chen Yiyun, mookameli oa Setsi sa Malapa sa Jinglun o re: “Bona ke bothata bo bocha. Bo eketseha ka potlako, haholo-holo metseng ea litoropo. Baahelani ha ba sa na matla a maholo ho thibeleng pefo ea ka lapeng.”—The Guardian.

Nicaragua: “Pefo khahlanong le basali ea eketseha Nicaragua. Patlisiso e ’ngoe e boletse hore selemong se fetileng feela, karolo ea 52 lekholong ea basali ba Nicaragua e ile ea sotloa ka mabifi lapeng ke banna ba bona.”—Litaba tsa BBC.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Matšoao a Behang Motho Kotsing

Ho latela phuputso e neng e eteletsoe pele ke Richard J. Gelles Univesithing ea Rhode Island, U.S.A., matšoao a latelang ke a behang motho kotsing ea ho hlekefetsoa ’meleng le maikutlong ka lapeng.

1. Monna o se a kile a ameha pefong ea ka lapeng.

2. Ha a sebetse.

3. O sebelisa lithethefatsi tse seng molaong bonyane hanngoe ka selemo.

4. Ha a ne a sa le habo, o ne a bona ntat’ae a otla ’m’ae.

5. Ke batho ba sa nyalanang; ba lulang hammoho feela.

6. Haeba a sebetsa, o amohela chelete e nyenyane.

7. Ha aa qeta sekolong se phahameng.

8. O pakeng tsa lilemo tse 18 ho ea ho tse 30.

9. Motsoali a le mong kapa ka bobeli ba mabifi ho bana.

10. Chelete e kenang e fokola haholo.

11. Semelo sa monna le sa mosali se fapane.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Pefo ea lapeng e ka ama bana ka ho teba

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela